Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Pholosoa Nakong ea Litlokotsi
    Molula-Qhooa—1997 | August 15
    • tlokotsi ena e lokela ho tla. Ha e le hantle, ke eona feela tharollo ea sebele ea mathata a moloko oa batho. Ke batho ba seng bakae kajeno ba ikutloang ba bolokehile ’me ba sireletsehile. Ho sa tsotellehe boiteko bohle ba saense, mafu a tšoaetsanoang a tsoela pele ho timetsa baahi ba lefatše. Lintoa tse bakoang ke phapang ea bolumeli, ea merabe le ea lipolotiki li bolaea batho ka likete. Tlala ea boja-likata e eketsa masisa-pelo le mahlomola a banna, basali le bana ba se nang molato. Ho senyeha ha boitšoaro ho bolisa motheo oa sechaba; ho senyehile esita le bana.

      Boprofeta ba Bibele bo ngotsoeng lilemong tse fetileng tse 1900 bo hlalosa boemo ba rōna ka ho nepahala ho tsotehang. Bo re: “Hlokomela hore matsatsing a ho qetela linako e tla ba tse tletseng likotsi.”—2 Timothea 3:1, The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips; bapisa le Matheu 24:3-22.

      Na ke ho utloahalang ho uena hore Molimo ea lerato a ka iphapanyetsa mahlomola a rōna? Bibele e re: “Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona, . . . ea sa ka[ng] a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe.” (Esaia 45:18) Ka sebele, ho e-na le hore a lumelle hore lefatše le letle lena le senngoe ’me baahi bohle ba lona ba fele, Molimo o tla kenella. Potso ke hore, See o tla se phetha joang?

      Khetha Bophelo!

      Ho Pesaleme ea 92:7, Bibele ea araba: “Leha banyefoli ba mela eka meroho, le ba bolotsana kaofela ba atleha, ke hore ba senyehe ka ho sa feleng.” Molimo o tla rarolla mathata a lefatše ka ho felisa bokhopo ka bobona. Ho thabisang ke hore sena ha se bolele hore batho bohle ba lokela ho felisoa. Pesaleme ea 37:34 ea re tiisetsa: “U itšepise ka Jehova, u tiee litseleng tsa hae, ’me o tla u holisa, u tle u je lefa la lefatše; u tla bona le tšenyeho ea ba babe.”

      Mantsoe ana a bontša hore ho na le monyetla oa ho pholoha tlokotsi ena e khōlōhali e tla oela moloko oa batho. Molimo o re file khetho. Mantsoe ao Moshe a ileng a eletsa Baiseraele ka ’ona ha ba ne ba itokisetsa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng a sebetsa hantle le ho rōna kajeno: “Ke beile pel’a hao bophelo le lefu, lehlohonolo le thohako. Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao.” (Deuteronoma 30:19) Empa ke joang motho a ‘ikhethelang bophelo’ le ho bolokeha? Hantle-ntle poloko ea sebele e bolela eng?

  • Poloko Seo e Hlileng e se Bolelang
    Molula-Qhooa—1997 | August 15
    • Poloko Seo e Hlileng e se Bolelang

      ‘NA U pholositsoe?’ Hangata, batho ba botsang potso ena ba nahana hore ba pholositsoe hobane ba ‘amohetse Jesu e le Mopholosi oa bona.’ Empa, ba bang ba nahana hore ho na le litsela tse fapaneng tse lebang polokong, le hore hafeela ‘Jesu a le ka pelong ea hao,’ ha ho tsotellehe hore na u lumela eng kapa hore na u kena kereke efe.

      Bibele e re ke thato ea Molimo hore “mefuta eohle ea batho e pholohe.” (1 Timothea 2:3, 4) Kahoo, ho bohle ba tla e amohela, poloko ea fumaneha. Empa ha e le hantle ho pholosoa ho bolela eng? Na ka sebele ke ntho e u etsahallang feela ntle ho boiteko kapa ka boiteko bo fokolang?

      Lentsoe “poloko” le bolela “ho lopolla kotsing kapa timetsong.” Ka hona, poloko ea ’nete e akarelletsa ho fetang feela ho ba le khotso ea kelello. E bolela hore qetellong motho o pholosoa timetsong ea tsamaiso ena ea joale e khopo ea lintho esita le lefung ka bolona! Empa hantle-ntle ke mang eo Molimo a tla mo pholosa? Ho fumana karabo, a re hlahlobeng seo Jesu Kreste a ileng a se ruta tabeng ena. U ka ’na ua makatsoa ke seo u tla se fumana patlisisong ena ea rōna.

      Poloko—Na e Fumanoa Malumeling ’Ohle?

      Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a buisana le mosali oa Mosamaria. Le hoja e ne e se Mojuda, ka nepo o ne a lumela hore Mesia “ea bitsoang Kreste” o ne a tla tla. (Johanne 4:25) Na tumelo eo e ne e lekane hore a pholosoe? Che, hobane ka sebete Jesu o ile a bolella mosali eo hore: “Le rapela seo le sa se tsebeng.” Jesu o ne a tseba hore haeba mosali enoa a ne a tla bolokeha, o ne a tla lokela ho lokisa tsela ea hae ea borapeli. Kahoo, Jesu o ile a hlalosa: “Leha ho le joalo, hora ea tla, ’me ke eona hona joale, eo ka eona barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ’nete, etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joaloka bona hore ba mo rapele.”—Johanne 4:22, 23.

      Ketsahalo e ’ngoe eo ho eona Jesu a ileng a senola boikutlo ba hae ka poloko ke e amang Bafarisi, sehlotšoana sa tsamaiso ea bolumeli se tummeng sa Bajuda. Bafarisi ba ne ba thehile tsamaiso ea borapeli ’me ba lumela hore Molimo oa e amohela. Empa utloa mantsoe a Jesu ho Bafarisi: “Baikaketsi ting! Esaia o ne a nepile ha a profeta ka lōna: ‘Batho bana ba ntlhompha ka molomo, empa lipelo tsa bona li hōle le ’na. Ba nthapella lefeela; lithuto tsa bona e mpa feela e le melao e rutoang ke batho.’”—Matheu 15:7-9, New International Version.

      Ho thoe’ng ka lihlopha tse ngata tsa bolumeli kajeno tse ipolelang hore li lumela ho Kreste? Na Jesu o ne a tla li nka kaofela e le litsela tse amohelehang tsa ho fumana poloko? Ha ho hlokahale hore re nohe tabeng ena, kaha ka ho hlaka Jesu o itse: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ea etsang thato ea Ntate ea leng maholimong o tla kena. Ba bangata ba tla re ho ’na letsatsing leo, ‘Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao, le ho leleka bademona ka lebitso la hao, le ho etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?’ ’Me leha ho le joalo ka nako eo ka sebele ke tla ba bolella: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna basebetsi ba ho se ee ka molao.”—Matheu 7:21-23.

      Tsebo e Nepahetseng ka Jesu ke ea Bohlokoa Bakeng sa Poloko

      Mantsoe ana a Jesu a na le moelelo o tebileng. A supa hore batho ba bangata ba inehetseng ba hlōleha ho ‘etsa thato ea Ntate.’ Joale ke joang motho a ka fumanang poloko ea sebele? Timothea oa Pele 2:3, 4 ea arabela: ‘Thato ea Molimo ke hore mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.’—Bapisa le Bakolose 1:9, 10.

      Tsebo eo ke ea bohlokoahali bakeng sa ho bolokeha. Ha molebeli oa teronko oa Moroma a botsa moapostola Pauluse le eo a neng a e-na le eena, Silase, “Ke lokela ho etsa’ng hore ke pholohe?” ba ile ba araba: “Lumela ho Morena Jesu ’me u tla pholoha, uena le ba ntlo ea hao.” (Liketso 16:30, 31) Na seo se ne se bolela hore molebeli oa teronko le lelapa la hae ba ne ba hloka feela ho ba le boikutlo bo itseng pelong? Ha ho joalo, kaha ba ne ba ke ke ba “lumela ho Morena Jesu” ka ho feletseng ntle le hore ba be le kutloisiso e itseng ea hore na Jesu e ne e le mang, o ile a etsa eng le hore na o ile a ruta eng.

      Ka mohlala, Jesu o ile a ruta ka ho hlongoa ha ’muso oa leholimo—“’muso oa Molimo.” (Luka 4:43) O ile a boela a fana ka melao-motheo mabapi le boitšoaro ba Bakreste. (Matheu, khaolo ea 5-7) O ile a bontša boemo boo barutuoa ba hae ba tla bo nka malebana le litaba tsa lipolotiki. (Johanne 15:19) O ile a theha lenaneo la ho ruta lefatšeng lohle ’me a laela balateli ba hae hore ba kopanele ho lona. (Matheu 24:14; Liketso 1:8) Ka sebele, ho ‘lumela ho Jesu’ ho ne ho bolela ho utloisisa lintho tse ngata! Ka hona, ha ho makatse hore ebe Pauluse le Silase ba ile ba “bolella [molebeli oa teronko] lentsoe la Jehova hammoho le bohle ba ka tlung ea hae” pele balumeli bana ba bacha ba kolobetsoa.—Liketso 16:32, 33.

      Tsebo e Nepahetseng ka Molimo le Eona ke ea Bohlokoa

      Karolo ea bohlokoa ea ho lumela kannete ho Jesu e akarelletsa ho rapela Molimo eo Jesu ka boeena a mo rapelang. Jesu o ile a rapela: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

      Nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, kamehla Mora oa Molimo o ne a lebisa tlhokomelo ho Ntate oa hae, eseng ho eena. Ha ho mohla a kileng a ipitsa Molimo ea Matla ’Ohle. (Johanne 12:49, 50) Ka makhetlo a mangata, Jesu o ile a hlakisa boemo ba hae tokisetsong ea Molimo ka ho bolela hore o ne a le ka tlaasana ho Ntate oa hae. (Luka 22:41, 42; Johanne 5:19) Ke ka hona Jesu a ileng a bolela: “Ntate o moholo ho mpheta.” (Johanne 14:28) Na kereke ea hao e u rutile kamano ea sebele e teng lipakeng tsa Molimo le Kreste? Kapa na u ’nile ua rutoa ho lumela hore Jesu ka boeena ke Molimo ea Matla ’Ohle? Ho bolokeha ha hao ho itšetlehile ka ho ba le kutloisiso e nepahetseng.

      Thapelong ea Morena, Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae ho rapela: “Lebitso la hao a le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li patile lebitso la Molimo, li mo bitsa “Morena.” Empa likoping tsa boholo-holo tsa “Testamente ea Khale,” lebitso la Molimo le hlahile ka makhetlo a fetang likete tse tšeletseng! Ke kahoo Pesaleme ea 83:18 e balehang tjena: “Ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Na u rutiloe ho sebelisa lebitso la Molimo, Jehova? Haeba ha ho joalo, ho bolokeha ha hao ho kotsing, kaha “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha”!—Liketso 2:21; bapisa le Joele 2:32.

      Ka Moea le ka ’Nete

      Jesu Kreste o ile a boela a lebisa tlhokomelo Lentsoeng la Molimo, Bibele. Ha a ne a hlakisa pono ea Molimo litabeng tse itseng, hangata o ne a re: “Ho ngoliloe.” (Matheu 4:4, 7, 10; 11:10; 21:13) Bosiung ba pele a e-shoa, Jesu o ile a rapella barutuoa ba hae: “Ba halaletse ka ’nete; lentsoe la hao ke ’nete.”—Johanne 17:17.

      Ka hona, tlhokahalo e ’ngoe bakeng sa ho bolokeha ke ea ho utloisisa lithuto tsa Lentsoe la Molimo, Bibele. (2 Timothea 3:16) Ke Bibele feela e arabang lipotso tse kang: Morero oa bophelo ke ofe? Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bokhopo hore bo tsoele pele ka nako e telele hakaale? Ho etsahala’ng ka motho ha a e-shoa? Na ka sebele Molimo o hlokofatsa batho mollong oa lihele? Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše?a Motho a ke ke a sebeletsa Molimo ka nepo kantle le hore a tsebe likarabo tse nepahetseng tsa lipotso tseo, kaha Jesu o itse: “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ’nete.”—Johanne 4:23.

      Tumelo e Susumetsa Ketso

      Poloko e akarelletsa ho fetang feela ho batla tsebo. Tsebo e nepahetseng ea Molimo e hlahisa tumelo pelong ea motho ea arabelang hantle. (Baroma 10:10, 17; Baheberu 11:6) Tumelo e joalo e susumelletsa motho ketsong. Ka mohlala, Bibele ea eletsa: “Ka hona, bakang, ’me le sokolohe e le hore libe tsa lōna li hlakoloe, e le hore linako tse khathollang li ka tla ho tsoa ho Jehova ka boeena.”—Liketso 3:19.

      E, poloko e boetse e akarelletsa ho itumellanya le litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro. Tlas’a tšusumetso e fetolang motho ea Lentsoe la Molimo, mekhoa ea bophelo bohle ba motho ea ho bua leshano le ho qhekella e nkeloa sebaka ke botšepehi le ’nete. (Tite 2:10) Liketso tsa boitšoaro bo litšila tse kang bosodoma, bofebe le bohlola, lia furalloa ’me boitšoaro bo hloekileng e ba bona bo li nkelang sebaka. (1 Bakorinthe 6:9-11) Tsena ha li tloheloe ka nakoana ka lebaka la ho nkoa ke maikutlo, empa e ba phetoho e sa khaotseng e bakoang ke ho ithuta le ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka hloko.—Baefese 4:22-24.

      Ka nako e loketseng, ho rata Molimo le ho mo ananela ho susumelletsa motho ea tšepahalang hore a inehele ka ho feletseng ho Eena le ho bontša boinehelo ba hae ka kolobetso ea metsing. (Matheu 28:19, 20; Baroma 12:1) Mahlong a Molimo, Bakreste ba kolobelitsoeng ba pholohile. (1 Petrose 3:21) Nakong ea timetso e tlang ea lefatše lena le khopo, Molimo o tla ba pholosa ka ho feletseng ka ho ba sireletsa nakong ea matšoenyeho ao.—Tšenolo 7:9, 14.

      Seo Poloko e ka se Bolelang ho Uena

      Ho latela taba ena e tšohluoeng ka bokhutšoanyane, ho hlakile hore poloko e ama ho fetang ‘ho ba le Morena Jesu ka pelong ea hao.’ E bolela ho ba le tsebo e nepahetseng ka Jehova Molimo le Jesu Kreste, le ho etsa liphetoho tse hlokahalang bophelong. Ho ka ’na ha bonahala ho le thata ho etsa sena, empa Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho u thusa boitekong bona. Ka tokisetso ea thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, li ka u thusa hore u qale ho tsamaea tseleng ea poloko ea sebele.b

      Ka lebaka la bohaufi ba letsatsi la Molimo le tlang la kahlolo, ho etsa joalo ho potlakile ho feta leha e le neng pele! Ena ke nako ea ho ela hloko mantsoe a moprofeta: “Ha le e-so ho tle ho lōna, tsatsi la bohale ba Jehova! Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 2:2, 3.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Bakeng sa ho bona moo litaba tsena li tšohluoeng teng, ka kōpo hlahloba buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

      b Haeba u ka rata ho ba le thuto ea Bibele ha hao, ka kōpo ikopanye le phutheho e haufi ea Lipaki tsa Jehova. Kapa u ka ’na ua ngolla bahatisi ba makasine ena.

      [Setšoantšo se leqepheng la 6]

      POLOKO E FUMANEHA KA...

      ◻ Ho fumana tsebo e nepahetseng ka Molimo le Jesu.—Johanne 17:3.

      ◻ Ho bontša tumelo.—Baroma 10:17; Baheberu 11:6.

      ◻ Ho baka le ho sokoloha.—Liketso 3:19; Baefese 4:22-24.

      ◻ Boinehelo le kolobetso.—Matheu 16:24; 28:19, 20.

      ◻ Ho tsoela pele ho bolela phatlalatsa.—Matheu 24:14; Baroma 10:10.

      [Setšoantšo se leqepheng la 7]

      Ho ithuta Bibele, ho sebelisa seo u ithutang sona, boinehelo hammoho le kolobetso ke mehato e lebisang polokong

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela