Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 1/8 maq. 30-31
  • Na Lefatše le Tla Felisoa ka Mollo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lefatše le Tla Felisoa ka Mollo?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo oa Tsotella?
  • “Lefatše la Pele”
  • “Lefatše le Lecha”
  • Lefatše (Earth)
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na Lefatše le Tla Felisoa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na Lefatše la Rōna le Tla Felisoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lefatše
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 1/8 maq. 30-31

Pono Ea Bibele

Na Lefatše le Tla Felisoa ka Mollo?

LE TLA chesoa koluoeng ea nyutlelie, le chesoe lore! ke letsatsi le kokomohileng, kapa le hotetsoe ke molimo ea halefileng—mokhoa o ka ’na oa fapana, empa batho ba bangata ba kholisehile hore polanete Lefatše, lehae la moloko oa batho, e tla felisoa sebōping sa mollo o jang sohle, thipitlong e akaretsang.

Ba bang ba supa litemana tsa Bibele tse buang ka khanare e laetsoeng ke Molimo e le kotlo bakeng sa litšito tsa motho khahlanong le lefatše. Ba bang ba pheta maikutlo a Paul Davies, moprofesa oa Univesithi ea Adelaide, Australia, ea ngolang ka seo a bonang e le ho hohlomela ha lefatše timetsong ea mollo, ntle ho boikhethelo. Bukeng ea hae e bitsoang The Last Three Minutes, o hakanya hore: “Ha letsatsi le ntse le bululoha haholoanyane, le tla kopela . . . Lefatše ka kobong ea lona ea mollo. Polanete ea rōna e tla fetoha lehōkō.” ’Nete ke efe ka qetello ea lefatše? Re lokela ho utloisisa joang litemana tsa Bibele tseo ho bonahalang li bolela esale pele ka pheliso ea mollo?

Na Molimo oa Tsotella?

Ho Jeremia 10:10-12, rea tsebisoa: “Jehova ke Molimo oa ’nete. . . . Ke oona o entseng lefatše ka matla a oona, o lokisitse lefatše le ahiloeng ka bohlale ba oona, ka hlalefo ea oona o sarolotse maholimo.” Molimo o entse lefatše a ba a le hloma ka tieo. Kahoo, ka bohlale, lerato le kutloisiso, o lokisitse lefatše ka hloko hore le be teng ka nako e sa tsejoeng e le lehae le letle la moloko oa batho.

Mabapi le ho bōpa ha Molimo moloko oa batho, Bibele ea tlaleha: “Oa ba etsa e le e motona le e motšehali. Molimo oa ba hlohonolofatsa, ’me Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona.” (Genese 1:27, 28) Hoba a qete mosebetsi oa hae oa ho bōpa, ka ho sa belaetseng o ne a ka phatlalatsa hore “tsohle . . . li molemo haholo.” (Genese 1:31) O ne a batla hore lintho li lule li le joalo. Feela joalokaha batsoali ba lebeletseng ngoana ba lokisa hape ba kenya thepa ka kamoreng ea ngoana eo ba mo lebeletseng, Molimo o ile a hloma serapa se setle ’me a beha motho, Adama, ho sona hore a se hōlise le ho se hlokomela.—Genese 2:15.

Adama o ile a lahla phetheho le mosebetsi oa hae oa ho hlokomela lefatše. Empa na ’Mōpi o ile a lahla morero oa Hae? Esaia 45:18 (NW) ha e fane ka maikutlo ao: “Ke sena seo Jehova a se buileng, ’Mōpi oa maholimo, . . . Moetsi oa lefatše . . . , eena Ea le thehileng ka tieo, ea sa kang le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi.” (Bona le Esaia 55:10, 11.) Le hoja motho a ile a hlokomoloha mosebetsi oa hae oa bohlokomeli, Molimo o ile a tsoela pele ho phethahatsa tumellano ea hae le lefatše le tse phelang ho lona. Molao o ileng oa nehoa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele o ne o entse tokisetso ea “sabatha ea phomolo e feletseng ea naha” ka selemo se seng le se seng sa bosupa. E ne e akarelletsa melao e nahanelang e neng e sireletsa liphoofolo ka tekanyo e itseng. (Levitike 25:4, NW; Exoda 23:4, 5; Deuteronoma 22:1, 2, 6, 7, 10; 25:4; Luka 14:5) Ena ke mehlala e ’maloa feela ka Bibeleng e bontšang ka ho hlaka hore Molimo o tsotella moloko oa batho haholo le sohle seo a ileng a se beha tlhokomelong ea motho.

“Lefatše la Pele”

Kahoo, re etsa joang ho lumellanya litemana tsa Bibele tse bonahalang li hanyetsana? E ’ngoe e joalo ke 2 Petrose 3:7, eo, ho ea ka Bibele ea Sesotho, e reng: “Maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo ke lentsoe lona leo, li boloketsoe letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang.” E ’ngoe ke Tšenolo 21:1, e reng: “Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; etsoe leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile.”

Haeba mantsoe a Petrose a lokela ho nkoa kamoo a leng kateng ’me polanete Lefatše e lokela ho chesoa lore! ka mollo oa sebele, joale maholimo a sebele—linaleli le lihloliloeng tse ling tsa leholimo—le tsona li lokela ho senngoa ka mollo. Leha ho le joalo, pono ena e hanana le tiiso e fumanoang mangolong a kang Matheu 6:10: “Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng,” le Pesaleme ea 37:29: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” Ho feta moo, mollo o ne o tla ba le phello efe letsatsing le linaleling tse seng li ntse li chesa ka ho fetisisa, tse hlahisang ho phatloha ha matla a athomo li sa khaotse?

Ka lehlakoreng le leng, Bibele hangata e sebelisa lentsoe “lefatše” ka kutloisiso ea tšoantšetso. Ka mohlala, Genese 11:1 e re: “Lefatše lohle le ne le na le puo e le ’ngoe.” Mona, lentsoe “lefatše” le bolela moloko oa batho ka kakaretso, kapa mokhatlo oa batho. (Bona le 1 Marena 2:1, 2, NW; 1 Likronike 16:31.) Taba e potolohileng 2 Petrose 3:5, 6 e fana ka maikutlo a tšebeliso e tšoanang ea “lefatše.” E bolela ka mehla ea Noe ha mokhatlo o khopo oa batho o senngoa Moroallong empa Noe le ba lelapa la hae hammoho le qitikoe ka boeona ba ile ba bolokoa. (Genese 9:11) Ka ho tšoanang, ho 2 Petrose 3:7 (Bibele ea Sesotho), e bolela hore ba lokelang ho timetsoa ke “batho ba nyefolang.” Pono ena e lumellana le Bibele ka kakaretso. Mokhatlo oa batho ba khopo o tšoaetsoeng timetso e boetse ke “lefatše la pele” leo ho boleloang ka lona ho Tšenolo 21:1, e ileng ea qotsoa pejana.

Ka sebele, feela joalokaha ntate oa lefatše ea tsotellang a tla nka bohato bo bong le bo bong bo khonehang ho tiisa hore lehae la hae ha le hlaseloe, Jehova Molimo o amehile ka matla ka pōpo ea hae. O kile a felisa batho ba boitšoaro bo bobe le ba khopo Phuleng e nonneng ea Jordane ’me a tiisetsa bahlokomeli ba bacha ba naha eo, ba neng ba le selekaneng le eena, hore haeba ba boloka melao ea hae, ‘naha eo e ne e sa tl’o ba hlatsa ka lebaka la ho e silafatsa ha bona ka tsela e tšoanang le eo e neng e tla hlatsa lichaba tse neng li le teng pele ho bona.’—Levitike 18:24-28.

“Lefatše le Lecha”

Kajeno, mokhatlo o litšila boitšoarong ba likamano tsa botona le botšehali, o mabifi a kang a libatana le o silafetseng lipolotiking, o bolisitse lefatše. Ke Molimo feela ea ka le lopollang. Ke sona seo a tla se etsa. Ho Tšenolo 11:18, o tšepisa “ho senya ba senyang lefatše.” Lefatše le tsosolositsoeng le le nchafalitsoeng le tla ahuoa ke batho ba tšabang Molimo le ba ratang batho hammoho le bona ka tieo. (Baheberu 2:5; bapisa le Luka 10:25-28.) Liphetoho tse etsahalang tlas’a ’Muso oa Molimo oa leholimo li tla ba khōlō hoo Bibele e buang ka “lefatše le lecha”—mokhatlo o mocha oa batho.

Ha re bala mangolo a kang Pesaleme ea 37:29 ’me re utloisisa polelo ea Kreste e ho Matheu 6:10, rea kholiseha hore polanete ea rōna ha e na ho senngoa ke matla a tlhaho a sa laoleheng kapa motho ka matla ’ohle a hae a tšenyo. A ke ke a nyopisa morero oa Molimo. (Pesaleme ea 119:90; Esaia 40:15, 26) Moloko oa batho o tšepahalang o tla phela lefatšeng har’a maemo a botle bo se nang moeli le thabo e sa feleng. Sena ke ’nete ka qetello ea lefatše, hobane sena esale e le morero oa ’Mōpi ea lerato oa moloko oa batho ’me e sa ntsane e le oona.—Genese 2:7-9, 15; Tšenolo 21:1-5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela