Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U Motsoalle oa Molimo?—Se Senoloang ke Lithapelo Tsa Hao
    Molula-Qhooa—1997 | July 1
    • Na U Motsoalle oa Molimo?—Se Senoloang ke Lithapelo Tsa Hao

      NA U se u kile ua utloa batho ba babeli ba qoqang? Ha ho pelaelo hore ha hoa ka ha nka nako hore u fumane boleng ba botsoalle ba bona—hore na ke bakhotsi kapa batho ba sa tsebaneng, batho ba mpang ba tsebana feela kapa metsoalle e atamelaneng, e tšepanang. Ka tsela e tšoanang, lithapelo tsa rōna li ka senola botsoalle ba rōna le Molimo.

      Bibele e re tiisetsa hore Molimo ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna.” (Liketso 17:27) Ka sebele, o re khothalletsa hore re mo tsebe. Re ka ba ra ba metsoalle ea hae. (Pesaleme ea 34:8; Jakobo 2:23) Re ka thabela botsoalle bo haufi-ufi le eena! (Pesaleme ea 25:14, BPN) Ka ho hlakileng, botsoalle ba rōna le Molimo ke ntho ea bohlokoahali eo rōna batho ba sa phethahalang re ka bang le eona. ’Me Jehova o nka botsoalle ba rōna e le ba bohlokoa. Sena se totobetse kaha botsoalle ba rōna le eena bo itšetlehile ka ho ba ha rōna le tumelo ho Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa hae, ea ileng a nehelana ka bophelo ba hae bakeng sa rōna.—Bakolose 1:19, 20.

      Ka hona, lithapelo tsa rōna li lokela ho bontša ho rata Jehova ka botebo le ho mo ananela. Le hoja lithapelo tsa hao li e-na le tlhompho, na u se u kile ua utloa eka li batla li haelloa ke boikutlo ba sebele bo tlohang pelong? Ho tloaelehile. Senotlolo sa ho lokisa bothata ke sefe? Ke ho hōlisa botsoalle ba hao le Jehova Molimo.

      Ho Fumana Nako ea ho Rapela

      Pele ho tsohle, ho nka nako ho hōlisa botsoalle le ho bo hlaolela. Letsatsi le leng le le leng u ka ’na ua lumelisa kapa hona ho qoqa le batho ba bangata—baahisani, basebetsi-’moho, bakhanni ba libese le litlelereke tsa mabenkele. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore u fela u le motsoalle oa batho bao. Botsoalle bo hōla ha u bua le motho ka ho feletseng, le bua ka lintho tse akaretsang hammoho le ho bolellana maikutlo a ka hare le menahano.

      Ka tsela e tšoanang, thapelo e re thusa hore re be haufi le Jehova. Empa e lokela ho fuoa nako e lekaneng; ho hlokahala nako e eketsehileng ho feta feela ea teboho e khutšoanyane nakong ea lijo. Ha u bua le Jehova nako e eketsehileng, u khona ho hlophisa maikutlo, merero le liketso tsa hao haholoanyane. Ha moea oa Molimo o re hopotsa melao-motheo e hlahang Lentsoeng la hae, re qala ho fumana tharollo ea mathata a boima. (Pesaleme ea 143:10; Johanne 14:26) Ho feta moo, ha u rapela, Jehova e ba oa sebele haholoanyane ho uena, ’me u elelloa ka ho eketsehileng thahasello ea hae e lerato le ho ameha ha hae ka uena.

      Sena ke ’nete, haholo-holo ha thapelo ea hao e arabeloa. Ka sebele, Jehova a ka ‘etsa ka ho fetisisang haholoanyane ho ka ’nģane ho lintho tsohle tseo re li kōpang kapa re li nahanang’! (Baefese 3:20) Sena ha se bolele hore Molimo o u etsetsa mehlolo. Leha ho le joalo, a ka ’na a u neha keletso kapa tataiso tseo u li hlokang ka Lentsoe la hae le ngotsoeng, lingoliloeng tsa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang kapa ka melomo ea bara le barali babo rōna ba lerato. Kapa a ka ’na a u neha matla ao u a hlokang bakeng sa ho tiisetsa kapa ho hanela teko. (Matheu 24:45; 2 Timothea 4:17) Liphihlelo tse joalo li etsa hore lipelo tsa rōna li ananele Motsoalle oa rōna oa leholimo haholo!

      Ka lebaka leo, motho o lokela ho ipha nako ea ho rapela. Ke ’nete hore matsatsing ana a sithabetsang, nako ea haella. Empa haeba ka sebele u tsotella motho ea itseng, hangata u fumana nako ea ho ba le eena. Hlokomela tsela eo mopesaleme a ileng a itlhalosa ka eona: “Joalo ka khama ha e tsetselela metsi a melatsoana, ho joalo le moea oa ka, o tsetselela uena, Molimo! Moea oa ka o nyoretsoe Molimo, Molimo o utloang. Ke tla ea neneng, ke be ke itlhahise pel’a Molimo?” (Pesaleme ea 42:1, 2) Na u na le tabatabelo e tšoanang ea ho bua le Molimo? Joale ithekele nako ea ho etsa joalo!—Bapisa le Baefese 5:16.

      Ka mohlala, u ka ’na ua leka ho tsoha esale hoseng e le hore u be le nako ea botho ea ho rapela. (Pesaleme ea 119:147, BPN) Na ka linako tse ling u ee u hlobaele bosiu? Joale, joaloka mopesaleme u ka talima linako tse joalo tse tšoenyang e le monyetla oa ho bolella Molimo seo u amehileng ka sona. (Pesaleme ea 63:6) Kapa e ka ’na ea e-ba taba ea ho lula u etsa lithapelo tse khutšoanyane motšehare. Mopesaleme o ile a re ho Molimo: “Ke bitsa ho uena tsatsi lohle!”—Pesaleme ea 86:3.

      Ho Ntlafatsa Boleng ba Lithapelo Tsa Rōna

      Ka linako tse ling u tla fumana hore ho molemo ho eketsa bolelele ba lithapelo tsa hao. Nakong eo u rapelang thapelo e khutšoanyane, u ka ’na ua sekamela ho bueng ka lintho tse sa tebang. Empa ha u rapela nako e teletsana ’me e le ka botebo, u ntša mehopolo le maikutlo a hao a ka hare habonolo. Bonyane hang Jesu o kile a qeta bosiu bohle a rapela. (Luka 6:12) Ha ho pelaelo hore u tla fumana lithapelo tsa hao e e-ba tse tebileng le tse nang le moelelo haholoanyane haeba u qoba ho rapela ka potlako.

      Sena ha se bolele hore u lokela ho potoloha taba haeba u bua se fokolang feela; leha e le hore ho bolela hore u tšepele ho pheta-pheteng taba ho se nang moelelo. Jesu o ile a lemosa: “Ha u rapela, u se ke ua pheta-pheta lintho tse tšoanang, feela joalokaha batho ba lichaba ba etsa, kaha ba nahana hore ba tla utluoa ka lebaka la ho sebelisa ha bona mantsoe a mangata. Kahoo, le se ke la iketsa ba tšoanang le bona, etsoe Molimo Ntate oa lōna oa tseba hore na ke lintho life tseo le li hlokang le pele le mo kōpa.”—Matheu 6:7, 8.

      Ha u nahana esale pele ka lintho tseo u batlang ho bua ka tsona, thapelo e ba le moelelo haholoanyane. Lintho tseo re ka buang ka tsona ha li fele—e ka ba ka thabo ea rōna tšebeletsong, mefokolo ea rōna le ho se phethahale ha rōna, ho sareloa ha rōna, ho ameha ha rōna ka boemo ba moruo, likhatello tseo re li fumanang mosebetsing kapa sekolong, boiketlo ba malapa a rōna hammoho le boemo ba moea ba phutheho ea habo rōna, ha re bolela tse seng kae feela.

      Na ka linako tse ling kelello ea hao e ee e lelere ha u rapela? Joale iteke ka matla ho tsepamisa mohopolo oa hao thapelong. Ka mabaka a utloahalang, Jehova o ikemiselitse ho ‘mamelisisa likōpo tsa rōna tse tiileng.’ (Pesaleme ea 17:1, NW) Na ha rea lokela ho ikemisetsa ho etsa boiteko bo tiileng ba ho mamelisisa lithapelo tsa rōna? Ka sebele, ‘beha kelello ea hao linthong tsa moea’ ’me u e hanele ho lelera.—Baroma 8:5.

      Tsela eo re buisanang le Jehova ka eona e boetse ke ea bohlokoa. Le hoja a batla hore re mo nke e le motsoalle, le ka mohla ha rea lokela ho lebala hore re bua le ’Musi oa bokahohleng. Bala ’me u nahane ka pono e hlollang e bontšitsoeng ho Tšenolo khaolo ea 4 le ea 5. Moo Johanne o ile a bona pono e khanyang ea Eo re mo rapelang. Re na le tokelo e kaakang ea ho atamela “Ea lutseng teroneng”! Le ka mohla re ke ke ra batla ho bua ka tsela e hlokang tlhompho kapa e sa lokelang. Ho e-na le hoo, re lokela ho iteka ka hohle ho etsa hore ‘Jehova a khahloe ke mantsoe a melomo ea rōna le ho nahana ha lipelo tsa rōna.’—Pesaleme ea 19:14.

      Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore ha re khahlise Jehova ka ho bua ka bokheleke. O khahlisoa ke ho itlhalosa ha rōna ka tlhompho le ka ho tsoa pelong, ho sa tsotellehe hore na re itlhalosa ka lipolelo tse bonolo hakae.—Pesaleme ea 62:8.

      Matšeliso le Kutloisiso Nakong eo li Hlokahalang

      Ha re hloka thuso le matšeliso, hangata re leba ho motsoalle oa hlooho ea khomo bakeng sa hore a re tšehetse le ho re utloela bohloko. Bonneteng, ha ho motsoalle ea fumanehang habonolo ho feta Jehova. Ke “thuso e teng kamehla, thuso matšoenyehong.” (Pesaleme ea 46:2, BPN) E le “Molimo oa matšeliso ’ohle,” o utloisisa seo re leng ho sona ho feta leha e le mang e mong. (2 Bakorinthe 1:3, 4; Pesaleme ea 5:1; 31:7) ’Me ka sebele o qenehela le ho utloela ba tsietsing bohloko. (Esaia 63:9; Luka 1:77, 78) Re hlokomela hore Jehova ke motsoalle ea utloisisang, re lokoloha ho bua le eena ka mofuthu le ka botebo. Re susumelletseha hore re bolele lintho tse tebileng tseo re li tšabang le matšoenyeho a rōna. Kahoo, re bona ka mahlo tsela eo ka eona ‘matšeliso a Jehova a hlabollang moea oa rōna’ kateng.—Pesaleme ea 94:18, 19.

      Ka linako tse ling re ka ’na ra ikutloa re sa tšoaneloe ke ho atamela Molimo ka lebaka la liphoso tsa rōna. Empa ho thoe’ng haeba motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a u foselitse ’me a kōpa tšoarelo? Na u ne u sa tl’o susumelletseha hore u mo tšelise le ho mo khothatsa? Joale ke hobane’ng ha u ka lebella ho fokolang ho Jehova? O tšoarela ka ho feletseng metsoalle ea hae e etsang sebe ka lebaka la ho se phethahale ha botho. (Pesaleme ea 86:5; 103:3, 8-11) Kaha re tseba sena, ha re na bothata ba hore ka bolokolohi re mo bolelle liphoso tsa rōna; re ka kholiseha ka lerato la hae le mohau oa hae. (Pesaleme ea 51:17) Haeba re nyahamisitsoe ke mefokolo ea rōna, re ka tšelisoa ke mantsoe a 1 Johanne 3:19, 20: “Ka sena re tla tseba hore re simoloha ’neteng, ’me re tla kholisa lipelo tsa rōna ka pel’a hae mabapi le eng kapa eng eo lipelo tsa rōna li ka re tsoang ho eona, hobane Molimo o moholo ho feta lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.”

      Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore re be tsietsing e le hore re latsoe kameho e lerato ea Molimo. Jehova o thahasella ntho leha e le efe e ka ’nang ea ama boiketlo ba rōna moeeng kapa maikutlong. Ka sebele, le ka mohla ha rea lokela ho nahana hore maikutlo a rōna, menahano ea rōna le lintho tseo re amehileng ka tsona hase tsa bohlokoa hoo re ka buang ka tsona thapelong. (Bafilippi 4:6) Na ha u e-na le motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo u bua feela ka liketsahalo tse khōlō bophelong ba hao? Na ha u bue le ka lintho tse fokolang tseo u amehileng ka tsona? Ka tsela e tšoanang, u ka lokoloha ho bua le Jehova ka boemo leha e le bofe ba bophelo ba hao, u tseba hore ‘oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7.

      Ka sebele, botsoalle bo ke ke ba tšoarella haeba ka linako tsohle u lula u bua ka se amang uena. Ka mokhoa o tšoanang, lithapelo tsa rōna ha ea lokela ho ba tsa boithati. Re boetse re lokela ho bua ka lerato la rōna le kameho ea rōna ka Jehova le lithahasello tsa hae. (Matheu 6:9, 10) Thapelo hase monyetla oa ho kōpa Molimo thuso feela, empa e boetse ke monyetla oa ho mo leboha le ho mo rorisa. (Pesaleme ea 34:1; 95:2) ‘Ho ithuisa tsebo’ ka thuto ea botho ea kamehla ho tla re tataisa ntlheng ena, kaha ho re thusa hore re tloaelane hamolemonyana le Jehova le litsela tsa hae. (Johanne 17:3) U ka ’na ua fumana ho thusa haholo ho bala buka ea Lipesaleme le ho hlokomela kamoo bahlanka ba bang ba tšepahalang ba ileng ba itlhalosa kateng ho Jehova.

      Ka sebele, botsoalle ba Jehova ke mpho ea bohlokoa. E se eka re ka bontša hore rea bo ananela ka ho etsa hore lithapelo tsa rōna e be tse tebileng haholoanyane, tse tlohang pelong ’me e be tsa botho. Joale re tla latsoa thabo e ileng ea hlalosoa ke mopesaleme, ea ileng a re: “Ho thabile eo u mo khethileng le eo u mo atametsang ho uena.”—Pesaleme ea 65:4, NW.

      [Setšoantšo se leqepheng la 28]

      Re ka rapela Molimo neng le neng ha monyetla o hlaha

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1997 | July 1
    • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

      Re ile ra thabela thuto ea rōna ea setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli. Mabapi le kutloisiso e ncha e hlahileng ho “Molula-Qhooa” oa October 15, 1995, na re ntse re ka re Lipaki tsa Jehova kajeno li kopanela mosebetsing oa ho arola?

      E. Ka ho utloahalang, ba bangata ba ile ba nahana ka sena hobane Matheu 25:31, 32 e re: “Ha Mora oa motho a fihla ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena, joale o tla lula teroneng ea hae e khanyang. ’Me lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae, ’me o tla arola batho e mong ho e mong, feela joalokaha molisa a arola linku ho lipōli.” Molula-Qhooa oa October 15, 1995, o ile oa bontša hore na ke hobane’ng ha litemana tsena li sebetsa ka mor’a hore matšoenyeho a maholo a qale. Jesu o tla fihla ka khanya ea hae a e-na le mangeloi a hae ’me o tla lula teroneng ea hae ea kahlolo. Joale o tla arola batho. Ka kutloisiso efe? O tla etsa liqeto a itšetlehile ka seo batho ba se entseng kapa seo ba sa se etsang nakong e fetileng.

      Re ka bapisa sena le mehato ea molao e nkuoang, e lebisang nyeoeng. Bopaki bo bokelloa nako e telele pele lekhotla le ka etsa qeto le ho liha kahlolo. Bopaki ba hore na batho ba phelang hona joale ba tla ipaka e le linku kapa lipōli bo ’nile ba bokelloa ka nako e telele. ’Me bo ntse bo eketseha. Empa ha Jesu a lula teroneng ea hae, nyeoe e tla phethoa. O tla be a loketse ho liha kahlolo. Batho ba tla aroloa ho ea timetsong ea ka ho sa feleng kapa bophelong bo sa feleng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela