Hlokomelang “Baepikure”
“Ke motho ea molemo hona hoo! O phela ka melao e phahameng ea boitšoaro. Ha a tsube, ha a sebelise lithethefatsi hampe kapa ho bua puo e hlabisang lihlong. Bonneteng, o molemo le ho feta ba bang ba ipitsang Bakreste!”
NA U se u kile ua utloa ha ba bang ba beha mabaka a joalo moo ba lokafatsang botsoalle bo sa lokang boo ba bo hlaolelang? Na Mangolo a lumellana le see? Mohlala oa phutheho ea pele ea Bakreste o re beha leseling tabeng ena.
Lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a lemosa phutheho ea Korinthe: “Le se ke la khelosoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.” Mohlomong Bakreste ba bang ba ne ba e-na le botsoalle bo haufi le batho ba neng ba susumetsoa ke filosofi ea Bagerike, ho kopanyelletsa le ea Baepikure. Baepikure e ne e le bo-mang? Ke hobane’ng ha ba ne ba ka ba kotsi bomoeeng ba Bakreste ba Korinthe? Na ho na le batho ba kang bona kajeno, bao re lokelang ho ba hlokomela?—1 Bakorinthe 15:33.
Baepikure e ne e le Bo-mang?
Baepikure e ne e le balateli ba rafilosofi oa Mogerike Epicurus, ea phetseng ho tloha ka 341 ho fihlela ka 270 B.C.E. O ne a ruta hore monyaka ke ntho ea sehlooho kapa e molemohali bophelong. Na see se bolela hore Baepikure ha ba batla nako e monate e sa khaotseng, ba ne ba phela ka tsela e hlabisang lihlong, e sa eeng ka melao-motheo ’me ba tloaetse mekhoa e bolileng? Ho makatsang ke hore Epicurus o ne a sa rute balateli ba hae hore ba phele ka tsela eo! Ho e-na le hoo, o ile a ruta hore monyaka o fumanoa hantle haholo ha ho pheloa ho sebelisoa temoho, boikemisetso, boitšoaro le toka. O ile a buella ho hahamalla monyaka o tšoarellang bophelo bohle, eseng monyaka oa hona joale ebe ke phetho. Kahoo, e ka ’na eaba Baepikure ba ne ba bonahala ba hloekile boitšoarong ha ba bapisoa le ba tloaetseng ho etsa libe tse tebileng.—Bapisa le Tite 1:12.
Na ba ne ba Tšoana le Bakreste?
Haeba u ne u le setho sa phutheho ea pele ea Bakorinthe, na u ka be u ile ua khahloa ke Baepikure? E ka ’na eaba ba bang ba ne ba beha lebaka la hore melao e neng e bonahala e phahame ea Baepikure e ne e ba etsa metsoalle e seng kotsi ea Bakreste. Ha ba ikemela ka ho eketsehileng, e ka ’na eaba Bakorinthe ba ne ba hlokometse ho tšoana ho neng ho bonahala ho le teng lipakeng tsa melao ea Baepikure le ea Lentsoe la Molimo.
Ka mohlala, Baepikure ba ne ba sebelisa teka-tekano ha ba hahamalla boithabiso. Ba ne ba nka menyaka ea kelello e phahametse menyaka ea nama. Se neng se jeoa ke motho e ne e se sa bohlokoa joaloka motho eo a se jang le eena. Baepikure ba ne ba bile ba qoba ho kenella lipolotiking le ho etsa phoso sephiring. Ho ne ho ka ba bonolo hakaakang hore ba nahane: “Ba hlile ba tšoana le rōna!”
Leha ho le joalo, na ka sebele Baepikure ba ne ba tšoana le Bakreste bao ba pele? Le hanyenyane. Ba nang le matla a koetlisitsoeng hantle a ho lemoha ba ne ba ka hlokomela ho se tšoane ho hoholo. (Baheberu 5:14) Na uena u ka khona? A re hlahlobeleng haufi-ufi lithuto tsa Epicurus.
Lehlakore le sa Nepahalang la Boepikure
E le ho thusa batho hore ba hlōle ho tšaba melimo le lefu, Epicurus o ile a ruta hore melimo ha e thahaselle moloko oa batho le hore ha e kenelle mesebetsing ea oona. Ho latela Epicurus, melimo ha ea ka ea bōpa bokahohle ’me bophelo bo bile teng bo sa reroa. Na see se ne se sa hohlane ka ho hlakileng le thuto ea Bibele ea hore ho na le “Molimo a le mong,” ’Mōpi, le hore o tsotella libōpuoa tsa hae tse batho?—1 Bakorinthe 8:6; Baefese 4:6; 1 Petrose 5:6, 7.
Epicurus o ne a boetse a ruta hore ho ke ke ha e-ba le bophelo ka mor’a lefu. Ho hlakile hore sena se ne se sa lumellane le thuto ea Bibele ea tsoho. Ha e le hantle, ha moapostola Pauluse a ne a bua Areopago, ho ka etsahala hore ebe Baepikure ba ne ba le har’a ba neng ba hanyetsa Pauluse tabeng ea thuto ea tsoho.—Liketso 17:18, 31, 32; 1 Bakorinthe 15:12-14.
E ka ’na eaba karolo e kotsi-kotsi ea filosofi ea Epicurus e ne e boetse e poteletse haholo. Ho hana ha hae bophelo ka mor’a lefu ho ile ha mo etsa hore a fihlele qeto ea hore motho o lokela ho phela a thabile ka hohle kamoo a ka khonang nakong e khutšoanyane eo a nang le eona lefatšeng. Joalokaha re bone, khopolo ea hae e ne e se hakaalo ho phela ka ho etsa sebe empa ho e-na le hoo, e ne e le ho thabela nako ea joale kaha ke eona feela eo re nang le eona.
Kahoo, Epicurus o ne a sa khothalletse ho etsa sebe sephiring e le ho qoba masoabi a ho senoleha, tšabo eo joang kapa joang e ka felisang thabo ea hona joale. O ne a khothalletsa teka-tekano e le ho qoba liphello tsa ho etsa lintho ho tlōlisa, e leng tšitiso e ’ngoe thabong ea hona joale. O ne a boetse a khothalletsa ho ba le likamano tse ntle le ba bang hobane ho buseletsa ha bona hoa putsa. Ke ’nete hore ho qoba ho etsa sebe sephiring, ho etsa lintho ka ho leka-lekana le ho hlaolela botsoalle ke liketso tse ntle ka botsona. Joale ke hobane’ng ha filosofi ea Epicurus e ne e le kotsi ho Bakreste? Hobane keletso ea hae e ne e thehiloe maikutlong a hae a hlokang tumelo: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.”—1 Bakorinthe 15:32.
Ke ’nete hore Bibele e bontša batho hore na ba ka phela joang ba thabile kajeno. Leha ho le joalo, ea eletsa: “Le ipoloke leratong la Molimo, ha le ntse le letetse mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste ka tebello ea bophelo bo sa feleng.” (Jude 21) E, Bibele e hatisa ka matla bophelo bo sa feleng, eseng bophelo ba hona joale bo fetang kapele. Taba e ka sehloohong ho Mokreste ke ho sebeletsa Molimo, ’me o iphumana a thabile a bile a khotsofetse ha a beha Molimo sebakeng sa pele. Ka tsela e tšoanang, ho e-na le hore a amehe ka lithahasello tsa hae tsa botho, Jesu o ile a sebelisa matla a hae ho sebeletsa Jehova ka ho hloka boithati ’me a thusa batho. O ile a ruta barutuoa ba hae hore ba etsetse ba bang lintho tse molemo kahobane ba ba rata ka ’nete, eseng hobane ba tšepile hore ba tla ba buseletsa. Ka ho hlakileng, mabaka a motheo a Boepikure le a Bokreste a fapane ka ho feletseng.—Mareka 12:28-31; Luka 6:32-36; Bagalata 5:14; Bafilippi 2:2-4.
Kotsi e Poteletseng
Taba e itoantšang ke hore, le hoja Baepikure ba ne ba buella thabo haholo, ho thaba ha bona ho ne ho lekanyelitsoe ka hohle. A haelloa ke “thabo ea Jehova,” Epicurus o ile a bitsa bophelo “mpho e bohloko.” (Nehemia 8:10) Ha ho bapisoa, Bakreste ba pele ba ne ba thabile hakaakang! Jesu o ne a sa buelle bophelo bo sa thabiseng ba ho itšotla. Ha e le hantle, ho latela tsela ea hae ke monyetla o lebisang thabong e khōloanyane.—Matheu 5:3-12.
Haeba litho tse ling tsa phutheho ea Korinthe li ne li nahana hore li ka tloaelana le ba susumelitsoeng ke monahano oa Baepikure ntle le ho beha tumelo ea tsona kotsing, li ne li fositse. Nakong eo ka eona Pauluse a neng a ngolla Bakorinthe lengolo la hae la pele, ba bang ba bona ba ne ba se ba ntse ba feletsoe ke tumelo tsohong.—1 Bakorinthe 15:12-19.
Na Boepikure bo Teng Kajeno?
Le hoja Boepikure bo ne bo fele lekholong la bone la lilemo C.E., ho na le ba bang kajeno ba nang le khopolo e tšoanang ea hore seo re nang le sona hona joale re ke ke ra hlola re e-ba le sona hape. Batho bana ba na le tumelo e nyenyane haholo tšepisong ea Molimo ea bophelo bo sa feleng, kapa ho hang ha ba na eona. Leha ho le joalo, ba bang ba bona ba na le melao e batlang e phahame ea boitšoaro.
Mokreste a ka ’na a thetseha hore a be le botsoalle bo haufi le ba joalo, mohlomong a ipehela lebaka la hore ho itšoara ha bona ka tsela e hlomphehang ho lokafatsa setsoalle seo. Leha ho le joalo, le hoja re sa inke re phahametse ba bang, re lokela ho hopola hore “litloaelano [tsohle] tse mpe”—ho kopanyelletsa le tseo tšusumetso ea tsona e poteletseng haholoanyane—li “senya mekhoa e nang le thuso.”
Filosofi ea hore seo re nang le sona hona joale re ke ke ra hlola re e-ba le sona hape e boetse e fumaneha liseminaring tsa khoebo, libukeng tse fanang ka thuso ea botho, libukeng tsa lipale, libaesekopong, mananeong a thelevishene le ’minong. Le hoja maikutlo ana a se nang tumelo a sa khothalletse boitšoaro bo fosahetseng ka ho toba, na a ke ke a re susumetsa ka litsela tse poteletseng? Ka mohlala, na re ka ameha ka ho ikhotsofatsa hoo re ka hlokomolohang tseko ea bobusi ba Jehova? Na re ka khelosoa hore re ‘nke lintho hasesaane,’ ho e-na le ho ‘ba le ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena’? Kapa na re ka faposoa hore re qale ho belaella ho nepahala ha melao ea Jehova le melemo ea eona? Re lokela ho itebela khahlanong le ho pepesehela seo ho totobetseng hore ke boitšoaro bo bobe, pefo, ho sebelisana le meea, hammoho le ho pepesehela batho ba susumetsoang ke maikutlo a lefatše!—1 Bakorinthe 15:58; Bakolose 2:8.
Kahoo, a re hlaoleleng botsoalle haholo-holo le batho ba latelang tataiso ea Jehova ka pelo eohle. (Esaia 48:17) Ka lebaka leo, mekhoa ea rōna e nang le thuso e tla matlafala. Tumelo ea rōna e tla tiea. Re tla lula re thabile, eseng feela hona joale empa le nakong e tlang bophelong bo sa feleng boo re bo lebeletseng.—Pesaleme ea 26:4, 5; Liproverbia 13:20.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Courtesy of The British Museum
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Epicurus o ile a ruta hore melimo ha e thahaselle moloko oa batho