“Re Rute ho Rapela”
“E mong oa barutuoa ba hae a re ho eena: Morena, re rute ho rapela.”—LUKA 11:1.
1-3. (a) Ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba ne ba batla thuto tabeng ea thapelo? (b) Ho phahama lipotso life mabapi le thapelo?
BATHO ba bang ba na le neo ea mantsoe a monate a ho bina. Ba bang ba na le talenta ea tlhaho ea ho ba libini. Empa hore li fihle boemong bo phahameng ka ho fetisisa bo ka finyelloang, esita le libini le liletsi tsena li hloka thuto. Hoa tšoana ka thapelo. Barutuoa ba Jesu Kreste ba ile ba hlokomela hore ba ne ba hloka thuto hore Molimo o tle o utloe lithapelo tsa bona.
2 Hangata Jesu o ne a ea ho Ntat’ae ka thapelo sephiring, joalokaha a ile a etsa hoo bosiu bohle pele a khetha baapostola ba 12. (Luka 6:12-16) Le hoja a ile a boela a phehella barutuoa ba hae ho rapela sephiring, ba ile ba mo utloa ha a etsa lithapelo tsa phatlalatsa ’me ba hlokomela hore o ne a sa tšoane le baikaketsi ba bolumeli ba neng ba rapela hore ba bonoe ke batho. (Mattheu 6:5, 6) Ka hona, hoa utloahala hore balateli ba Jesu ba ne ba laba-labela thuto ea hae e eketsehileng tabeng ea thapelo. Ka hona, rea bala: “Mohlomong, ha Jesu a le bakeng se seng, a rapela; eitse hobane a qete thapelo ea hae, e mong oa barutuoa ba hae a re ho eena: Morena, re rute ho rapela, joale ka ha Johanne [Mokolobetsi] le eena a rutile barutuoa ba hae.”—Luka 11:1.
3 Jesu o ile a arabela joang? Re ka ithuta eng mohlaleng oa hae? ’Me re ka rua molemo joang thutong ea hae tabeng ea thapelo?
Lithuto Bakeng sa Rōna
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘rapela re sa phetse,’ ’me ho etsa joalo ho bolela eng?
4 Re ka ithuta ho hongata mantsoeng a Jesu le mohlaleng oa hae joaloka monna oa thapelo. Thuto e ’ngoe ke hore haeba Mora ea phethahetseng oa Molimo o ne a hloka ho rapela khafetsa, barutuoa ba hae ba sa phethahalang ba na le tlhokahalo e khōlō le ho feta ea ho talima ho Molimo ba sa khaotse bakeng sa tataiso, matšeliso, le tšehetso ea moea. Ka hona, re lokela ho ‘rapela re sa phetse.’ (1 Ba-Thessalonika 5:17) Ka ho hlakileng, sena ha se bolele hore ka mehla re lokela hore re hle re khumame ka mangole. Ho fapana le hoo, re lokela ho ba le boikutlo ba borapeli nako le nako. Re lokela ho talima ho Molimo bakeng sa tataiso likarolong tsohle tsa bophelo e le hore re ka itšoara ka temoho ’me ka mehla ra fumana kamohelo ea oona.—Liproverbia 15:24.
5. Ke eng e ka ’nang ea kena-kenana le nako eo re lokelang ho nehelana ka eona thapelong, ’me re lokela ho etsa eng ka see?
5 ‘Mehleng ena ea qetello,’ lintho tse ngata li ka kena-kenana le nako eo re lokelang ho e sebelisa thapelong. (2 Timothea 3:1) Empa haeba ho tšoenyeha ka litaba tsa lelapa, ho ameha ka khoebo, le lintho tse tšoanang le tseo li kena-kenana le thapelo e etsoang khafetsa ho Ntate oa rōna oa leholimo, re imetsoe haholo ke lipelaelo tsa bophelo bona. Boemo bo joalo bo tšoanela ho lokisoa ntle ho tieho, hobane ho hlōleha ho rapela ho lebisa ho lahleheloeng ke tumelo. Re lokela ho fokotsa litlamo tsa rōna tsa boipheliso kapa re leka-lekanye ho ameha ka bophelo le ho lebisa lipelo tsa rōna ka tieo le ka makhetlo-khetlo ho Molimo bakeng sa tataiso. Re lokela hore re “falimehele ho rapela.”—1 Petrose 4:7, TLP.
6. Ke thapelo efe eo joale re tla ithuta eona, ’me e le ka sepheo sefe?
6 Ho se ’nileng sa bitsoa thapelo ea mohlala, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae mokhoa oa ho rapela, eseng hantle-ntle seo ba lokelang ho se bua. Tlaleho ea Luka e batla e fapane le ea Mattheu hobane ho ne ho ameha liketsahalo tse fapaneng. Re tla ithuta thapelo ena e le mohlala oa sebōpeho sa lithapelo tsa rōna re le balateli ba Jesu le Lipaki tsa Jehova.
Ntat’a Rōna le Lebitso la Hae
7. Ke bo-mang ba fuoeng tokelo ea ho bitsa Jehova “Ntat’a rōna”?
7 “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Mattheu 6:9; Luka 11:2) Kaha Jehova ke ’Mōpi oa batho ’me o lula maholimong, ho loketse ho ’mitsa “Ntat’a rōna ea maholimong.” (1 Marena 8:49; Liketso 17:24, 28) Ho sebelisoa ha lentsoe “rōna” ho bontša hore ba bang le bona ba na le kamano e haufi le Molimo. Empa ke bo-mang ba nang le tokelo e sa lekanyetsoang ea ho o bitsa Ntat’a bona? Ke feela batho ba inehetseng, ba kolobelitsoeng ba ka har’a lelapa la oona la barapeli. Ho bitsa Jehova “Ntat’a rōna” ho bontša hore re na le tumelo ho Molimo ’me re hlokomela hore motheo feela oa ho boelanngoa le oona ke ho amohela sehlabelo sa topollo sa Jesu ka botlalo.—Ba-Heberu 4:14-16; 11:6.
8. Ke hobane’ng ha re lokela ho laba-labela ho sebelisa nako thapelong e eang ho Jehova?
8 Re lokela ho ikutloa re le haufi hakaakang le Ntate oa rōna oa leholimo! Joaloka bana bao ho seng mohla ba khathalang ho ea ho ntat’a bona, re lokela ho laba-labela ho sebelisa nako thapelong ho Molimo. Teboho e tebileng bakeng sa mahlohonolo a oona a moea le a lintho tse bonahalang e lokela ho re susumelletsa ho o leboha bakeng sa molemo oa oona. Re lokela ho ikutloa re susumelletseha ho isa mejaro e re imetseng ho oona, re kholisehile hore o tla re tšehetsa. (Pesaleme ea 55:22) Re ka tiiseha hore haeba re tšepahala, qetellong ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla tsamaea hantle hobane oa re hlokomela.—1 Petrose 5:6, 7.
9. Thapelo ea hore lebitso la Molimo le khethehe ke kōpo ea eng?
9 “Lebitso la hao a le ke le khethehe.” (Mattheu 6:9; Luka 11:2) Lentsoe “lebitso” ka linako tse ling le bolela motho ka boeena, ’me “ho khetha” ho bolela “ho halaletsa, ho behella ka thōko kapa ho nka [ntho e] halalela.” (Bapisa le Tšenolo 3:4, NW.) Ka hona, ha e le hantle thapelo ea hore lebitso la Molimo le khethehe ke kōpo ea hore Jehova a nke khato hore a ikhethe joaloka ea halalelang. Joang? Ka ho tlosa thohako eohle e ’nileng ea phaelloa lebitsong la hae. (Pesaleme ea 135:13) Ho finyella sepheo seo, Molimo o tla tlosa bokhopo, o itlotlise, ’me o etse hore lichaba li tsebe hore ke oona Jehova. (Ezekiele 36:23; 38:23) Haeba re laba-labela ho bona letsatsi leo ’me kannete re ananela boholo ba Jehova, ka mehla re tla mo atamela ka moea o tletseng tlhompho o senoloang ke mantsoe “lebitso la hao a le ke le khethehe.”
’Muso oa Molimo le Thato ea Oona
10. Ho boleloa eng ha re rapella hore ’Muso oa Molimo o tle?
10 “Ho tle ’muso oa hao.” (Mattheu 6:10; Luka 11:2) ’Muso o boleloang mona ke bobusi bo phahameng ba Jehova, joalokaha bo bonahatsoa ka puso ea leholimo ea Bomessia e matsohong a Jesu Kreste le “bahalaleli” ba sebetsang le eena. (Daniele 7:13, 14, 18, 27; Esaia 9:6, 7; 11:1-5) Ho boleloa eng ka ho o rapella hore o “tle”? Sena se bolela hore re kōpa hore ’Muso oa Molimo o tle khahlanong le bahanyetsi bohle ba lefatšeng ba bobusi ba bomolimo. Ka mor’a hore ’Muso ‘o robake ’me o felise mebuso eohle ea lefatše,’ o tla fetola lefatše paradeise ea qitikoe eohle.—Daniele 2:44; Luka 23:43.
11. Haeba re laba-labela ho bona thato ea Jehova e etsoa bokahohleng bohle, re tla etsa eng?
11 “Thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) Ena ke kōpo ea hore Molimo o phethahatse morero oa oona mabapi le lefatše, o akarelletsang ho tlosa lira tsa oona. (Pesaleme ea 83:9-18; 135:6-10) Ha e le hantle, e bontša hore re laba-labela ho bona thato ea Molimo e etsoa bokahohleng bohle. Haeba seo ke sona se ka lipelong tsa rōna, ka mehla re tla etsa thato ea Jehova ho isa moo matla a rōna a fellang teng. Re ne re ke ke ra etsa kōpo e joalo ka botšepehi haeba re sa leke ka tieo hore thato ea Molimo e etsoe boemong ba rōna. Ka hona, haeba re rapela ka tsela ena re lokela ho tiisa hore ha re etse lintho tse khahlanong le thato eo, tse kang ho ratana le motho ea sa lumelang kapa ho amohela litsela tsa lefatše. (1 Ba-Korinthe 7:39; 1 Johanne 2:15-17) Ho fapana le hoo, re lokela hore ka mehla re hopole khopolo ena, ‘Thato ea Jehova ke efe tabeng ee?’ E, haeba re rata Molimo ka lipelo tsohle tsa rōna, re tla batla tataiso ea oona litabeng tsohle tsa bophelo.—Mattheu 22:37.
Bohobe ba Rōna ba Letsatsi le Letsatsi
12. Ho kōpa feela ‘bohobe ba letsatsi le letsatsi’ ho ba le phello efe e ntle ho rōna?
12 “Re fe kajeno bohobe ba rōna bakeng sa letsatsi lena.” (Mattheu 6:11, NW) Tlaleho ea Luka e baleha tjena: “Re fe bohobe ba rōna bakeng sa letsatsi ho latela tlhokahalo ea letsatsi.” (Luka 11:3, NW) Ho kōpa Molimo hore o fane ka lijo tse hlokahalang “bakeng sa letsatsi lena” ho phahamisa tumelo matleng a oona a ho hlokomela litlhokahalo tsa rōna letsatsi le letsatsi. Baiseraele ba ne ba lokela ho bokella manna a “lekanang letsatsi, ka matsatsi ’ohle,” eseng bakeng sa beke kapa ho feta. (Exoda 16:4) Ena hase thapelo ea ho fumana limenyemenye le litokisetso tse ngata ka ho fetisisa empa ke ea ho fumana litlhokahalo tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi ha li ntse li hlaha. Ho kōpa feela bohobe ba letsatsi le letsatsi ho boetse ho re thusa hore re se be meharo.—1 Ba-Korinthe 6:9, 10, NW.
13. (a) Ka kutloisiso e pharalletseng, ho boleloa eng ka ho kōpa bohobe ba letsatsi le letsatsi? (b) Boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe, esita le haeba re sebetsa ka thata empa re e-na le se lekaneng feela hore re phele ka sona?
13 Ka kutloisiso e pharalletseng, ho kōpa bohobe ba letsatsi le letsatsi ho bontša hore ha re ikutloe re le ba sa itšetlehang ka mang kapa mang empa ka mehla re talima ho Molimo bakeng sa lijo, lino, liaparo, le litlhoko tse ling. Joaloka litho tse inehetseng tsa lelapa la oona la barapeli, re tšepa Ntate oa rōna empa ha re lule re sa etse letho re mo letetse hore a re hlokomele ka mokhoa oa mohlolo. Rea sebetsa ’me re sebelisa mocha ofe kapa ofe oo re ka o fumanang hore re fumane lijo le litlhoko tse ling. Leha ho le joalo, ka nepo re leboha Molimo ka thapelo hobane ka ’nģane ho litokisetso tsena re bona lerato, bohlale, le matla a Ntate oa rōna oa leholimo. (Liketso 14:15-17; bapisa le Luka 22:19.) Mahlaha-hlaha a rōna a ka ’na a tlisa katleho linthong tse bonahalang. Empa esita le haeba re sebetsa ka thata ’me re e-na le se lekaneng feela, a re leboheng ’me re khotsofale. (Ba-Filippi 4:12; 1 Timothea 6:6-8) Ha e le hantle, motho ea nang le bomolimo ea nang le lijo le liaparo tse tloaelehileng a ka ’na a thaba ho feta ba bang ba atlehileng linthong tse bonahalang. Kahoo esita le haeba re na le ho fokolang ka baka la maemo ao re ke keng ra a laola, a re se keng ra nyahama. Re ntse re ka rua moeeng. Ka sebele, ha ho hlokahale hore re futsanehe tumelong, tšepong, le leratong ho Jehova, eo thoriso le liteboho tsa rōna li nyolohelang ho eena ka thapelo e tlohang botebong ba pelo.
Ho Tšoareloa Melato ea Rōna
14. Re kōpa tšoarelo bakeng sa melato efe, ’me Molimo o sebelisa eng ho eona?
14 “U re tšoarele melato ea rōna, joale ka ha re tšoarela ba nang le melato ho rōna.” (Mattheu 6:12) Tlaleho ea Luka e bontša hore melato eo ke libe. (Luka 11:4) Boetsalibe bo futsitsoeng bo re thibela ho etsa lintho tsohle ho latela thato e phethahetseng ea Ntate oa rōna. Ka hona, ka kutloisiso e ’ngoe mefokolo ena e ’nile ea e-ba melato ea rōna, kapa litlamo ho Molimo, ho tloha ha re qala ho ‘phela le ho tsamaea ka moea.’ (Ba-Galata 5:16-25; bapisa le Ba-Roma 7:21-26.) Re na le melato ena hobane ha rea phethahala ’me hona joale re ke ke ra finyella litekanyetso tsa Molimo ka botlalo. Re fuoe tokelo ea ho rapella ho tšoareloa libe tsena. Ka thabo, Molimo o ka sebelisa molemo oa sehlabelo sa Jesu sa topollo melatong ena, kapa libe.—Ba-Roma 5:8; 6:23.
15. Re lokela ho ba le boikutlo bofe mabapi le taeo e hlokahalang?
15 Haeba re lebelletse Molimo ho re tšoarela melato ea rōna, kapa libe, re tlameha ho baka le ho ikemisetsa ho amohela taeo. (Liproverbia 28:13; Liketso 3:19) Kahobane Jehova oa re rata, o re fa taeo eo re e hlokang re le batho ka bomong e le hore re ka lokisa mefokolo ea rōna. (Liproverbia 6:23; Ba-Heberu 12:4-6) Ka ho hlakileng, re ka thaba haeba khōlo tumelong le tsebong e fumana lipelo tsa rōna li le tumellanong le melao le melao-motheo ea Molimo ka botlalo hoo ho seng mohla re fosang ka boikemisetso leha e le bofe. Empa ho thoe’ng haeba re hlokomela boikemisetso bo itseng ho foseng ha rōna? Joale re lokela ho utloa bohloko bo tebileng ’me re tšoanela ho rapella tšoarelo ka tieo. (Ba-Heberu 10:26-31) Re sebelisa keletso eo re e amohetseng, re lokela ho lokisa tsela ea rōna kapele.
16. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho lula re ntse re kōpa Molimo ho re tšoarela libe tsa rōna?
16 Ho kōpa Molimo khafetsa hore o re tšoarele libe tsa rōna ho molemo. Ho etsa sena ho etsa hore boetsalibe ba rōna bo lule bo le ka pel’a rōna ’me ho tšoanela ho ba le tšusumetso e kokobetsang. (Pesaleme ea 51:3, 4, 7) Ho hlokahala hore Ntate oa rōna oa leholimo a “re tšoarele libe ’me [a] re hlatsoe bokhopo bohle.” (1 Johanne 1:8, 9) Ho feta moo, ho bolela libe tsa rōna thapelong ho re thusa ho tsoela pele re li loantša ka thata. Ka hona, re boetse re hopotsoa ka mehla ho hloka ha rōna topollo le molemo oa mali a tšollotsoeng a Jesu.—1 Johanne 2:1, 2; Tšenolo 7:9, 14.
17. Ho rapella tšoarelo ho re thusa joang kamanong ea rōna le ba bang?
17 Ho rapella tšoarelo ho boetse ho re thusa ho ba le mohau, kutloelo-bohloko, le ho ba le seatla se bulehileng ho bao e ka ’nang eaba ba na le melato ho rōna litabeng tse khōlō le tse nyenyane. Tlaleho ea Luka e re: “U re tšoarele libe tsa rōna, hobane le rōna re tšoarela bohle ba re sitetsoeng.” (Luka 11:4) Ha e le hantle, re ka fumana tšoarelo ho Molimo feela haeba re se re ‘tšoaretse ba nang le melato ho rōna,’ batho ba re siteloang. (Mattheu 6:12; Mareka 11:25) Jesu o ile a phaella: “Hobane ekare ha le tšoarela batho litlōlo tsa bona, Ntat’a lōna ea maholimong o tla le tšoarela le lōna; empa ekare ha le sa tšoarele batho litlōlo tsa bona, Ntat’a lōna le eena a ke ke a le tšoarela litlōlo tsa lōna.” (Mattheu 6:14, 15) Ho rapella ho tšoareloa libe tsa rōna ho lokela ho re susumelletsa ho mamella ba bang le ho ba tšoarela. Moapostola Pauluse o ngotse: “Joalokaha le Jehova a le tšoaretse ka bolokolohi, etsang joalo le lōna.”—Ba-Kolosse 3:13, NW; Ba-Efese 4:32.
Moleko le Ea Khopo
18. Ke hobane’ng ha re sa lokela hore le ka mohla re behe Molimo molato bakeng sa meleko le liteko tsa rōna?
18 “U se ke ua re isa molekong.” (Mattheu 6:13; Luka 11:4) Mantsoe ana ha a fane ka maikutlo a hore Jehova o re leka hore re etse sebe. Ka linako tse ling Mangolo a bua ka Molimo e le oona o etsang kapa o bakang lintho tseo o mpang o li tlohella feela. (Ruthe 1:20, 21; bapisa le Moeklesia 11:5.) Empa morutuoa Jakobo o ngotse: “Molimo ha o lekoe ke bobe, ’me ha o leke motho ka jona.” (Jakobo 1:13) Ka hona, le ka mohla a re se keng ra beha Ntate oa rōna oa leholimo molato bakeng sa meleko le liteko tsa ho etsa lintho tse mpe, hobane Satane ke eena Moleki ea lekang ho re susumelletsa ho siteloa Molimo.—Mattheu 4:3; 1 Ba-Thessalonika 3:5.
19. Re ka ’na ra rapela joang mabapi le moleko?
19 Ka kōpo, “U se ke ua re isa molekong,” ha e le hantle re kōpa Jehova hore a se ke a re lumella ho inehela ha re lekoa kapa re hatelloa hore re se ke ra mo utloa. Re ka ipiletsa ho Ntate oa rōna hore a tataise mehato ea rōna e le hore ho se be moleko o ka tlang ka tseleng ea rōna o moholo haholo bakeng sa rōna. Ntlheng ena, Pauluse o ngotse: “Ha le e-so ho ka le hlaheloa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Molimo oa tšepeha, o ke ke oa lumela hore le hlaheloe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tsoa ho oona, le tle le tsebe ho o jara.” (1 Ba-Korinthe 10:13) Re ka rapela hore Jehova a re tsamaise e le hore re se ke ra lekoa ho feta kamoo re ka mamellang ka teng le hore a re bulele tsela ea ho pholoha ha re le maqakabetsing. Meleko e hlaha ho Diabolose, nama ea rōna ea boetsalibe, le mefokolo ea ba bang, empa Ntate oa rōna ea lerato a ka re tataisa hore re se hlōlehe.
20. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapella ho lopolloa ho “ea khopo”?
20 “Empa u re lopolle ho ea khopo.” (Mattheu 6:13, NW) Ruri Molimo o ka thibela Satane, “ea khopo,” ho re hlōla. (2 Petrose 2:9) ’Me ha ho mohla ho kileng ha ba le tlhokahalo e khōlō ea ho lopolloa ho Diabolose ho feta hona joale, hobane ‘o halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.’ (Tšenolo 12:12) Re tseba maqiti a Satane, empa le eena o hlokomela mefokolo ea rōna. Kahoo, ho hlokahala hore re rapele hore Jehova a re boloke hore re se oele linaleng tsa Mohanyetsi ea kang tau. (2 Ba-Korinthe 2:11; 1 Petrose 5:8, 9; bapisa le Pesaleme ea 141:8, 9.) Ka mohlala, haeba re thahasella ho kena lenyalong, ho ka hlokahala hore re kōpe Jehova ho re lopolla maqiting a Satane le molekong oa ho hlaolela likamano le batho ba lefatše tse ka isang boitšoarong bo bobe kapa ho se utloeng Molimo ka ho nyalana le motho ea sa lumelang. (Deuteronoma 7:3, 4; 1 Ba-Korinthe 7:39) Na re laba-labela leruo? Joale ho ka hlokahala thapelo ho re thusa ho loantša meleko ea ho bapala papali ea chelete kapa ho etsa bolotsana. A chesehela ho senya kamano ea rōna le Jehova, Satane o tla sebelisa sebetsa sefe kapa sefe se pokellong ea hae ea meleko. Kahoo e se eka re ka tsoela pele ho rapela Ntate oa rōna oa leholimo, eo ho seng mohla a lahlang ea lokileng ho mo tlohela molekong le ea lopollang ho ea khopo.
Thapelo e Haha Tumelo le Tšepo
21. Re ruile molemo joang ka ho rapella ’Muso?
21 Ntate oa rōna oa leholimo, ea re lopollang ho ea khopo, o thabela ho re hlohonolofatsa ka ho enneng. Empa, ke hobane’ng ha ka nako e telele hakaale a tlohelletse batho ba hae ba ratehang ho rapela, “Ho tle ’muso oa hao”? Ho theosa le lilemo ho rapela ka tsela ena ho ekelitse taba-tabelo ea rōna le kananelo ea rōna bakeng sa ’Muso. Thapelo e joalo e re hopotsa tlhokahalo e khōlō ea puso ena e molemo ea leholimo. E boetse e boloka tšepo ea bophelo tlas’a puso ea ’Muso e le ka pel’a rōna.—Tšenolo 21:1-5.
22. Boikutlo ba rōna bo tsoelang pele mabapi le thapelo e eang ho Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova, e lokela ho ba bofe?
22 Ntle le pelaelo thapelo e haha tumelo ho Jehova. Tlamahano ea rōna le eena ea matlafala ha a arabela lithapelo tsa rōna. Ka hona, le ka mohla a re se keng ra khathala ho retelehela ho eena letsatsi le letsatsi ka thoriso, ho fana ka teboho, le kōpo. ’Me e se eka re ka leboha ka karabelo e thusang ea Jesu kōpong ea balateli ba hae: “Morena, re rute ho rapela.”
Na u sa Hopola?
◻ Re ka ithuta lithuto life mantsoeng a Jesu le mohlaleng oa hae joaloka monna oa thapelo?
◻ Re lokela ho rapella eng mabapi le Ntate oa rōna oa leholimo le lebitso la hae?
◻ Re kōpa eng ha re rapella hore ’Muso oa Molimo o tle ’me thato ea oona e etsoe lefatšeng?
◻ Re kōpa eng ha re rapella bohobe ba rōna ba letsatsi le letsatsi?
◻ Ho boleloa eng ha re rapella ho tšoareloa melato ea rōna?
◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoahali ho rapela mabapi le moleko le ho lopolloa ho Satane, ea khopo?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Balateli ba Jesu ba ile ba mo kōpa hore a ba rute ho rapela. Na ua tseba hore na re ka rua molemo joang litaelong tsa hae tabeng ea thapelo?