Pina ea 29
Tsoelang Pele, Lōna Lipaki!
1. Bohle ba tiile nakong ea bofelo
Bahlanka ba Jah, ho bolela ka ’Muso.
Le haeba Satan’a hanyetsa,
Ke Molimo o tlang ho ba tšehetsa.
(Chorus)
2. Toka le ’nete ha li eo ho motho.
Ba khopo ba tlosa bitso la Molimo.
Ho hloka ho etsoe tokiso
Ke Bakreste ba filoeng boitsebiso.
(Chorus)
3. Masole ’ohle a Jah ha’a khathale.
Ha’a leke ho kha babusi ba fatše
A lula a ntse a hloekile
Botšepehi ka mehl’a bo ratile
(CHORUS
Lipaki, tsoelang pele,le tiile tsebong!
Thabang ha le thusa ka matla tšebetsong!
Rutang batho bohle ka Taolo e Ncha,
Le ka mahlohonolo a eona!