Pina ea 125
“Jehova O Nkemetse”
1. Pelo ea ka e’itšepetse,
’M’e tiile ho Jehova.
Ke rata ho mo khahlisa
Le hona ho mo boka.
Le hoja nka ’na ka’imeloa
Tseleng ee ea bophelo,
Jehova o eme le ’na.
’Me ha ke tšabe letho.
(Chorus)
2. Nakong ena’e mahlonoko
Tumelo’a ka e’a lekoa.
Ke likiloe ka nģa tšohle
Ke mahlahan’a Sera.
Jehova k’eena ea nthusang,
Kahoo kea ba qhalanya.
Mang le mang ea mo rapelang
Jehova oa mo rata.
(Chorus)
3. Sechaba se halalelang
Sa Ntate s’ekelitsoe.
Ba bang ba mo sebeletsang,
Ba mo utloang ba tlile.
O tš’etsa bohle ba joalo;
Ba mo khahla haholo.
Nke ke chesehe le bona
Ka tekanyo e khōlō.
(CHORUS)
Jehova o nts’a nkemetse;
Kea ’ne ke mo roke kamehla.