Pina ea 172
Le ’Ne le Batle ’Muso Pele
1. Ho leng hotle ho Jehova
Le ho mo fang nyakallo
Ke ho hloma ’Muso oa hae,
O tla tlosa bokhopo.
Baprofeta ka tumelo
Ba tšepetse ’Musong oo
’Me Moetapele Jesu
O re khothalletsa hoo.
(Chorus)
2. Re laetsoe ho tšehetsa
Mosebetsi oa ’Muso.
Ena ke tšebetšo e ntle
A re e eleng hloko.
Hobane’ng re tsoenyehile
Ke ho ja kapa ho noa?
Ha re batla ’Muso pele
Re tla fuoa ntho tsena.
(Chorus)
3. Fatše lena le tla feta
Ho tle tsamaiso e ncha.
E tla tlisa Paradeise
Lefatšeng ho rokoe Jah.
Re bueeng litaba tsena
Tse thusang linku tšohle
Ho rapela le ho tšepa
Ntate ea Matla ’Ohle.
(CHORUS)
Batlang ’Muso oa Molimo
Le ho loka ha oona.
Emelang borena ba hae,
Le sebeletseng eena.