Khaolo ea 8
Sireletsa Lelapa la Hao Litšusumetsong Tse Senyang
1-3. (a) Litšusumetso tse senyang tse sokelang lelapa li tsoa mehloling efe? (b) Batsoali ba hloka ho leka-lekana hofe mabapi le ho sireletsa lelapa la bona?
U MOTHATING oa ho romela moshanyana oa hao e monyenyane sekolong, ’me pula ea tšoloha. U sebetsana le boemo boo joang? Na u mo lumella hore a tsoe a tlōla-tlōla a sa apara liaparo tsa pula? Kapa na u mo tutuella ka liphahlo tse ngata tse mo sireletsang hoo a sitoang le ho sisinyeha? Che, ha u etse le e ’ngoe ea tsona. U mo fa feela se hlokahalang ho mo boloka a omme.
2 Ka tsela e tšoanang, batsoali ba tlameha ho fumana tsela e leka-lekaneng ho sireletsa lelapa la bona litšusumetsong tse senyang tse ba tšolohelang li e-tsoa mehloling e mengata—indastering ea boithabiso, mecheng ea litaba, lithakeng ’me ka linako tse ling le likolong. Batsoali ba bang ba etsa ho fokolang kapa ha ba etse letho ho sireletsa lelapa la bona. Ba bang, ka ho talima hoo e ka bang litšusumetso tsohle tse tsoang kantle e le tse kotsi, e ba ba thata hoo bana ba ikutloang eka baa bupetsana. Na ho leka-lekana ho ka khoneha?
3 E, ho ka khoneha. Ho ba ea feteletseng ha ho na liphello tse molemo ’me ho ka baka koluoa. (Moeklesia 7:16, 17) Empa batsoali ba Bakreste ba fumana ho leka-lekana ho nepahetseng joang mabapi le ho sireletsa lelapa la bona? Nahana ka libaka tse tharo: thuto, botsoalle le boikhathollo.
KE MANG EA TLA RUTA BANA BA HAO?
4. Batsoali ba Bakreste ba lokela ho talima thuto joang?
4 Batsoali ba Bakreste ba nka thuto e le ea bohlokoa haholo. Baa tseba hore ho kena sekolo ho thusa bana hore ba tsebe ho bala, ho ngola, le ho fetisa boitsebiso, hammoho le ho rarolla mathata. Hape ho lokela ho ba ruta le mokhoa oa ho ithuta. Tsebo eo bana ba e fumanang sekolong e ka ba thusa hore ba atlehe ho sa tsotellehe liphephetso tsa lefatše la kajeno. Ho phaella moo, thuto e ntle e ka ba thusa ho etsa mosebetsi o phahameng.—Liproverbia 22:29.
5, 6. Bana ba ka pepesetsehela boitsebiso bo sothehileng joang sekolong litabeng tsa botona le botšehali?
5 Leha ho le joalo, sekolo se boetse se khobokanya bana—bao ba bangata ba bona ba nang le maikutlo a sothehileng. Ka mohlala, nahana ka maikutlo a bona ka botona le botšehali le boitšoaro. Sekolong se seng se bohareng sa Nigeria, ngoanana e mong ea boitšoaro bo hlephileng o ne a tloaetse ho eletsa barutoana-’moho le eena ka litaba tsa botona le botšehali. Ba ne ba mo mamela ka cheseho, le hoja likhopolo tsa hae li ne li tletse lintho tse se nang kelello tseo a neng a li bokeletse libukeng tsa bootsoa. Ba- nana ba bang ba ile ba etsa teko ka keletso ea hae. Ka lebaka leo, ngoanana e mong o ile a ima a sa nyaloa ’me a shoa ha a leka ho ntša mpa.
6 Hoa soabisa ho bolela hore boitsebiso bo bong bo fosahetseng ka botona le botšehali bo hlaha ho matichere, e seng ho bana. Batsoali ba bangata baa tsieleha ha likolo li ruta bana ka botona le botšehali li sa fane ka boitsebiso bo buang ka litekanyetso tsa boitšoaro le boikarabelo. ’Mè oa ngoanana e mong ea lilemo li 12 o ile a re: “Re phela sebakeng se chesehelang bolumeli le lineano haholo, empa leha ho le joalo hona ka sekolong sena se phahameng sa sebaka sena, ba fa bana lik’hondomo!” Eena le monna oa hae ba ile ba tšoenyeha ha ba tseba hore morali oa bona o ne a ferehoa ke bashemane ba lilemo tsa hae hore ba be le likamano tsa botona le botšehali. Batsoali ba ka sireletsa lelapa la bona joang litšusumetsong tse joalo tse fosahetseng?
7. Boitsebiso bo fosahetseng ka botona le botšehali bo ka loantšoa hamolemo joang?
7 Na ho molemo ho sireletsa bana hore ba se ke ba utloa litaba leha e le life tsa botona kapa botšehali? Che. Ho molemo hore uena u ithutele bana ba hao ka litaba tsa botona le botšehali. (Liproverbia 5:1) Ke ’nete hore likarolong tse ling tsa Europe le Amerika Leboea, batsoali ba bangata ba qoba ho bua ka taba ena. Ka ho tšoanang, linaheng tse ling tsa Afrika, ke ka seoelo batsoali ba buisanang le bana ba bona ka litaba tsa botona le botšehali. Ntate e mong Sierra Leone o re: “Hase karolo ea moetlo oa Seafrika ho etsa joalo.” Batsoali ba bang ba na le maikutlo a hore ho ruta bana ka litaba tsa botona le botšehali ke ho ba fa leseli le tla ba lebisa ho etseng boitšoaro bo bobe! Empa pono ea Molimo ke efe?
PONO EA MOLIMO KA BOTONA LE BOTŠEHALI
8, 9. Ke boitsebiso bofe bo molemo litabeng tsa botona le botšehali bo fumanoang ka Bibeleng?
8 Bibele ea hlakisa hore ha ho letho le lihlong ka ho buisana ka litaba tsa botona le botšehali boemong bo loketseng. Iseraele, batho ba Molimo ba ne ba bolelloa hore ba bokane hammoho, ho akarelletsa le “bana” ba bona, ho tla mamela ha ho baloa Molao oa Moshe ka lentsoe le phahameng. (Deuteronoma 31:10-12; Joshua 8:35) Ka ho toba Molao o ne o bolela litaba tse ngata ka litaba tsa botona le botšehali, ho akarelletsa ho ilela khoeli, ho ntša mohlapo, bohlola, bofebe, bosodoma, ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho ea haufi, le ho robala le phoofolo. (Levitike 15:16, 19; 18:6, 22, 23; Deuteronoma 22:22) Ka mor’a hore batsoali ba bale boitsebiso bo joalo, ha ho pelaelo hore ba ne ba e-na le ho hongata hoo ba ka ho hlalosetsang bana ba bona ba botsang haholo.
9 Ho na le likarolo khaolong ea bohlano, ea botšelela le ea bosupa ho Liproverbia tse fetisang keletso e lerato ea botsoali mabapi le likotsi tsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. Litemana tsena li bontša hore boitšoaro bo bobe e ka ’na ea e-ba bo lekang ka linako tse ling. (Liproverbia 5:3; 6:24, 25; 7:14-21) Empa li ruta hore bo fosahetse ebile bo na le liphello tse kotsi, ’me li fana ka tataiso ho thusa batho ba bacha hore ba qobe litsela tsa boitšoaro bo bobe. (Liproverbia 5:1-14, 21-23; 6:27-35; 7:22-27) Ho feta moo, ho etsoa phapang pakeng tsa boitšoaro bo bobe le khotsofalo ea thabo ea likamano tsa botona le botšehali boemong ba eona bo loketseng, lenyalong. (Liproverbia 5:15-20) Ke mohlala o motle hakaakang oa ho ruta oo batsoali ba ka o latelang!
10. Ke hobane’ng ha ho fa bana tsebo ea bomolimo ka botona le botšehali ho sa ba lebise ho etseng boitšoaro bo bobe?
10 Na thuto e joalo e tataisetsa bana hore ba etse boitšoaro bo bobe? Ho fapana le hoo, Bibele ea ruta: “Ba lokileng ba bolokoa ke tsebo.” (Liproverbia 11:9) Na ha u batle ho pholosa bana ba hao litšusumetsong tsa lefatše lee? Ntate e mong o ile a re: “Ho tloha ha bana ba sa le banyenyane haholo, re ile ra leka hore re tobe taba ka ho feletseng litabeng tsa botona le botšehali. Ka tsela eo, ha ba utloa bana ba bang ba bua ka botona le botšehali, ha ba bohele-hele. Hase mohlolo o moholo.”
11. Bana ba ka rutoa ka ho tsoelang pele joang ka litaba tse patehileng tsa botho tsa bophelo?
11 Joalokaha ho hlokometsoe likhaolong tsa pejana, thuto ea botona le botšehali e lokela ho qala bonyenyaneng. Ha u ruta bana ba banyenyane ho bitsa mabitso a likarolo tsa ’mele, se ke ua tlōla likarolo tsa bona tsa botho joalokaha eka ke tse lihlong. Ba rute mabitso a tsona a nepahetseng. Ha nako e ntse e feta, ho hlokahala hore u ba rute hore li lokela ho patoa le hore li beheloe meeli. Haholo-holo batsoali bobeli ke bona ba lokelang ho ruta bana ba bona hore likarolo tsena tsa ’mele ke tse khethehileng, ka kakaretso ha lia lokela ho thetsoa kapa ho pepesetsoa ba bang, ’me le ka mohla ho se ke ha buuoa ka tsona ka tsela e mpe. Ha bana ba ntse ba hōla, ba lokela ho tsebisoa hore na monna le mosali ba kopana joang hore ngoana a tle a emoloe. Nakong eo ’mele ea bona e kenang bonneng kapa bosaling, ba lokela ba be ba se ba tseba liphetoho tseo ba ka li lebellang. Joalokaha e tšohliloe Khaolong ea 5, thuto e joalo e ka boetse ea thusa ho sireletsa bana ho hlekefetsoeng ka likamano tsa botona le botšehali.—Liproverbia 2:10-14.
MOSEBETSI OA HAE OO BATSOALI BA NANG LE OONA
12. Hangata ho rutoa likhopolo life tse sothehileng likolong?
12 Ho hlokahala hore batsoali ba lule ba loketse ho loantša likhopolo tsa bohata tse ka ’nang tsa rutoa sekolong—lifilosofi tsa lefatše tse kang khopolo ea ho iphetola ha lintho, bochaba, kapa khopolo ea hore ha ho na linnete tse feletseng. (1 Ba-Korinthe 3:19; bapisa le Genese 1:27; Levitike 26:1; Johanne 4:24; 17:17.) Balaoli ba bangata ba likolo ba tšepahalang ba beha bohlokoa bo sa lokelang thutong e tsoetseng pele. Le hoja taba ea thuto e tlatselletsang e le khetho ea botho, matichere a mang a hatella hore ke eona feela tsela e isang katlehong leha e le efe ea botho.a—Pesaleme ea 146:3-6.
13. Bana ba kenang sekolo ba ka sireletsoa joang likhopolong tse fosahetseng?
13 Hore batsoali ba tle ba tsebe ho loantša lithuto tse fosahetseng kapa tse sothehileng, ba lokela ho tseba hore na bana ba bona ba fumana taeo ea mofuta ofe. Kahoo batsoali, hopolang hore le lōna le na le mosebetsi oa hae! Bontšang thahasello ea ’nete thutong ea bana ba lōna. Buang le bona ha sekolo se tsoile. Ba botseng hore na ba ithuta’ng, ba rata’ng haholo-holo, ke eng eo ba e fumanang e le e phephetsang haholo. Shebang mesebetsi eo ba lokelang ho e etsetsa hae, lintlha le liphetho tsa lihlahlobo. Lekang ho tseba matichere a bona. Etsang hore matichere a tsebe hore le ananela mosebetsi oa ’ona le hore le batla ho ba thuso ka tsela leha e le efe eo le ka e khonang.
METSOALLE EA BANA BA LŌNA
14. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore bana ba tšabang Molimo ba khethe metsoalle e molemo?
14 “Ekaba u ithutile ntho e joalo hokae?” Ke batsoali ba bangata hakae ba kileng ba botsa potso eo, ba tšositsoe ke ntho eo ngoana oa bona a e buileng kapa a e entseng ’me ho bonahala hore ke ntho e tsoileng tseleng ka ho feletseng? ’Me ke hangata hakae karabelo e amang metsoalle e meng e mecha sekolong kapa motseng? E, metsoalle e re ama ka ho tebileng, ebang re banyenyane kapa re baholo. Moapostola Pauluse o ile a lemosa: “Le se ke la khelosoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.” (1 Bakorinthe 15:33; Liproverbia 13:20) Bacha ka ho khetheha ke bona ba susumetsoang habonolo ke khatello ea lithaka. Ba na le tšekamelo ea ho se itsebe moo ba emeng ’me ka linako tse ling ba ikutloa ba hlōloa ke takatso ea ho thabisa le ho khahlisa metsoalle ea bona. Joale, ke habohlokoa hakaakang hore ba khethe metsoalle e metle!
15. Batsoali ba ka tataisa bana ba bona joang hore ba khethe metsoalle?
15 Joalokaha motsoali e mong le e mong a tseba, hangata bana ha ba khethe hantle; ba hloka tataiso e itseng. Hase taba ea ho ba khethela metsoalle. Ho e-na le hoo, ha ba ntse ba hōla, ba rute masene ’me u ba thuse ho bona litšoaneleho tseo ba ka li nkang e le tsa bohlokoa ho metsoalle. Tšoaneleho e ka sehloohong ke lerato ho Jehova le ho rata ho etsa se nepahetseng mahlong a hae. (Mareka 12:28-30) Ba rute hore ba rate le ho hlompha ba nang le botšepehi, mosa, ho fana ka seatla se bulehileng, mahlaha-hlaha. Nakong ea thuto ea lelapa, ba thuse hore ba hlokomele litšoaneleho tse joalo bathong ba bohlokoa ka Bibeleng ’me joale ba fumane litšobotsi tse tšoanang ho ba bang ka phuthehong. Beha mohlala ka ho sebelisa tekanyetso e tšoanang ha u khetha metsoalle ea hao.
16. Batsoali ba ka lisa khetho ea bana ba bona ea metsoalle joang?
16 Na ua tseba hore na metsoalle ea bana ba hao ke bo-mang? Ke hobane’ng ha u sa re bana ba hao ba e tlise hae e le hore u ka kopana le eona? U ka boetse ua botsa bana ba hao hore na bana ba bang ba nahana eng ka metsoalle ena. Na e tsebahala ka ho bonahatsa ho tšepahala ha eona kapa ka ho phela bophelo bo habeli? Haeba e phela bophelo bo habeli, thusa bana ba hao ho ba le mabaka a hore na ke hobane’ng ha tloaelano e joalo e ka ba ntša kotsi. (Pesaleme ea 26:4, 5, 9-12) Haeba u hlokomela liphetoho tse sa lakatseheng boitšoarong ba ngoana oa hao, moaparong, boikutlong, kapa puong, ho ka ’na ha hlokahala hore le buisane ka metsoalle ea hae. Ngoana oa hao e ka ’na eaba o qeta nako le motsoalle ea nang le tšusumetso e mpe.—Bapisa le Genese 34:1, 2.
17, 18. Ka ntle le ho lemosa ka metsoalle e mebe, batsoali ba ka fana ka thuso efe e sebetsang?
17 Leha ho le joalo ha hoa lekana hore feela u rute bana ba hao ho qoba metsoalle e mebe. Ba thuse ho fumana e metle. Ntate e mong o re: “Kamehla re ne re leka ho buella ho hong. Kahoo ha sekolo se ne se batla mora oa rōna thiming ea bolo ea maoto, ’na le mosali oa ka re ne re lula fatše ’me re buisane le eena ka hore na ke hobane’ng ha e ne e ke ke ea e-ba khopolo e ntle—ka lebaka la metsoalle e mecha e neng e tla ameha. Empa joale re ne re etsa tlhahiso ea ho fumana bana ba bang phuthehong ’me re ba nke kaofela ho ea le bona phakeng ho ea bapala bolo. ’Me hoo ho ile ha rarolla bothata.”
18 Batsoali ba bohlale ba thusa bana ba bona ho fumana metsoalle e metle ebe joale ba thabela boikhathollo bo hahang le bona. Leha ho le joalo, ho batsoali ba bangata, taba ena ea boikhathollo e hlahisa liphephetso tsa eona.
BOIKHATHOLLO BA MOFUTA OFE?
19. Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang hore hase sebe hore malapa a ithabise?
19 Na Bibele e nyatsa ho bapala? Le hanyenyane! Bibele e re ho na le ‘nako ea ho tšeha le ea ho hobela.’b (Moeklesia 3:4) Batho ba Molimo Iseraeleng ea boholo-holo ba ne ba thabela ’mino le tantši, lipapali le lilotho. Jesu Kreste o ile a ba teng moketeng o moholo oa lechato le ‘moketeng o moholo oa kamohelo’ oo Matheu Levi a neng a mo etselitse oona. (Luka 5:29; Johanne 2:1, 2) Ka ho hlakileng, Jesu o ne a sa senye thabo ea ba bang. E se eka ho tšeha le ho bapala le ka mohla li ke ke tsa talingoa e le libe lapeng la hao!
20. Batsoali ba lokela ho hopola eng ha ba lokisetsa boikhathollo bakeng sa lelapa?
20 Jehova ke “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11) Kahoo, borapeli ba Jehova bo lokela ho ba mohloli oa thabo, e seng ntho e bakang hore bophelo e be bo se nang thabo. (Bapisa le Deuteronoma 16:15.) Ka tlhaho bana ke batho ba nyakaletseng le ba nang le matla ao ba ka a ntšang papaling le boikhathollong. Boikhathollo bo khethiloeng hantle hase feela ho thaba. Ke tsela ea hore ngoana a ithute ’me a hōle. Hlooho ea lelapa ea ikarabella ho hlokomela litlhoko tsa lelapa la eona linthong tsohle, ho akarelletsa le boikhathollo. Leha ho le joalo, ho leka-lekana hoa hlokahala.
21. Ke likotsi life tse patehileng tse teng boikhathollong kajeno?
21 ‘Matsatsing ana a ho qetela’ a likhathatso, mokhatlo oa batho o tletse batho “ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo,” feela joalokaha ho ile ha profetoa ka Bibeleng. (2 Timothea 3:1-5) Ho ba bangata, boikhathollo ke ntho e ka sehloohong bophelong. Ho na le boithabiso bo bongata haholo hoo bo ka sirang lintho tsa bohlokoa habonolo. Ho feta moo, boithabiso bo bongata ba kajeno bo baka boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, pefo, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, le mekhoa e meng e kotsi ka ho tebileng. (Liproverbia 3:31) Ho ka etsoa’ng ho sireletsa bacha boithabisong bo kotsi?
22. Batsoali ba ka koetlisa bana ba bona joang hore ba etse liqeto tse bohlale mabapi le boikhathollo?
22 Ho hlokahala batsoali ba behe meeli le lithibelo. Empa ho feta moo, ho hlokahala ba rute bana ba bona mokhoa oa ho ahlola hore na ke boikhathollo bofe bo kotsi le hore na bo bongata haholo ho feta tekano ke bo bokae. Koetliso e joalo e hloka nako le boiteko. Nahana ka mohlala ona. Ntate oa bashemane ba babeli o ile a hlokomela hore mora oa hae e moholo o ne a mamela seteishene se secha sa seea-le-moea khafetsa haholo. Kahoo ha a e-ea mosebetsing ka vene ea hae ka letsatsi le leng, ntate eo o ile a bulela sona seteishene seo. Nako le nako o ne a ema ’me a ngola mantsoe a lipina tse itseng. Hamorao o ile a lula fatše le bara ba hae ’me a buisana le bona ka seo a se utloileng. A botsa lipotso tse batlang maikutlo, ho qala ka “Le nahana joang?” ’me a mamela likarabelo tsa bona ka mamello. Ka mor’a ho behelana mabaka tabeng ena ba sebelisa Bibele, bashemane bao ba ile ba lumela hore ba ke ke ba hlola ba mamela seteishene seo.
23. Batsoali ba ka sireletsa bana ba bona joang boithabisong bo sa haheng?
23 Batsoali ba bohlale ba Bakreste ba hlahloba ’mino, mananeo a TV, litheipi tsa video, libuka tsa lipale tse qabolang, lipapali tsa video le libaesekopo tse thahaselloang ke bana ba bona. Ba sheba setšoantšo se sekoahelong, mantsoe le sephuthelo, ’me ba bala maikutlo a tšoaeang liphoso a likoranta ’me ba falimehela ho bona likarolo tse qotsitsoeng. Ba bangata ba tšosoa ke bo bong ba “boithabiso” bo lebisitsoeng ho bana kajeno. Ba lakatsang ho sireletsa bana ba bona litšusumetsong tse sa hloekang ba lula fatše le lelapa ’me ba buisana ka likotsi, ba sebelisa Bibele le lingoliloeng tse theiloeng Bibeleng, tse kang buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang le lihlooho tse limakasining tsa Molula-Qhooa le Tsoha!c Ha batsoali ba beha meeli e tiileng, e le ba tsitsitseng le ba nahanelang, hangata ba bona liphello tse molemo.—Matheu 5:37; Bafilippi 4:5.
24, 25. Mefuta e meng e hahang ea boikhathollo eo malapa a ka e thabelang hammoho ke efe?
24 Ke ’nete hore ho hanela mefuta e kotsi ea boikhathollo e mpa e le karolo feela ea ntoa. Bobe bo tlameha ho loantšoa ka botle, ho seng joalo bana ba ka hoholeheha tseleng e fosahetseng. Malapa a mangata a Bakreste a hopola ka mofuthu le ka thabo boikhathollo boo ba ileng ba bo thabela hammoho—ho ba le lipikiniki, ho tsamaea ka morero oa boikhathollo, ho robala litenteng, ho bapala lipapali, ho tsamaea ba etela beng ka bona kapa metsoalle. Ba bang ba fumane ho balla holimo ba le hammoho bakeng sa ho ikhatholla e le mohloli o moholo oa thabo le matšeliso. Ba bang ba thabela ho pheta lipale tse qabolang kapa tse thahasellisang. Ho ntse ho le joalo ba bang ba hlahisitse mosebetsi oa ho itlosa bolutu hammoho, ka mohlala, ho betla mapolanka le mesebetsi e meng ea matsoho, hammoho le ho bina ka liletsa, ho etsa litšoantšo ka pente, kapa ho ithuta pōpo ea Molimo. Bana ba ithutang lintho tse joalo tse sa tšoaneng ba sireletsoa boithabisong bo bongata bo litšila, ’me ba ithuta hore boikhathollo bo bolela ho hongata ho feta feela ho lula u sa etse letho ’me u thabisoa. Hangata ho kopanela ho thabisa ho feta ho shebella.
25 ’Moka ea botsoalle le eona e ka ba mokhoa o putsang oa boikhathollo. Ha e tsamaisoa hantle ’me e se e meholo hoo e tsoileng tseleng kapa e jang nako, ha e na ho fella ka thabo feela baneng ba hao. E ka thusa ho tebisa litlamo tsa lerato ka phuthehong.—Bapisa le Luka 14:13, 14; Jude 12.
LELAPA LA HAO LE KA HLŌLA LEFATŠE
26. Tabeng ea ho sireletsa lelapa litšusumetsong tse sa haheng, tšoaneleho ea bohlokoahali ke efe?
26 Ka ntle ho pelaelo, ho sireletsa lelapa la hao litšusumetsong tse senyang tsa lefatše ho hloka mosebetsi o mongata o boima. Empa ho na le ntho e le ’ngoe e tla etsa hore katleho e be teng, ho feta ntho leha e le efe. Ke lerato! Litlamo tsa lelapa tse haufi, tse lerato li tla etsa hore lelapa la hao e be setšabelo se sireletsehileng ’me li khothaletse puisano, e leng tšireletso e khōlō litšusumetsong tse mpe. Ho feta moo, ho hlaolela mofuta o mong oa lerato ke habohlokoa le ho feta—lerato la Jehova. Ha lerato le joalo le phunyeletsa ka lapeng, ho ka etsahala hore bana ba hōle ba hloile eona khopolo ea ho se thabise Molimo ka ho inehela litšusumetsong tsa lefatše. ’Me batsoali ba ratang Jehova ho tloha pelong ba tla batla ho etsisa botho ba hae bo lerato, bo nang le kahlolo e molemo, bo leka-lekaneng. (Baefese 5:1; Jakobo 3:17) Haeba batsoali ba etsa hoo, bana ba bona ba ke ke ba e-ba le lebaka la ho talima borapeli ba Jehova e le feela letoto la lintho tseo ba sa lumelloang ho li etsa kapa joaloka tsela ea bophelo e se nang thabo kapa ho tšeha eo ba batlang ho e baleha kapele kamoo ho ka khonehang. Ho e-na le hoo, ba tla bona hore ho rapela Molimo ke tsela ea bophelo e thabisang le e khotsofatsang ka ho fetisisa e ka bang teng.
27. Lelapa le ka hlōla lefatše joang?
27 Malapa a lulang a kopane tšebeletsong e thabisang le e leka-lekaneng ho Molimo, a ikemiselitseng ka pelo eohle ho lula ‘a se na letheba ebile a se na sekoli’ litšusumetsong tse senyang tsa lefatše lena, ke mohloli oa thabo ho Jehova. (2 Petrose 3:14; Liproverbia 27:11) Malapa a joalo a latela mehlala ea Jesu Kreste, ea ileng a hanela boiteko bo bong le bo bong ba lefatše la Satane hore bo mo silafatse. Ha a le haufi le qetello ea bophelo ba hae ba botho, Jesu o ile a khona ho re: “Ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33) E se eka le lelapa la hao le ka hlōla lefatše ’me la thabela bophelo ka ho sa feleng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa puisano ea thuto e tlatselletsang, bona bukana Lipaki Tsa Jehova le Thuto, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, leqepheng la 4-7.
b Lentsoe la Seheberu leo mona le fetoletsoeng e le “ho tšeha,” ka libōpeho tse ling le ka fetoleloa e le “ho bapala,” “ho thabisa,” “ho keteka,” kapa esita le “ho thaba.”
c Tse hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
MELAO-MOTHEO EE EA BIBELE E KA THUSA . . . HO SIRELETSA LELAPA LA HAO JOANG?
Tsebo e lebisa bohlaleng, bo ka bolokang motho a phela.—Moeklesia 7:12.
“Bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo.”—1 Bakorinthe 3:19.
Litloaelano tse mpe li tlameha ho qojoa.—1 Bakorinthe 15:33.
Le hoja boikhathollo bo na le sebaka sa bona, bo lokela ho laoloa.—Moeklesia 3:4.
[Lebokose le leqepheng la 99]
HA AA KA A IKUTLOA A HAELLOA KE LETHO
Batsoali ba Bakreste Paul le mosali oa hae, Lu-Ann, ba hlophisa ’moka lelapeng la bona nako le nako. Ba etsa bonnete ba hore ’moka ke o tsamaisoang hantle le o moholo bo laolehang. Ba na le lebaka le letle la ho lumela hore bana ba bona ba rua molemo.
Lu-Ann oa pheta: “’Mè oa ngoana ea leng tlelaseng e le ’ngoe le mora oa ka ea lilemo li tšeletseng, Eric, o ile a nkatamela a bolela hore o utloela Eric bohloko hobane o itulela thōko ’me ha a kopanele liphathing tsa tlelase tsa matsatsi a tsoalo. Ke ile ka re ho eena: ‘Ka sebele ke ananela hore ebe u tsotella mora oa ka ka tsela eo. Ho bontša hore na u motho oa mofuta ofe. ’Me mohlomong ha ho letho leo nka le buang le ka u kholisang hore Eric ha a ikutloe hore ho na le se mo lahlehelang.’ O ile a lumela. Kahoo ka re: ‘Joale he, molemong oa hao, ke kōpa u ikutloe u lokolohile ’me u botse Eric ka boeena hore na o ikutloa joang.’ Ha ke le sieo, o ile a botsa Eric, ‘Na ha u tsotelle ho lahleheloa ke liphathi tsee tse monate tsa matsatsi a tsoalo?’ O ile a mo talima, a maketse, ’me a re: ‘Na u nahana hore metsotso e leshome, likuku tse seng kae, le pina li etsa phathi? U lokela u tle heso ’me u tl’o bona hore na phathi ea sebele e joang!’” Cheseho e se nang mano ea moshemane enoa e ile ea hlakisa—o ne a sa ikutloe a haelloa ke letho kapa a lahleheloa!
[Setšoantšo se leqepheng la 99]
Boikhathollo bo khethiloeng hantle, bo kang leeto lena la ho intša ka lelapa, bo ka thusa bana hore ba ithute le ho hōla moeeng