Khaolo ea 11
Boloka Khotso Lelapeng la Hao
1. Ke lintho life tse ling tse ka bakang likarohano ka malapeng?
HO THABA bao e leng litho tsa malapa ao ho ’ona ho nang le lerato, kutloisiso le khotso. Re tšepa hore lelapa la hao le joalo. Hoa soabisa hore ebe malapa a se nang palo a hlōleha ho tšoanela tlhaloso eo ’me a arohane ka lebaka lena kapa lane. Ke eng e arolang malapa? Khaolong ena re tla buisana ka lintho tse tharo. Malapeng a mang, litho ha li kopanele bolumeli bo tšoanang. Ho a mang, bana ha ba na batsoali ba tšoanang ba tlhaho. Ho a mang hape, ntoa ea ho iphelisa kapa takatso ea lintho tse bonahalang tse eketsehileng ho bonahala li qobella litho tsa malapa hore li arohane. Empa, maemo a arolang lelapa le leng a ka ’na a se ke a ama le leng. Phapang e etsoa ke eng?
2. Ba bang ba talima hokae bakeng sa tataiso bophelong ba lelapa, empa mohloli o molemohali ke ofe oa tataiso e joalo?
2 Tsela eo motho a talimang lintho ka eona ke sesosa se seng. Haeba ka tieo u leka ho utloisisa tsela eo motho e mong a talimang lintho ka eona, u mocheng oa ho lemoha mokhoa oa ho boloka lelapa le kopaneng. Sesosa sa bobeli ke hore na u tataisoa ke eng. Batho ba bangata ba latela keletso ea basebetsi-’moho le bona, baahelani, bangolli ba likoranta, kapa mehloli e meng ea batho ea tataiso. Leha ho le joalo, ba bang ba fumane seo Lentsoe la Molimo le se buang ka boemo ba bona, ’me ba ile ba sebelisa seo ba ithutileng sona. Ho etsa joalo ho ka thusa lelapa hore le boloke khotso ka lelapeng joang?—2 Timothea 3:16, 17.
HAEBA MONNA OA HAO A E-NA LE TUMELO E FAPANENG
3. (a) Keletso ea Bibele ke efe mabapi le ho nyalana le motho oa tumelo e fapaneng? (b) Ke melao-motheo efe e sebetsang haeba molekane e mong e le molumeli ’me e mong e se eena?
3 Bibele e re eletsa ka matla khahlanong le ho nyalana le motho oa tumelo e fapaneng ea bolumeli. (Deuteronoma 7:3, 4; 1 Bakorinthe 7:39) Leha ho le joalo, e ka ’na eaba u ithutile ’nete e tsoang Bibeleng ka mor’a lenyalo la lōna empa monna oa hao a se ke a ho etsa. Joale ho thoe’ng? Ho hlakile hore likano tsa lenyalo tsona li ntse li tiile. (1 Bakorinthe 7:10) Bibele e hatisa tlamo e sa feleng ea lenyalo ’me e khothaletsa batho ba lenyalong hore ba rarolle liphapang tsa bona ho e-na le ho li baleha. (Baefese 5:28-31; Tite 2:4, 5) Joale, ho thoe’ng haeba monna oa hao a hanyetsa ka matla ha u sebelisa bolumeli ba Bibele? A ka ’na a leka ho u thibela ho ea libokeng tsa phutheho, kapa a ka ’na a re ha a batle ha mosali oa hae a-ea ka ntlo le ntlo a bua ka bolumeli. U tla etsa joang?
4. Mosali a ka bontša kutloelo-bohloko ka tsela efe haeba monna oa hae a sa kopanele tumelo ea hae le eena?
4 Ipotse, ‘Ke hobane’ng ha monna oa ka a ikutloa ka tsela eo a ikutloang ka eona?’ (Liproverbia 16:20, 23) Haeba a hlile a sa utloisise seo u se etsang, a ka ’na a khathatseha ka uena. Kapa a ka ’na a ba tlas’a khatello e tsoang ho beng ka eena hobane ha u sa kopanela meetlong e itseng eo e leng ea bohlokoa ho bona. Monna e mong o ile a re: “Ke setse ke le mong ka tlung, ke ne ke ikutloa ke lahliloe.” Monna enoa o ne a ikutloa a lahleheloa ke mosali oa hae ka lebaka la bolumeli. Empa boikhohomoso bo ne bo mo thibela hore a lumele hore o jeoa ke bolutu. Monna oa hao a ka ’na a hloka ho kholisoa hore lerato la hao ho Jehova ha le bolele hore joale ha u sa rata monna oa hao haholo joaloka nakong e fetileng. Etsa bonnete ba hore u qeta nako le eena.
5. Mosali eo monna oa hae e leng oa tumelo e fapaneng o lokela ho boloka ho leka-lekana joang?
5 Leha ho le joalo, ho tlameha ho nahaneloa ntho e ’ngoe ea bohlokoa le ho feta hore u tle u sebetsane le boemo boo ka bohlale. Lentsoe la Molimo le khothaletsa basali: “Le ipehe tlas’a banna ba lōna, kaha hoa tšoaneleha Moreneng.” (Bakolose 3:18) Kahoo, e lemosa khahlanong le moea oa ho itaola. Ho phaella moo, ka ho re, “kaha hoa tšoaneleha Moreneng,” lengolo lena le bontša hore ho ipeha ha motho tlas’a monna oa hae ho boetse ho lokela ho nahanela ho ipeha tlas’a Morena. Ho tlameha ho ba le ho leka-lekana.
6. Ke melao-motheo efe e lokelang ho hopoloa ke mosali oa Mokreste?
6 Ho Mokreste, ho ba teng libokeng tsa phutheho le ho pakela ba bang ka tumelo ea motho e theiloeng Bibeleng ke litšobotsi tsa bohlokoa tsa borapeli ba ’nete tse sa lokelang ho hlokomolohuoa. (Baroma 10:9, 10, 14; Baheberu 10:24, 25) Joale, u ne u tla etsa joang ha motho a u laela ka ho toba hore u se ke ua lumellana le se hlokoang ke Molimo ka ho toba? Baapostola ba Jesu Kreste ba ile ba phatlalatsa: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Mohlala oa bona ke o ka sebelisoang maemong a mangata bophelong. Na ho rata Jehova ho tla u susumelletsa ho mo neha boinehelo boo ka nepo e leng ba hae? Ka nako e tšoanang, na lerato la hao le tlhompho ho monna oa hao li tla etsa hore u leke ho etsa sena ka tsela e amohelehang ho eena?—Matheu 4:10; 1 Johanne 5:3.
7. Mosali oa Mokreste o tlameha ho ba le boikemisetso bofe?
7 Jesu o ile a hlokomela hore sena se ne se ke ke sa etsahala kamehla. O ile a lemosa hore ka lebaka la khanyetso borapeling ba ’nete, litho tse lumelang tsa malapa a mang li ne li tla ikutloa li arohile, joalokaha eka sabole e kene lipakeng tsa bona le ba bang ba lelapa. (Matheu 10:34-36) Mosali e mong Japane o bile le phihlelo ena. O ile a hanyetsoa ke monna oa hae ka lilemo tse 11. O ile a mo tšoara ka thata ’me o ne a atisa ho mo notlella kantle. Empa o ile a tiisetsa. Metsoalle e ka phuthehong ea Bokreste e ile ea mo thusa. O ile a rapela a sa phetse ’me o ile a fumana khothatso e khōlō ho 1 Petrose 2:20. Mosali enoa oa Mokreste o ne a kholisehile hore haeba a lula a tiile, ka letsatsi le leng monna oa hae o ne a tla kopanela le eena ho sebeletseng Jehova. ’Me o ile a ho etsa.
8, 9. Mosali o lokela ho itšoara joang hore a qobe ho beha litšitiso tse sa hlokahaleng ka pel’a monna oa hae?
8 Ho na le lintho tse ngata tse molemo tseo u ka li etsang hore li ame boikutlo ba molekane oa hao. Ka mohlala, haeba monna oa hao a hanyetsa bolumeli ba hao, se ke ua etsa hore a be le mabaka a utloahalang a ho belaela libakeng tse ling. Boloka lelapa le hloekile. Hlokomela ponahalo ea hao ea botho. E-ba ea lokolohileng ka lipolelo tsa lerato le kananelo. Ho e-na le ho nyatsa, e-ba ea tšehetsang. Bontša hore u talima ho eena bakeng sa bohlooho. Se ke ua iphetetsa haeba u ikutloa hore u foselitsoe. (1 Petrose 2:21, 23) Etsetsa ho se phethahale ha botho sebaka, ’me haeba ho hlaha khang, ka boikokobetso e-ba oa pele ho ikōpela tšoarelo.—Baefese 4:26.
9 Se ke ua lumella hore ho ea libokeng ha hao e be lebaka la hore a liehe ho ja. U ka boetse ua khetha ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste ka linako tse ling ha monna oa hao a le sieo lapeng. Ke bohlale hore mosali oa Mokreste a ithibe hore a se ke a emella ho ruta monna oa hae ha hona ho sa amohelehe. Ho e-na le hoo, o latela keletso ea moapostola Petrose: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka haptjoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:1, 2) Basali ba Bakreste ba sebeletsa ho hlahisa litholoana tsa moea oa Molimo ka botlalo haholoanyane.—Bagalata 5:22, 23.
HA MOSALI E SE MOKRESTE
10. Monna ea lumelang o lokela ho itšoara joang ho mosali oa hae haeba e le oa tumelo e fapaneng?
10 Ho thoe’ng haeba monna e le Mokreste ’me mosali e se eena? Bibele e fana ka tataiso bakeng sa maemo a joalo. E re: “Haeba mor’abo rōna leha e le ofe a e-na le mosali ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo mosali eo a lumela ho lula le eena, a a se ke a mo tlohela.” (1 Bakorinthe 7:12) E boetse e eletsa banna: “Le ’ne le tsoele pele le rata basali ba lōna.”—Bakolose 3:19.
11. Monna a ka bontša masene le ho sebelisa bohlooho ba hae ka bohlale joang ho mosali oa hae haeba mosali e se Mokreste?
11 Haeba u monna oa mosali ea nang le tumelo e sa tšoaneng le ea hao, e-ba hlokolosi ka ho khethehileng ho bontša tlhompho ho mosali oa hao le ho nahanela maikutlo a hae. Joaloka motho e moholo, o lokeloa ke bolokolohi bo itseng ba ho sebelisa litumelo tsa bolumeli ba hae esita le haeba u sa lumellane le tsona. Lekhetlo la pele ha u buisana le eena ka tumelo ea hao, se ke ua lebella hore a lahle litumelo tseo a li khomaretseng ka nako e telele ka lebaka la ho hong ho hocha. Ho e-na le ho potlakela ho bolela hore mekhoa eo eena le lelapa labo ba e nkileng e le ea bohlokoa ka nako e telele ke ea bohata, ka mamello ikemisetse ho behelana mabaka le eena ka Mangolo. E ka ’na eaba o ikutloa a hlokomolohiloe haeba u qeta nako e ngata haholo mesebetsing ea phutheho. A ka ’na a ba khahlanong le boiteko ba hao ba ho sebeletsa Jehova, empa taba-taba e ka ’na ea e-ba feela ho re: “Ke hloka nako ea hao e eketsehileng!” E-ba le mamello. Ka ho nahanela ha hao ho lerato, ka mor’a nako a ka ’na a thusoa ho amohela borapeli ba ’nete.—Bakolose 3:12-14; 1 Petrose 3:8, 9.
HO KOETLISA BANA
12. Esita le haeba monna le mosali oa hae e le ba litumelo tse fapaneng, melao-motheo ea Mangolo e lokela ho sebelisoa joang koetlisong ea bana ba bona?
12 Lelapeng le arohaneng borapeling, taeo ea bolumeli ho bana ka linako tse ling e fetoha tseko. Melao-motheo ea Mangolo e lokela ho sebelisoa joang? Bibele e fa ntate boikarabelo bo ka sehloohong bakeng sa ho laea bana, empa ’mè le eena o na le karolo ea bohlokoahali eo a lokelang ho e phetha. (Liproverbia 1:8; bapisa le Genese 18:19; Deuteronoma 11:18, 19.) Esita le haeba a sa amohele bohlooho ba Kreste, ntate e sa ntse e le hlooho ea lelapa.
13, 14. Haeba monna a thibela mosali oa hae ho ea le bana libokeng tsa Bokreste kapa ho ithuta le bona, mosali a ka etsa eng?
13 Bo-ntate ba bang ba sa lumelang ha ba hanyetse haeba ’mè a laea bana ka litaba tsa bolumeli. Ba bang baa hanyetsa. Ho thoe’ng haeba monna oa hao a hana ho u lumella ho ea le bana libokeng tsa phutheho kapa e bile a u thibela ho ithuta Bibele le bona lapeng? Joale u tlameha ho leka-lekanya lintho tse ’maloa tse u tlammeng—boitlamo ba hao ho Jehova Molimo, ho monna oa hao e le hlooho, le ho bana ba hao ba ratoang. Lintho tsee u ka li kopanya joang?
14 Ka sebele u tla rapella taba ena. (Bafilippi 4:6, 7; 1 Johanne 5:14) Empa qetellong, ke uena ea tlamehang ho etsa qeto ea hore na u nka tsela efe. Haeba u tsoela pele ka bohlale, u hlakisetsa monna oa hao hore ha u phephetse bohlooho ba hae, khanyetso ea hae e ka ’na ea qetella e fokotsehile. Esita le haeba monna oa hao a u thibela ho ea le bana ba hao libokeng kapa ho ba le thuto ea Bibele le bona, u ntse u ka ba ruta. Ka moqoqo oa hao oa letsatsi le letsatsi le mohlala oa hao o motle, leka ho kenya ka ho bona tekanyo e itseng ea lerato bakeng sa Jehova, tumelo Lentsoeng la hae, ho hlompha batsoali—ho akarelletsa le ntat’a bona—kameho e lerato ka batho ba bang, le kananelo bakeng sa mekhoa ea ho sebetsa ka hloko. Qetellong, ntate a ka ’na a hlokomela liphello tse ntle ’me a ananela bohlokoa ba boiteko ba hao.—Liproverbia 23:24.
15. Boikarabelo ba ntate ea lumelang ke bofe thutong ea bana?
15 Haeba u monna oa molumeli ’me mosali oa hao hase eena, joale u tlameha ho jara boikarabelo ba ho hōlisa bana ba hao “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Leha ho le joalo, ha u ntse u etsa joalo, u lokela ho ba mosa, ho bontša lerato, le ho ba ea nahanelang ha u sebetsana le mosali oa hao.
HAEBA BOLUMELI BA HAO E SE BA BATSOALI BA HAO
16, 17. Bana ba tlameha ho hopola melao-motheo efe ea Bibele haeba ba amohela tumelo e sa tšoaneng le ea batsoali ba bona?
16 E se e le ntho e tloaelehileng hore le bana ba banyenyane ba amohele pono ea bolumeli e fapaneng le ea batsoali ba bona. Na u entse hoo? Haeba ho joalo, Bibele e na le keletso ho uena.
17 Lentsoe la Molimo le re: “Le mamele batsoali ba lōna kopanong le Morena, kaha sena se lokile: ‘Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao.’” (Baefese 6:1, 2) Hoo ho akarelletsa tlhompho e molemo ho batsoali. Leha ho le joalo, le hoja ho mamela batsoali e le habohlokoa, ha hoa lokela ho etsoa re sa hlomphe Molimo oa ’nete. Ha ngoana a hōlile ka ho lekaneng hore a ka qala ho etsa liqeto, o jara boikarabelo ka tekanyo e eketsehileng bakeng sa liketso tsa hae. Hona hase ’nete feela le ka molao oa lefatše empa haholo-holo mabapi le molao oa bomolimo. Bibele ea bolela: “E mong le e mong oa rōna o tla fana ka tlaleho bakeng sa hae ka boeena ho Molimo.”—Baroma 14:12.
18, 19. Haeba bana ba e-na le bolumeli bo fapaneng le ba batsoali ba bona, ba ka thusa batsoali ba bona hore ba utloisise tumelo ea bona hamolemo joang?
18 Haeba litumelo tsa hao li u etsa hore u fetole bophelo ba hao, leka ho utloisisa tsela eo batsoali ba hao ba talimang lintho ka eona. Ho ka etsahala hore ba thabe haeba, ka lebaka la ho ithuta ha hao le ho sebelisa ha hao lithuto tsa Bibele, u ba ea hlomphang haholoanyane, ea mamelang haholoanyane le ea mahlaha-hlaha haholoanyane ho seo ba se batlang ho uena. Leha ho le joalo, haeba tumelo ea hao e ncha e u etsa hore u qhele litumelo tsa bona le meetlo tseo bona ba li nkang e le tsa bohlokoa, ba ka ’na ba ikutloa hore u khesa lefa leo ba neng ba batla ho u fa lona. E ka ’na eaba ba tšohile ka boiketlo ba hao haeba seo u se etsang ha sea tloaeleha motseng kapa haeba se tlosa tlhokomelo ea hao linthong tseo ba ikutloang hore u lokela ho li phehella ho u thusa hore u atlehe linthong tse bonahalang. Boikhohomoso bo ka boetse ba e-ba mokoallo. Ha e le hantle, ba ka ’na ba ikutloa hore u re u nepile ’me bona ba fositse.
19 Kahoo, kapele kamoo ho ka khonehang, leka ho lokisetsa hore batsoali ba hao ba kopane le baholo ba bang kapa Lipaki tse ling tse hōlileng tsebong tse tsoang phuthehong ea sebaka sa haeno. Khothalletsa batsoali ba hao hore ba etele Holo ea ’Muso ho ea ikutloela seo ho buisanoang ka sona le ho ea iponela hore na Lipaki tsa Jehova ke batho ba mofuta ofe. Ka mor’a nako e itseng, boikutlo ba batsoali ba hao bo ka ’na ba nolofala. Esita leha batsoali ba hanyetsa ka matla, ba senya libuka tsa Bibele, ’me ba thibela bana ho ea libokeng tsa Bokreste, hangata ho na le menyetla ea ho balla ’nģa e ’ngoe, ho bua le Bakreste-’moho, le ho pakela ba bang le ho ba thusa ka tsela e sa reroang. U ka boetse ua rapela Jehova. Bacha ba bang ba tlameha ho lula ho fihlela ba hōlile ka ho lekaneng hore ba ka phela ba le bang e seng lapeng pele ba ka etsa ho eketsehileng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe lapeng, se ke ua lebala ho “hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao.” Phetha karolo ea hao ho tlatsetsa hore ho be le khotso ka lapeng. (Baroma 12:17, 18) Ka holim’a tsohle, phehella khotso le Molimo.
PHEPHETSO EA HO BA MOTSOALI LENYALONG LA BOBELI
20. Bana ba ka ’na ba e-ba le maikutlo afe haeba ntate kapa ’mè oa bona e le motsoali lenyalong la bobeli?
20 Malapeng a mangata boemo bo hlahisang phephetso e khōlō hase ba bolumeli empa ke ba ho se amane ka tsoalo. Malapa a mangata kajeno a akarelletsa bana ba tsoang lenyalong la pele la motsoali e mong kapa la batsoali ka bobeli. Lelapeng le joalo, bana ba ka ’na ba e-ba mōna le ho hlonama kapa mohlomong ha e-ba le ntoa ea botšepehi. Ka lebaka leo, ba ka ’na ba qhela boiteko bo tiileng ba motsoali oa lenyalo la bobeli ba ho ba ntate kapa ’mè ea molemo. Ke eng se ka thusang hore lelapa lenyalong la bobeli le atlehe?
21. Ho sa tsotellehe maemo a bona a khethehileng, ke hobane’ng ha batsoali ba lenyalo la bobeli ba lokela ho talima melao-motheong e fumanoang ka Bibeleng bakeng sa thuso?
21 Hlokomela hore ho sa tsotellehe maemo a khethehileng, melao-motheo ea Bibele e tlisang katleho malapeng a mang le mona ea sebetsa. Ho hlokomoloha melao-motheo eo ka nakoana, ho ka ’na ha bonahala ho fokotsa bothata empa ho ka ’na ha baka masisa-pelo hamorao. (Pesaleme ea 127:1; Liproverbia 29:15) Hlaolela bohlale le masene—bohlale ba ho sebelisa melao-motheo ea bomolimo u hopotse melemo ea nako e telele le temoho ea ho khetholla hore na ke hobane’ng ha litho tse ling tsa lelapa li bua le ho etsa lintho tse itseng. Ho boetse ho hlokahala kutloelo-bohloko.—Liproverbia 16:21; 24:3; 1 Petrose 3:8.
22. Ke hobane’ng ha bana ba ka ’na ba ho fumana ho le thata ho amohela motsoali oa lenyalo la bobeli?
22 Haeba u motsoali lenyalong la bobeli, u tla hopola hore ha u ne u le motsoalle oa lelapa, mohlomong bana ba ne ba u amohela. Empa ha u e-ba motsoali oa bona lenyalong la bobeli, boikutlo ba bona e ka ’na eaba bo fetohile. Ha ba hopola motsoali ea ba tsoetseng ea seng a sa phele le bona, e ka ’na eaba bana ba na le ntoa ea botšepehi, mohlomong ba ikutloa hore u batla ho ba nkela kameho eo ba nang le eona ho motsoali ea sieo. Ka linako tse ling, ba ka ’na ba u hopotsa hampe feela hore ha u ntate oa bona kapa ’mè oa bona. Lipolelo tse joalo li utloisa bohloko. Ho ntse ho le joalo, “u se ke ua phaka ua halefa pelong ea hao.” (Moeklesia 7:9) Masene le kutloelo-bohloko lia hlokahala e le hore ho ka sebetsanoa le maikutlo a bana.
23. Taeo e ka sebelisoa joang lelapeng leo ho nang le bana bao ho tliloeng le bona lenyalong la bobeli?
23 Litšoaneleho tseo ke tsa bohlokoa ka ho fetisisa ha motho a laea. Taeo e sa feto-fetoheng ke ea bohlokoa. (Liproverbia 6:20; 13:1) ’Me kaha bana kaofela ha ba tšoane, taeo e ka ’na ea fapana ho latela maemo. Batsoali ba bang ba lenyalong la bobeli ba fumana hore, bonyane qalong, ho molemo hore eo e leng motsoali a sebetsane le tšobotsi ena ea khōliso. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore batsoali ka bobeli ba lumellane ka taeo le ho e khomarela, motsoali ka mong a se ke a rata ngoana oa hae ho feta oa e mong. (Liproverbia 24:23) Kutlo ke ea bohlokoa, empa ho se phethahale ho lokela ho sieloa sebaka. Se ke ua itšoara ka tsela e feteletseng. Laea ka lerato.—Bakolose 3:21.
24. Ke eng e ka thusang ho qoba mathata a boitšoaro pakeng tsa litho tsa ba batona kapa ba batšehali lelapeng la lenyalo la bobeli?
24 Lipuisano tsa lelapa li ka etsa ho hoholo ho thibela khathatso. Tsena li ka thusa lelapa ho lula le tsepamisitse maikutlo litabeng tsa bohlokoahali bophelong. (Bapisa le Bafilippi 1:9-11.) Ba ka boetse ba thusa e mong le e mong ho bona kamoo a ka tlatsetsang hore ho finyelloe lipakane tsa lelapa. Ho phaella moo, lipuisano tse tobileng tsa lelapa li ka thibela mathata a boitšoaro. Ho hlokahala hore banana ba utloisise hore na ba apare le ho itšoara joang ha ba e-na le bo-ntat’a bona ba lenyalo la bobeli le barab’abo bona bao ebang ba na le bona ba lenyalo la bobeli, le bashemane ba hloka keletso ka boitšoaro bo loketseng mabapi le ’mè oa bona oa lenyalong la bobeli le baralib’abo bona bao ebang ba na le bona ba lenyalo la bobeli.—1 Bathesalonika 4:3-8.
25. Ke litšoaneleho life tse ka thusang ho boloka khotso lelapeng la lenyalo la bobeli?
25 Ha u kopana le phephetso e khethehileng ea ho ba motsoali lenyalong la bobeli, e-ba le mamello. Ho nka nako ho hlaolela kamano e ncha. Ho sebeletsa hore u ratoe le ho hlomphuoa ke bana bao u sa amaneng le bona ka tsoalo ke mosebetsi o boima. Empa ho ka etsoa. Pelo e bohlale le e masene, hammoho le takatso e matla ea ho thabisa Jehova, ke senotlolo sa khotso lelapeng la lenyalo la bobeli. (Liproverbia 16:20) Litšoaneleho tse joalo li ka boetse tsa u thusa ho sebetsana ka katleho le maemo a mang.
NA HO HAHAMALLA LINTHO TSE BONAHALANG HO AROLA LELAPA LA HAO?
26. Mathata le maikutlo ka lintho tse bonahalang li ka arola lelapa ka litsela life?
26 Mathata le maikutlo ka lintho tse bonahalang li ka arola malapa ka litsela tse ngata. Ka masoabi, malapa a mang a qhaloa ke ho tsekisana chelete le takatso ea ho rua—kapa bonyane ho rua haholoanyane. Likarohano li ka ’na tsa hōla ha balekane ba sebetsa bobeli ba bona ’me ba hlaolela boikutlo ba “chelete ea ka, chelete ea hao.” Esita le haeba ho qojoa likhang, ha balekane ba sebetsa ka bobeli ba ka ’na ba fumana ba e-na le kemiso eo e mong a se nang nako ea e mong. Tšekamelo e hōlang lefatšeng ke hore bo-ntate ba phele hōle le malapa a bona ka nako e telele—likhoeli kapa esita le lilemo—e le hore ba ka fumana chelete e eketsehileng ho feta eo ba neng ba ka e amohela ha ba le hae. Seo se ka lebisa mathateng a tebileng haholo.
27. Ke melao-motheo efe e ka thusang lelapa le tlas’a khatello ea lichelete?
27 Ha ho melao e ka behoang bakeng sa ho sebetsana le maemo ana, kaha malapa a sa tšoaneng a tlameha ho sebetsana le likhatello le litlhoko tse sa tšoaneng. Ho ntse ho le joalo, keletso ea Bibele e ka thusa. Ka mohlala, Liproverbia 13:10 (NW) e bontša hore ntoa e sa hlokahaleng ka linako tse ling e ka qojoa ka ho ba “ba rerisanang hammoho.” Hona ha ho akarelletse feela ho bolela maikutlo a motho empa ho batla keletso le ho fumana hore na motho e mong o talima taba joang. Ho feta moo, ho etsa moralo o motle oa tšebeliso ea chelete ho ka thusa ho kopanya boiteko ba lelapa. Ka linako tse ling hoa hlokahala—mohlomong ka nakoana—hore balekane ka bobeli ba sebetse ka ntle ho lelapa hore ba hlokomele litšenyehelo tse eketsehileng, haholo-holo ha ho e-na le bana kapa bao ba ba phelisang. Haeba boemo bo le ka tsela eo, monna a ka tiisetsa mosali oa hae hore o ntse a e-na le nako ea hae. Eena hammoho le bana ka lerato ba ka thusa ka mosebetsi o mong oo ka tloaelo a neng a tla o etsa a le mong.—Bafilippi 2:1-4.
28. Ke likhopotso life tseo haeba li bolokoa, li tlang ho thusa lelapa ho sebeletsa bonngoe?
28 Leha ho le joalo, hopola hore le hoja chelete e hlokahala tsamaisong ena ea lintho, ha e tlise thabo. Ho hang ha e fane ka bophelo. (Moeklesia 7:12) Ka sebele, ho hatisa lintho tse bonahalang haholo ho ka baka kotsi moeeng le boitšoarong. (1 Timothea 6:9-12) Ho molemo hakaakang ho batla ’Muso oa Molimo pele le ho loka ha hae, ka tiisetso ea ho fumana tlhohonolofatso ea hae boitekong ba rōna ba ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong! (Matheu 6:25-33; Baheberu 13:5) Ka ho beha lithahasello tsa moea pele le ka ho phehella khotso le Molimo pele ho tsohle, u ka ’na ua fumana hore lelapa la hao, le hoja le arohantsoe ke maemo a itseng, e tla ba leo kannete le kopaneng litseleng tsa bohlokoahali.
MELAO-MOTHEO EE EA BIBELE E KA THUSA . . . LITHO TSA LELAPA JOANG HO BOLOKA KHOTSO KA LAPENG?
Bakreste ba hlaolela masene.—Liproverbia 16:21; 24:3.
Balekane ba bontšang lerato le tlhompho lenyalong ha hoa itšetleha ka hore ebe ke ba bolumeli bo tšoanang.—Baefese 5:23, 25.
Ha ho mohla Mokreste a tla tlōla molao oa Molimo ka boomo.—Liketso 5:29.
Bakreste ke batho ba bōpang khotso.—Baroma 12:18.
Se ke ua potlakela ho halefa.—Moeklesia 7:9.
[Lebokose le leqepheng la 139]
MANYALO A LOKETSENG A TLISA SERITI LE KHOTSO
Mehleng ea rōna banna le basali ba bangata ba phela hammoho e le monna le mosali kantle ho tlamo leha e le efe ea molao. Bona ke boemo boo molumeli e mocha a ka ’nang a tlameha ho sebetsana le bona. Maemong a mang kopano eo e ka ’na ea amoheloa ke sechaba kapa tloaelo ea morabe, empa hase ea molao. Leha ho le joalo, tekanyetso ea Bibele e hloka lenyalo le ngolisitsoeng ka nepo. (Tite 3:1; Baheberu 13:4) Ho batho ba ka hare ho phutheho ea Bokreste, Bibele e boetse e qaqisa hore ho tlameha ho be le monna a le mong le mosali a le mong kopanong ea lenyalo. (1 Bakorinthe 7:2; 1 Timothea 3:2, 12) Ho lumellana le tekanyetso ena ke bohato ba pele mabapi le ho ba le khotso ka lapeng la hao. (Pesaleme ea 119:165) Lintho tseo Jehova a li hlokang hase tse sa utloahaleng kapa tse boima. Seo a re rutang sona se reretsoe ho re tsoela molemo.—Esaia 48:17, 18.
[Setšoantšo se leqepheng la 130]
Leka ho utloisisa tsela eo motho e mong a talimang lintho ka eona
[Setšoantšo se leqepheng la 138]
Ebang u motsoali oa tlhaho kapa u motsoali lenyalong la bobeli, itšetlehe ka Bibele bakeng sa tataiso