Pina ea 34
Ho Phelela Lebitso la Rōna
1. Jehova ea sa feleng le ea matla,
U phethahetse ka rato la hao.
’Nete le tsebo li hlaha ho Uena,
’Musi oa tsohle, Monehi molao.
’Me mangeloi a thabela tšebetso;
Meek’a tlholeho ea’u phahamisa;
’Me u re bitsa Lipaki tsa ’nete;
Re tla phelela lebitso lena!
2. Ak’u re thuse ka mehla le mehla
Ho hlatsoa bitso la hao lichabeng
Morena Jesu ke Mohlal’a rōna.
Tsela tsa hae a re li lateleng.
Re ele hloko boitšoaro ba rōna
Re tle re se ke ra u tlontlolla.
Ho ba Lipaki tsa hao ke tokelo;
Re tla phelela lebitso lena!
3. Ha re tiisetsa ho u sebeletsa
Ka matla, khotso le ka lerato,
Re tla fumana ho kholoa ha pelo;
Ha u rorisoa re tlala thabo.
Re tla phelela lebitso la rōna;
Re ise ’nete ho batho bohle.
Ho tsohle re batla ho u thabisa,
Uena, Molimo ea Matla ’Ohle!