Pina ea 49
Molimo o Moholo, Jehova!
1. Jah, o moholo, Ea matla ’ohle,
Ha re’u boka rea thaba,
Re tsamaea ka toka. U Molopolli, Moahloli, Khosi.
Re ikarabella ho uena kamehla.
Molimo, u toka, ee, u khabane.
Ak’u re thuse ho qoba sebe.
Re batla ho tlotla lebitso la hao,
Re u hlomphe re se boele morao.
’Mōpi oa rōna, u re tšehetse.
Phelo bo tsoa ho uena (u le mong).
2. Jah, o moholo, Oa halalela,
Re thabile tšebetsong Ea hao le likabelong.
U Tor’a rōna, Matla a rōna.
Re ipea ho uena ho tsoa boikutlong.
Molimo, u matla, ee, o lerato.
U re thusa ho phema liphoso.
Lebitso la hao re tla le tumisa,
Re ’ne re sebeletse uena feela.
Matla a rōna, Thebe le Thuso.
Re u tšepa kamehla (Jehova).
3. Jah, o moholo, le Morupeli,
U Molim’o molemo, O tšoaneloa ke thoko.
Uena’u, Lefika, O’a Namolela;
Re ka’u atamela joalo ka thapelo.
Molimo, u mosa, ’me u-oa fana.
Ha re tla ho uena, rea tšelisoa.
Re rata Lebitso, ’me re tla bona
Ha oa hao morero o phethahala.
Jah, u Morena, le Oa holimo.
U Molimo u ’notši (’Moloki).