Tlaleho ea Lefatše ka Bophara
E-ea Moo Batho ba Leng Teng
Moapostola Petrose le ba bang ba metsoalle ea hae e ne e le batšoasi ba litlhapi ba nang le phihlelo. Empa ho ne ho e-na le linako tseo ka tsona ba neng ba sebetsa ka thata bosiu bohle ba sa tšoase letho. Makhetlong a joalo a mabeli, Jesu o ile a ba bolella hore na ba theolele matlooa a bona hokae. Ba ile ba mamela tataiso ea hae, ’me makhetlong ao ka bobeli ba ile ba fumana litlhapi tse ngata haholo ka tsela e sa tloaelehang. Jesu o ile a sebelisa menyetla ena ho laea barutuoa ka tšebeletso. (Luka 5:1-11; Joh. 21:1-17) Ka “lekhoba le tšepahalang le le masene,” o ntse a tsoela pele ho fana ka litaelo mabapi le ho phethahatsa tšebeletso ka tsela e behang litholoana haholo.—Mat. 24:45-47.
Selemong se fetileng, Lipaki tsa Jehova tsohle li ile tsa khothalletsoa ho nka mehato e sebetsang ho finyella batho ba eketsehileng ka litaba tse molemo. Pele, ho ile ha hatisoa ho ela hloko menyetla ea ho fana ka bopaki letsatsi le leng le le leng. Joale re ile ra eletsoa hore haeba ho e-na le batho ba seng bakae malapeng, e ne e tla ba bohlale ho nahana ka ho teba ka ho paka moo batho ba ka fumanoang teng.
Likhoeling tsa morao tjena lepetjo la barab’abo rōna Peru e ’nile ea e-ba: “E-ea moo batho ba leng teng!” Ha re pakele matlo empa batho. Ka Lisontaha hoseng kapa hoseng matsatsing a har’a beke, ba bangata haholo ha ba eo malapeng a bona. Ba hokae? Ba mosebetsing oa bona, ba liemelong tsa libese le tsa literene, seterateng, ’marakeng, ba lutse lirapeng tsa boikhathollo. Ke moo barab’abo rōna ba eang teng ’me baa ba fumana.
Mexico, ho paka ka ntlo le ntlo ho tsoela pele ho ba mokhoa o ka sehloohong oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Leha ho le joalo, selemong se fetileng, kaha barab’abo rōna ba ne ba ikemiselitse ho kopana le batho hohle moo ba ka bang teng, bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba ’nile ba hlaha liemelong tsa libese esale hoseng haholo, likamoreng tsa baeti sepetlele, literateng, moo ho emisoang makoloi, libakeng tsa boikhathollo tsa sechaba. U ka fumana Lipaki li bolela hohle le hona ka nako efe kapa efe, motšehare kapa bosiu. Phutheho e ’ngoe e na le tokisetso makhetlo a mahlano ka letsatsi eo ka eona lihlopha li eang mosebetsing oa seterata, ke hore liemelong tsa libese le kae kapa kae moo batho ba tloaetseng ho bokana teng motšehare. Li qala ka hora ea botšelela hoseng ’me li fumana batho bao ho seng mohla ba kileng ba buisana le Lipaki tsa Jehova pele ho moo. Monna e mong ea ileng a atameloa ha a le tseleng a e-ea mosebetsing hoseng o ile a bona bahoeletsi ba bangata ba tsoile ha a e-ea hae bosiu; o ile a etsa qeto ea hore mohlomong e mong oa bona o lokela hore a mo etele ha hae.
Qalong, bahoeletsi ba bang ba ne ba batla ba tšaba ho atamela batho libakeng tsa sechaba. Empa ba ileng ba ho etsa ba ile ba qala ho ba le litholoana tse ntle. Morali e mong oabo rōna Australia o ile a re: “Ke motho ea lihlong, ea thōtseng; ha e le hantle, ke ho fumana ho le thata haholo ho bua ka ’nete ha monyetla o hlaha. Ke ile ka khothalletsoa ho leka mekhoa e meng ea ho paka; ke ne ke tseba hore ke lokela ho leka. Ke ile ka rapela Jehova ka ho ameha ha ka ’me ka etsa qeto ea ho tsoela pele ka hona. Empa ke ne ke ntse ke tšaba ’me ka tsoela pele ho se ho etse, ’me sena sa khathatsa letsoalo la ka.” Qetellong, a le beseng ka letsatsi le leng, o ile a bososela le motho e mong eo a tsamaeang le eena ’me a qala ho buisana le eena. Letsatsi le hlahlamang morali’abo rōna o ile a fa mosali e mong e mocha pampitšana. Ha ba kopana ka mor’a beke, mohoeletsi eo o ile a bolela hore o tseleng ho ea khanna thuto ea Bibele. Ho makaleng ha hae, mosali enoa e mocha o ne a batla ho ea le eena. Kapele ho ile ha qaloa thuto le eena ka buka ea Tsebo.
Bahoeletsi Argentina ba ile ba hlokomela hore batho ba bang ba sa kang ba amohela Lipaki malapeng a bona ba ne ba buisana le tsona seterateng. Sohle se neng se hlokahala feela e ne e le potso e bonolo, e nakong, e kang ena: “Na u lumellana le kahlolo ea lefu?” Ketsahalong e ’ngoe, mosali eo ho ileng ha kopanoa le eena seterateng kamehla o ne a batla ho bua le Lipaki, empa monna oa hae o ne a sa mo lumelle. A le hōle le hae o ne a ikutloa a lokolohile ho bua. Ka mor’a moqoqo o molelele, o ile a lumela thuto ea Bibele lapeng la e mong oa Lipaki.
Bahoeletsi ba babeli United States ba ile ba atamela koloi e pakiloeng ’me ba bontša mosali e monyenyane ea lutseng ka hare limakasine. Baa pheta: “Ha a nanabela limakasine a qala ho bokolla. Re ile ra bona hore o ne a bala Bibele. O ile a re o ne a batla ho khahlisa Molimo empa o ne a sa tsebe hore na a ka mo khahlisa joang.” Mosali eo a ba bolella: “Ke ’nile ka rapela Molimo hore a romele motho e mong ea ka nthusang.” Ha hoa ba thata ho qala thuto le eena.
Mabapi le boiteko ba bona ba ho paka tšimong ea khoebo, sehlopha se pakang se chesehang New Zealand se ile sa ngola: “Re ile ra etela libaka tsa khoebo tse 650, moo baokameli le beng ba tsona ba bangata, le hoja ba tšoarehile, ba ileng ba arabela hamolemo ketelong ea rōna. Palo e khōlō ea bona e ne e e-na le Bibele mosebetsing.”
Ha ba nka lipuello tse fanoeng ka ho teba, bara ba bang babo rōna Austria ba tsohella ho ea paka ka 5:30 hoseng. Ba ea sebakeng seo bakhanni ba literaka ba robaletsang ho sona haufi le moeli. Literaka tse ngata li tsoa Europe e ka Bochabela, ’me ba bang ba bakhanni ha ho mohla ba kileng ba utloa ka Lipaki tsa Jehova. Barab’abo rōna ba ea ba hlometse ka lingoliloeng ka lipuo tse 20, ’me bahoeletsi ba bararo kapa ba bane ba ka ’na ba tsamaisa limakasine tse pakeng tsa tse 50 le 70 ka lihora tse peli feela. Le hoja maeto a ho boela a le thata, ho tšeptjoa hore e ’ngoe ea peō eo e tla mela ’me e hōle.—Moek. 11:1.
Morali e mong oabo rōna Italy o ile a etsa qeto ea hore ba bang ba batho ba sieo malapeng ba lebōpong la leoatle. Ke moo a ileng a kopana le mohlankana e mong ea tsoang Senegal. O ile a mo tsamaisetsa buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo. Ho eona o ne a ngotse sena: “Takatso ea ka ke hore u fumane Molimo oa ’nete, Ea nthutileng le lelapa la ka ho hlompha batho ba merabe eohle, ’mala le lipuo.” O ile a ikemisetsa hore ha a khutlela Senegal, o tla fumana Lipaki tsa Jehova. E bile ntho e makatsang hakaakang ho eena ha a fumana hore ha a ntse a le sieo, Lipaki tsa Jehova li ne li ntse li ithuta le ’mè oa hae! Kapele lelapa lohle le ne le kopanela thutong.
Molebeli e mong oa potoloho Peru o ile a hlophisa sehlopha ho ea paka seemelong sa libese se bulehileng. Sebaka seo se ne se tletse batho. Libese li ne li kolokile hohle. Ho ne ho le bonolo ho atamela mapolesa a neng a le mosebetsing, ba rekisetsang ba tsamaeang lijo, le batho ka kakaretso. Mor’abo rōna e mong o ile a kena ka beseng e seng e e-na le batho ’me, ka tumello ea mokhanni, a phahamisa limakasine tsa hae tse peli ’me a phatlalatsa: “Ke na le limakasine tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! bakeng sa hore le li bale leetong la lōna.” Ho ile ha e-ba le ho khutsa ho holelele, ’me eaba monna e mong morao o re: “Ke tla li nka ka bobeli.” Eaba e ba e mong ’me kapele ba bang ba qala ho batla limakasine, ba ntša menehelo e itekanetseng bakeng sa mosebetsi ona. Mor’abo rōna o ile a botsa hore na ho na le ba ka ratang hore ba eteloe ha ba fihla moo ba eang. Ho hlile ha e-ba joalo, ba ’maloa ba ile ba fana ka mabitso a bona le liaterese. A buela holimo hore e mong le e mong a utloe, mosali-moholo e mong a re: “U etse bonnete ba hore ho na le motho ea nketelang. Ke batla ho utloisisa Bibele ea ka haholoanyane.”
Mohoeletsi e mong United States o ile a hlokomela hore barutoana ba sekolo se phahameng ba bokana literateng tse itseng tsa motse haufi le sekolo horeng ea bona ea lijo tsa motšehare. Sehlopha sa bahoeletsi se ile sa itokisa hantle eaba se tsoela pele ho ba atamela, ka liphello tse babatsehang.
E le hore ba ka finyella lihlopha tse ling tsa batho, bahoeletsi ba bang ba ithutile puo e ’ngoe. Shetland Islands, lebōpong le ka leboea la Scotland, bo-pula-maliboho ba babeli ba ile ba ithuta Serussia e le hore ba ka pakela basesisi ba likepe ba Russia ba qetang likhoeli tse tšeletseng selemo le selemo ba tšoasa litlhapi mabōpong ao. Bo-pula-maliboho ba sebelisa seketsoana se lebelo ho ea likepeng tse khōloanyane tseo banna bana ba sebetsang ho tsona.
Morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho Hawaii o ile a ithaopela ho paka boema-fofane. Ba bangata ba ile ba thabela ho amohela lingoliloeng. Leetong la hae la pele boema-fofane, ho ile ha qaloa lithuto tse ’maloa. O ile a buisana le bahlankana ba masole ba babeli ba sa tsoa khutla bosoleng Egepeta. E mong oa bona o ile a bolela hore ’mè oa hae ke Paki. O ile a tla Holong ea ’Muso ’me a lumela ho ithuta Bibele. Lesole le leng le ne le e-na le lipotso tse ngata tse batlisisang hobane mosebetsi oa lona o ne o le pepesetsa linthong tse ileng tsa le etsa hore le ipotse lipotso ka morero oa bophelo. Le lona le ile la tla Holong ea ’Muso ’me la kōpa thuto ea Bibele.
E mong oa bo-pula-maliboho Argentina o ho fumana ho le molemo ho sebelisa thelefono bakeng sa ho paka. Letsatsi le leng le le leng ka mor’a hore a fihle hae a tsoa tšebeletsong, o letsetsa nomoro e le ’ngoe kapa tse peli. Oa pheta: ‘Ka letsatsi le leng ke ile ka letsetsa nomoro e ’ngoe ’me ka arabeloa ke ngoananyana. Ke ile ka mo botsa hore na o bona eka ho bonolo ho tšepa motho e mong. Karabelo ea hae e bile “Che” e khutšoanyane. Ke ile ka itsebisa eena ’me ka hlalosa hore morero oa ka oa ho letsa e ne e le ho mo tiisetsa hore ho na le batho bao re ka ba tšepang ho sa tsotellehe maemo a lefatše. O ile a tsitlallela hore a ke ke a tšepa motho leha e le mang, esita le lelapa labo, ho akarelletsa le ’mè oa hae. Ke ile ka qala ho sebelisa Bibele. O ile a bolela hore o lekile ho bala Bibele empa ha a e utloisise. Ke ile ka hlalosa hore Molimo le Jesu ba thahasella batho ’me kahoo le rōna rea ba thahasella. Re ile ra etsa litokisetso tsa ho ea kopana monyakong oa Holo ea ’Muso. Ha aa ka a tla. Ke ile ka mo letsetsa hang-hang, ’me o ile a hlalosa hore ho ile ha hlokahala hore ba kenye ntate oa hae sepetlele le hore o ile a leka ho ntetsetsa. Hape re ile ra etsa tokisetso ea ho kopana. Lekhetlong lena o ile a tla ’me o ile a makatsoa ke kamohelo eo a ileng a e fumana, haholo-holo ho Lipaki tse nyenyane. Hona joale o ithuta habeli ka beke, o tsoela pele hantle bukeng ea Tsebo, ’me o tla libokeng tsohle. Phello e babatsehang ka ho letsa thelefono!’
E ntse e le phephetso e khōlō ho finyella batho ka litaba tse molemo libakeng tse hōle tsa Iceland. Moromuoa e mong lebōpong le ka bochabela o sebelisa thelefono hamolemo. Hang ka khoeli o nka leeto ho etela sehlopha se seng se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 300 a be a se khannele thuto. Leetong le leng le le leng, o boetse o fana ka puo ea phatlalatsa ’me o khanna Thuto ea Molula-Qhooa. Bana ba thahasellang joale ba ba le thuto ea bona ea beke le beke ea Bibele ka thelefono. Ka ho kopanya lithelefono tse peli le ho sebelisa lithelefono tse nang le libuela-hōle le microphone, ho ’nile ha e-ba bonolo hore batho ba malapeng a mararo a sa tšoaneng ba ka bang bahlano ba ithute ka nako e le ’ngoe. Ha a khanna lithuto ka thelefono, mokhanni o abela hore na mang o tla arabela lipotso life pele ba bala. Kaofela ba fumana khothatso e khōlō ka ho ithuta Bibele ka tsela ena. Bonyane ho khannoa lithuto tse tšeletseng beke le beke.
Ha a ntse a hlokomela monna oa hae ea kutseng nako e telele, morali e mong oabo rōna Bahamas o ile a paka ka poso. Hoseng ho hong le ho hong, o ne a qeta nako e itseng a ngola mangolo a ngolla basali ba thathamisitsoeng bukeng ea lithelefono. O ne a sebelisa boitsebiso bo tsoang bukeng ea Ho Bea Mabaka ’me a buella thuto e sa lefelloeng ea Bibele ea lehae. Ka letsatsi le leng, mosali e mong o ile a founela morali’abo rōna a mo bolella hore o tla ananela thuto ea Bibele haholo. Mosali eo o bolela hore ha a fumana lengolo leo, o ile a bolella mosebetsi-’moho le eena hore Molimo o ne a mo bolella hore ho hlokahala hore a ithute Bibele. Ho sa tsotellehe khanyetso e matla e tsoang ho ’mè oa hae le moruti, mosali enoa o ile a tsoela pele hantle. O ile a qala ho kopanela libokeng kamehla, a tsoa kerekeng ea hae, ’me o se a kolobelitsoe.
Morali e mong oabo rōna ea lilemo li 79 ea lulang sebakeng se thōko Japane o na le mathata a tebileng a bophelo. Empa ka lebaka la ho leboha Jehova, ke pula-maliboho. O tsamaea lihora tse peli kapa tse tharo letsatsi le letsatsi ka mabaka a bophelo, a sebelisa seikokotlelo kapa a itšoarelelitse ka koloeana ea bana. Ha a le tseleng, o atamela ba bang ka mokhoa oa botsoalle, ’me o buisana le balemi masimong. Ka hloko o ngola liaterese tsa ba thahasellang. Ka lebaka leo, o na le batho ba fetang 100 tselaneng ea hae ea limakasine, o tsamaisa limakasine tse 600 ka khoeli, o tlaleha maeto a ho boela a ka bang 200, ’me o khanna lithuto tsa Bibele tse tharo.
Ka puo ea moea, bahoeletsi ba bang ba ’nile ba khona ho lahlela matlooa a bona metsing moo ho ’nileng ha tšoasoa litlhapi ka mokhoa o fokolang. Mexico, haholo-holo mekolokong ea lithaba (matsarankeng) Seterekeng sa Oaxaca, ho na le masimo ao ho leng thata ho fihla ho oona ’me kahoo a sebetsoang seoelo. Mona puo e buuoang hase Sepanishe, empa ke leleme la Mixe kapa Mazateco. Lilemong tsa morao tjena, barab’abo rōna ba bang ba tsoang Tehuacán, Seterekeng sa Puebla, ba ile ba qala ho ea litoropong tse sa tšoaneng sebakeng sena ho ea paka. Bo-pula-maliboho ba 25 ba ileng ba tla thusa hona joale ba lula sebakeng sena e bile ba sebetsa ho sona, hape ho boetse ho na le bo-pula-maliboho ba 15 ba kamehla ba sebakeng sena. Liphello tse ntle ke bopaki hobane hona joale ho na le liphutheho tse 13.
Banyalani ba bang ba ileng ba phela ka ntle ho naha ea habo bona ka lilemo tse 28 ba ile ba tlohela mosebetsi pele ho nako ’me ba khutlela Philippines ho ea bula maliboho. Ho tloha ha habo bona Cavite City ho ea Trece Martires, moo ho nang le tlhokahalo e khethehileng, ke nako ea hora ho ea feela. Na ho lokela boiteko? Selemo le halofo tse fetileng, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 19 feela ka phuthehong. Bobeli ba bona hona joale ba khanna lithuto tsa Bibele tse 28, ’me haufinyane phutheho kaofela e ile ea tlaleha tse 98. Ka sebele ke tšimo e behang litholoana!
Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba qala ka ho sebetsa libaka tse nang le tlhokahalo e khethehileng ka har’a naha eabo bona eaba joale ba fallela linaheng tse ling. Ka mohlala, lilemong tse seng kae tse fetileng, barab’abo rōna ba ka bang 40 (barab’abo rōna le baralib’abo rōna ba masoha, banyalani ba bacha, le malapa kaofela) ba falletse Honduras ba e-tsoa Canada, United States, Fora, Jeremane, Spain, Sweden le Japane. Ba bangata ba bona ba tsoa Quebec. Pejana ba ne ba ile ba fallela Quebec ho ea thusa, empa ha mosebetsi o tsitsa hantle karolong eo ea Canada, ba ile ba qala ho sheba ‘mabala a macha a ho tšoasa litlhapi.’ ’Me tšimong ena e ncha ba ba le liphello tse molemo.
Afrika
Lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Joale re ile ra amohela, eseng moea oa lefatše, empa moea o tsoang ho Molimo, e le hore re ka tseba lintho tseo re li filoeng ka mosa ke Molimo.” (1 Bakor. 2:12) Ka sebele moea oo o bonahetse har’a Lipaki tsa Jehova Afrika, ’me o li arotse lefatšeng la boithati le le mabifi le li potolohileng.
Ho se nke lehlakore, ho hloka leeme le lerato tse bontšoang ke Lipaki tsa Jehova li hohella batho Lentsoeng la Jehova le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. Mabapi le sena, mora e mong oabo rōna Zaire oa ngola: “Motseng oa Monigi, mathōkong a Goma, batho ba Mahutu le Matutsi ha ba sa ea likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana, ho qoba ho hlaselana ha merabe ha ba le ka kerekeng! Kaha boholo ba baphaphathehi ba khutletse Rwanda, baahi ba setseng metseng e ’meli ea boahisani baa tseba hore sebaka feela seo ho sona Mahutu le Matutsi a bokanang ka khotso ke Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Ka lebaka leo, ba bangata ba bona ba kōpile thuto ea Bibele.”
Ka mor’a lilemo tse 30 tsa ntoa ea lehae, Angola e qala ho latsoa khotso e itseng. Lipaki tsa Jehova li e sebelisa hamolemo ho paka ka ’Muso oa Molimo. Libakeng tse ling karabelo ke e ikhethang. Ka mor’a ho khaotsa lilemo tse ’nè, molebeli e mong oa potoloho qetellong o ile a khona ho etela phutheho e itseng profensing e ka leboea ea Uíge. Ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa puo ea phatlalatsa, ’me bahoeletsi ba 75 ba ile ba hlolloa ho ba le ba 794! Ka boroa ho naha, ho ile ha hlongoa mahae a baromuoa Benguela le Namibe. Ka ba 108 394 ba bileng teng Sehopotsong, le bahoeletsi ba 28 969, ho na le ho hongata ho lokelang ho etsoa.
Morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho Addis Ababa, Ethiopia, o ne a le tseleng e eang hae ka mor’a tšebeletso ea tšimo. Monyakong oa ntlo e ’ngoe, mosali e mong o ne a nkile ngoana oa hae a mo behile liropeng. Ka tšohanyetso, ngoana ea lilemo li ’nè o ile a ithutlolla ho fihlela a lokoloha ’me a betseha ho ea ho morali’abo rōna a otlolotse letsoho hore a mo lumelise. Lelapa lena le ne le sa tsebe morali’abo rōna, empa o ile a sebelisa monyetla ona ho atamela ’mè ’me a kōpa hore na ba ka buela ka tlung. Hang ha pula-maliboho e qala ho paka ka tšepo ea ’Muso, mosali eo o ile a qala ho lla. Ha a botsoa lebaka, o ile a senola hore o ne a ntse a lokisetsa ho felisa bophelo ba hae ka ho ja chefu. O ne a sa tsoa rapela Molimo, a botsa hore na ke hobane’ng ha a lahliloe, ha ngoana a hapa tlhokomelo ea morali’abo rōna. Mosali eo a tsoela pele ho pheta mathata a hae a mangata. Morali’abo rōna o ile a mo tšelisa, ’me sena se ile sa lebisa thutong ea Bibele hang-hang. Ho sa tsotellehe khanyetso ea lelapa, o tsoela pele hantle le ’nete.
Stella, morutoana oa univesithi Nigeria, o ne a batla ’nete. Ka mor’a lilemo tse seng kae e le Mopentekonta, o ile a nahana hore o fumane bolumeli bo nepahetseng. O ile a etsa qeto ea ho ngola buka ho bontša hore malumeli ’ohle ke a bohata. Leha ho le joalo, ha a ntse a etsa lethathamo la malumeli a ka sehloohong a mo pota-potileng, o ile a hlokomela hore ha a tsebe hakaalo ka Lipaki tsa Jehova. O ile a ipolella: “Ke tla ea libokeng tsa tsona ka likhoeli tse tharo hore ke tsebe ho hong ka tsona.” Bofelong boo ba beke, o ile a ea kopanong ea potoloho. Ha lenaneo le fela, o ile a qala ho ba le lipelaelo ka bolumeli ba hae. Bekeng e latelang o ne a le Holong ea ’Muso sebakeng seo. Hape o ile a bala lingoliloeng tse ngata tsa Lipaki tseo a neng a ka li fumana. Ka mor’a seboka sa hae sa boraro, o ile a atamela e mong oa baholo ba phutheho ’me a re: “Mor’eso, nkolobetse. Joale ke e mong oa lōna.” Mor’abo rōna o ile a hlalosa hore ho na le lintho tseo a lokelang ho li tseba pele a ka kolobetsoa. Eaba o mo fa buka hore a ithute eona. Stella o ile a e bala ka matsatsi a mabeli eaba o khutlela ho moholo eo ’me o re: “Mor’eso, ke qetile buka eane. Nkolobetse.” Moholo eo o ile a lokisetsa hore ho be le morali’abo rōna ea ithutang le eena, ’me likhoeli tse seng kae hamorao, Stella o ile a kolobetsoa.
Barab’abo rōna Mali baa hlokomela hore liboka tsa Bokreste li har’a tse ling tsa litokisetso tse mosa tseo Molimo a li etselitseng bahlanka ba hae. Ba batla hore le batho ba sa tsoa thahasella ba ananele hoo, kahoo ba ikitlaelletsa ho etsa hore ba bacha ba ikutloe ba phutholohile. E mong oa ba bacha bana o ile a ngola, a re: “Ha ke qala ho etela Holong ea ’Muso ka sebele ke ile ka khahloa ke lifahleho tsohle tse thabileng le lerato leo ke ileng ka le bontšoa. Ke ile ka fihla metsotso e seng mekae ka mor’a nako, kahoo ke ile ka lula ke le mong. Hang-hang banyalani ba bacha ba ile ba ’neheletsa Bibele le kopi ea Molula-Qhooa. Ka mor’a seboka hoo e ka bang e mong le e mong ka Holong ea ’Muso o ile a tla ho ’na ’me a ntšoara ka letsoho ’me ba etsa hore boteng ba ka e be bo thabisang haholo. Ke ile ka tloha holong moo ke e-na le libuka tse tharo—Bibele ea New World Translation, Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela le U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Hona mantsiboeeng ao ke ile ka qala ho bala, ’me ka ithuta ka lekhetlo la pele hore lebitso la Molimo ke Jehova.”
Sekolong, Sierra Leone, Stephen o ile a hlōpshoa ke bao a kenang sekolo le bona hobane a ne a sa kopanele le bona ha ba buisana ka boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ’me a sa kopanele bohloleng. A sa tsebe, ba bang bao a kenang sekolo le bona ba ile ba ngolla ngoanana ea itseng sekolong seo lengolo le mo ferehang ka lebitso la hae. Ngoanana eo a mo atamela ’me a re: “Ke fumane lengolo la hao ’me kea u lumela, empa ha u e-s’o nkatamele.” Mor’abo rōna o ile a makala ’me a arabela ka hore ha a e-s’o mo ngolle letho. Letsatsing le hlahlamang feela, o ile a ea sekolong ka buka ea hae ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. O ile a kopanya ngoanana eo le bao a leng sehlopheng se le seng le bona hammoho ’me a buisana le bona ka taba ea “Likamano Tsa Botona le Botšehali le Boitšoaro.” Hamorao, bao a leng sehlopheng se le seng le bona ba ile ba boela ba leka ntho e tšoanang. Mor’abo rōna e monyenyane o ile a boela a sebelisa buka ea Bacha Baa Botsa ho behelana mabaka le bona tabeng ea boitšoaro ba Bokreste. Butle-butle, boholo ba “bahlorisi” bana, kamoo a ba bitsang kateng, ba ile ba tsoa sekolong. Ba fokolang ba setseng ba ne ba mo hlompha haholo ka lebaka la ho tšepahala ha hae ho sebete boitšoarong.
Bahoeletsi Swaziland ba ho fumana ho le bonolo ho tsamaisa buka ea Tsebo, ’me pula-maliboho o ile a ngola ka mosali e mong eo a ileng a akaretsa likhaolo tse robong le eena ka lithuto tse leshome feela. Mabapi le seithuti seo, o ile a re: “Ha a e-s’o fosoe ke seboka sa phutheho ho tloha thutong ea pele. Mosebetsi oa haella Swaziland, kahoo ha u fuoa mosebetsi, esita leha e le oa chelete e nyenyane, ua o nka. Moahelani oa seithuti sa ka o ile a se memela ho ea le eena k’hasinong ea sebaka seo, moo batho ba neng ba hlahlobeloa mosebetsi oa ho hireloa bosebetsi litafoleng tsa k’hasino. Seithuti sa ka se ile sa hana, sa re ha se batle ho fetoa ke thuto ea sona ea Bibele hamorao mantsiboeeng ao. Moahelani a re o tla se lefella tekesi e le hore se ka khutla ka nako. Ho ntse ho le joalo seithuti sa ka sa hana. Ha se mpolella ka hona, ke ile ka se botsa hore na ke hobane’ng ha se nahana hore Bakreste ba ke ke ba sebetsa k’hasino. Se ile sa mpolella hore ka seo se ithutileng sona thutong ea sona ea Bibele, Jehova ha a amohele papali ea chelete. Sa phaella: ‘Kaha ke rata Jehova ’me ke batla ho etsa thato ea hae, nka sebetsa k’hasino joang?’” Pula-maliboho e ile ea botsa potso e fatang maikutlo: “Ba lefa chelete e ntle, ’me e ne e tla u thusa hore u reke lintho tseo u li hlokang. Na Jehova o ne a ke ke a utloisisa?” Seithuti se ile sa supa bukeng ea Tsebo ’me sa bolella pula-maliboho hore se bone ho Matheu 6:33 hore Jehova o tla se hlokomela kamehla le ho se thusa ka mathata a sona haeba se mo beha pele.
Asia Le Lihlekehleke Tsa Pacific
Lekala le India le hlokomela tšimo e khōlō—hoo e ka bang karolo ea botšelela ea baahi ba lefatše. Ka July, le ile la tlaleha tlhōrō ea lona ea bo23 ka ho latellana palong ea bahoeletsi. Mosebetsi o matlafalitsoeng ke Lefapha la Phetolelo ke ho etsa hore lingoliloeng li fumanehe ka lihlopha tsa lipuo tse eketsehileng, tse ling tsa tsena li akarelletsa batho ba limilione. Buka ea Tsebo e ile ea hatisoa ka lipuo tse 11 tsa India selemong se fetileng. Bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? e se e hatisitsoe ka tse 20.
Selemong sena ke lekhetlo la pele hore e ’ngoe ea libukana tsa rōna tse mebala-bala e etsoe hore e fumanehe ka Seassamese, Sekhasi, Sekonkani (Devanagari), Semanipuri le Setibete. E le ka boiteko ba ho finyella batho ba limilione tse 250 likarolong tse ka bochabela le leboea-bochabela ho naha, lipuo tse robeli tse khōlō tseo ka tsona re nang le lingoliloeng tse fokolang kapa re se nang tsona, li ile tsa fuoa tlhokomelo e khethehileng. Barab’abo rōna ba sebetsa ka tieo tumellanong le tšepiso ea boprofeta ea hore batho ‘ba tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le malemeng ’ohle’ ba tla ema ba amoheleha ka pel’a terone ea Jehova ha tsamaiso ea khale e fela.—Tšen. 7:9, 10.
Livideo tsa Mokhatlo li thusa batho ho ithuta ka boholo ba tšebetso ea Lipaki tsa Jehova. Ba ikemiselitse ho sebelisa tokisetso ena hamolemo, banyalani ba bang Australia ba ile ba ngola lethathamo la batho bao ba ka ba bontšang livideo tse sa tšoaneng. Ba ileng ba thabela ho shebella le le leng kapa a eketsehileng a mananeo ana ba ne ba akarelletsa ngaka ea lelapa la bona, ’moloki oa libuka tsa bona tsa khoebo, ea ba tlisetsang poso, e mong oa baromuoa ba Bokreste-’mōtoana eo ho ileng ha kopanoa le eena ntlong ea lijo le moruti e mong oa sebaka seo. Ka nako e khutšoanyane, banyalani bana ba ile ba khona ho bontša batho ba 70 video ea Organization, video ea Prophecy ho ba 35 ’me Purple Triangles ho ba 19. Ba robeli ba ileng ba bona livideo tseo hona joale ba ithuta buka ea Tsebo, ’me ba bane ho bana hona joale ke bahoeletsi.
Khatello ea ho phehella neano ea bophelo ba lelapa e thatafalletsa ba thahasellang ba melokong e meng Solomon Islands hore ba amohele ’nete ea Bibele. Kahoo, mosali e mong ea ileng a lumela ho ithuta Bibele kapele o ile a hatelloa ke matšoele a beng ka eena. Ho latela moetlo, seng se ka etela lelapa le leng ka matsatsi a se nang palo, hangata se tlala ntlo se bile se batla le lijo. Leha ho le joalo, mosali eo o ile a tsoela pele le thuto ea hae, a sebelisa bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Ho makaleng ha hae, ka letsatsi le leng monna oa hae, eo e leng mohlanka oa ’muso, o ile a lumela ho ba le thuto. Kapelenyana o ile a bona hore hoa hlokahala ho ba le thuto ea lelapa ea Bibele, le ba seng ba etileng ba ile ba thusoa ho hlokomela hore sena ha sea lokela ho sitisoa. Seng se bile sa ithuta hore ho hlafuna betel nut, ho tsuba le ho noa biri haholo ha li sa hlola li lumelloa ha hae. Mokoloko oa baeti ba sa feleng o ile oa phakisa oa fela. Monna eo o tsebahala haholo, ’me batho ba ile ba hlolloa ke ho bona liphetoho tse etsahalang. E le mohoeletsi ea kolobelitsoeng, mor’abo rōna e mocha o qeta nako e ngata a arolelana ’nete le batho ba batlang ho tseba: “Ke eng se amehang bolumeling boo?” Mosali oa hae le bana le bona ba tsoela pele hantle.
Ha Lipaki Tahiti li ne li qala ho bua le Rémy le mosali e mong e mocha eo a neng a lula le eena, e ne e le setho sa sehlopha sa kick-boxing. O ne a ile a hlōla lintoa tse ’maloa ’me ka lebaka leo o ne a khethetsoe ho ea hlōlisana ka ntle ho Tahiti. O ne a ikutloa hore ha ho na ea ka mo hlōlang. O ne a bapala papali ea chelete k’hasino ’me a ngangisana le molekane oa hae lapeng. Pono ea hae e ne e le ea ho iketelletsa pele. Na ’nete e ne e ka thusa motho ea joalo? Ho sa tsotellehe khanyetso e tsoang ho ba lelapa labo, o ile a lumela ho ithuta. Butle-butle ’nete ea Bibele e ile ea lokisa pono ea hae. O ile a tlohela mosebetsi o neng o le khahlanong le melao-motheo ea Bibele, a tlohela kick-boxing hape a tlohela le papali ea chelete. Ho ngangisana lapeng ho ile ha fokotseha. O ile a nyala ka tsela e loketseng, ’me pono ea hae bophelong e fetohile ka ho feletseng. Hona joale ntho ea bohlokoa ho eena ke lintho tsa moea tseo a iphumanetseng tsona le lelapa la hae ka lebaka la ho fumana tsebo ea Jehova, Molimo oa ’nete.
Thongpliu ke morali e mong oabo rōna Thailand ea sa rutehang. Leha ho le joalo, e le pula-maliboho ea kamehla, o fa tšebeletso ea Jehova sebaka sa pele bophelong ba hae. Ka Sontaha se seng thapama ha a ea Holong ea ’Muso, o ile a bona hore lemati le ka pele la ntlo e khōlō le ne le butsoe. Le ka mohla ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le motho lapeng ha a etela moo. Thongpliu o ile a iteta sefuba, a atamela keiti, eaba o hoeletsa mong’a ntlo. Mosali oa ntlo eo o ile a amohela limakasine tse peli ka thabo. Leetong la ho boela, mosali eo o ile a botsa Thongpliu hore na o rutehile hakae. Ha a arabela hore o ile a feta sehlopha sa bone feela, mofumahali eo a botsa ka ho hlolloa: “Ho tlile joang hore u tsebe lintho tse ngata tseo ke sa li tsebeng? ’Na ke tsoa univesithi.” O bile a mo bolella le hore ka koloing ea hae e laolang mocheso le mohatsela o ’nile a feta Thongpliu ka makhetlo a mangata a tsamaea letsatsing le chesang. Eaba oa phaella: “Ke ne ke sa tsebe moo u eang, empa kamehla u ne u bonahala u thabile ebile u khotsofetse. ’Na ka bonna nka bonahala ke thabile ha u nchebela thōko, empa ha u nchebela haufi-ufi, u tla hlokomela hore ha kea thaba. E tlameha e be e le tsebo ea hao ea Bibele e u thabisang. Na u tla ntlisetsa Bibele ’me u tl’o ithuta eona le ’na?”
Europe
Ha ba ntse ba le mosebetsing oa ntlo le ntlo Latvia, bahoeletsi ba babeli ba ile ba kopana le Svetlana, ea ileng a mamela ha ba bala Johanne 17:3. Ba ile ba bontša mokhoa oa ho ithuta Bibele ka thuso ea buka ea Tsebo. Ka mor’a thuto ba ile ba mo botsa hore na o ne a tla rata ho tsoela pele neng. A arabela ka tsela e hlomphang: “Hosasane.” Ka mor’a thuto e ’ngoe le e ’ngoe ha a botsoa ka nako e tlang, o ne a arabela, “Hosasane.” Nako le nako ba ne ba tšohla khaolo e le ’ngoe ea buka ea Tsebo.
Ka mor’a matsatsi a leshome o ile a talima ea mo khannelang thuto ka mahlong ’me a re: “Ke lakatsa ho ba motho ea tšabang Molimo. Ke lokela ho etsa eng?” Hoba a amohele keletso e fanoeng, o ile a potlakela ho etsa liboka tsa phutheho karolo ea bohlokoa ea bophelo ba hae bakeng sa hae le bana ba hae. Sebokeng seo a bileng ho sona ka lekhetlo la boraro, o ile a qala ho fana ka litlhaloso. Buka ea Tsebo e ile ea qetoa ka libeke tse ’nè le letsatsi le le leng. Ha a ithuta khaolo ea 12, o ile a lahla lingoliloeng tsa ho sebelisana le meea. Khaolong ea 14, o ile a khaotsa ho qhekella hohle ’me a qala ho lefella leeto la hae ha a tsamaea ka terene. O ile a re: “Ka mor’a thuto e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke ikutloa ke hloekile haholoanyane.” Ka mor’a khaolo ea 15, o ile a qala thuto ea lelapa, le hoja ho ne ho batla ho le thata qalong. Khaolo ea 18 e ile ea kholisa Svetlana hore tšebeletso ea tšimo le kolobetso lia hlokahala.
Pele a ithuta ’nete, Svetlana o ne a ile a phela bophelo bo hlaha. Ka mor’a phihlelo e ileng ea mo nyarosa haholo, o ne a ile a etsa qeto ea ho tlohela seo a ’nileng a se etsa, empa bophelo bo ne bo le feela. Leha ho le joalo, seo se ile sa qala ho fetoha ha a qala ho fumana tsebo ka Jehova. Hona joale o re: “Ke thabile haholo. . . . Ke rata Jehova le barab’eso, ’me ke tšepa hore ’na le bana ba ka re tla khona ho phela Paradeiseng.” Ka mor’a libeke tse ’nè feela, e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ’me o ile a kolobetsoa kopanong ea Serussia, Riga.
Brithani, Ryan ea lilemo li 12, o ile a tlameha ho lokisetsa puo e neng e lokela ho fanoa sehlopheng sa hae sekolong ka taba e reng, “Motho eo ke mo Tsotang ka ho Fetisisa.” E bile monyetla o motle hakaakang oa ho paka! Ryan o ile a etsa qeto ea hore o ne a tla bua ka Jesu Kreste. O ile a lokisetsa hantle ’me a fana ka puo ea metsotso e leshome, a qotsa mangolo ho tšehetsa lintlha tseo a li buileng. Ha a qetella, o ile a fana ka buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ho mang le mang ea neng a thahasella. Likopi tse peli tseo a neng a e-na le tsona li ile tsa amoheloa ka cheseho, ’me ho ile ha etsoa liodoro tsa tse ling tse hlano. O ile a ea sekolong a nkile likopi tse tšeletseng letsatsing le hlahlamang, a li tsamaisa, ’me a kōpuoa ho tla le tse ling tse tšeletseng. Letsatsing le hlahlamang, o ile a ea le likopi tse supileng, a li aba, ’me a boetse a kōpuoa ho tla le tse ling tse peli.
Faeroe Islands, barutoana ba bang ba ile ba fuoa likabelo tsa sekolo tse neng li hloka hore ba bokelle boitsebiso bo buang ka Lipaki tsa Jehova. Se neng se fumaneha sekolong se ne se fokola ebile se khelosa. Ha Paki e nyenyane e ithaopela ho tlisa boitsebiso bo bong hore ba bo sebelise, seo e fanang ka sona se ile sa ananeloa haholo. E boetse ea fa tichere video e reng Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. Tichere e ile ea e bontša sehlopha seo kaofela, ’me hamorao bekeng eo, e ile ea bontšoa le lihlopha tse ling.
Ha monna e mong e mocha sepoleseng Greece a qala ho ithuta ’nete, o ile a kopana le khanyetso e matla e tsoang ho beng ka eena. Mohoe oa hae o ile a nka mosali oa monna enoa a mo isa ho baprista, baruti ba thuto ea bolumeli le ho mobishopo, ea ileng a khothalletsa mosali hore a hlale monna oa hae ’me a tšepisa hore o tla mo fumanela e mong. Ha a le lapeng le monna oa hae, o ne a ka bona kamoo thuto e ntlafatsang boitšoaro ba hae kateng, ’me a hlokomela le boitšoaro ba Lipaki tseo a neng a kopanela le tsona. O ile a ithuta hammoho le eena, empa batsoali ba mosali ba inkela molao matsohong ’me ba etsa hore morali oa balekane bao a kolobetsoe Kerekeng ea Greek Orthodox. Ntat’a mosali a sokela ka hore o tla otla mokhoenyana oa hae ’me, eena hammoho le litho tse ling tse peli tsa lelapa, ba ea Holong ea ’Muso ho ea baka khathatso. Leha ho le joalo, sefefo seo se ile sa feta ha monna eo e mocha le mosali oa hae ba emela ’nete. Eena le mosali oa hae ba ile ba kolobetsoa. Hona joale mohoe oa hae le mohoehali oa hae ba ithuta Bibele. Soare sa hae, se ileng sa ba le seabo ho bakeng khathatso Holong ea ’Muso, le eena o ile a kolobetsoa hammoho le mosali oa hae.
E le hore a ka nchafatsa phasepoto ea hae a tle a tsebe ho tsamaea ho tloha Bulgaria ho ea ba teng kopanong ea setereke ea selemo sena Romania hammoho le ’mè oa hae le nkhono’ae le ntat’ae moholo, Blagomira ea lilemo li robong o ne a hloka mosaeno oa ntate oa hae, ea ileng a siea lelapa pele e e-ba Lipaki. Ntate o ile a hana a tiile ho tšehetsa takatso ea morali oa hae e monyenyane. O ile a mo letsetsa hangata a kōpa tumello ea hae, empa a sa atlehe. Ho sa lebelloa, ka Mantaha oa beke ea kopano, moholoane oa Blagomira o ile a etela lelapa ’me a bolella nkhon’ae hore ntate oa hae o ne a tla lumela ho saena kōpo ea phasepoto. A tsamaea, ho se tlhaloso ea letho. Ho ne ho se ea tsebang hore na ntat’a bona o tla fumaneha neng bakeng sa ho saena le hona joang. Hoba ba fihle lapeng ba tsoa tšebeletsong ea tšimo ’me ba utloe litaba, Blagomira le ’mè oa hae ba ile ba rapela hammoho: “Jehova, haeba ke thato ea hao, hore re be hammoho kopanong, re kōpa u re thuse. Re tla be re letile ofising ea liphasepoto hosasane hoseng.” Ho tiisa hore e ba bona ba pele, ba ile ba nka litulo tse nyenyane tse peli ’me ba tloha hae ka 4:30 hoseng. Ka mor’a nakoana, Blagomira o ile a ea moo ntat’ae a lulang teng, moo ho neng ho se hōle le moo. O ile a mo aka ’me a kōpa: “Ntate, na u tla tla? ’Na le ’Mè esale re eme ka pel’a ofisi ho tloha metsotsong e leshome ka mor’a hora ea bohlano hoseng hona.” O ile a apara kapelenyana ’me a tsamaea le morali oa hae ho ea saena. Ka ho makatsang, phasepoto e ne e lokile letsatsing le hlahlamang feela, ka nako e loketseng bakeng sa ho tsamaea hoseng ho latelang! ’Mè oa Blagomira o ile a thusa morali oa hae ho ananela hore sena e ne e le bopaki bo hlakileng ba thuso ea Jehova le ba lerato la hae ho Blagomira. O ile a bolela hore se tla matlafatsa qeto ea Blagomira le ho feta ea ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. Ka mor’a kopano, Blagomira o ile a fa ntat’ae mpho ea buka e ncha ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.
Ha e ntse e paka seterateng, pula-maliboho e ’ngoe e khethehileng Poland e ile ea kopana le mofumahatsana e mong ea ileng a e memela ha hae a ba a e bontša le hore na e ka fihla joang teng. Leha ho le joalo, ha Paki e fihla ka nako e ballanoeng, ha ho ea ileng a bula monyako, le hoja e ne e ka utloa hore ho na le motho ka hare. Ha a tloha matlong ao, morali’abo rōna o ile a pakela mohlomphehi e mong ea hōlileng ea ileng a bontša thahasello. Leetong la hae le latelang, ho ile ha qalisoa thuto e babatsehang le eena le mosali oa hae. Leha ho le joalo, morali’abo rōna a etsa qeto ea ho etela mofumahatsana eane hape. Ha a sheba tlaleho ea hae, o ile a hlokomela hore pele o ne a ile matlong asele. A potlakela atereseng e nepahetseng, ’me mofumahali eo o ile a thabela ho mo bona. Ha morali’abo rōna a qala ho kōpa tšoarelo, mosali eo o ile a re: “Ke ile ka bolella monna oa ka hore ke memme Lipaki tsa Jehova. O ile a u emela hore a tl’o u leleka. Ke ne ke tšohile haholo ’me ke ile ka rapela ka kamoreng ea ka hore u se ke ua tla, empa ke thabile haholo hore ebe u tlile kajeno.” Morali’abo rōna joale o na le lithuto tsa Bibele tse ntle tse peli ’me o kholisehile hore mangeloi a ile a thusa hore ho etsahale ka tsela eo.
Linaha Tsa Amerika
Mora e mong oabo rōna Canada o ne a ho fumana ho le thata haholo ho itsebahatsa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova moo a sebetsang teng le ho paka ka mokhoa o sa reroang. Empa o ile a rapella sena, a ba le sebete, ’me a qala. Qalong, motho eo a neng a sebetsa le eena o ne a qhela boiteko ba hae, empa ho bolela ha hae tšepo ea tsoho ho ile ha lebisa thutong ea Bibele. Mantsiboeeng ao, mor’abo rōna o ile a rapela: “Jehova, kea tšepisa hore nke ke ka hlola ke tlohela monyetla o mong oa ho bua le baahelani ba ka. Kamehla ke tla ba talima e le barab’eso le baralib’eso ba ka moso.” O ho entse. Mosebetsing oa hae o mong, basebetsi ba ile ba mo reha lebitso la bosoasoi la Moshe ka lebaka la ho paka ha hae ka cheseho lihoreng tsa lijo tsa motšehare le linakong tsa khefu ea kofi. O sebelisa video ea Mokhatlo hamolemo e reng Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. Mathoasong a selemo sena se fetileng, batho ba 394 ba moo a sebetsang ba ne ba bone video eo, ho sa baloe malapa a bona le metsoalle ea bona, ’me o na le lethathamo la ba bangata ba batlang ho e bona. Ka mor’a lilemo tse 14 a le fekthering ena, mor’abo rōna o khonne ho thusa batho ba 34 hore ba kolobetsoe.
Chile, ho ile ha etsoa boiteko bo khethehileng hlabula hore ho finyelloe masimo a hōle haholo. Malapa a mangata a ile a qeta nako ea ’ona ea phomolo ka tsela ena. A ile a fumana batho ba nyoretsoeng ’nete. Ba ka bang 30 000 ba phela lihlekehlekenyaneng tse ngata ka boroa ho naha. Barab’abo rōna ba ile ba ikemisetsa ho ba finyella ka sefofane. Moo ho khonehang, ba ile ba lula ka sefofane ’me ba paka. Moo sefofane sa bona se neng se sa khone ho lula, se ne se fofa holim’a metse ’me ba akhele liphutheloana tsa limakasine tse peli e le hore le hona moo, batho ba ka hlokomela seo Jehova a rerileng ho se etsa ka ’Muso oa hae.
Dominican Republic, ke ntho e tloaelehileng ho liithuti tsa Bibele hore li chesehe haholo ka seo li ithutang sona hoo li qalang ho khanna lithuto le ba bang le pele li ka amoheloa ho sebeletsa e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ka mor’a hore mohlomphehi e mong a be teng libokeng toropong e ’ngoe e khōloanyane ka likhoeli tse ’maloa, o ile a khutlela toropong ea ha habo e lithabeng ’me a qala ho arolelana le ba bang seo a ithutileng sona. Ha bo-pula-maliboho ba babeli ba fihla tšimong ena “e sa sebetsoeng,” beng ba matlo kaofela ba ne ba ba bolella hore ba tsebile seo bo-pula-maliboho ba se bolelang ka Radhamés. Qetellong, barab’abo rōna ba ile ba fumana Radhamés. Pele eena le lelapa la hae ba ka qala thuto ea bona ea Bibele, o ile a isa bo-pula-maliboho bao ho ba bang bao a neng a ntse a ithuta le bona. Hona joale eena le mosali oa hae ba kolobelitsoe.
Yacuiba, Bolivia, sehlopha sa moo sa baevangeli se ile sa lokisetsa hore setsi sa TV se bontše filimi eo ho bonahalang e ne e entsoe ke bakoenehi. Ka lebaka la liphello tse mpe tsa lenaneo leo, baholo ba ile ba etsa qeto ea ho etela litsi tse peli tsa TV ’me ba re ba ithaopela ho lefella hore sechaba se bontšoe video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name le ea The Bible—A Book of Fact and Prophecy. Ka mor’a hore a bone livideo tsa Mokhatlo, mong’a setsi sa seea-le-moea o ile a khopeha ka lebaka la liketselletso tsa lenaneo la bakoenehi ’me a ithaopela ho etsetsa Lipaki tsa Jehova tsebiso e sa lefelloeng e etsoang lipakeng tsa mananeo mabapi le kopano ea tsona ea setereke e neng e e-tla. Palo ea ba bileng teng e ne e phahame ka tsela e sa tloaelehang, ’me ba bangata ba lipelo li tšepahalang ba ile ba qala ho botsa lipotso tse tiileng ha Lipaki li ba etela ha li le tšebeletsong.
Baokameli ba fektheri e khōlō ea khalase Ecuador ba ne ba batla ho hlophisa thupelo e buang ka malapa le litekanyetso tsa boitšoaro bakeng sa bahiruoa ba eona. Mookameli ea ka sehloohong oa basebetsi o ile a batla boitsebiso ho baprista ba bang empa a se ke a atleha. Ha e utloela ka sena, Paki e ile ea etela mookameli eo ea ka sehloohong ’me ea mo bontša lethathamo la lihlooho tse akaretsoang ke limakasine tsa rōna. Mookameli eo o ile a khahloa, a khetha lihlooho tse tharo, ’me a lokisetsa lenaneo la lihora tse peli bakeng sa basebetsi bohle, bao a ileng a ba arola ka lihlopha tse supileng tsa ba 30 sehlopha ka seng. Barab’abo rōna ba tšoanelehang ba bararo ba ile ba tsamaisa mananeo ao. Bamameli ba ile ba mengoa hore ba hlalose maikutlo a bona le ho botsa lipotso. Ha ho ntse ho buisanoa ka botšepehi, molebeli e mong o ile a bolela hore o ne a nahana hore e ne e tla ba ho loketseng ho utsoa tlas’a maemo a itseng. E mong a lumela, a re, “Haeba ’Mè a kula ’me ke se na chelete, ke lokela ho utsoa. Kapa na ke lokela ho mo tlohella hore a shoe?” Ha a araba, mor’abo rōna o ile a ba bolella ka ntate e mong e mocha ea neng a kolota rente ea likhoeli tse tharo. O ile a kopanela le kenke ea masholu ’me o ile a bolaoa nakong ea ho leka ho utsoa ka likhoka, a siea mohlolohali le bana ba bararo. Mor’abo rōna a hlalosa: “Ka lehlakoreng le leng, batho ba tšepahalang hangata ba na le metsoalle e molemo e tlang ho ba thusa maemong a tšohanyetso.” Qetellong ea lenaneo ka leng, ba bangata ba ile ba bontša kananelo. Ba bang ba ile ba siea mabitso a bona le liaterese ’me ba kōpa hore barab’abo rōna ba ba etele. Baokameli ba ile ba ithaopela ho fana ka buka ea Bophelo ba Lelapa ho e mong le e mong ea e batlang. Ba 66 ba ile ba siea mabitso a bona. Kahoo buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela e ile ea behoa pontšeng ka sebakeng sa kamohelo ea baeti, ka morao ho moo ea e-ba ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Ha ho ngoloa phihlelo ena, ho ne ho ntse ho amoheloa liodoro tsa buka ena. Baokameli ba ile ba hlolloa haholo ke boitsebiso bo sebetsang ’me ba batla ho lokisetsa lenaneo le leng ka mor’a likhoeli tse tšeletseng.
Paraguay pula-maliboho e ’ngoe e ile ea fa mosali e mong buka ea Tsebo ea neng a bontša thahasello empa a fetola moqoqo ha ho etsoa tlhahiso ea thuto ea Bibele. Ka mor’a nako, o ile a bolella pula-maliboho hore seo a se bontšoang ka Bibeleng ha se lumellane le litumelo tsa hae, ’me kahoo ha a batle hore Paki e ’ne e tsoele pele ho mo etela. Leha ho le joalo, likhoeli hamorao ha pula-maliboho e mo etela ka tokollo e khethehileng ea Tsoha!, mosali eo a etsa eka ke khale a letetse morali’abo rōna ka mamello hore a khutle. Mosali eo o ile a hlalosa hore o balile buka ea Tsebo, hore ke e babatsehang, le hore o ne a ntse a ithuta Bibele le baahelani ba hae ba bararo, motheong oa seo a ithutileng sona khaolong ea 16 ea buka ena. Ha morali’abo rōna a khutla le monna oa hae, mosali eo o ne a ba letetse. Leha ho le joalo, ho e-na le hore ba ithutele ha hae, o ile a ba isa ha moahelani oa hae, ea neng a bile teng maetong a pele. Bona le moahelani enoa ba ea ha moahelani oa bobeli, ’me joale bohlano ba bona ba ea ntlong ea boraro, moo mofumahali oa teng le eena a neng a letetse thuto ea Bibele. Kaofela ha bona ba tsoela pele hantle.
Ha a ntse a paka ka ntlo le ntlo, morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho Uruguay o ile a etela ntlong eo ho eona ho ileng ha arabela ngoananyana. Batsoali ba ngoanana eo ba ne ba le sieo, kahoo morali’abo rōna a pakela ngoanana eo, ’me o ile a bontša thahasello ea sebele. Qetellong, Paki e ile ea etsa tlhahiso ea thuto ea kamehla ea Bibele ho ngoanana eo empa ea mo bolella hore a kōpe tumello ea batsoali ba hae pele. Batsoali ba ne ba tla itšoara joang? Ho makaleng ho hoholo ha mohoeletsi, ’mè o ile a re e ne e tla ba ho nepahetseng haholo ho ithuta Bibele le moralinyana oa hae, empa a botsa hore na lelapa kaofela le ka kopanela le lona na. Ka ho hlakileng le ne le ka kopanela! Joale hona joale ho khannoa thuto ea kamehla ea Bibele le litho tse ’nè tsa lelapa lena—tsohle kahobane ho ile ha pakeloa ngoananyana.
Ho ’nile ha hakanngoa hore ka hare ho k’honthinente ea United States, ho na le batho ba lithōlō ba fetang limilione tse peli ba buang ka Puo ea Matsoho ea Amerika. Ho na le liphephetso tse ngata mabapi le ho phetha tšebeletso tšimong ea puo ea matsoho. Bo-pula-maliboho ba bang ba tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 300 ka letsatsi ho ea fihla ho batho ba robeli kapa ba robong, bao ba bangata ho bona ho ka etsahalang hore ebe ha ba eo lapeng. Ho hlokahala ho ikhanna ho fumana sethōlō tšimong. Metseng e meng e meholo e tšehetsang liketsahalo tse etsetsoang lithōlō, bahoeletsi bao e leng litsebi tsa puo ea matsoho ba ’nile ba fumana tumello ea ho beha tafole kapa ntloana e nang le pontšo e khahlang ea lingoliloeng tsa rōna bakeng sa lithōlō. Ba boetse ba beha li-TV le li-VCR hore li bapale livideo tsa rōna ka Puo ea Matsoho ea Amerika. Sena se bula monyetla o motle oa ho kopana le baahi ba lithōlō, ho ba tsamaisetsa lingoliloeng, le ho etsa litokisetso tsa ho ba etela malapeng a bona. Ketsahalong e ’ngoe e joalo, barab’abo rōna ba ile ba fumana mabitso le liaterese tsa batho ba 40 bao ba neng ba e-so ho ka ba kopana le bona pele.
E ’ngoe ea liketsahalo tse khōlō Guyana selemong sena se fetileng e bile lenyalo, la letsatsi le le leng, la lipara tse 79 tsa banyalani ba bang teng libokeng Phuthehong ea Baramita. Setho sa Komiti ea Lekala se ile sa fana ka puo ea lenyalo, e ileng ea fetolelloa puong ea Secarib, ’me eaba para e ’ngoe le e ’ngoe ea banyalani e pheta ka ho utloahalang likano tsa eona ka Secarib. Ke hobane’ng ha lipara tsee tse 79 tsa banyalani li ile tsa susumelletseha ho nyalana ka molao? Hobane ’nete ea Bibele e ne e fetotse pono ea bona ea bophelo. Ka pel’a Jehova le ka pel’a lipaki tse ngata, ba ne ba lumela ho phela le molekane a le mong feela le ho lumellana le tekanyetso ea Bibele bakeng sa lenyalo le hlomphehang. Matsatsi a mararo hamorao, batho ba 41, boholo e le ba lipara tse neng li sa tsoa nyalana, ba ile ba tla le matichere a bona ’me ba bolela takatso ea bona ea ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang.
Macarib sebakeng sena a ikemiselitse ho ithuta ka hohle kamoo a ka khonang ka Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng le ho ithuta ka eena ka potlako kamoo ho ka khonehang. A tsamaea lihora tse peli, tse tharo, kapa ho feta ho ea libokeng beke le beke. Ke a fokolang haholo a fihlang ka mor’a nako, le hoja a tsamaea litselaneng tse mefero tseo ho tsona ho nang le linōka, mangau, linoha tse chefo le lintho tse ling tse joalo. A mangata haholo a batla ho ithuta ’nete ka Molimo hoo Lipaki li khannang lithuto tsa tsona tsa Bibele le lihlopha tsa liithuti tse tlohang ho tse 40 ho ea ho tse 70.