Pina ea 113
Re Lipaki tsa Jehova!
1. Ba rorisang litsoantšo
Ha ba tsebe Molimo.
Ke ea matla ’ohle
Le ea holimo.
’Me melimo’e rapeloang
Ha e tsebe ntho tse tlang.
Ke kahoo e se nang lipaki,
Hobane hase ea ’nete.
(Chorus)
2. Lōna le paki tsa ka
Ho bolela Jehova.
‘’Me ke ’na Jehova,
se ke la tsaba.
Ke ea le sireletsa
E mong ha eo ntle ho ’na.
Bolelang ka lebitso la ka
Le be lipaki kamehla.’
(Chorus)
3. Ke bopaki bo rokang
Molim’o halalelang.
Bo lemosa batho
Ba o nyelisang.
Ha ba batla Jehova
K’een’a tla ba tšoarela.
Ho paka ho re nea thabo,
Re tla fumana moputso.
(CHORUS)
Re Paki tsa Jehova;
’Me re paka ka eena.
Ke eena Molimo oa ’nete;
O profeta tsa ’nete.