Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U Lumela Hore Motho o Tsoaloa Hangata?
    Molula-Qhooa—1997 | May 15
    • Na U Lumela Hore Motho o Tsoaloa Hangata?

      MUKUNDBHAI o ile a ngolla mora oa hae eo e neng e le seithuti sa univesithi United States: “Na u sa hopola ngoanana eloa oa moahisani eo u neng u ratana le eena ha u sa ntse u hōla moo India? O tla be a nyaloa libekeng tse seng kae tse tlang. Ke nahanne hore u lokela ho tseba.”

      Ke hobane’ng ha ntate eo a ile a bolella mora oa hae litaba tsee? Etsoe, Mukundbhai o ne a ile a hla a phoka lerato leo la bacha a sa qeaqee lilemong tse fetileng. Ntle ho moo, mora oa hae o ne a se a qetile lilemo tse tšeletseng United States a tsoela pele ka thuto e phahameng. Ka nako eo o ne a se a sa kopane le ngoanana eo, ’me Mukundbhai o ne a tseba hoo.

      Joale ke hobane’ng ha a ile a khathatseha? Hobane Mukundbhai o ne a lumela hore motho o tsoaloa hangata, kapa hore o tsoaloa hape.a Haeba mohlomong ho ratana ha ba babeli bao ha e sa le bana ho ne ho bakiloe ke hore e ne e le balekane bophelong ba bona ba pele, e ne e ka ba lonya ho ba arola ha e le mona ba se ba le lilemong tsa ho nyalana. Mukundbhai o ne a mpa a batla feela hore mora oa hae a tsebe ka boemo bona pele ngoanana eo e ka ba mosali oa motho e mong bophelong ba hona joale.

      Nahana ka boemo bo bong. Ngoanana ea lilemo li ’nè o ne a ile a kena sepetlele Mumbai, India, ka makhetlo a ’maloa a opeloa. O ne a e-na le bothata ba mothapo o sa sebetseng hantle pelong. Batsoali ba hae ba ruileng ba ne ba sa khone ho mamella ho bona bohloko boo ngoana oa bona a bo utloang. Empa ba ile ba ipehela lebaka: “Re lokela ho amohela boemo. E tlameha ebe ho na le ntho eo a ileng a e etsa bophelong ba hae ba pele e etsang hore a tšoaneloe ke sena.”

      Tumelo ea hore motho o tsoaloa hangata e phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba ba limilione ba Mahindu, Mabuddha, Majaine, Masikh le malumeli a mang a simolohileng India. Liketsahalo tsa bophelo—ho tloha ka ho ratana ho isa ho utloeng bohloko bo fetisisang—li talingoa e le liphello tsa liketso tse ileng tsa etsoa bophelong ba pele.

      Ba bangata linaheng tse ka Bophirimela le bona ba na le thahasello thutong ea hore motho o tsoaloa hangata. Motšoantšisi oa mosali oa Amerika, Shirley MacLaine, o bolela hore oa e lumela. Mongoli Laurel Phelan oa Vancouver, British Columbia, Canada, o bolela hore o na le mehopolo ea ho phela ha hae ka makhetlo a 50 a fetileng. Phuputsong ea 1994 ea mokhoa oa Gallup e ileng ea etsoa bakeng sa CNN/USA Today, batho ba baholo ba fetang 270 ho ba 1016 ba ile ba bolela hore ba lumela hore motho o tsoaloa hangata. Tumelo ea hore motho o tsoaloa hangata e boetse ke karolo ea mokhatloana oa Mehla e Mecha. Empa ke bopaki bofe bo tšehetsang tumelo ee?

      Ba nang le tumelo ea hore motho o tsoaloa hangata ba re ke “mehopolo ea bophelo bo fetileng!” Ka lebaka leo, ha Ratana ea lilemo li tharo oa Bangkok a qala ho ba le “mehopolo ea bophelo ba hae bo fetileng e le mosali oa molumeli ea ileng a shoa lilemong tsa hae tsa bo-60,” bahlalosi ba bangata ba ile ba lumela taba ea hae e le bopaki ba sebele ba hore motho o tsoaloa hangata.

      Leha ho le joalo, ho na le lipelaelo tse ngata. ’Me litlhaloso tse ling tse hopoloang ho thoe ke tsa bophelo ba pele.b Bukeng ea hae ea Hinduism: Its Meaning for the Liberation of the Spirit, rafilosofi oa Mohindu, Nikhilananda, o re ‘liketsahalo tsa ka mor’a lefu li ke ke tsa bonahatsoa ka mabaka a utloahalang.’ Leha ho le joalo, o tiisa hore “thuto ea hore motho o tsoaloa hape e ka ’na eaba ke ’nete ho feta ho ba leshano.”

      Empa na Bibele e tšehetsa thuto ee? ’Me ke tšepo efe ka bafu eo Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le fanang ka eona?

  • Na U Lokela ho Lumela Hore Motho o Tsoaloa Hangata?
    Molula-Qhooa—1997 | May 15
    • Na U Lokela ho Lumela Hore Motho o Tsoaloa Hangata?

      RAFILOSOFI oa Mogerike Plato, o ile a amahanya ho ratana le khopolo ea hore motho o tsoaloa hangata. O ne a lumela hore ka mor’a hore ’mele o shoe, moea, e le o sa shoeng, o fallela ho se ’nileng sa bitsoa “sebaka sa libōpeho tse hloekileng.” O se na ’mele, o lula moo ka nakoana, o nahana ka libōpeho. Ha o tsoaloa hape hamorao ’meleng o mong, moea oo o hopolela leroothong sebaka sa libōpeho ’me oa se labalabela. Ho latela Plato, batho ba ratana hobane ba bona ho bao ba ba ratang sebōpeho se setle seo ba se hopolelang leroothong, ’me ba se batla.

      Ho Tseba Mohloli le Motheo

      Thuto ea hore motho o tsoaloa hangata e hloka hore moea e be o sa shoeng. Ka hona, tšimoloho ea hore motho o tsoaloa hangata e lokela ho saloa morao ho fihlela bathong kapa lichabeng tse neng li e-na le tumelo e joalo. Motheong ona, ba bang ba nahana hore e simolohile Egepeta ea boholo-holo. Ba bang ba lumela hore e simolohile Babylonia ea boholo-holo. E le ho haha seriti bakeng sa bolumeli ba Babylonia, baprista ba bona ba ile ba khothalletsa thuto ea hore moea o fetela ’meleng o mong. Ka hona, ba ne ba ka bolela hore bahale ba bona ba bolumeli e ne e le baholo-holo ba hlomphehang ba tsoetsoeng hape, le hoja e le khale ba shoele.

      Leha ho le joalo, ke India moo tumelo ea hore motho o tsoaloa hangata e ileng ea hla ea hōla teng. Bahlalefi ba Mahindu ba ne ba loantšana le mathata a bokhopo a etsahalang hohle, hammoho le mahlomola a har’a batho. Ba ile ba botsa: ‘Ke joang aa a ka amahanngoang le khopolo ea ’Mōpi ea lokileng?’ Ba ile ba leka ho rarolla khanyetsano e lipakeng tsa toka ea Molimo le litlokotsi tse sa lebelloang le ho se lekane ho teng lefatšeng. Ka mor’a nako, ba ile ba qapa “molao oa karma,” molao oa ketso le phello—‘leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla se kotula.’ Ba ile ba etsa ‘tlaleho’ e qaqileng eo ho eona molemo le bobe bophelong ba motho li tlang ho fuoa moputso kapa kotlo bophelong bo tlang.

      “Karma” e mpa feela e bolela “ketso.” Ho thoe Mohindu o na le karma e ntle haeba a lumellana le litloaelo tsa sechaba le tsa bolumeli le karma e mpe haeba a sa etse joalo. Ketso ea hae, kapa karma, e rera bokamoso ba hae ba ha a ntse a tsoaloa hape ka ho latellana. Rafilosofi Nikhilananda o re: “Batho bohle ba tsoaloa le botho bo itseng bo khethollehileng boo ha e le hantle bo lokisitsoeng ke boitšoaro ba bona ba bophelong ba pele, le hoja libōpeho li reroa ke lefutso. [Ka hona] motho ke mothehi oa bokamoso ba hae, sehahi sa qetello ea hae.” Leha ho le joalo, pakane e ka sehloohong ke ho lokoloha potolohong ena ea moea o fetelang ’meleng o mong le ho kopanngoa le Brahman—boteng ba ho qetela. Ho lumeloa hore sena se finyelloa ka ho loanela ho ba le boitšoaro bo amohelehang sechabeng le tsebo e khethehileng ea Bohindu.

      Ka hona, thuto ea hore motho o tsoaloa hangata e sebelisa thuto ea hore moea ha o shoe e le motheo ’me e haha holim’a eona, e sebelisa molao oa karma. A re boneng hore na Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, Bibele, le re’ng malebana le likhopolo tsena.

      Na Moea ha o Shoe?

      Bakeng sa ho araba potso ena, a re lebeng mohloling o phahameng ka ho fetisisa oa boitsebiso tabeng ena—Lentsoe le bululetsoeng la ’Mōpi. Bukeng e qalang feela ea Bibele, Genese, re ithuta moelelo o nepahetseng oa “moea.” Mabapi le ho bōptjoa ha motho oa pele, Adama, Bibele e re: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7) Ka ho hlakileng, motho ha a na moea, ke moea ka boeena. Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona bakeng sa moea ke neʹphesh. Le hlaha ka makhetlo a ka bang 700 ka Bibeleng, ’me ha ho mohla le bolelang karolo e arohileng le e sa bonahaleng ea motho, empa ka linako tsohle le bolela ntho e tšoarehang le e nang le ’mele.—Jobo 6:7; Pesaleme ea 35:13; 107:9; 119:28.

      Lefung ho etsahala’ng ka moea? Nahana ka se ileng sa etsahalla Adama lefung. Ha a se a entse sebe, Molimo o ile a mo bolella: ‘U tla khutlela mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.’ (Genese 3:19) Nahana hore na seo se bolela eng. Pele Molimo a bōpa Adama ka lerōle, o ne a sa phele. Ka mor’a lefu la hae, Adama o ile a khutlela boemong bo tšoanang ba ho se phele.

      Ka mantsoe a bonolo feela, Bibele e ruta hore lefu ke ho se phele. Ho Moeklesia 9:5, 10, rea bala: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe. Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.”

      Sena se bolela hore bafu ha ba khone ho etsa letho kapa ho utloa letho. Ha ba sa na monahano, leha e le hona ho hopola letho. Mopesaleme oa bolela: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.”—Pesaleme ea 146:3, 4.

      Bibele e bontša ka ho hlaka hore lefung, moea ha o ee ’meleng o mong empa oa shoa. Bibele ea hatisa: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4, 20; Liketso 3:23; Tšenolo 16:3) Ka hona, thuto ea hore moea ha o shoe—motheo oa thuto ea hore motho o tsoaloa hangata—ha e tšehetsoe ho hang ka Mangolong. Ha e sa tšehetsoe ke ’ona, thuto eo ke lefeela. Joale mahlomola ao re a bonang lefatšeng a bakoa ke eng?

      Ke Hobane’ng ha Batho ba le Mahlomoleng?

      Lebaka la motheo le bakelang batho mahlomola ke ho se phethahale hoo kaofela ha rōna re ho futsitseng ho Adama oa moetsalibe. Bibele e re: “Ka motho a le mong sebe se ile sa kena lefatšeng le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Kaha re hlaha ho Adama, kaofela ha rōna rea kula, rea tsofala ’me rea shoa.—Pesaleme ea 41:1, 3; Bafilippi 2:25-27.

      Ho feta moo, molao oa boitšoaro o ke keng oa qojoa oa ’Mōpi o re: “Le se ke la khelosoa: Molimo hase ea ka songoang. Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, sena ka ho tšoanang o tla se kotula; hobane ea jalang ka sepheo sa ho jalla nama ea hae o tla kotula ho bola nameng ea hae.” (Bagalata 6:7, 8) Ka hona, mokhoa oa bophelo oa boitšoaro bo hlephileng o ka ’na oa lebisa khatellong ea maikutlo, ho imeng ho sa batleheng le mafung a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Makasine ea Scientific American e re: “Karolo e tšosang ea 30 lekholong ea kankere e bolaeang [United States] e ka ’na eaba e bakiloe haholo ke ho tsuba, ’me palo e lekanang le eo e bakiloe ke mokhoa oa bophelo, haholo-holo mekhoa ea ho ja le ho se ikoetlise.” Likoluoa tse ling tse bakang mahlomola ke phello ea ho se tšoare ha batho mehloli ea lefatše hantle.—Bapisa le Tšenolo 11:18.

      E, motho o molato bakeng sa boholo ba mesarelo ea hae. Leha ho le joalo, kaha moea oa shoa, molao oa ‘ho kotula seo u se jetseng’ o ke ke oa sebelisoa bakeng sa ho amahanya mahlomola a batho le karma—liketso tsa seo ho thoeng ke bophelo ba pele. Bibele e re: “Ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.” (Baroma 6:7, 23) Kahoo, phello ea sebe ha e fetele bophelong ba ka mor’a lefu.

      Satane Diabolose le eena o baka mahlomola a mangata. Ha e le hantle, lefatše lena le laoloa ke Satane. (1 Johanne 5:19) ’Me joalokaha Jesu Kreste a ile a bolela esale pele, baapostola ba Hae e ne e tla ba ‘ba hloiloeng ke batho bohle ka lebaka la lebitso la hae.’ (Matheu 10:22) Ka lebaka leo, hangata ba lokileng ba thulana le mathata a mangata ho feta ba khopo.

      Lintho tse ling lia etsahala mona lefatšeng tseo ho sa tsejoeng lisosa tsa tsona. Semathi se lebelo se ka ’na sa khoptjoa ’me sa hlōloa peisong. Lebotho la ntoa le matla le ka ’na la hlōloa ke lebotho le fokolang. Motho ea bohlale a ka ’na a hlōleha ho fumana mosebetsi o motle ’me ka hona a lapa. Ho ka etsahala hore ka lebaka la maemo a itseng, batho ba tsebang ho tsamaisa khoebo hantle ba hlōlehe ho sebelisa tsebo eo, ’me ka hona ba iphumana ba futsanehile. Batho ba nang le tsebo ba ka ’na ba halefeloa ke ba boholong ’me ba se ke ba rateha. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Morena Solomone ea bohlale oa araba: “Hobane nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle.”—Moeklesia 9:11, NW.

      Moloko oa batho o ’nile oa e-ba le mahlomola a mangata nako e telele pele bahlalefi ba Mahindu ba leka ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha a le teng. Empa na ho na le tšepo bakeng sa bokamoso bo molemo? ’Me ke tšepiso efe eo Bibele e fanang ka eona ka bafu?

      Bokamoso bo Nang le Khotso

      ’Mōpi o tšepisitse hore haufinyane o tla felisa mokhatlo oa hona joale oa lefatše o tlas’a taolo ea Satane. (Liproverbia 2:21, 22; Daniele 2:44) Joale, mokhatlo o mocha o lokileng oa batho—“lefatše le lecha”—e tla ba oa sebele. (2 Petrose 3:13) Ka nako eo, ‘ha ho moahi ea tla re: Ke bohloko.’ (Esaia 33:24) Esita le bohloko ba lefu bo tla be bo felisitsoe, kaha Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.

      Mabapi le baahi ba lefatše le lecha le tšepisitsoeng la Molimo, mopesaleme o ile a bolela esale pele: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Ho feta moo, ba bonolo ‘ba tla iketla khotsong e khōlō.’—Pesaleme ea 37:11.

      Mukundbhai ea boletsoeng sehloohong se ka pele ho sena, o shoele a sa tsebe litšepiso tse tsotehang tsa Molimo. Empa ba limilione ba shoeleng ba sa tsebe Molimo, ba na le tebello ea ho tsosoa lefatšeng leo le lecha la khotso, kaha Bibele ea tšepisa: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.”—Liketso 24:15; Luka 23:43.

      Lentsoe “tsoho” mona le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike a·naʹsta·sis, leo ha e le hantle le bolelang “ho ema hape.” Ka hona, tsoho e akarelletsa ho tsosolosoa ha mokhoa oa bophelo oa motho.

      ’Mōpi oa leholimo le lefatše o na le bohlale bo ke keng ba lekanngoa. (Jobo 12:13) Hase bothata ho eena ho hopola mekhoa ea bophelo ea ba shoeleng. (Bapisa le Esaia 40:26.) Jehova Molimo o boetse o lerato haholo. (1 Johanne 4:8) Ka hona, a ka sebelisa mohopolo oa hae o phethahetseng ho tsosetsa bafu lefatšeng la paradeise ka botho boo ba neng ba e-na le bona pele ba e-shoa, eseng ho ba ahlolela lintho tse mpe tseo ba li entseng.

      Bakeng sa ba limilione ba kang Mukundbhai, tsoho e tla bolela ho boela ba e-ba le baratuoa ba bona. Empa nahana hore na hoo ho tla bolela eng ho ba phelang hona joale. Ka mohlala, nahana ka mora oa Mukundbhai eo hona joale a tsebang ’nete e hlollang ea Molimo le merero ea hae. Ho mo tšelisa hakaakang ho tseba hore ntate oa hae ha aa tšoasoa potolohong e sa feleng ea ho tsoaloa hangata, eo ka ’ngoe e potolohiloeng ke bokhopo le mahlomola! O mpa a shoele, a emetse tsoho. Ho mo khatholla hakaakang ho nahana ka monyetla oa hore ka letsatsi le leng o tla arolelana le ntate oa hae seo eena a ithutileng sona Bibeleng!

      Ke thato ea Molimo “hore mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4) Hona joale ke nako ea ho tseba hore na ke joang uena, hammoho le ba bang ba limilione ba seng ba ntse ba etsa thato ea Molimo, le ka phelang ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng.—Johanne 17:3.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela