‛’Mele e Mengata ea Bahalaleli ea Tsoha’
“LEFATŠE la sisinyeha, le mafika a petsoha; ’me mabitla a khopotso a buleha le ’mele e mengata ea bahalaleli ba robetseng ea tsoha, (le batho, ba tsoang har’a mabitla a khopotso ka mor’a ho tsosoa ha hae, ba kena motseng o halalelang,) ’me ba bonahala ho ba bangata.” (Mattheu 27:51-53, NW) Setsebi sa K’hatholike Karl Staab se bitsa ketsahalo ena e etsahetseng lefung la Jesu “sephiri se seholo.” Ho ile ha etsahala eng?
Epiphanius le bo-Ntate ba bang ba pele ba Kereke ba ne ba ruta hore bahalaleli ba hlile ba tsoha ’me ba ea le Jesu ea tsositsoeng leholimong. Augustine, Theophylactus, le Zigabenus ba ne ba lumela hore bafu bana ba ile ba fumana tsoho ea nakoana empa hamorao ba ile ba khutlela mabitleng a bona. Leha ho le joalo, setsebi Erich Fascher se hlalosa hore khopolo ena ea morao “ha e-ea ka ea amoheloa ka ho pharalletseng.” Ha li fetolela Mattheu 27:52, 53, liphetolelo tse ngata tsa kajeno tsa Bibele li fana ka maikutlo a hore tsoho ea bafu e ile ea e-ba teng. New World Translation eona ha e fane ka maikutlo ao, kaha e bontša liphello tsa tšisinyeho ea lefatše. Hobane’ng?
Pele, ho sa tsotellehe hore na “bahalaleli” e ne e le bo-mang, Mattheu ha aa ka a bolela hore ba ile ba tsoha. O boletse hore ’mele ea bona, kapa litopo tsa bona, li ile tsa tsoha. Taba ea bobeli, ha aa ka a bolela hore ’mele ena e ile ea phela. O boletse hore e ile ea tsoha, ’me ketso ea Segerike e·geiʹro, e bolelang ho “tsosa,” ha e bolele tsoho ea bafu ka mehla. Har’a lintho tse ling, e ka ’na ea boela ea bolela ho “ntša” ka mokoting kapa ho “phahamisa” fatše. (Mattheu 12:11; 17:7, NW; Luka 1:69) Ho petsoha ha lefatše ho ileng ha e-ba teng lefung la Jesu ho ile ha bula mabitla, ha lahlela litopo ka ntle. Lekholong la bobeli la lilemo C.E., liketsahalo tse joalo tse ileng tsa hlaha nakong ea litšisinyeho tsa lefatše li ile tsa tlalehoa ke mongoli oa Mogerike Aelius Aristides ’me moraonyana tjena, ka 1962, li ile tsa tlalehoa Colombia.
Ho talima ketsahalo ena tjena ho lumellana le lithuto tsa Bibele. Ho 1 Ba-Korinthe khaolo 15, moapostola Pauluse o fana ka bopaki bo kholisang ba tsoho ea bafu, empa o hlokomoloha Mattheu 27:52, 53, ka ho felletseng. Esita le bangoli ba bang kaofela ba Bibele ba etsa ho tšoanang. (Liketso 2:32, 34) Litopo tse ileng tsa tsosoa lefung la Jesu li ne li ke ke tsa tsohela bophelong ka tsela eo Epiphanius a neng a nahana ka eona, hobane letsatsing la boraro ka morao ho moo, Jesu o ile a fetoha “letsibolo ho bafu.” (Ba-Kolosse 1:18) Bakreste ba tlotsitsoeng, bao ka ho tšoanang ba bitsoang “bahalaleli,” ba ne ba tšepisitsoe ho kopanela tsohong ea pele nakong ea ho ba teng ha Kreste, eseng lekholong la pele la lilemo.—1 Ba-Thessalonika 3:13; 4:14-17, NW.
Bahlalosi ba bangata ba Bibele ba thatafalloa ke ho hlalosa temana ea 53, le hoja ba ’maloa ba bona ba hlahisa hore temana ea 52 e hlalosa ho buloa ha mabitla ke tšisinyeho ea lefatše le ho tsoela pooaneng ha litopo tse neng li sa tsoa epeloa. Ka mohlala, setsebi sa Lejeremane Theobald Daechsel se fana ka phetolelo e latelang: “’Me mabitla a buleha, ’me litopo tse ngata tsa bahalaleli ba robetseng tsa phahamisoa.”
Ke bo-mang ba ileng ba “kena motseng o halalelang” nako e telele hamorao, ke hore ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung? Joalokaha ho bonoe ka holimo, ’mele e ntšelitsoeng pooaneng e ile ea lula e ntse e shoele, kahoo e tlameha e be Mattheu o bua ka batho ba ileng ba etela mabitla ’me ba tlisa litaba tsa ketsahalo ena Jerusalema. Kahoo, tsela eo New World Translation e fetolelang temana eo ka eona e tebisa kutloisiso ea Bibele ’me ha e ferekanye babali mabapi le tsoho.