-
Moloko oa Ka—O Ikhethang le o Nang le Tokelo e Phahameng!Molula-Qhooa—1987 | August 1
-
-
ho tika-tiko kea arabela: “Ho bona ho phethahala molokong oa ka ha boprofeta ba Bibele bo tlalehuoeng ke banna ba bululetsoeng le ba inehetseng lilemo tse makholo-kholo tse fetileng.”
Batho ba moloko oa ka ka ntle ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Puso ea Molimo, ha e le hantle, ba fetohile ba tšoanang hantle le bao Photo-Drama of Creation ea 1914 e itseng ba ne ba tla ba sona: ba hlanyetsang chelete, ba hlanyetsang boithabiso le ba hlanyetsang botumo. Bao ba rōna ba kahare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Morena re lekile, ka litsela tsohle, ho lebisa tlhokomelo ea bona molaetseng oa bophelo. Re ile ra sebelisa mapetjo, liphatlalatso tse maqepheng, sea-le-moea, likoloi tsa molumo, likaralefomo, likopano tse khōlō, lipontšo tsa ba tsamaeang ba nkile matšoao a boitsebiso le lebotho le hōlang la basebeletsi ba ntlo-le-ntlo. Tšebeletso ena e sebelelitse ho arolela batho—ba ratang ’Muso o hlomiloeng oa Molimo ka lehlakoreng le leng, ba khahlanong le oona ba ka lehlakoreng le leng. Ona ke mosebetsi o profetiloeng ke Jesu bakeng sa moloko oa ka!—Mattheu 25:31-46.
Ho fihlela ‘pelo ena ea ka e khathetseng’ e otla la ho qetela, e tla ’ne e tsoele pele ho otla ka kananelo bakeng sa tokelo eo ke e thabetseng ea ho ba oa moloko o ikhethang. E tla ’ne e tsoele pele ho otla e thabile ka tokelo eo ke nang le eona hona joale ea ho bona limillione tsa lifahleho tse bososelang tse reretsoeng ho ’na li bososela ka ho sa feleng.
-
-
Mocha o Rorisa JehovaMolula-Qhooa—1987 | August 1
-
-
Mocha o Rorisa Jehova
MENYETLA e mengata ea ho paka e bulehetse bacha ha ba e-na le takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova. Sena se bonoe phihlelong ea moshemane ea lilemo li hlano Kenya bophirimela.—Moeklesia 12:1.
’Mè oa hae o ile a mo botsa: “U batla ho ba eng ha u hōla?” Moshemane enoa o ne a ile a bona pula-maliboho e mong ea khethehileng phuthehong ’me a arabela: “Ke batla ho ba pula-maliboho e khethehileng joaloka Moena F——.” ’Mè a arabela: “Empa hona ho ke ke ha etsahala; u ke ke ua ba pula-maliboho oa kamehla hobane ha u na thuto ea Bibele.” Moshemane a botsa: “Joale nka etsa joang?” ’Mè oa hae a etsa tlhahiso ea hore a leke ho ruta bao a bapalang le bona Buka ea Ka ea Lipale tsa Bibele.
Moshemane ea lilemo li hlano a nka buka ea hae ea Lipale tsa Bibele ’me a etela metsoalle ea hae, a ba mema ho ithuta Bibele le eena. Phello?
A etsa sehlopha sa ba leshome bao a ka ithutang le bona. A sebelisa litšoantšo hamolemo, a botsa lipotso tse ngata tse batlisisang, ’me qetellong ea thuto a botsa lipotso tsa hlahlobo. Haeba ba sa hopole, o ne pheta taba eo le bona hape. ’Mè oa hae o hlalosa hore ka sebele e ne e le thabo ho bona bana bana kaofela ba lutse fatše ka pel’a ntlo ea hae ba ithuta hammoho! E ne e le mora oa hae ea lilemo li hlano ea botsang lipotso, ebe joale matsoho kaofela a phahama hore a arabele.
E bile thabo e eketsehileng ho ’mè, hammoho le phutheho, ho bona ba robeli ba bana bana ba e-ba teng libokeng tsa phutheho. Ba bang ba babeli ba ne ba le banyenyane haholo. Hona hohle ho etsahetse ka lebaka la hobane ngoana ea lilemo li hlano o ne a batla ho rorisa Jehova le ho thusa ba bang.
-