Buka ea Bibele ea 66—Tšenolo
Mongoli: Moapostola Johanne
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Patmose
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 96 C.E.
1. (a) Mabapi le litšoantšo tsa Tšenolo, bahlanka ba Molimo ba tla lumellana le eng? (b) Ke ka baka la’ng ha ka nepo Tšenolo e beiloe qetellong ea Bibele?
NA LITŠOANTŠO tsa Tšenolo li entsoe ka morero oa ho u tšosa? Che, le hanyenyane! Ho phethahala ha boprofeta ho ka ’na ha tlisa tšoso ho ba khopo, empa qetellong bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba tla lumellana le selelekela se bululetsoeng le tlhaloso ea lengeloi: “Ho lehlohonolo [“ho thabile,” NW] ea balang, le ba utloang litaba tsa boprofeta bona.” “Ho lehlohonolo [“ho thabile,” NW] ea bolokang litaba tsa boprofeta ba buka ena!” (Tšen. 1:3; 22:7) Le hoja Tšenolo e ngoliloe pele ho libuka tse ling tse ’ne tse bululetsoeng tsa Johanne, ke ka nepo e beiloeng qetellong ea pokello ea libuka tse bululetsoeng tsa Bibele tse 66, kahobane ke Tšenolo e isang babali ba eona bokamosong bo hōle, ka ho fana ka pono e akaretsang ea seo merero ea Molimo bakeng sa moloko oa batho e leng sona, ’me sena se tlisa sehlooho se seholo sa Bibele, ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le ho fana ka bopaki bo tlosang qoso bobusing ba hae ka ’Muso tlas’a Kreste, Peō e Tšepisitsoeng, tlhōrōng e khanyang.
2. Tšenolo e fihlile ho Johanne joang, ’me ke hobane’ng ha lebitso la eona le loketse ka ho fetisisa?
2 Ho ea ka temana ea sehlooho, ena ke ‘tšenolo ea Jesu Kreste, eo a e neiloeng ke Molimo . . . eo a e rometseng ka lengeloi, a bileng a e tšoantšetsa Johanne, mohlanka [“lekhoba,” NW] oa hae .’ Ka hona Johanne e ne e mpa e le mongoli feela, e seng moqapi oa boitsebiso bona. Ka baka leo Johanne ha se mosenoli, kapa leha e le hona hore buka ena ke tšenolo ea Johanne. (1:1) Ho koaholleloa ha lekhoba la Molimo merero e metle ka ho hlollang ea Oona bakeng sa bokamoso ho etsa hore sehlooho sa eona e be se tšoanelang ka ho fetisisa, kahobane lebitso la buka ena ka Segerike A·po·kaʹly·psis (Apocalypse) le bolela “Koahollo,” kapa “Tšenolo.”
3. Tšenolo ka boeona e bontša hore mongoli oa eona ea bitsoang Johanne e ne e le mang, hona bo-rahistori ba khale ba tšehetsa sena joang?
3 Ke mang Johanne enoa ea boleloang e le mongoli oa Tšenolo khaolong ea eona ea pele? Re boleletsoe hore e ne e le lekhoba la Jesu Kreste, hammoho le moena le ea abetsoeng matšoenyeho le eena, ’me o ne a le botšoaruoeng sehleke-hlekeng sa Patmose. Ho bonahala a ne a tsejoa hantle ke babali ba hae ba pele, bao ho bona ho neng ho sa hlokahale ho itsebahatsa ho hong. E tlameha e be e ne e le moapostola Johanne. Sephetho sena se tšehetsoa ke bo-rahistori ba khale haholo. Papias, ea ngotseng karolong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E., ho boleloa hore o ne a lumela hore buka ena e na le qalo ea boapostola. Justin Martyr oa lekholong la bobeli la lilemo, ho “Dialogue With Trypho, a Jew” (LXXXI), o itse: “Ho ne ho na le monna e mong har’a rōna, eo lebitso la hae e neng e le Johanne, e mong oa baapostola ba Kreste, ea ileng a profeta, ka tšenolo eo a ileng a e tsebisoa.”a Irenaeus o bua ka ho hlakileng ka moapostola Johanne e le mongoli, joalokaha ho etsa Clement oa Alexandria le Tertullian, ba morao lekholong la bobeli la lilemo le tšimolohong ea lekholo la boraro la lilemo. Origen, seithuti sa Bibele se tsejoang haholo sa lekholong la boraro la lilemo, o itse: “Ke bua ka eena ea ileng a itšetleha sefubeng sa Jesu, Johanne, ea siileng Kosepele e le ’ngoe, . . . ’me hape o ngolile Apocalypse.”b
4. (a) Ke eng e hlalosang ho fapoha ha mokhoa oa ho ngola oa Johanne ho Tšenolo ha ho bapisoa le mangolo a mang a hae? (b) Ke eng se pakang Tšenolo e le karolo ea ’nete ea Mangolo a bululetsoeng?
4 ’Nete ea hore mangolo a mang a Johanne a hatisa lerato haholo, ha e bolele hore o ne a ke ke a ngola Tšenolo e matla haholo. Eena le ngoan’abo Jakobo ba ne ba tletse khalefo khahlanong le Basamaria ba motse o mong hoo ba neng ba batla eka mollo o ka theoha leholimong. Ke ka baka leo ba neng ba reiloe lebitso la “Boanergese,” kapa “Bara ba Sealuma.” (Mar. 3:17; Luka 9:54) Ho fetoha hona ha mokhoa oa ho ngola ha hoa lokela ho hlahisa bothata ha re hopola hore ho Tšenolo ho buuoa ka sehlooho se fapaneng sa taba. Seo Johanne a se boneng liponong tsena se ne se sa tšoane leha e le eng e ’ngoe eo a kileng a e bona. Tumellano e hlahelletseng ea buka ena kamanong le Mangolo a mang a boprofeta ntle ho pelaelo e pakela bonnete ba ho ba karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.
5. Johanne o ngotse Tšenolo neng, ’me e le tlas’a maemo afe?
5 Ho ea ka bopaki ba pelenyana, Johanne o ngotse Tšenolo hoo e ka bang ka 96 C.E., lilemo tse ka bang 26 ka mor’a timetso ea Jerusalema. Hona e tla ba ho ea qetellong ea puso ea Moemphera Domitian. Ho tiisa sena, Irenaeus ho “Against Heresies” (V, xxx) o re ka Apocalypse: “Ha ea bonoa nako e telele, empa hoo e ka bang letsatsing la rōna, ho isa qetellong ea puso ea Domitian.”c Eusebius le Jerome ka bobeli ba lumellana le bopaki bona. Domitian e ne e le ngoan’abo Tite, ea ileng a etella pele makhotla a ntoa a Baroma ho ea timetsa Jerusalema. Ebile moemphera ka mor’a lefu la Tite, lilemo tse 15 pele buka ea Tšenolo e ngoloa. O ile a qobella hore a rapeloe e le molimo ’me a inkela tlotla Dominus et Deus noster (e bolelang “Morena le Molimo oa Rōna”). Ho rapela moemphera ha hoa ka ha tšoenya ba rapelang melimo ea bohata, empa ho ne ho ke ke ha etsoa ke Bakreste ba pele, ba ileng ba hana ho sekisetsa tumelo ea bona ntlheng ena.d Ka hona, ho ea qetellong ea puso ea Domitian (81-96 C.E.), tlhoriso e bohloko e ile ea tlela Bakreste. Ho nahanoa hore Johanne o ile a isoa e le motšoaruoa Patmose ke Domitian. Ha Domitian a fenethoa ka 96 C.E., o ile a hlahlangoa ke Nerva ea neng a mamella haholoanyane, eo ho bonahalang a ile a lokolla Johanne. Ebile nakong ea botšoaruoa bona Patmose moo Johanne a ileng a amohela lipono tseo a ileng a li ngola.
6. Re lokela ho talima Tšenolo e le eng, ’me e ka aroloa joang?
6 Re tlameha ho ananela hore seo Johanne a se boneng le ho se bolelloa hore a se ngolle liphutheho e ne e se feela letoto la lipono tse sa amaneng, tse tlalehiloeng ka tsela e sa hlophisehang. Che, buka eohle ea Tšenolo, ho tloha qalong ho isa qetellong, e re neha setšoantšo se momahaneng sa lintho tse tlang, ho tloha ponong e ’ngoe ho ea ho e latelang ho fihlela ho senoloa ho felletseng ha merero ea ’Muso oa Molimo ho finyelloa qetellong ea lipono. Ka baka leo re tlameha ho sheba buka ea Tšenolo e le e kopaneng le e boptjoang ke likarolo tse amanang, tse lumellanang, e le e re isang bokamosong ho tloha nakong ea Johanne. Ka mor’a kenyelletso ea eona (Tšen. 1:1-9), buka e ka talingoa e arotsoe ka lipono tse 16: (1) 1:10–3:22; (2) 4:1–5:14; (3) 6:1-17; (4) 7:1-17; (5) 8:1–9:21; (6) 10:1–11:19; (7) 12:1-17; (8) 13:1-18; (9) 14:1-20; (10) 15:1–16:21; (11) 17:1-18; (12) 18:1–19:10; (13) 19:11-21; (14) 20:1-10; (15) 20:11–21:8; (16) 21:9–22:5. Lipono tsena li lateloa ke sephetho se susumetsang, seo ho sona Jehova, Jesu, lengeloi, le Johanne kaofela ba buang, ba etsang tlatsetso ea bona ea ho qetela e le ba ka sehloohong mocheng ona oa puisano.—22:6-21.
LITABA TSE KA HARE TSA TŠENOLO
7. Johanne o boletse eng ka mohloli oa Tšenolo, ’me ke lintho life tseo a bolelang hore o kopanela ho tsona le ba leng liphuthehong tse supileng?
7 Kenyelletso (1:1-9). Johanne o hlalosa Mohloli oa bomolimo le karolo ea lengeloi mabapi le mocha oo tšenolo e fanoeng ka oona, ’me o tsoela pele ho bua le ba leng liphuthehong tse supileng tsa setereke sa Asia. Jesu Kreste o ba entse “marena le baprista ho Molimo, Ntat’ae,” Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle. Johanne o ba hopotsa hore ke ea abetsoeng hammoho le bona ‘matšoenyehong, le ’musong, le mamellong e leng ho Jesu,’ a le botšoaruoeng Patmose.—1:6, 9.
8. (a) Johanne o laeloa ho etsa eng? (b) Ke mang eo a mo bonang har’a likandelare, ’me Enoa o mo hlalosetsa eng?
8 Melaetsa liphuthehong tse supileng (1:10–3:22). Joalokaha pono ea pele e qala, ka pululelo Johanne o iphumana a le letsatsing la Morena. Lentsoe le matla, le joaloka la terompeta le mo bolella hore a ngole bukeng e mennoeng seo a se bonang le ho e romela liphuthehong tse supileng, Efese, Smyrna, Pergame, Thyatire, Sarda, Filadelfia, le Laodicea. Ha Johanne a retelehela moo lentsoe le tsoang teng, o bona “e mong ea kang mor’a motho” a le har’a likandelare tse supileng, a tšoere linaleli tse supileng letsohong la hae le letona. Enoa o itsebahatsa e le “oa pele le oa morao,” Ea neng a shoele empa joale a phela ka ho sa feleng le ea nang le linotlolo tsa lefu le tsa nģalo ea bafu. Ka hona ke Jesu Kreste ea tsositsoeng. O-oa hlalosa: “Linaleli tse supileng ke mangeloi a likereke [“liphutheho,” NW] tse supileng; ’me likandelare tse supileng tseo u li boneng, ke likereke [“liphutheho,” NW] tse supileng.”—1:13, 17, 20.
9. Ke ho babatsoa hofe le keletso tse neoang liphutheho tsa Efese, Smyrna, Pergame, le Thyatire?
9 Johanne o bolelloa hore a ngolle lengeloi la phutheho ea Efese, eo, ho sa tsotellehe mosebetsi oa eona o boima, mamello, le ho hanela banna ba babe, e neng e tlohetse lerato la eona la pele ’me ka hona e ne e lokela ho baka le ho etsa liketso tsa eona tsa pele. Phutheho ea Smyrna e bolelloa hore ho sa tsotellehe matšoenyeho le bofuma ba eona, ha e le hantle e ruile ’me e se tšohe: “U tiee ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.” Phutheho ea Pergame, e ahileng “moo Satane a nang le terone ea hae teng,” e khomaretse lebitso la Kreste empa har’a eona ho na le bakoenehi, ’me bana ba lokela ho baka kapa ho seng joalo Kreste o tla ba loantša ka sabole e telele e tsoang molomong oa hae. Thyatire phutheho ena e na le ‘lerato, tšebeletso, tumelo, le mamello,’ empa leha ho le joalo e mamelletse “Jezebele, mosali eo.” Leha ho le joalo, ba tšepahalang ba tšoarellang ba tla fuoa “’muso holim’a lichaba.”—2:10, 13, 19, 20, 26.
10. Ke melaetsa efe e romeloang liphuthehong tsa Sarda, Filadelfia, le Laodicea?
10 Phutheho ea Sarda e tsejoa ka botumo ba hore e-ea phela, athe e shoele kahobane liketso tsa eona ha li etsoe ka ho felletseng pel’a Molimo. Leha ho le joalo, ba hlōlang mabitso a bona a tla ngoloa bukeng ea bophelo ka mokhoa o sa hlakoheng. Phutheho ea Filadelfia e bolokile lentsoe la Kreste, ka hona o tšepisa ho sireletsa phutheho eo “nakong ea moleko, o tlang ho hlahela lefatše kaofela.” Kreste o tla etsa hore ea hlōlang e be tšiea ka tempeleng ea Molimo oa Hae. Kreste o re: “Ke tla ngola holim’a hae lebitso la Molimo oa ka, le lebitso la motse oa Molimo oa ka, e leng Jerusalema e mocha . . . le lebitso la ka le lecha.” Kreste, a itšupa e le “hlooho ea libopuoa tsa Molimo,” o bolella phutheho ea Laodicea hore ha e chese kapa hona hore e-ea bata ’me o tla e hlatsa molomong oa hae. Le hoja ba leng phuthehong eo ba ikakasa ka hore ba ruile, bonneteng ba futsanehile, ba foufetse ’me ba feela. Ba hloka liaparo tsa ka holimo tse tšoeu, le setlolo se phekolang mahlo e le hore ba bone. Kreste o tla tla ’me a je le motho leha e le ofe ea ’mulelang monyako. Ea hlōlang Kreste o tla mo lumella ho lula le eena teroneng ea hae, joalokaha le eena a lula le Ntat’ae teroneng ea Hae.—3:10, 12, 14.
11. Ke pono efe e khanyang eo joale e tlisoang tlhokomelong ea Johanne?
11 Pono ea khalalelo le khanya ea Jehova (4:1–5:14). Pono ea bobeli e re isa pel’a terone e khanyang ea leholimo ea Jehova. Pono ke ea botle bo phatsimang, e phatsima joaloka mahakoe a bohlokoa. Ho pota terone ho lutse baholo ba 24 ba roetseng meqhaka. Libōpuoa tse ’ne tse phelang li isa khalalelo ho Jehova, ’me o rapeloa e le ea tšoaneloang ke “ho neoa khanya, le hlompho, le matla” kahobane e le ’Mōpi oa lintho kaofela.—4:11.
12. Ke mang feela ea nang le tšoanelo ea ho phetla moqolo o nang le litiiso tse supileng?
12 “Ea lutseng teroneng” o nka moqolo o nang le litiiso tse supileng. Empa ke mang ea nang le tšoanelo ea ho phetla buka e mennoeng? Ke feela “tau ea leloko la Juda, lehlomela la Davida,” ea nang le tšoanelo! Enoa, eo hape e leng ‘Konyana e hlabiloeng,’ o nka buka e mennoeng ho Jehova.—5:1, 5, 12.
13. Ke pono efe e nang le likarolo tse lumellanang e bonahalang ha ho buloa litiiso tsa pele tse tšeletseng?
13 Konyana e bula litiiso tse tšeletseng tsa moqolo (6:1–7:17). Joale ho qala pono ea boraro. Konyana e tsoela pele ho bula litiiso. Pele, monna ea kalletseng pere e tšoeu o-oa tsoa “e le ea hlōlang le ea tla hlōla.” Ho latela mokalli oa pere e bofubelu ba mollo ea tlosang khotso lefatšeng, le e mong oa pere e ntšo ea lekanyang likabo tsa lijo-thollo. Pere e tšehla e kalletsoe ke Lefu, ’me nģalo ea bafu e e latela haufi. Tiiso ea bohlano e-ea buloa, ’me “ba bolaetsoeng lentsoe la Molimo” ba hoeletsa hore mali a bona a pheteletsoe. (6:2, 9) Ha ho buloa tiiso ea botšelela, ho na le tšisinyeho e khōlō ea lefatše, letsatsi le khoeli li ba ntšo, ’me ba matla ba lefatše ba hoeletsa hore lithaba li ba oele holimo le ho ba pata ho Jehova le khalefong ea Konyana.
14. Ke eng ho latelang ho bonoang mabapi le bahlanka ba Molimo le bongata ba batho bo se nang palo?
14 Ka mor’a sena, pono ea bone e-ea qala. Mangeloi a mane a bonoa a thibetse meea e mene ea lefatše ho fihlela bahlanka ba Molimo ba tiisitsoe liphatleng tsa bona. Palo ea bona ke 144 000. Ka mor’a moo Johanne o bona palo e ke keng ea baloa ea bongata bo boholo ba batho ba lichaba tsohle, ba eme pel’a Molimo le Konyana, ba isa mantsoe a poloko ho bona, ba nehelana ka tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu tempeleng ea Molimo. Konyana ka boeona ‘e tla ba alosa le ho ba isa lilibeng tsa metsi a bophelo.’—7:17.
15. Ke eng se latelang ha ho phetloa tiiso ea bosupa?
15 Tiiso ea bosupa e-ea buloa (8:1–12:17). Ho na le khutso leholimong. Literompeta tse supileng li neoa mangeloi a supileng. Melumo ea pele ea literompeta tse tšeletseng e bōpa pono ea bohlano.
16. (a) Ke eng se arabelang ho letsoa ho latellanang ha literompeta tsa pele tse hlano, ’me bomalimabe ba pele ho bo hararo ke bofe? (b) Terompeta ea botšelela e thoholetsa eng?
16 Joalokaha literompeta tsa pele tse tharo li letsoa ka ho latellana, bomalimabe bo tšolohela holim’a lefatše, leoatle, le linōka ha esita le lilibeng tsa metsi. Molumong oa terompeta ea bone, karolo ea boraro ea letsatsi, khoeli, le linaleli e-ea fifala. Molumong oa ea bohlano, naleli e tsoang leholimong e lokolla kotlo ea tsie e hlaselang “ba se nang letšoao la Molimo liphatleng tsa bona.” Ena ke “kotsi e le ’ngoe,” tse ling tse peli lia latela. Terompeta ea botšelela e thoholetsa ho tlamolloa ha mangeloi a mane a tsoang ho ea bolaea. Bakalli ba lipere ba “limillione tse makholo a mabeli [“limiriade tse peli tsa limiriade,” NW]” ba tlisa bomalimabe bo eketsehileng le polao, empa leha ho le joalo batho ha ba bakele liketso tsa bona tse mpe.—9:4, 12, 16.
17. Ke liketsahalo life tse fihlang tlhōrōng ha ho tsebisoa hore kotsi ea bobeli e fetile?
17 Joalokaha pono ea botšelela e qala, lengeloi le leng le matla le theoha leholimong ’me le bolela phatlalatsa hore ‘mehleng ea lentsoe la lengeloi la bosupa, ha terompeta ea lona e lla, ke moo sephiri sa Molimo se boletsoeng [“mabapi le litaba tse molemo,” NW]’ se lokelang ho phethahatsoa. Johanne o neoa moqolo o monyenyane hore a o je. Molomong oa hae o “monate joalo ka linotši,” empa maleng a hae o-oa baba. (10:7, 9) Lipaki tse peli li profeta ka matsatsi a 1 260 li apere masela a mahoashe; ’me li bolaoa ke “sebata se nyolohang sekoting,” ’me litopo tsa tsona li tloheloa “lepatlelong la motse o moholo” ka matsatsi a mararo le halofo. Ba ahileng lefatšeng ba nyakalla haholo ka sena, empa ba ile ba tšoha ha Molimo o li tsosetsa bophelong. Ka hora eo, tšisinyeho e khōlō ea lefatše e ba teng. “Kotsi ea bobeli e fetile.”—11:7, 8, 14.
18. Ho etsoa tsebiso efe ea bohlokoa ha ho utloahala molumo oa terompeta ea bosupa, ’me hona joale ke nako e beiloeng bakeng sa eng?
18 Joale lengeloi la bosupa le letsa terompeta ea lona. Mantsoe a leholimo a ntša tsebiso: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae.” “Baholo ba mashome a mabeli a metso e mene” ba rapela Molimo le ho mo leboha, empa lichaba li tlala bohale. Ke nako e behiloeng ea Molimo ea ho ahlola bafu le ea ho putsa bahalaleli ba hae le ea “ho senya ba senyang lefatše.” Sehalalelo sa hae sa tempele sea buloa, ’me ho sona ho bonoa areka ea hae ea selekane.—11:15, 16, 18.
19. Ke pontšo le ntoa life tse bonoang leholimong, phello e ba efe, ’me hona ho ama joang bomalimabe ba boraro?
19 Ka mor’a hore ho etsoe tsebiso eo ea ho hlongoa ha ’Muso, pono ea bosupa kapele-pele e bontša “mohlolo [“pontšo,” NW] o moholo” leholimong. Ke mosali ea belehang “mora, ngoana e motona, ea tla alosa lichaba tsohle ka lere la tšepe.” “Drakone e kholo, e khubelu” e emetse ho koenya ngoana, empa ngoana o nkeloa teroneng ea Molimo. Mikaele o loantša drakone, ’me o lihela “noha ea khale [“ea tšimolohong,” NW] e bitsoang Diabolose le Satane.” Ke ‘malimabe lefatšeng’! Drakone e hlōrisa mosali le ho loantša masala a peō ea hae.—12:1, 3, 5, 9, 12; 8:13.
20. Ke libata life tse peli tseo joale li bonahalang ponong, ’me li susumetsa batho ba lefatše joang?
20 Sebata se hlaha se tsoang leoatleng (13:1-18). Joale pono ea borobeli e bontša sebata se hlaha se lihlooho li supileng le linaka tse leshome, se nyoloha leoatleng. Se amohela matla a sona ho drakone. E ’ngoe ea lihlooho tsa sona e ile ea hlajoa ho ea lefung, empa ea fola, ’me lefatše kaofela la hlolloa ke sebata. Se ne se bua mantsoe a nyefolang Molimo le ho loantša bahalaleli. Empa, bona! Johanne o bona sebata se seng, sena se tsoa lefatšeng. Se na le linaka tse peli tse joaloka tsa konyana, empa se qala ho bua joaloka drakone. Se khelosa ba ahileng lefatšeng le ho ba bolella hore ba etse setšoantšo sa sebata sa pele. Bohle ba qobelloa ho rapela sebata sena kapa ho seng joalo baa bolaoa. Ntle ho letšoao kapa palo ea sebata, ha ho motho ea ka rekang kapa hona ho rekisa. Palo ea sona ke 666.
21. Johanne o bona eng holim’a Thaba ea Sione, mangeloi a tšoere eng le ho e bolela phatlalatsa, ’me ke joang morara oa lefatše o lahluoang?
21 “Evangeli [“litaba tse molemo,” NW] ea ka mehla le mehla” le melaetsa e amanang le eona (14:1-20). Ka mokhoa o fapaneng ka ho thahasellisang, ponong ea borobong, Johanne o bona Konyana e le holim’a Thaba ea Sione, ’me hammoho le eona ho na le ba 144 000 ba nang le mabitso a Konyana le a Ntate liphatleng tsa bona. “Ba ne ba bina ho kang sefela se secha,” e le ba “lopolotsoeng har’a batho, e be lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana.” Lengeloi le leng lea hlaha mahareng a leholimo, le tšoere “evangeli [“litaba tse molemo,” NW] ea ka mehla le mehla ho e bolella” sechaba se seng le se seng le tsebisa phatlalatsa: “Tšabang Molimo, isang khanya ho oona.” Le leng hape lea phatlalatsa: “O oele, o oele, Babylona . . . [e] moholo.” Le leng, la boraro, le phatlalatsa hore ba rapelang sebata le setšoantšo sa sona ba tla noa bohale ba Molimo. E mong “ea kang mor’a motho” o akhela sekele ea hae, ’me lengeloi le leng ka ho tšoanang le akhela sekele ea lona le ho kotula morara oa lefatše, le o akhela “sehatelong se seholo sa bohale ba Molimo.” Joalokaha sehatelo sa veine se hateloa ka ntle ho motse, mali a tsoang ho sona a nyoloha ho fihlela litomong tsa lipere, ‘sebaka se lekanang le listadia tse sekete se nang le makholo a tšeletseng’ (e ka ba lik’hilomithara tse 296).—14:3, 4, 6-8, 14, 19, 20.
22. (a) Ke bo-mang joale ba bonoang ba tlotlisa Jehova, hona ka baka la’ng? (b) Linkho tse supileng tsa bohale ba Molimo li tšolleloa hokae, ’me ke liketsahalo life tsa bohlokoa tse latelang?
22 Mangeloi le likotlo tsa ho qetela tse supileng (15:1–16:21). Pono ea leshome e qala ka ponahalo e ’ngoe ea lekhotla la leholimo. Ba hlōtseng sebata ba tlotlisa Jehova, “Morena oa ka ho sa feleng,” ka baka la mesebetsi ea oona e meholo le e hlollang. Mangeloi a supileng a tsoa sehalalelong sa leholimo ’me a neoa linkho tsa gauta tse supileng tse tletseng bohale ba Molimo. Tsa pele tse tšeletseng li tšolleloa lefatšeng, leoatleng, le linōkeng le lilibeng tsa metsi, esita le holim’a letsatsi, terone ea sebata, le nōkeng Eufrate, e pshesa metsi a eona ho lokisa tsela bakeng sa “marena a bochaba-tsatsi.” Lipolelo tsa bademona li bokella ‘marena a lefatše lohle le ahiloeng ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’Ohle’ Har–Magedone. Nkho ea bosupa e tšolleloa moeeng, le maemong a tšosang a tlhaho, motse o moholo o arohana ka likarolo tse tharo, metse e meholo ea lichaba e-ea oa, ’me Babylona e amohela ‘senoelo sa veine ea khalefo e tukang ea Molimo.’—15:3, NW; 16:12, 14, 19.
23. (a) Kahlolo ea Molimo e lihuoa joang holim’a Babylona e Moholo? (b) Ke tsebiso efe le sello sefe tse latelang ho oa ha eona, ’me ke thoriso efe ea nyakallo e utloahalang hohle leholimong?
23 Kahlolo ea Molimo holim’a Babylona; lenyalo la Konyana (17:1–19:10). Pono ea bo11 ea qala. Bona! Ke kahlolo ea Molimo holim’a “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa,” ‘eo marena a lefatše a febileng le eena.’ A tahiloe ke mali a bahalaleli, o palame holim’a sebata se ’mala oa sekarelata se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome. Sebata sena “se ne se le teng, ’me ha se eo; se se se tla nyoloha sekoting.” Linaka tsa sona tse leshome li loantša Konyana, empa kahobane e le “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi,” ea li hlōla. Linaka tse leshome li retelehela ho seotsoa ’me lia se timetsa, ’me ho qala ka pono ea bo12, lengeloi le leng, leo khanya ea lona e khantšang lefatše, le bolela phatlalatsa: “O oele, o oele, Babylona e Moholo!” Batho ba Molimo ba laeloa ho tsoa ho eona, ho seng joalo ba tla kopanela likotlong tsa eona. Marena le ba matla ba lefatše ba e llela, ba re: “Jo! jo! Babylona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ea hao e hlahile joang ka hora e le ’ngoe!” Maruo a eona a sentsoe. Joaloka leloala le leholo e akheloa leoatleng, ka molumo o potlakileng Babylona e akheloa fatše, le ka mohla e ke ke ea fumanoa hape. Qetellong mali a bahalaleli ba Molimo a phetelelitsoe! Ka makhetlo a mane leholimo le ntša pitso ena: “Alleluya [“Rorisang Jah, lōna batho,” NW]!” Rorisang Jah kahobane o ahlotse seotsoa se seholo ka polao! Rorisang Jah kahobane o qalile ho busa e le morena! Thabang ’me le nyakalle kahobane “lenyalo la Konyana le hlahile, ’me mosali oa eona o itokisitse”!—17:2, 5, 8, 14; 18:2, 10; 19:1, 3, 4, 6, 7.
24. (a) Ntoa e loanoang ke Konyana ke ea makhaola-khang joang? (b) Ho etsahala eng nakong ea lilemo tse sekete, ’me ho latela eng qetellong ea tsona?
24 Konyana e loana ka ho loka (19:11–20:10). Pono ea bo13, “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi” o etella pele makhotla a leholimo ntoeng ea ho loka. Marena le linatla ba fetoha lijo tsa linonyana tsa leholimo, ’me sebata le moprofeta oa bohata ba akheloa ba phela letšeng la mollo le tukang ka sebabole. (19:16) Ha pono ea bo14 e qala, ho bonoa lengeloi “le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona.” “Drakone, noha ea khale [“ea tšimolohong,” NW] e leng Diabolose le Satane,” e-ea tšoaroa le ho tlangoa bakeng sa lilemo tse sekete. Ba nang le kabelo tsohong ea pele ba fetoha ‘baprista ba Molimo le ba Kreste ’me ba busa le eena ka lilemo tse sekete.’ Ka mor’a moo, Satane o tla lokolloa ho ea khelosa lichaba tsa lefatše, empa eena le ba mo latelang, ba tla akheloa letšeng la mollo.—20:1, 2, 6.
25. Ke pono efe e thahasellisang e latelang, ’me ke bo-mang ba tlang ho rua lintho tse bonoeng?
25 Letsatsi la Kahlolo le khanya ea Jerusalema e Mocha (20:11–22:5). Pono e thahasellisang ea bo15 e-ea latela. Bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba ahloloa pel’a terone e khōlō e tšoeu ea Molimo. Lefu le nģalo ea bafu li akheloa letšeng la mollo, ho bolelang “lefu la bobeli,” ’me hammoho le tsona ho akheloa motho leha e le ofe ea sa fumanoeng a ngoliloe bukeng ea bophelo. Jerusalema e Mocha o theoha leholimong, ’me Molimo o aha le batho, o hlakola meokho mahlong a bona. Ha ho na lefu, ho siama, ho bokolla, kapa bohloko! E, Molimo “o etsa lintho tsohle li be ncha,” ’me o tiisa tšepiso ea oona ka ho re: “Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.” Ba hlōlang ba tla rua lintho tsena, empa makoala, ba hlokang tumelo, le ba itšoereng hampe kapa ba sebelisanang le meea kapa ba rapelang litšoantšo ba ke ke ba li rua.—20:14; 21:1, 5, NW.
26. (a) Ke tlhaloso efe e fanoang ka Jerusalema e Mocha? (b) Ke lintho life tse tšehetsang bophelo tse bonoang motseng ona, ’me leseli la oona le tsoa hokae?
26 Joale ponong ea bo16, ebile e le ea ho qetela Johanne o bontšoa “mosali oa Konyana,” Jerusalema e Mocha, e na le liheke tse 12 le majoe a motheo a 12 a nang le mabitso a baapostola ba 12. E likhutlo li ’ne, ’me botle ba eona bo hlollang bo emeloa ke jaspere, gauta, le liperela. Jehova le Konyana ke tempele ea motse ona, ’me hape ke leseli la oona. Ho oona ho ka kena feela ba ngotsoeng moqolong oa Konyana. (21:9) Nōka e hloekileng ea metsi a bophelo e tsoa teroneng ho theosa le lepatlelo le sephara la motse, ’me ka mahlakoreng a eona a mabeli ho na le lifate tsa bophelo, tse behang litholoana tse ncha khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ’me mahlaku a tsona a folisa. Terone ea Molimo le ea Konyana e tla ba motse, ’me bahlanka ba Molimo ba tla bona sefahleho sa Hae. “Morena [“Jehova,” NW] Molimo o tla ba bonesa, ’me ba tla busa [“e le marena,” NW] ka mehla le mehla.”—22:5.
27. (a) Ke tiisetso efe e neoang Johanne mabapi le boprofeta bona? (b) Tšenolo e phetha ka memo le temoso efe e susumetsang?
27 Sephetho (22:6-21). Tiiso e fanoe: “Litaba tseo ke tse tiileng; ke tsa ’nete.” Ka sebele, ho thabile bohle ba bolokang mantsoe ao a boprofeta! Ka mor’a hore Johanne a utloe le ho bona lintho tsena, o oela fatše ho rapela lengeloi, empa le mo hopotsa ho rapela Molimo o ’notši. Mantsoe a boprofeta ha a lokela ho koaheloa, ‘kahobane nako [“e khethiloeng,” NW] ea oona e se e le haufi.’ Ho thabile ba kenang motseng ona, kahobane kantle ho sala ba litšila “le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.” Jesu o bolela hore ke eena ea rometseng bopaki bona liphuthehong ka lengeloi la hae, le hore eena ke “motso le moloko oa Davida, naleli e khanyang ea meso.” “Moea le monyaluoa ba re: Tloo! Le ea utloang a ke a re: Tloo! Le ea nyoriloeng a a tle; le ea ratang, a nke feela metsi a bophelo.” ’Me ho se be le motho ea eketsang kapa ea tlosang letho mantsoeng ana a boprofeta, esere kabelo ea hae ea tlosoa “sefateng sa bophelo le motseng o halalelang.”—22:6, 10, 15-17, 19.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
28. Ke ka mehlala efe re ka hlokomelang hore Tšenolo e phethela tlaleho eo ho qaliloeng ka eona karolong ea pele ea Bibele?
28 Buka ea Tšenolo e fana ka sephetho se khanyang hakaakang bakeng sa libuka tse 66 tse bululetsoeng le tse bokelletsoeng tsa Bibele! Ha ho letho le tlohetsoeng. Ha ho likarolo tse siuoeng sebakeng ho se moo li amanang le tse ling. Joale re bona ka ho hlakileng qetello e hlollang ka botle ha esita le qalo e joalo. Karolo ea ho qetela ea Bibele e phetha tlaleho e leng karolong e qalang. Joalokaha Genese 1:1 e hlalosa ho bōpa ha Molimo maholimo le lefatše la sebele, ka hona Tšenolo 21:1-4 e hlalosa leholimo le lecha le lefatše le lecha tse nang le litlhohonolofatso tse ke keng tsa hlalosoa tse tlang ho tlisetsoa moloko oa batho, joalokaha ho profetiloe hape ho Esaia 65:17, 18; 66:22; le 2 Petrose 3:13. Hantle feela joalokaha motho oa pele a ile a bolelloa hore o tla shoa haeba a sa utloe, ka ho tšoanang Molimo o fana ka tiiso ea hore ho ba utloang, “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” (Gen. 2:17; Tšen. 21:4) Ha Nōha e hlaha ka lekhetlo la pele e le mothetsi oa moloko oa batho, Molimo o ile oa bolela esale pele ka ho khojoa hloohong ha eona, ’me Tšenolo e senola kamoo noha ea khale e bitsoang Diabolose le Satane, qetellong e akheloang timetsong. (Gen. 3:1-5, 15; Tšen. 20:10) Le hoja motho ea sa utloeng a ile a lelekoa sefateng sa bophelo se neng se le Edene, lifate tsa tšoantšetso tsa bophelo lia bonahala bakeng sa “ho folisa ba-lichaba” ba moloko o utloang oa batho. (Gen. 3:22-24; Tšen. 22:2) Joalokaha nōka e neng e tsoa Edene e ne e nosetsa serapa, ka hona nōka ea tšoantšetso, e fanang ka bophelo le e tšehetsang bophelo, e tšoantšetsoa e phalla ho tsoa teroneng ea Molimo. Sena se tšoana le ponong ea pelenyana ea Ezekiele, ’me hape e re hopotsa mantsoe a Jesu mabapi le “seliba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.” (Gen. 2:10; Tšen. 22:1, 2; Ezek. 47:1-12; Joh. 4:13, 14) Ho fapana le ho lelekoa pel’a boteng ba Molimo, joalokaha ho bile ka monna le mosali ba pele, bahlōli ba tšepahalang ba tla bona sefahleho sa oona. (Gen. 3:24; Tšen. 22:4) Ka sebele ke ho ruisang molemo ho hlokomela lipono tsena tse thahasellisang tsa Tšenolo!
29. (a) Ke joang Tšenolo e hokahanyang boprofeta bo mabapi le Babylona? (b) Ke ho tšoana hofe ho ka hlokomeloang pakeng tsa lipono tsa ’Muso, hammoho le libata, ho Daniele le ho Tšenolo?
29 Hape, hlokomela kamoo Tšenolo e hokahanyang hammoho boprofeta bo mabapi le Babylona e khopo. Esaia o ile a bona esale pele ho oa ha Babylona ea sebele le pele ho etsahala, ’me o ile a tlameha ho bolela phatlalatsa: “O oele, Babylona o oele.” (Esa. 21:9) Le Jeremia ka ho tšoanang o ile a profeta khahlanong le Babylona. (Jer. 51:6-12) Empa ka tšoantšetso Tšenolo e bua ka “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.” Le eona ka ho tšoanang e lokela ho thefuloa, ’me Johanne o bona sena ponong, o bolela phatlalatsa: “O oele, o oele, Babylona e moholo!” (Tšen. 17:5; 18:2) Na u sa hopola pono ea Daniele ea ’muso o ileng oa hlongoa ke Molimo o neng o tla silakanya mebuso e meng ’me oona o be teng “ka ho sa feleng”? Hlokomela kamoo sena se hokahanang ka teng le phatlalatso ea leholimo ho Tšenolo: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa ka ho sa feleng.” (Dan. 2:44; Tšen. 11:15) Joalokaha ponong Daniele a hlalosa ‘e mong ea kang mor’a motho a hlaha ka maru a leholimo ho neoa ’muso, le hlompho, le borena,’ ka ho tšoanang Tšenolo e khetholla Jesu Kreste e le “Morena oa marena a lefatše” le joaloka ‘ea tlang ka maru,’ ’me e re “mahlo ’ohle a tla ’mona.” (Dan. 7:13, 14; Tšen. 1:5, 7) Hape, ho na le lintho tse itseng tse tšoanang tse ka hlokomeloang pakeng tsa libata tsa lipono tsa Daniele le libata tsa Tšenolo. (Dan. 7:1-8; Tšen. 13:1-3; 17:12) Ka sebele, Tšenolo e fana ka karolo e khōlō ea thuto e matlafatsang tumelo.
30. (a) Ke pono efe e felletseng eo Tšenolo e fanang ka eona ka ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ka ’Muso? (b) Ke eng se hatisoang ka khalalelo, ’me e ama bo-mang?
30 Tšenolo e fana ka pono e hlollang hakaakang le e nang le litšobotsi tse ngata hakaakang mabapi le ’Muso oa Molimo! E bontša ka ho hlakileng seo baprofeta ba khale le Jesu le barutuoa ba hae ba se boletseng mabapi le ’Muso. Mona re na le pono e felletseng ea ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ka ’Muso: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela, Morena [“Jehova,” NW] Molimo, ea Matla ’Ohle.” O lokela ke “ho neoa khanya, le hlompho, le matla.” Ka sebele, ke eena ea ‘nkileng matla a hae a maholo ’me oa rena’ ka Kreste. Mora oa boreneng, “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi,” o bontša cheseho e khōlō hakaakang ha a otla lichaba le ho hatisa “sehatelong sa veine ea bohale le ea khalefo ea Molimo o Matla ’Ohle”! Joalokaha sehlooho se hlollang ka botle sa Bibele se fanang ka bopaki bo tlosang qoso eohle ho Jehova se finyella tlhōrō ea sona, ho hatisoa hore motho e mong le e mong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e kopanelang mererong ea ’Muso e lokela ho halalela. Konyana, Jesu Kreste, “ea tšoereng senotlolo sa Davida,” e boleloa e halalela, ka ho tšoanang le mangeloi a leholimo. Ba nang le kabelo tsohong ea pele ba boleloa ‘ba le lehlohonolo [“ba thabile,” NW] hape ba halalela,’ ’me ho hatisoa hore “ha ho ntho e litšila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala” ba ke ke ba kena ‘motseng o moholo, Jerusalema ea halalelang.’ Ka hona ba rekiloeng ka mali a Konyana ho ba “marena le baprista ho Molimo oa rōna” ba na le khothatso e matla ea ho boloka khalalelo pel’a Jehova. Ka ho tšoanang “bongata bo boholo ba batho” bo lokela ‘ho hlatsoa liaparo tsa bona le ho li soeufatsa maling a Konyana’ e le hore bo ka nehelana ka tšebeletso e halalelang.—Tšen. 4:8, 11; 11:17; 19:15, 16; 3:7; 14:10; 20:6; 21:2, 10, 27; 22:19; 5:9, 10; 7:9, 14, 15.
31. Ke litšobotsi life tsa ’Muso tseo re li hlokomelisoang bukeng ea Tšenolo feela?
31 Pono ea ’Muso ona o khanyang le o halalelang oa Molimo e hlaka ka ho benyang likelellong tsa rōna ha re ela hloko litšobotsi tse itseng tseo re li hlokomelisoang bukeng ea Tšenolo feela. Mona re na le pono e felletseng ea majalefa a ’Muso a le Thabeng ea Sione le Konyana, a bina sefela se secha se tsejoang ke oona feela. Ke Tšenolo feela e re tsebisang palo ea ba rekiloeng lefatšeng ho kena ’Musong—144 000—le hore palo ena e tiisoa ho tsoa melokong e 12 ea tšoantšetso ea Iseraele oa moea. Ke Tšenolo feela e re bontšang hore ‘marena ana le baprista,’ a kopanelang le Kreste tsohong ea pele, a tla boela a buse le eena ka “lilemo tse sekete.” Ke Tšenolo feela e re nehang pono e felletseng ea “motse o halalelang, Jerusalema e Mocha,” o bonahatsang khanya ea oona e phatsimang, Jehova le Konyana e le tempele ea oona, liheke tsa oona tse 12 le majoe a oona a motheo, le marena a tlang ho busa ka ho sa feleng ka leseli le sa feleng leo Jehova a le tšollelang holim’a oona.—14:1, 3; 7:4-8; 20:6; 21:2, 10-14, 22; 22:5.
32. (a) Ke joang pono ea “leholimo le lecha” le “motse o halalelang, Jerusalema e Mocha,” e akarelletsang ka ho felletseng sohle se boletsoeng esale pele mabapi le Peō ea ’Muso? (b) Ke litlhohonolofatso life tseo ’Muso o li tiisetsang moloko oa batho lefatšeng?
32 Ho ka boleloa ka ’nete hore pono ena ea “leholimo le lecha” le “motse o halalelang, Jerusalema e Mocha,” e akaretsa seo Mangolo ’ohle a se boletseng ho tloha mehleng ea khale mabapi le Peō ea ’Muso. Abrahama o ne a lebelletse peō eo ka eona ‘lichaba tsohle tsa lefatše li neng li tla itlhohonolofatsa’ ka eona le “motse o nang le motheo, oo Molimo e leng mohahi le mothei oa oona.” Joale, ponong ea Tšenolo, re tsebisoa ka ho hlakileng motse ona oa tlhohonolofatso e le “leholimo le lecha”—puso e ncha, ’Muso oa Molimo, o bōptjoang ke Jerusalema e Mocha (monyaluoa oa Kreste) le Monyali oa hae. Hammoho ba tla tlisa puso e lokileng holim’a lefatše lohle. Jehova o tšepisa moloko oa batho o tšepahalang hore o ka fetoha ‘lichaba tsa hae’ boemong bo thabileng, bo se nang sebe, bo se nang lefu joaloka bo ileng ba thabeloa ke motho pele a rabela Edene. ’Me ka tsela ea khatiso, Tšenolo e re bolella habeli hore Molimo o tla “hlakola meokho eohle mahlong a bona.”—Gen. 12:3; 22:15-18; Ba-Heb. 11:10; Tšen. 7:17; 21:1-4.
33. (a) Ke kakaretso efe e hlollang eo pono ea Tšenolo e fanang ka eona mabapi le ho phethahala ha merero ea Molimo? (b) Ke joang “Lengolo lohle” le ipakileng ‘le bululetsoe ’me le le molemo,’ ’me ke hobane’ng ha hona joale e le nako ea ho ithuta le ho boloka Lentsoe la Molimo?
33 E, ke sephetho se hlollang hakaakang ka botle sa Mangolo a bululetsoeng! Lintho tsena tse “tšoanetseng ho hlaha kapele” li hlolla hakaakang! (Tšen. 1:1) Lebitso la Jehova, “Molimo oa meea [“lipolelo tse bululetsoeng,” NW] ea baprofeta,” le halalelitsoe. (22:6) Mangolo a boprofeta a makholong a lilemo a 16 a bontšoa a phethahala, ’me mosebetsi oa tumelo o entsoeng lilemong tse likete o-oa putsoa! “Noha ea khale [“ea tšimolohong,” NW]” e shoele, makhotla a eona a timelitsoe, ’me bokhopo bo felile. (12:9) ’Muso oa Molimo o busa e le “maholimo a macha” thorisong ea oona. Litlhohonolofatso tsa lefatše le tsosolositsoeng, le tletseng le le busoang ho ea ka morero oa Jehova o boletsoeng khaolong ea pele ea Bibele, li larile ka ho otlolohileng ka pel’a moloko oa batho. (Gen. 1:28) Ka sebele, Lengolo lohle le ipakile e le le ‘bululetsoeng ke Molimo ’me le le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.’ Jehova o le sebelisitse ho isa banna ba tumelo ba tšoanelehang ka ho felletseng, ba hlomelletsoeng ka ho felletseng letsatsing lena le hlollang. Ka baka leo, hona joale ke nako ea ho ithuta Mangolo ana ho matlafatsa tumelo ea hao. Boloka litaelo tsa oona e le hore u amohele tlhohonolofatso ea Molimo. A latele tseleng e otlolohileng e isang bophelong bo sa feleng. Ka ho etsa joalo, le uena u ka bolela ka mantsoe a bontšang kholiseho e tiileng eo buka ea ho qetela ea Bibele e phethang ka oona: “Amen! Tlo, Morena Jesu!”—2 Tim. 3:16, NW; Tšen. 22:20.
34. Ke joang hona joale re ka bang le thabo e ke keng ea bapisoa, hona hobane’ng?
34 Re ka ba le thabo e ke keng ea lekanngoa hakaakang ka ho phahamisa “’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae,” Peō, ha o tlisa khalalelo e sa feleng lebitsong leo ho se nang le tšoanang le lona la “Jehova Molimo, o Matla ’Ohle”!—Tšen. 11:15, 17, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Ante-Nicene Fathers, Moq. I, leqephe 240.
b The Ecclesiastical History, Eusebius, VI, xxv, 9, 10.
c The Ante-Nicene Fathers, Moq. I, maqephe 559-60.
d The Lives of the Caesars (Domitian, XIII, 2).