-
Tokoloho ea Bolumeli e Bolela Eng ho Uena?Molula-Qhooa—1997 | February 1
-
-
e meng e na le maqhama a haufi-ufi le bolumeli bo itseng ’me e nka batho ba litumelo tse ling e le tšokelo bolaoling ba eona ba lipolotiki. Hape ’muso o ka ’na oa talima bolumeli bo e-na le kotsi lipolotiking hobane malumeli a ka ’na a tšepahala ho Molimo ho feta ho mamela naha.”
Ka mabaka ana, mebuso e meng e beha lithibelo tšebelisong ea bolumeli. E seng mekae ha e khothalletse ka ho feletseng tšebeliso ea tumelo leha e le efe. E meng le hoja e bolela hore e tšehetsa tokoloho ea borapeli, e laola ka ho sa tenyetseheng litšebeletso tsohle tsa bolumeli.
Ka mohlala, nahana ka boemo bo ileng ba rena ka lilemo tse ngata Mexico. Le hoja Molao-motheo o ne o tiisitse tokoloho ea bolumeli, o ne o qaqisa: “Likereke tse sebelisetsoang borapeli ba sechaba ke thepa ea Sechaba, e emetsoeng ke ’Muso oa Kopanelo o tlang ho rera hore na ke life tse ka tsoelang pele li sebelisoa ka mokhoa oo.” Ka 1991, Molao-motheo oo o ile oa lokisoa ho felisa moeli ona. Leha ho le joalo, mohlala ona o bontša hore tokoloho ea bolumeli e ka hlalosoa ka mekhoa e fapaneng linaheng ka ho fapana.
Mofuta o Mong oa Tokoloho ea Bolumeli
Na naheng eo u lulang ho eona ho na le tokoloho ea bolumeli? Haeba ho joalo, e hlalosoa joang? Na u ka rapela Molimo ka mokhoa oo u o khethang, kapa u qobelloa ho ba setho sa bolumeli ba Naha? Na u lumeletsoe ho bala le ho hasanya lingoliloeng tsa bolumeli, kapa ’muso o thibetse boitsebiso bo joalo bo ngotsoeng? Na u ka bua le ba bang ka tumelo ea hao, kapa see se talingoa e le ho kena-kenana le litokelo tsa bona tsa bolumeli?
Likarabo tsa lipotso tsena li itšetlehile ka hore na u lula hokae. Leha ho le joalo, ka ho thahasellisang ho na le mofuta oa tokoloho ea bolumeli oo ho hang o sa itšetlehang ka sebaka. Ha a ne a le Jerusalema ka selemo sa 32 C.E., Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, ’me le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:31, 32.
Jesu o ne a bolela’ng ka polelo ee? Bamameli ba hae ba Bajuda ba ne ba laba-labela ho lokoloha pusong ea Maroma. Empa Jesu o ne a sa bue ka tokoloho khatellong ea lipolotiki. Ho e-na le hoo, o ne a tšepisa barutuoa ba hae ho hong ho molemonyana, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.
-
-
Ho Lokolloa ke ’NeteMolula-Qhooa—1997 | February 1
-
-
Ho Lokolloa ke ’Nete
UNITED STATES, batho ba fetang milione ba koaletsoe lichankaneng. Ho bana, ba ka bang likete tse tharo ba ahloletsoe lefu. Ak’u inke u le boemong boo. U ne u tla ikutloa joang? Khopolo ea monyetla o joalo ka sebele ea nyarosa. Leha ho le joalo, ka kutloisiso e itseng, batho bohle ba boemong bo tšoanang. Bibele e re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) E, joaloka bana ba Adama, re “koaletsoe chankaneng” ke boemo ba boetsalibe. (Baroma 5:12) Re utloa liphello tsa ho koalloa ha rōna chankaneng letsatsi le leng le le leng joaloka moapostola Pauluse oa Mokreste ea ileng a ngola: “Lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.”—Baroma 7:23.
Ka lebaka la tlhaho ea rōna ea boetsalibe, e mong le e mong oa rōna ka puo ea tšoantšetso o ahloletsoe lefu, kaha Bibele ea bolela: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Mopesaleme Moshe o ile a hlalosa boemo ba rōna hantle: “Re na le lilemo tse mashome a supileng feela—haeba re le matla, tse mashome a robileng meno e le ’meli; empa sohle seo li re tlisetsang sona ke matšoenyeho le masoabi; bophelo bo fela kapele, ’me ha re sa le eo.”—Pesaleme ea 90:10, Today’s English Version; bapisa le Jakobo 4:14.
Jesu o ne a nahanne ka bokhoba ba moloko oa batho sebeng le lefung ha a tla re ho balateli ba hae: “’Nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Ka mantsoe ao, Jesu o ne a fa balateli ba hae tšepo ea ho hong ho fetang hōle tokoloho pusong ea Maroma—o ne a ba fa tšoarelo ea libe le tokoloho lefung! See ba ne ba tla se nehoa joang? Jesu o ile a ba bolella: “Haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.” (Johanne 8:36) E, ka ho nehela bophelo ba hae, “Mora,” Jesu, o ile a sebeletsa e le sehlabelo sa poelano bakeng sa ho reka se neng se lahluoe ke Adama. (1 Johanne 4:10) Sena se ile sa bulela moloko oohle o mamelang oa batho tsela hore o lokolohe botlamuoeng ba sebe le lefu. Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo o ile a shoa “e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Kahoo, ’nete e ka re lokollang e likoloha ho Jesu Kreste. Bao e bang balateli ba tsamaeang mohlaleng oa hae ba na le tšepo ea ho lokolloa sebeng le lefung ha ’Muso oa Molimo o nka taolo ka ho feletseng litabeng tsa lefatše. Esita le hona joale, ba amohelang ’nete ea Lentsoe la Molimo ba fumana tokoloho ea sebele. Ka litsela life?
Tokoloho ho Tšabeng Bafu
Ba limilione kajeno ba lula ba tšaba bafu. Hobane’ng? Hobane malumeli a bona a ba rutile hore moea o tloha ’meleng lefung ’me o fetela sebakeng sa moea. Ke ka hona linaheng tse ling e leng tloaelo hore beng ka mofu ba etse tebelo e nkang matsatsi le masiu a itseng. Hangata sena se kopanyelletsa ho binela holimo le ho tilinya meropa. Ba shoetsoeng ba lumela hore sena se tla khahlisa motho ea shoeleng ’me se thibele moea oa hae ho khutlela ho tla tšoenya ba phelang. Lithuto tse fosahetseng tsa Bokreste-’mōtoana mabapi le bafu li mpa feela li tlatselitse ho hōliseng neano ena.
Leha ho le joalo, Bibele e senola ’nete mabapi le boemo ba bafu. E bontša ka ho hlaka hore moea oa hao ke uena, eseng karolo e itseng ea hao ea mohlolo e phelang ka mor’a lefu. (Genese 2:7; Ezekiele 18:4) Ho feta moo, bafu ha ba hlokofatsoe mollong oa lihele, leha e le hona hore ke karolo ea sebaka sa moea e ka amang ba phelang. Bibele e re: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . Nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moeklesia 9:5, 10.
Linnete tsena tsa Bibele li lokolotse batho ba bangata tšabong ea bafu. Ha ba sa kena litšenyehelong tsa ho hlabela balimo e le ho bōpa khotso le bona, leha e le hona hore ba khathatseha ka hore baratuoa ba bona ba hlokofatsoa ka sehlōhō ka lebaka la libe tsa bona. Ba ithutile hore Bibele e fana ka tšepo e hlollang bakeng sa ba shoeleng, kaha e re bolella hore ka nako e behiloeng ea Molimo, ho tla ba le “tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.” (Liketso 24:15; Johanne 5:28, 29) Ka hona, bafu ba mpa ba phomotse feela hona joale, joalokaha eka ba borokong bo tebileng.—Bapisa le Johanne 11:11-14.
’Nete e mabapi le boemo ba bafu le tšepo ea tsoho li ka re lokolla ho nyahameng ho ka ’nang ha tlisoa ke lefu. Tšepo e joalo e ile ea tšehetsa banyalani ba bang ba United States ha mora oa bona ea lilemo li ’nè a ne a e-shoa kotsing. ’Mè oa hae oa lumela: “Ho na le sekheo se ke keng sa koaloa bophelong ba rōna ho fihlela ha re boela re bona mora oa rōna tsohong ea bafu. Empa rea tseba hore ho utloa bohloko ha rōna ke ha nakoana feela, kaha Jehova o tšepisa ho hlakola meokho ea rōna ea ho sareloa.”—Tšenolo 21:3, 4.
Tokoloho ho Tšabeng Bokamoso
Bokamoso bo tšoere eng? Na lefatše la rōna le tla cha koluoeng ea nyutlelie? Na ho senyeha ha tikoloho ea lefatše ho tla etsa hore polanete ea rōna e be eo ho ke keng ha luloa ho eona? Na ho hlepha ha boitšoaro ho lebisa ho oeng ha puso le mofere-fereng? Ka sebele ba bangata kajeno ba tšohile sena.
Leha ho le joalo, Bibele e lokolla tšabong e joalo e hlokisang tšepo. E re tiisetsa hore “lefatše le hlola ka ho sa feleng.” (Moeklesia 1:4) Jehova ha aa bōpela polanete ea rōna hore feela a e bone ha e senngoa ke batho ba se nang boikarabelo. (Esaia 45:18) Ho e-na le hoo, Jehova o ile a bōpa lefatše hore e be lehae la paradeise bakeng sa lelapa le momahaneng la batho. (Genese 1:27, 28) Morero oa hae ha oa fetoha. Bibele e re bolella hore Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Ka mor’a moo, Bibele e re “ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:11.
Tšepiso ena ea tšepahala, kaha Molimo ha a bue leshano. Jehova o ile a bua ka moprofeta oa hae Esaia: “Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.” (Esaia 55:11; Tite 1:2) Ka hona, ka kholiseho re ka lebella ka thabo tšepiso ea Molimo e tlalehiloeng ka Bibeleng ho 2 Petrose 3:13: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho tsena ho loka ho tla aha.”
Tokoloho ho Tšabeng Batho
Bibele e re fa mehlala e ikhethang ea banna le basali ba ileng ba bontša sebete borapeling ba bona ho Molimo. Har’a bana e bile Gideone, Barake, Debora, Daniele, Esthere, Jeremia, Abigaile le Jaele—ha re bolela ba seng bakae feela. Banna le basali bana ba tšepahalang ba ile ba bontša boikutlo ba mopesaleme ea ileng a ngola: ‘Ke itšepetse Molimo, nke ke ka tšaba letho: motho a ka nketsa’ng?’—Pesaleme ea 56:11.
Lekholong la pele la lilemo, moapostola Petrose le moapostola Johanne ba ile ba bontša sebete se tšoanang ha balaoli ba bolumeli ba ba laela hore ba khaotse ho bolela. Ba ile ba arabela: “Ha e le rōna, re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” Ka lebaka la ho ema ha bona ba tiile, hamorao Petrose le Johanne ba ile ba kenngoa chankaneng. Ka mor’a ho lokolloa ha bona ka mohlolo, ba ile ba khutlela tšebeletsong ’me ba tsoela pele “ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete.” Ka potlako Petrose le baapostola ba bang ba ile ba tlisoa ka pel’a Sanhedrine ea Sejuda. Moprista ea phahameng o ile a re ho bona: “Re ile ra le laela ka tieo hore le se ke la ’na la ruta motheong oa lebitso lena, ’me leha ho le joalo, bonang! le tlatsitse Jerusalema thuto ea lōna.” Petrose le baapostola ba bang ba ile ba araba: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 4:16, 17, 19, 20, 31; 5:18-20, 27-29.
Mosebetsing oa tsona oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, Lipaki tsa Jehova kajeno li leka ka matla ho etsisa cheseho ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Esita le bacha ba tsona hangata ba ipaka ba sa tšabe ho bua le ba bang ka tumelo ea bona. Nahana ka mehlala e meng.
Mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, Stacie, ka tlhaho ke motho ea lihlong. Ka lebaka leo, ho bua le ba bang ka tumelo ea hae e ne e le phephetso qalong. O ile a etsa joang ho hlōla lihlong tsa hae? O re: “Ke ile ka ithuta Bibele ’me ka etsa bonnete ba hore ke utloisisa seo ke se buang. Hoo ho ile ha bebofatsa lintho, ’me ke ile ka itšepa haholoanyane.” Botumo bo botle ba Stacie bo ile ba tlalehoa koranteng ea sebaka sa habo. Sehlooho seo se neng se ngotsoe ke tichere ea sekolong sa hae se ile sa hlalosa: “Tumelo [ea Stacie] e bonahala e mo file matla a ho loana le likhatello tse ngata tseo bacha ba bangata ba bang le tsona. . . . O utloisisa hore ho sebeletsa Molimo ho lokela ho tla pele kelellong ea hae.”
Tommy o ile a qala ho rutoa Bibele ke batsoali ba hae ha a ne a le lilemo li hlano feela. Esita le lilemong tsa bonyenyane, o ile a emela borapeli ba ’nete ka sebete. Ha liithuti-’moho le eena li ne li etsa litšoantšo tsa matsatsi a phomolo, Tommy o ne a etsa litšoantšo tsa Paradeise eo Molimo a e tšepisitseng. Ha e le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, Tommy o ile a hlokomela hore barutoana ba bangata ba ne ba sa utloisise tumelo ea Lipaki tsa Jehova. Ho e-na le hore a tsila-tsile ka lebaka la tšabo, o ile a kōpa tichere ea hae e ’ngoe hore na a ka tsamaisa puisano ea lipotso le likarabo tlelaseng ea hae e le hore a ka araba lipotso tsohle tsa bona ka nako e le ’ngoe. Sena se ile sa lumelloa ’me ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle.
Ha a ne a le lilemo li 17, Markietta o ile a fumana monyetla o motle oa ho bua le ba bang tlelaseng ea hae ka tumelo ea hae. O re: “Re ne re fuoe kabelo ea ho bua ka ho itseng. Ke ile ka khetha hore seo ke tlang ho bua ka sona se tsoe bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.a Ke ile ka khetha likhaolo tse hlano bukeng eo ’me ka ngola lihlooho tsa tsona botong. Ke ile ka kōpa sehlopha hore se li thathamise ho ea kamoo sona se li bonang li le bohlokoa.” Ho ile ha latela puisano eo sehlopha sohle se ileng sa nka karolo ho eona. Markietta oa phetha: “Ke ile ka bontša sehlopha buka eo, ’me boholo ba liithuti bo ile ba kōpa likopi. Esita le tichere ea ka e ile ea re ea e batla.”
’Nete e ka U Lokolla
Joalokaha re bone, ’nete e ka Bibeleng e na le liphello tse lokollang batho ba lilemo tsohle ba ithutang eona, ’me ba nka molaetsa oa eona ka botebo. E ba lokolla tšabong ea bafu, tšabong ea bokamoso le tšabong ea batho. Qetellong, thekollo ea Jesu e tla lokolla moloko oa batho o mamelang sebeng le lefung. E tla ba thabo e kaakang ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng, re se re sa koalloa chankaneng ke boemo ba rōna boo re bo futsitseng ba boetsalibe!—Pesaleme ea 37:29.
Na u ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka litlhohonolofatso tseo Molimo a li tšepisitseng? Haeba ho joalo, u lokela ho etsa eng? Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ka hona, haeba u batla ho latsoa tokoloho eo Jesu a e tšepisitseng barutuoa ba hae, u lokela ho ithuta ka Jehova Molimo le ka Mora oa hae. U lokela ho tseba hore na thato ea Molimo ke eng ’me joale u e etse, kaha Bibele e re: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tlas’a ’Muso oa Molimo, qetellong moloko oa batho o tla lokolloa sebeng le lefung
-