Pina ea 195
Lena ke Letsatsi la Jehova
1. Ka thabo e khōlō Re boka Molimo.
Lena ke letsatsi la Jehova.
’Me ka ho sa feleng O’a busa lefatšeng.
Ke ’Muso oo oa hae oo re’o tšepang feela.
(Chorus)
2. Jes’o teng o’a busa. Fatše se lea feta.
Nto’a Harmagedone e haufi.
A re ruteng Lentsoe La Jah re sa tšabe.
Re thuseng ba bonolo ho tšaba ’Mōpi.
(Chorus)
3. A re hlompheng ’Musi Ea makatsang Kreste.
O tla ka lebitso la Jehova.
A re kōpeng mosa Ho Ntate oa rōna
Hore a tl’a re sebelise kamehla.
(CHORUS)
U tla tlisang he, ’Muso oa Jah?
Tlhōlo ea ’nete le thabo.
U tliseng hape, ’Muso oa Jah?
Phelo bo se nang bofelo.
Rorisang Jehova ’Mōpi,
Ke Molim’o lerato.