Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 5/15 maq. 26-29
  • Hlokomela Hore U se ke Ua ba le Maikutlo a Fosahetseng ka Motho e Mong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlokomela Hore U se ke Ua ba le Maikutlo a Fosahetseng ka Motho e Mong
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto ea Nakong e Fetileng
  • Pono ea Rōna ka Baholo
  • Maikutlo ka Batsoali
  • Boikutlo ba Rōna ka Bakreste-’moho le Rōna
  • Susumetsoa ke Lerato
  • Senotlolo sa Bokreste ba ’Nete ke Sefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Pholosoa, Eseng ka Mesebetsi Feela, Empa ka Mosa o sa Tšoanelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na U Talima Batho ba Bang Kamoo Jehova a ba Talimang Kateng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ke Hobane’ng ha U Tsotella Batho ba Bang?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 5/15 maq. 26-29

Hlokomela Hore U se ke Ua ba le Maikutlo a Fosahetseng ka Motho e Mong

MOEVANGELI oa thelevishene ea tummeng o ile a nyatsa ’moleli-’moho le eena ka matla ka lebaka la ho etsa bofebe. Leha ho le joalo, ka nako e etsang selemo, moevangeli ea qosang e mong o ile a tšoaroa a e-na le letekatse.

Ketsahalong e ’ngoe, ’muso oa lefatše o ka sehloohong o ile oa romela manģosa hore a lokisetse hore lihlopha tse loanang li buisane ka ho etsa khotso. Ka nako e tšoanang, sechaba sona seo ka sekhukhu se ile sa romela barekisi ba sona ba libetsa linaheng lisele hore ba e’o rekisa libetsa tse jang liranta tse limilione tse likete.

Kaha boikaketsi bo totobetseng bo atile hakana, na hoa makatsa hore ebe ka tekanyo e khōlō maikutlo a ho belaella batho a nketse ho tšepa batho sebaka? Ba bangata ba lemaletse ho belaella se susumetsang ba bang.

Re le Bakreste, re lokela ho ba hlokolosi hore re se lumelle maikutlo a joalo ho ama kamano ea rōna le balumeli-’moho le rōna ba tšepahalang. Le hoja Jesu Kreste a ile a re phehella ho ba “seli joaloka linoha” ha re le har’a lira tsa rōna, ha aa ka a bolela hore re lokela ho belaella balateli ba hae ba ’nete. (Matheu 10:16) Ka hona, he, ho ba le maikutlo a fosahetseng ka ba bang ho na le likotsi life? Re lokela ho ba hlokolosi ka ho khetheha hore re qobe tšekamelo e joalo likarolong life? ’Me re ka sireletsa kamano ea rōna ea bohlokoa le Bakreste-’moho le rōna joang?

Thuto ea Nakong e Fetileng

Ho ba le maikutlo a fosahetseng ka ba bang ntle ho lebaka le utloahalang ho tšoana le ho ba ahlola. Ho joalokaha eka re potlakela ho etsa qeto ea hore lipolelo tsa bona kapa liketso ke feela boikhakanyo ba ho pata bolotsana le bokhopo bo itseng. Hangata bothata ba sebele bo bakoa ke pono e fosahetseng ea lintho, joalokaha ho ka bonoa tlalehong ea Bibele e fumanoang ho Joshua khaolo ea 22.

Baiseraele ba ne ba hapile Naha e Tšepisitsoeng kaofela ’me ba ne ba sa tsoa amohela likarolo tsa naha bakeng sa meloko ea bona. Moloko oa Rubene le oa Gade le halofo ea moloko oa Manase e ile ea haha aletare “e kholo, e bonahalang” lebōpong la Nōka ea Jordane. Meloko e meng ka phoso e ile ea nka hore sena ke ketso ea bokoenehi. Ho ile ha hakanngoa hore meloko eo e meraro e ne e tla sebelisa mohaho ona o moholo bakeng sa ho etsa mahlabelo ho e-na le ho ea tenteng ea pokano e Shilo, e leng sebaka se khethiloeng bakeng sa borapeli. Hang-hang, meloko ena e qosang e ile ea lokisetsa ho loana.—Joshua 22:10-12.

Hoa babatseha hore ebe ba ile ba buisana le barab’abo bona ba Baiseraele ka ho romela moifo o khethiloeng ka molao o eteletsoeng pele ke Finease. Ha e utloa liqoso tsa ho hloka botšepehi, borabele le bokoenehi khahlanong le Jehova, meloko eo ho hakanngoang hore e sitiloe e ile ea hlalosa lebaka la eona la ho haha aletare ena e khōlō. Ho e-na le ho ba aletare ea sehlabelo, e ne e lokela hore “e be bopaki” ba bonngoe ba meloko ea Iseraele ha e rapela Jehova. (Joshua 22:26, 27) Moifo ona o ile oa khutlela hae o khotsofetse hore ho ne ho se letho le phoso ka barab’abo bona. Kahoo ho ile ha qojoa ntoa ea lehae le tšollo ea mali e tšabehang.

Ke thuto e kaakang bakeng sa rōna hore le ka mohla re se ke ra potlakela ho ba le maikutlo a fosahetseng ka ba bang! Hangata se bonahalang eka ke ’nete ha u se sheba ka holimo feela ho fumaneha hore se fapane ka ho feletseng ha u se hlahlobisisa. Sena ke ’nete likarolong tse ngata tsa bophelo ba Mokreste.

Pono ea Rōna ka Baholo

Ha ba phetha boikarabelo ba bona ba “ho lisa phutheho ea Molimo,” ka linako tse ling baholo ba ho fumana ho hlokahala hore ba eletse batho ba sa tšoaneng ka phuthehong. (Liketso 20:28) Ka mohlala, re itšoara joang haeba moholo a buisana le rōna ka bana ba rōna mabapi le litaba tse kang litloaelano tse mpe kapa boitšoaro bo sa lokelang le e mong oa bong bo fapaneng? Na re nahana hore o patile maikutlo a hae ebe re ipolella hore, ‘Haesale a sa rate lelapa la rōna’? Haeba re lumella maikutlo a joalo hore a re susumetse, ho ka etsahala hore re ikoahlaee hamorao. Boiketlo ba moea ba bana ba rōna bo ka ’na ba e-ba kotsing, ’me re lokela ho ananela keletso e molemo ea Mangolo.—Liproverbia 12:15.

Ha moholo oa phutheho a re eletsa, a re se keng ra batla maikutlo a patehileng. Ho e-na le hoo, a re ipotseng hore na ho na le tsela eo ka eona re ka fumanang molemo keletsong ea hae e thehiloeng Bibeleng. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ke ’nete, ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo; empa leha ho le joalo ka mor’a moo ho ba koetlisitsoeng ke eona e beha litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.” (Baheberu 12:11) Ka hona a re leboheng ’me re nahane litaba ka tsela ea sebele. Hopola hore hangata ho thata hore baholo ba fane ka keletso joalokaha ho le thata hore re e amohele.

Maikutlo ka Batsoali

Ha ba talimane le lithibelo tse itseng tsa batsoali, bacha ba bang ba belaella se susumetsang batsoali ba bona. Bacha ba bang ba ka ’na ba re: ‘Ke hobane’ng ha batsoali ba ka ba etsa melao e mengata hakaale? E tlameha ebe ha ba batle hore ke thabele bophelo.’ Leha ho le joalo, ho e-na le ho etsa qeto e joalo, ho hlokahala hore ba bacha ba sekaseke boemo ka tsela ea sebele.

Batsoali ba qetile lilemo ba hlokomela bana ba bona. Sena se entsoe ka boitelo bo boholo linthong tse bonahalang le linthong tse ling. Na ho na le lebaka leha e le lefe la ho etsa qeto ea hore hona joale ba ikemiselitse ho etsa hore bana ba bona ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba se ke ba thabela bophelo? Na hase ho utloahalang haholoanyane ho nahana hore lerato le susumelletsa batsoali baa ho sireletsa bana ba bona le ho ba hlokomela? Na lerato lona leo le ne le ke ke la ba susumelletsa ho beha lithibelo tse itseng ho bana ba bona, bao hona joale ba talimaneng le liphephetso tse ncha bophelong? E ne e tla ba ho hloka mosa le teboho ho hokaakang ho ba le maikutlo a fosahetseng ka batsoali ba lerato!—Baefese 6:1-3.

Boikutlo ba Rōna ka Bakreste-’moho le Rōna

Ba bangata ba sekamela ho ahloleng ba bang ba se na boitsebiso bo lekaneng ka bona le ho ba le maikutlo a itseng ka bona kelellong. Ho thoe’ng haeba ka borōna re ile ra ba le boikutlo bo joalo ’me ra belaella batho ba itseng? Na ho ka etsahala hore ebe re susumelitsoe ke lefatše tabeng ee?

Ka mohlala, nka hore e mong oa barab’abo rōna ba moea o na le lehae le letle le koloi e theko e phahameng. Na e lokela ho ba ntho e itlelang feela hore re etse qeto ea hore o rata lintho tse bonahalang ebile ha a behe lithahasello tsa ’Muso pele bophelong? Ho ka etsahala hore ebe Bakreste ba bang ba na le chelete ea ho reka lintho tse ntle, empa seo ha se bolele hore ba na le sepheo se sebe kapa ha ba ‘batle ’muso pele.’ E ka ’na eaba ba tšoarehile haholo mesebetsing ea moea, ka kakaretso ba sebelisa lintho tsa bona tse bonahalang ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso, mohlomong ka tsela e sa hlokomeleheng.—Matheu 6:1-4, 33.

Phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo e ne e entsoe ka batho ba mefuta eohle—ba ruileng le ba futsanehileng. (Liketso 17:34; 1 Timothea 2:3, 4; 6:17; Jakobo 2:5) Molimo ha a ahlole batho motheong oa boemo ba bona licheleteng, ’me le rōna ha rea lokela ho etsa joalo. Re lokela ho rata balumeli-’moho le rōna ba ipakileng le ba tšepahalang, re “sa etse letho ho ea ka tšekamelo e leeme.”—1 Timothea 5:21.

Lefatšeng lena le rapaletseng matleng a Satane, ho ba le maikutlo a itseng ka motho kelellong le ho mo belaella ho bonahala ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, ho ka etsahala hore motho a talingoe e le ea mabifi kapa ea ratang lintho tse bonahalang feela ka lebaka la semelo sa hae. Leha ho le joalo, joaloka Bakreste ha rea tšoanela ho ba le maikutlo a joalo. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova hase sebaka sa ho khethollana le ho belaellana. Ho hlokahala hore Bakreste ba ’nete kaofela ba etsise Jehova Molimo, ea ‘seng khopo, ea sa eeng ka tšobotsi ea batho.’—2 Likronike 19:7; Liketso 10:34, 35.

Susumetsoa ke Lerato

Ka ho totobetseng Mangolo a bolela hore “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Ka hona ho hlokahala hore re talime barapeli-’moho le rōna e le ba kopaneng le rōna ho lekeng ka matla ho etsetsa Jehova tšebeletso e amohelehang. Haeba re lumeletse lipelaelo kapa maikutlo a mang a fosahetseng hore li ame kamano ea rōna le mor’abo rōna kapa morali’abo rōna e mong oa moea, a re rapelleng thuso ea Molimo bakeng sa ho loantša maikutlo a joalo e le hore re se ke ra ba liphofu tsa Satane. (Matheu 6:13) O ile a kholisa Eva hore Jehova o ne a e-na le sepheo se sebe, o ne a sa ameha ka boiketlo ba hae, ’me o ne a mo hanela ka bolokolohi bo neng bo ka etsa hore a thabe e le kannete. (Genese 3:1-5) Ho ba ha rōna le maikutlo a fosahetseng ka barab’abo rōna ho sebeletsa lipakane tsa hae.—2 Bakorinthe 2:11; 1 Petrose 5:8.

Haeba re hlokomela hore re na le tšekamelo ea ho ba le maikutlo a fosahetseng ka ba bang, a re nahaneng ka mohlala oa Jesu Kreste. Le hoja e ne e le Mora oa Molimo ea phethahetseng, ha aa ka a sheba maikutlo a mabe ho barutuoa ba hae. Ho e-na le hoo, Jesu o ne a sheba se molemo ho bona. Ha barutuoa ba hae ba ne ba loanela boemo ba bophahamo, ha aa ka a nahana hore ba na le sepheo se fosahetseng eaba o ba nkela sebaka ka baapostola ba bacha ba 12. (Mareka 9:34, 35) Kaha ba ne ba sa phethahala, ho ka etsahala hore ebe ba ne ba susumelitsoe ka tsela e itseng ke mekhoa ea Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda ea bokoenehi, ka ho hatisa ha eona boikhabi le khethollano ea lihlopha. Jesu o ne a tseba hore ntho e ka sehloohong e neng e susumetsa balateli ba hae ke lerato bakeng sa Jehova. Ka lebaka la ho bontša lerato le joalo le ho khomarela Jesu, ba ile ba putsoa haholo.—Luka 22:28-30.

Haeba re ne re ka sheba balumeli-’moho le rōna ba tšepahalang ka ho ba belaella, sena se ne se tla tšoana le ho sheba lintho ka khalase e etsang hore lintho li bonahale li fosahetse. Ha ho letho le neng le tla bonahala le le kamoo le hlileng le leng kateng. Ka lebaka leo, a re shebeng ka khalase ea lerato. Ho na le bopaki bo bongata ba hore Bakreste-’moho le rōna ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng baa re rata ’me re lokela ho ba nahanela ka mosa. (1 Bakorinthe 13:4-8) Ka hona, e se eka re ka ba bontša lerato ’me re hlokomele hore re se be le maikutlo a fosahetseng.

[Lebokose le leqepheng la 29]

‘Ba Phela Tumellanong Le Koetliso Ea Bolumeli Ba Bona’

MOSALI e mong oa Miami, Florida, U.S.A., o ile a romela lengolo le latelang koranteng ea moo: “Ka la 10 Dec. mora oa ka o ile a k’hothotsoa sepache ha a ne a le ’marakeng. Ka har’a sona ho ne ho e-na le lengolo la hae la ho khanna, karete ea Social Security le tse ling tse joalo, hammoho le $260 [R1215].

“Ka mor’a ho tlalehela mookameli ka ho utsoetsoa hoo, o ile a tla hae. Mantsiboea o ile a founeloa ke mosali ea neng a bua Sepanishe ea neng a tolokeloa ke motho ea sebetsang [lithelefonong], ea ileng a mo bolella hore o fumane sepache sa hae.

“Mosali eo o ile a neha mora oa ka aterese ea hae. . . . O ile a mo neha sepache sa hae, seo ho neng ho sa ntšoa letho ho sona, ho kopanyelletsa le $260 [R1215].

“Mosali eo o ne a ile a bona ha lesholu le utsoa sepache sa hae eaba oa hoeletsa. Lesholu le ile la lahla sepache ’me la tšola tlhako morong. Ka nako eo, mora oa ka o ne a se a potetse, kahoo mosali enoa o ile a nka sepache seo a ea le sona hae, ’me a founa.

“Mosali eo le lelapa la hae ke Lipaki tsa Jehova. Ka sebele, ba phela tumellanong le koetliso ea bolumeli ba bona.”

Lipaki tsa Jehova ha li tšepahale molemong oa hore li rorisoe ke batho. (Baefese 6:7) Ho e-na le hoo, ka tieo li lakatsa ho tlisetsa Ntate oa tsona oa leholimo, Jehova, thoriso. (1 Bakorinthe 10:31) Lerato la tsona ho Molimo le ho baahisani le li susumelletsa hore li bolele ‘litaba tse molemo’ tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Ka ’Muso, Molimo o tšepisa hore o tla fetola lefatše paradeise e ntle. Joale lefatše ha e na ho ba sebaka sa botle bo ka ntle feela, empa hape e tla ba sebaka sa boitšoaro bo khabane, moo botšepehi bo tla rena ka ho sa feleng.—Baheberu 13:18; 2 Petrose 3:13.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

U talima ba bang bao ka botšepehi ba rapelang Molimo joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ho tšepana le ho hlomphana li etsa hore Lipaki tsa Jehova e be lelapa le le leng le thabileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela