Lebela Boikutlo ba Hao ba ho Potlaka
TSELA e ’ngoe e tiileng, e amoheloang ke Molimo ea hore re tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka soule eohle ke efe? Ke ho ba le boikutlo ba sebele ba ho potlaka ka hare-hare lipelong tsa rōna. Ho sebeletsa Molimo ka soule eohle ho bolela ho mo sebeletsa ka boleng ba rōna bo feletseng, ’me ho hloka ho mamela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a re kōpang eona ka tieo, ka ho feletseng.
Moprofeta Moshe o ile a hatisa tlhokahalo ena ha a laela sechaba sa Iseraele: “Rata Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea [“soule,” NW] oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle.” (Deuteronoma 6:5) Makholo a lilemo hamorao Kreste Jesu o ile a pheta taelo eona eo: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka kelello ea hao eohle.” (Mattheu 22:37, NW) Moapostola Pauluse o ile a bua ka tlhokahalo eona ena ha a bolella Baefese hore ba etse “thato ea Molimo ka soule eohle,” le ha a phehella Bakolosse: “Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka soule eohle joalokaha eka ke bakeng sa Jehova, eseng bakeng sa batho.”—Ba-Efese 6:6, NW; Ba-Kolosse 3:23, NW.
Leha ho le joalo, ho thata ho beha lipelo le lisoule tsa rōna tšebeletsong ea Molimo haeba re se na boikutlo ba ho potlaka ka hare-hare ho rōna kapa haeba boikutlo ba ho potlaka boo re kileng ra ba le bona joale bo se bo le lerootho—mohlomong bo se bo lahlehile ka ho feletseng. Kajeno, re phela nakong ea ho potlaka eo ho seng nako leha e le efe e kileng ea tšoana le eona historing ea motho.
Linako Tse Khethehileng Tsa ho Potlaka
Mehleng ea pele ho Bokreste ho bile le linako tse ’maloa tsa ho potlaka. Mehla ea Noe le nako e etellang pele timetso ea Sodoma le Gomorra ka sebele e ne e le mehla ea ho potlaka e le kannete. (2 Petrose 2:5, 6; Juda 7) Kantle ho pelaelo lilemo tsa pele ho Moroallo li ne li tletse mosebetsi o potlakileng. Le hoja Noe le lelapa la hae ba ne ba sa tsebe ka ho khetheha hore na Moroallo o ne o tla qaleha neng, ‘tšabo ea bona ea bomolimo’ e ne e tla tiisa hore ha ba behelle lintho ka thōko.—Ba-Heberu 11:7.
Ka ho tšoanang, pele ho timetso ea Sodoma le Gomorra, mangeloi a ile a “akofisa Lota” ’me a mo bolella: “Baleha, u boloke bophelo ba hao.” (Genese 19:15, 17) E, ketsahalong eo ka ho tšoanang, ho potlaka ho ile ha pholosa bophelo ba batho ba lokileng. Makholo a lilemo hamorao baholehuoa ba Bajode Babylona ba ile ba phehelloa ka matla: “Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama litšila; tsoang har’a bona!” (Esaia 52:11) Ka 537 B.C.E., batlamuoa ba ka bang 200 000 ba ile ba tsoa ka potlako Babylona ka ho mamela taelo eo e potlakileng ea boprofeta.
Boikutlo ba ho potlaka boemong ka bong ho ao bo ile ba fella ka tšebeletso ea soule eohle ho ba ileng ba utloa le ho boloka kholiseho ea hore ba phela mehleng e potlakileng e le e phelang.
Ho Potlaka Mehleng ea Bokreste
Mehoo ea ho potlaka e ka boela ea utluoa ho pholletsa le Mangolo a Segerike a Bokreste. “Le lule le talimile,” “le lule le falimehile,” “le lule le lebetse,” “le ipake le le ba itokisitseng”—tsena kaofela ke lipolelo tse ileng tsa sebelisoa ke Kreste Jesu ho kenya boikutlo bo loketseng ba ho potlaka ka hare ho balateli ba hae. (Mattheu 24:42-44, NW; Mareka 13:32-37, NW) Ho phaella moo, lipapiso tsa hae mabapi le baroetsana ba leshome, lekhoba le khopo, litalenta, le ho arola linku ho lipōli kaofela li susumetsa tebello le ho hlahisa boikutlo ba ho potlaka.—Mattheu 25:1, 14, 15, 32, 33.
Hase feela hore Jesu o ile a bua ka ho potlaka empa hape o ile a tšehetsa bonnete ba mantsoe a hae ka hore a sebetse ka ho potlaka. Ka lekhetlo le leng o ile a bolella bongata ha bo leka ho mo liehisa: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” (Luka 4:42, 43) Ho ekelletsa moo, o ile a khothaletsa barutuoa ba hae ho kōpa Mong’a kotulo hore a romele basebetsi ba eketsehileng kotulong ea Hae hobane “kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae.” (Mattheu 9:37, 38) Kōpo e joalo ea thapelo ho Molimo ka sebele e senola moea oa ho potlaka.
Na ho Potlaka ho Joalo ho Ile ha Behoa Moo ho sa Tšoanelang?
Ba bang ba ka ’na ba phahamisa potso e utloahalang, Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala boikutlo ba ho potlaka morao koo haeba ‘mahlomola a maholo’ a boletsoeng esale pele a ne a sa ntse a le thōko ka makholo a lilemo?—Mattheu 24:21.
Re ka kholiseha hore e ne e se leqheka feela leo Jesu a neng a le sebelisa ho boloka balateli ba hae ba tšoarehile mosebetsing oa ho bolela le ho ruta. Che, e ne e le lerato la Kreste bakeng sa barutuoa ba hae, haesita le kutloisiso ea hae e phethahetseng ea pono ea Jehova ka nako, eo e neng e le motheo oa keletso ea hae mabapi le ho potlaka. E, Kreste Jesu o ne a tseba hore moea oa ho potlaka o ne o hlokahala bakeng sa ho phetha thato ea Jehova ho latela morero oa Molimo. Ho feta moo, o ne a tseba hore barutuoa ba hae ka bobona ba ne ba tla ithuisa molemo moeeng ka ho boloka boikutlo ba ho potlaka ho fihlela ho khutleng ha hae.
Jesu Kreste o ne a se a ntse a bontšitse ka ho hlaka hore ho ne ho e-na le mosebetsi oa bopaki lefatšeng ka bophara o neng o lokela ho phethoa le hona ka nako e lekanyelitsoeng. (Mattheu 24:14; Mareka 13:10) Mehato e tsoelang pele ea kabelo ena e ile ea senoloa feela ha mosebetsi oo o ntse o senoleha. Empa ho ne ho hlokahala ho potlaka bakeng sa ho phethahatsa mohato ka mong. Jesu o ile a bontša tsoelo-pele ea kabelo ena ha a re: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) ’Me eo ke eona tsela eo kabelo ena e ’nileng ea senoleha ka eona ho fihlela hona joale. E ’nile ea makatsa bahlanka ba Molimo ho theosa le nako, e leng ho ileng ha hloka hore ho fetoloe kutloisiso nako le nako.
Boikutlo ba Bokreste ba ho potlaka bo sebelelitse morero oa Jehova. Bo thusitse barutuoa ba Kreste ho phethahatsa kabelo ea bona e tsoelang pele ho latela kemiso ea Jehova e sa foseng. Kahoo kajeno, ha re talima morao lilemong tse ka bang 2 000, re utloisisa kemiso eo ea bomolimo ka botlalo haholoanyane.
Ho potlaka ha Bokreste ho ile ha thusa barutuoa ho fana ka bopaki bo feletseng Jerusalema, Judea, Samaria, le ho Bajode ba qhalakaneng pele ho 36 C.E. ha ho amoheloa ho khethehileng ha Iseraele ho fela. (Daniele 9:27; Liketso 2:46, 47) Ka ho tšoanang, ho potlaka ha Bokreste ho ile ha thusa phutheho e ncha ho fana ka temoso e hlakileng ho Bajode bohle hore haufinyane tsamaiso ea bona e ne e tla fela. (Luka 19:43, 44; Ba-Kolosse 1:5, 6, 23) ’Me ka mor’a hore e fele ka tšohanyetso ka 70 C.E., ho potlaka ho ile ha thusa lipaki tsa Kreste tsa lekholong la pele la lilemo ho phatlalatsa tšepo ea leholimo ho ba bangata pele bokoenehi bo boletsoeng esale pele bo jala lefifi la bona le bolaeang. (2 Ba-Thessalonika 2:3; 2 Timothea 4:2) Joale, ho pholletsa le makholo a lilemo a Mehla e Lefifi, Bakreste ba seng bakae ba kang koro ba ile ba boloka tšepo ea ’Muso e phela, joalokaha Kreste Jesu a ne a boletse esale pele. (Mattheu 13:28-30) Qetellong, ka nako ea hae e behiloeng, Jehova o ile a hlahisa phutheho e mahlaha-hlaha, ea kajeno, e susumetsoang ke molaetsa oa hae o potlakileng oa kahlolo bakeng sa ba phelang molokong ona oa ho qetela.—Mattheu 24:34.
Joaloka Daniele oa boholo-holo, Lipaki tsa Molimo tse tšepahalang tsa kajeno le ka mohla li ke ke tsa iteta sefuba ho botsa Jehova: “U ne u ntse u etsa’ng?” (Daniele 4:35, NW) Li kholisehile hore Jehova o tseba hantle se hlokahalang hore mosebetsi oa hae o etsoe hantle ka kemiso. Kahoo ho e-na le ho belaella tsela ea Jehova ea ho hlophisa lintho, li thabela hore Molimo o li file monyetla oa ho sebetsa hammoho le eena mehleng ena ea bohlokoa.—1 Ba-Korinthe 3:9, NW.
Khothatso e Eketsehileng Bakeng sa ho Potlaka
Lebaka le leng la ho potlaka ke ho hlōleha ha rōna ho supa letsatsi le hora tse nepahetseng tsa ho qaleha ha tšohanyetso ha mahlomola a maholo. Kreste Jesu o ne a se na pelaelo hore ha ho motho lefatšeng ea tsebang letsatsi le hora tse reriloeng esale pele tsa ho qaleha ha ketsahalo eo ea makhaola-khang. (Mattheu 24:36) Ketsahalong e ’ngoe o ile a bolella baapostola ba hae ba tletseng taba-tabelo: “Ha hoa le lokela ho tseba mehla, leha e le linako tseo Ntate a itaoletseng tsona a ’notši.” (Liketso 1:7) E, phello e hlakile, empa hase ha rōna ho tseba makolopetso ’ohle.
Moapostola Pauluse o ne a e-na le boikutlo bo nepahetseng ka ho potlaka. Mohlomong o ne a hopotse mantsoe a Jesu ha a ngolla Bathessalonika ka ho ba teng ha Kreste: “Ha e le tsa mehla le tsa linako, banab’eso, ha le tšoanele ho li ngolloa.” (1 Ba-Thessalonika 5:1) O ile a ngola lengolo lena lilemo tse ka bang 17 ka mor’a hore Jesu a re: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) Ka nako eo ho ne ho ke ke ha hlola ho ngoloa ho eketsehileng hobane ho ne ho sa senoloa ho eketsehileng. Leha ho le joalo ba ne ba ka tšepa hore ka ntle ho pelaelo letsatsi la Jehova le ne le tla tla “joalo ka lesholu la bosiu” ha Bakreste ba ntse ba bolela ka ho potlaka.—1 Ba-Thessalonika 5:2.
Ho bonahala e le ho ke keng ha etsahala hore ebe ha ba ntse ba hopotse mantsoe ana, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba nahana hore letsatsi la Jehova le ne le sa ntse le le thōko ka makholo a lilemo. Ke ’nete hore ba ne ba tseba lipapiso tsa Jesu mabapi le morena ea ileng a ea naheng e hōle le monna ea ileng a tsamaea a ea hōle. Ba ne ba boetse ba tseba hore lipapiso tseo li ne li bontša hore morena eo o ne a tla khutla “qetellong” le motsamai eo o ne a tla khutla “ka mor’a nako e telele.” Empa ka ntle ho pelaelo ba ile ba qakoa ke lipotso tse kang, “Qetellong” e tla ba neng? Le hore na ho boleloa’ng ka “ka mor’a nako e telele”? Lilemo tse leshome? Lilemo tse 20? Lilemo tse 50? Kapa nako e teletsana? (Luka 19:12, 15, NW; Mattheu 25:14, 19, NW) Mantsoe a Jesu a ne a tla tsoela pele a luma litsebeng tsa bona: “Joale, le lōna le itokise; hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.”—Luka 12:40.
Phello e Ntle ea ho Potlaka
E, boikutlo ba ho potlaka bo susumetsoang ke Molimo bo ile ba e-ba le phello e khothatsang ka ho hlollang ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ba ba thusa ho lula ba tšoarehile mosebetsing oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho bolela le ho ruta. Kajeno bo tsoela pele ho re khothatsa ka litsela tse ngata. Bo re phemisa ho ba ba sa tsotelleng kapa ho ‘khathala ke ho etsa hantle.’ (Ba-Galata 6:9) Bo re sireletsa ho itšunya-tšunyeng ka ho feteletseng lefatšeng le leratong la lona le thetsang la lintho tse bonahalang. Bo boloka likelello tsa rōna ‘bophelong ba sebele.’ (1 Timothea 6:19, NW) Morena Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba ne ba tla ba joaloka “linku har’a liphiri,” ’me o ne a tseba tlhokahalo ea hore re boloke pono e tiileng, e sa sisinyeheng e le hore re loantše lefatše. E, re bolokiloe, re sirelelitsoe ke boikutlo ba rōna ba Bokreste ba ho potlaka.—Mattheu 10:16.
Jehova Molimo bohlaleng ba hae bo ke keng ba lekanngoa kamehla o ’nile a fa bahlanka ba hae boitsebiso bo lekaneng bakeng sa hore ba boloke boikutlo ba bona ba ho potlaka bo phela. Ka mosa o re tiiselitse hore re “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena ea lintho e senyehileng. (2 Timothea 3:1) Re hopotsoa ka ho tsoelang pele hore re tlameha ho khanya joaloka maseli ho fihlela moloko oo re phelang ho oona o feta mahlomoleng a maholo, ao tlhōrō ea ’ona e tla ba Har–Magedone.—Ba-Filippi 2:15; Tšenolo 7:14; 16:14, 16.
E, boikutlo ba bomolimo ba ho potlaka e hlile ke karolo ea bohlokoa haholo ea tšebeletso ea soule eohle ho Jehova. Bo thiba le ho thusa ho sitisa boiteko ba Diabolose ba ho etsa hore bahlanka ba Molimo ba “khathale le ho tepella lisouleng [tsa bona].” (Ba-Heberu 12:3, NW) Ka nako eohle e sa feleng, boinehelo ba soule eohle bo tla etsa hore bahlanka ba Jehova ba mo mamele, empa hona joale, mehleng ena ea pele ho Armageddone, boikutlo ba ho potlaka bo tebileng, ba sebele ke karolo ea bohlokoa ea boinehelo ba soule eohle.
E se eka Jehova Molimo oa rōna a ka re thusa kaofela ho lebela boikutlo ba rōna ba ho potlaka ha re ntse re tsoela pele ho pheta mantsoe a moapostola Johanne: “Amen! Tloo, Morena Jesu.”—Tšenolo 22:20.