Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho se Nke Lehlakore
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • o ileng oa phetoa ke Jesu: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Matt. 22:39) Le keletso e ngotsoeng ke moapostola Pauluse: “A re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ea tumelo.” (Ba-Gal. 6:10) Ba kholisehile hore molemo o moholohali oo ba ka o etsetsang baahelani ba bona ke ho kopanela le bona litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, o tlang ho rarollela ruri mathata a tobaneng le batho le o bulelang ba o amohelang tebello e babatsehang ea bophelo bo sa feleng.

  • Ho Tsoaloa Hangata
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Ho Tsoaloa Hangata

      Tlhaloso: Tumelo ea hore motho o tsoaloa hape bophelong bo bong hang kapa ho feta, e le motho kapa e le phoofolo. Hangata ke “moea” o sa tšoareheng oo ho lumeloang hore o tsoaloa hape ka ’mele o mong. Hase thuto ea Bibele.

      Na boikutlo ba mohlolo ba hore ekare u tseba batho ba bacha le libaka tse ncha ho hang bo paka hore ho tsoaloa hangata ke ’nete?

      Na u kile ua etsa phoso ea ho tšoantša monna kapa mosali ea phelang le e mong ea ntseng a phela? Ba bangata ba bile le phihlelo eo. Hobane’ng? Hobane batho ba bang ba na le mekhoa e tšoanang kapa ba ka ’na ba e-ba le litšobotsi tse batlang li tšoana. Ka hona boikutlo ba hore u tseba motho le hoja ho se mohla u kileng ua teana le eena ha bo hlile ha bo pake hore u mo tsebella bophelong ba hae ba pele, na ho joalo?

      Ke hobane’ng ha ntlo kapa motse li ka bonahala li tloaeleha ho uena haeba ho se mohla u kileng ua ba moo? Na ke hobane u ile ua phela moo bophelong ba hao bo fetileng? Matlo a mangata a hahuoa ka polane e tšoanang. Thepa ea ntlo e sebelisoang metseng e arohaneng haholo e ka ’na ea etsoa ka mokhoa o tšoanang. Hona na hase ’nete hore pono ea libaka tse arohaneng haholo e batla e shebahala ka mokhoa o tšoanang? Kahoo, ntle ho ho nahana ka ho tsoaloa hangata, boikutlo ba hao ba hore eka u tseba ntho boa utloahala.

      Na ho hopotsoa ka ho phela nakong e ’ngoe sebakeng se seng, joalokaha ho etsoa ke batšerehanyi, ho paka ho tsoaloa hangata?

      Ha motho a tšerehantsoe ho ka ntšoa boitsebiso bo bongata bo bolokiloeng ka bokong. Batšerehanyi ba nyanya se ka mohopolong o ipatileng. Empa mehopolo eo e kene joang moo? Mohlomong u ile ua bala buka, ua bona baesekopo, kapa ua ithuta ka batho ba itseng thelevisheneng. Haeba u ipea sebakeng sa batho bao u ithutileng ka bona, mohlomong ho ile hoa hatiseha ka matla kelellong, joalokaha eka mohlomong e ne e le uena. Mohlomong ke ntho eo u e entseng khale hoo u e lebetseng, empa ha u tšerehantsoe phihlelo e ka khutlela mohopolong joalokaha eka u hopola “bophelo bo bong.” Empa, haeba hoo e ne e le ’nete, na hase bohle ba neng ba ka ba le mehopolo e joalo? Empa hase bohle ba nang le eona. Hoa hlokomeleha hore makhotla a ntseng a eketseha ka palo United States ha a amohele bopaki ba motho ea neng a tšerehantsoe. Ka 1980 Lekhotla le Phahameng la Minnesota le ile la bolela hore “bopaki bo molemohali ba botsebi bo bontša hore ha ho setsebi se ka lekanyetsang hore na mohopolo o khutlisoang ka ho tšerehanya, kapa karolo leha e le efe ea mohopolo oo, ke ’nete, leshano, kapa moqoqo feela—ho koala likheo ka boinahanelo. Liphello tse joalo ha li na bopaki ba hore li nepahetse hoo li ka tšeptjoang.” (State v. Mack, 292 N.W.2d 764) Tšusumetso ea litlhahiso tse etsoang ke motšerehanyi ho motšerehanngoa ke lona lebaka la ho se tšepahale hona.

      Na Bibele e na le bopaki ba ho lumela ho tsoaloa hangata?

      Na Mattheu 17:12, 13 e bontša ho lumela ho tsoaloa hangata?

      Matt. 17:12, 13: “[Jesu a re:] Elia o se a tlile, ’me ha ba ka ba mo tseba; ba mpa ba mo entse hohle hoo ba ho ratileng; Mor’a motho le eena o tla utloisoa bohloko joalo ke bona. Joale, barutuoa ba utloisisa hobane o ba lekanyetsa Johanne Mokolobetsi.”

      Na hoo ho ile hoa bolela hore Johanne Mokolobetsi e ne e le Elia ea tsoetsoeng hape? Ha baprista ba Bajode ba botsa Johanne, “A u Elia na? A re: Ha ke eena.” (Joh. 1:21) Ebe joale Jesu o ne a bolela eng? Joalokaha lengeloi la Jehova le hlile la bolela, Johanne o ile a etella pele Messia oa Jehova “ka moea le ka matla a Elia, a tle a busetse lipelo tsa bo-ntate baneng ba bona, le bahanyetsi bohlaleng ba ba lokileng, a tle a lokisetse Morena sechaba se hlekehileng hantle.” (Luka 1:17) Ka hona Johanne Mokolobetsi o ne a phethahatsa boprofeta ka ho etsa mosebetsi o kang oa moprofeta Elia.—Mal. 4:5, 6.

      Na ho tsoaloa hangata ho bontšoa ka tlaleho e ho Johanne 9:1, 2?

      Joh. 9:1, 2: “Eitse Jesu ha a feta, a bona monna e sa le a tsoaloa a foufetse. Barutuoa ba hae ba ’motsa, ba re: Rabbi, ke mang ea sitiloeng, kapa eena, kapa batsoali ba hae, ha e le moo a tsoetsoe a foufetse?”

      Na ho ka etsahala hore ebe barutuoa baa ba ne ba susumelitsoe ke tumelo ea Bafarisi ba Bajode, ba neng ba re “meea ea batho ba molemo e mpa e fetisetsoa feela ’meleng e meng”? (Wars of the Jews, Josephus, Buka II, khaol. VIII, ser. 14) Ha ho bonahale joalo, kaha potso ea bona ha ho bonahale e fana ka maikutlo a hore ba ne ba nahana hore ke ‘motho ea molemo.’ Ho bonolo hore joaloka barutuoa ba Jesu ba ne ba lumela Mangolo ’me ba tseba hore moea o-oa shoa. Empa, kaha le lesea le ka popelong le na le bophelo ’me le emoletsoe sebeng, mohlomong ba ne ba ipotsa hore na ebe ngoana ea joalo ea e-song ho tsoaloe o entse sebe se felletseng ka hore a foufale pele a tsoaloa na. Leha ho le joalo, karabo ea Jesu ha e-ea ka ea tšehetsa ho tsoaloa hangata kapa maikutlo a hore ngoana ea ka popelong ea ’m’ae o etsa sebe pele a tsoaloa. Jesu ka boeena a arabela: “Ha hoa sitoa eena, leha e le batsoali ba hae.” (Joh. 9:3) Jesu o tsebile hore, kaha re bana ba Adama, ho na le ho futsa likhaello tsa botho le ho se phethahale. Jesu a sebelisa boemo boo ho phahamisa Molimo ka ho phekola monna oa sefofu.

      Na thuto ea Bibele ka moea le ka lefu e lumella ho tsoaloa hangata?

      Genese 2:7 e re: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” Hlokomela hore motho ka boeena e ne e le moea; moea e ne e se ntho e sa pheleng, e arohileng le e khethollehileng ho ’mele. “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezek. 18:4, 20) ’Me motho ea shoeleng o bitsoa “moea o shoeleng.” (Num. 6:6, NW) Lefung, ‘phefumoloho ea hae ha e fela, o khutlela lerōleng la hae; ka tsatsi lona leo, merero ea hae e felile.’ (Pes. 146:4) Ka hona ha motho a e-shoa, ho shoele motho kaofela; ha ho letho le salang le ntse le phela le le ka fetelang ’meleng o mong. (Bakeng sa lintlha tse ling, bona lihlooho tse khōlō “Moea (Soul)” le “Lefu.”)

      Moek. 3:19: “Kotsi e hlahelang bana ba batho, e joalo e hlahela le liphoofolo: bobeli ba bona bo hlaheloa ke kotsi e le ’ngoe. Mokhoa oo motho a shoang ka oona, le eona phoofolo e shoa joalo.” (Joaloka tabeng ea batho, ha ho letho le phonyohang lefung la phoofolo. Ha ho letho le ka tsoaloang hape ’meleng o mong.)

      Moek. 9:10: “Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.” (Bafu ha ba ee ’meleng o mong ba mpa ba e-ea Sheol, lebitla le tloaelehileng la batho.)

      Ho na le phapang e kae pakeng tsa ho tsoaloa hangata le tšepo e ka Bibeleng?

      Ho Tsoaloa hangata: Ho latela tumelo ena, ha motho a e-shoa, moea (soul), “motho ka boeena,” o fetela bophelong bo molemo haeba motho eo a ile a phela bophelo bo botle le bo nepahetseng, empa mohlomong ekaba phoofolo haeba tlalehong ea hae bobe bo ne bo imela botle. Ho lumeloa hore, ha motho a ntse a tsoaloa ka lekhetlo le leng le le leng, o khutlela tsamaisong eona ena ea lintho, moo a tla tobana le ho hlomoha hape ’me qetellong a shoe. Ho nkoa hore motho o tsoaloa joalo-joalo ntle ho khaotso. Na kannete u emetsoe ke bokamoso bo joalo? Ba bang ba lumela hore tsela feela ea ho phonyoha ke ka ho tima takatso eohle ea lintho tse khahlisang motho. Ba phonyohela ho eng? Ho seo ba bang ba se hlalosang hore ke bophelo ba ho se ikutloe.

      Bibele: Ho latela Bibele, moea (soul) ke motho kaofela hoa hae. Le haeba motho a ile a etsa lintho tse mpe nakong e fetileng, haeba a baka ’me a fetola litsela tsa hae, Jehova Molimo o tla mo tšoarela. (Pes. 103:12, 13) Ha motho a e-shoa, ha ho letho le phonyohang. Lefu le tšoana le boroko bo tebileng, bo se nang litoro. Ho tla ba le tsoho ea bafu. Hona hase ho tsoaloa hape empa ke ho khutlisetsoa hoa bophelo bothong bona bane. (Lik. 24:15) Batho ba bangata ba tla tsohela bophelo lefatšeng. Ho tla etsahala kamor’a hore Molimo o felise tsamaiso ea hona joale e khopo. Ho kula, ho hlomoha, le hona hore ebe lefu lea hlokahala, li tla fela. (Dan. 2:44; Tšen. 21:3, 4) Na tšepo e joalo e utloahala joaloka ntho eo u ka ratang ho ithuta haholoanyane ka eona, ho hlahloba mabaka a hore u ka e tšepa?

      Haeba e Mong a Re—

      ‘Ke lumela ho tsoaloa hangata’

      U ka ’na ua arabela: ‘U na le tšepo ea hore ho tla qetella ka bophelo bo molemo, na ho joalo? . . . Mpolelle, na u ka rata ho phela lefatšeng le kang le hlalositsoeng mona ho Tšenolo 21:1-5?’

      Kapa u ka re: ‘Ke ananela ha u mpolella hoo. Na nka botsa, Na haesale u ho lumela? . . . Ke eng e entseng hore u furalle tumelo ea hao ea pele?’ (Joale mohlomong u ka sebelisa maikutlo a tlas’a sehlooho se leqepheng 176.)

      Monyetla o mong: ‘Ke ’nile ka thabela ho qoqa le ba bang ba nang le tumelo eo. Na nka botsa, Ke hobane’ng ha u ikutloa hore ho tsoaloa hangata hoa hlokahala?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Na u hopola lintlha tsohle tsa bophelo boo u lumelang hore u kile ua bo phela? . . . Empa hoo e ne etlaba hoa bohlokoa haeba motho a ne a tla lokisa liphoso tsa hae tsa nakong e fetileng ’me a ntlafatse, na ha ho joalo?’ (2) Haeba motho a bolela hore ke mosa hore ebe rea lebala, u ka ’na ua botsa: ‘Empa na u nka bolebali e le molemo bophelong ba motho ba letsatsi le letsatsi? Joale, ka hore re lebale ntho eohle eo re ithutileng eona kamorao ho lilemo tse ling le tse ling tse ka bang 70, na re ka thuseha hore re ntlafatse bophelo ba rōna?’ (3) Haeba motho a bolela hore ke batho ba molemo feela ba tsoaloang hape e le batho, u ka ’na ua botsa: ‘Joale ke hobane’ng ha maemo a lefatše a ntse a tsoela pele ho mpefala? . . . Bibele e bontša hore na ntlafatso ea sebele e tla etsoa joang mehleng ea rōna. (Dan. 2:44)’

  • Ho Tsoaloa la Bobeli
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Ho Tsoaloa la Bobeli

      Tlhaloso: Ho tsoaloa la bobeli ho ama ho kolobetsoa metsing (‘ho tsoaloa ka metsi’) le ho tsoaloa ka moea oa Molimo (‘ho tsoaloa ka moea’), ka hona motho a fetoha mora oa Molimo ea lebelletseng ho kopanela ’Musong oa Molimo. (Joh. 3:3-5) Jesu o bile le phihlelo ena, joalokaha ho le joalo ka ba 144 000 bao e leng majalefa a ’Muso oa leholimo le eena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela