Khaolo ea 9
Malapa a Motsoali a le Mong a ka Atleha!
1-3. Ke eng e bakileng ho eketseha ha palo ea malapa a motsoali a le mong, hona ba ho ’ona ba ameha joang?
MALAPA a motsoali a le mong a ’nile a bitsoa “mokhoa oa malapa a hōlang ka potlako e fetisisang” United States. Boemo boa tšoana le linaheng tse ling tse ngata. Palo e khōlōhali ea litlhalano, ho ngala malapa, likarohano, le ho hlaha ha bana ba matšeo ho bile le liphello tse pharaletseng ho batsoali le bana ba limilione.
2 ’Mè e mong ea se nang molekane o ile a ngola: “Ke mohlolohali ea lilemo li 28 ea nang le bana ba babeli. Ke tepeletse maikutlo haholo hobane ha ke batle ho hōlisa bana ba ka ba se na ntate. Ho bonahala eka ha ho na ea ntsotellang. Hangata bana ba ka ba mpona ke lla ’me hoa ba ama.” Ka ntle le ho loana le maikutlo a joalo a kang bohale, ho ikutloa u le molato le bolutu, boholo ba batsoali ba se nang balekane bo tobane le phephetso ea mosebetsi oa boipheliso kantle ho lelapa le ho etsa mesebetsi ea ka lapeng. E mong o ile a re: “Ho ba motsoali ea se nang molekane ho tšoana le ho ba sebapali sa mochala-challa. Ka mor’a ho ikoetlisa ka likhoeli tse tšeletseng, qetellong o khona ho bapala mochala-challa ka libolo tse ’nè ka nako e le ’ngoe. Empa hang ha u khona ho etsa hoo, e mong o u akhella bolo e ncha!”
3 Bacha malapeng a motsoali a le mong hangata ba na le liqabang tsa bona. Ba ka ’na ba tlameha ho loana le maikutlo a tebileng ka lebaka la ho tloha hampe ha motsoali e mong kapa lefu la hae. Ho bacha ba bangata ho ba sieo ha motsoali ho bonahala ho e-ba le phello e mpe haholo.
4. Re tseba joang hore Jehova o amehile ka malapa a motsoali a le mong?
4 Malapa a motsoali a le mong a ne a le teng mehleng ea Bibele. Khafetsa Mangolo a bua ka “khutsana” le “mohlolohali.” (Exoda 22:22; Deuteronoma 24:19-21; Jobo 31:16-22) Jehova Molimo o ne a sa iphapanyetse mahlomola a bona. Mopesaleme o ile a bitsa Molimo “ntat’a likhutsana, moemeli oa bahlolohali.” (Pesaleme ea 68:5) Ka sebele, le kajeno Jehova o ntse a ameha ka tsela e tšoanang ka malapa a motsoali a le mong! Ka sebele, Lentsoe la hae le fana ka melao-motheo e ka a thusang ho atleha.
HO TSEBA KEMISO EA LELAPA HANTLE
5. Ke bothata bofe boo batsoali ba se nang balekane ba tlamehang ho tobana le bona qalong?
5 Nahana ka mosebetsi oa ho hlokomela lelapa. Mosali e mong ea hlaliloeng oa lumela: “Ho na le liketsahalo tse ngata moo u neng u ka lakatsa eka monna a ka be a le teng, mohlala ke ha koloi e qala ho lla manyene-nyene ao u sa tsebeng hore na a tsoa hokae.” Banna ba sa tsoa hlaloa kapa e e-ba bahlolohali le bona ka ho tšoanang ba ka makatsoa ke mesebetsi e mengata ea lelapa eo joale ba tlamehang ho e etsa. Ho bana, ho se hlophisehe ha lintho tsa ka lapeng ho ka phaella maikutlong a ho se tsitse le a ho se sireletsehe.
6, 7. (a) “Mosali ea khabane” oa Liproverbia o ile a beha mohlala ofe o motle? (b) Ho ba mahlaha-hlaha ka boikarabelo ba mosebetsi oa ka lapeng ho ka thusa malapa a motsoali a le mong joang?
6 Ke eng se ka thusang? Hlokomela mohlala o behiloeng ke “mosali ea khabane” ea hlalositsoeng ho Liproverbia 31:10-31. Boholo ba mosebetsi oo a o finyellang boa tsoteha—ho reka, ho rekisa, ho rōka, ho pheha, ho etsa letsete ka litša le mehaho, ho lema le ho tsamaisa khoebo. Lekunutu la hae ke eng? O ne a le mahlaha-hlaha, a sebetsa ho fihlela bosiu ’me a tsoha esale hoseng ho qala mesebetsi ea hae. ’Me o ne a hlophisehile haholo, a abela ba bang mesebetsi ’me a sebetsa ka matsoho a hae ho hlokomela ba bang. Ha ho makatse hore ebe o ile a ikhapela thoriso!
7 Haeba u motsoali ea se nang molekane, e-ba hlokolosi ka boikarabelo ba hao ba ka lapeng. Fumana khotsofalo ka mosebetsi o joalo, hobane hona ho etsa ho hoholo ho ekelletsa thabong ea bana ba hao. Leha ho le joalo, ho rera hantle le tlhophiso lia hlokahala. Bibele e re: “Merero ea motho ea mahlaha-hlaha e isa khoreng.” (Liproverbia 21:5) Ntate e mong ea se nang molekane o ile a lumela: “Ke na le tšekamelo ea ho se nahane ka lijo ho fihlela ha ke lapile.” Empa lijo tse lokiselitsoeng esale pele e batla e le tse hahang le tse ipiletsang ho feta tse entsoeng ka lepotla-potla. U ka ’na ua tlameha le ho ithuta mesebetsi e mecha ea ka tlung. Ka ho kopana le metsoalle e nang le tsebo, ho bala libuka tsa ho ithusa le ho fumana thuso ea litsebi, bo-’mè ba bang ba se nang balekane ba ’nile ba khona ho leka ho penta, ho sebetsana le lipompo tsa metsi le ho lokisa lintho tse bonolo tsa koloi.
8. Bana ba batsoali ba se nang balekane ba ka thusa joang ka lapeng?
8 Na ho lokile hore u kōpe bana hore ba u thuse? ’Mè e mong ea se nang molekane o ile a beha mabaka tjena: “U batla ho koala sekheo sa motsoali e mong ea sieo ka ho nolofalletsa bana.” Hoo ho ka ’na ha utloahala empa mohlomong hase kamehla ho leng molemong oa ngoana. Bacha ba tšabang Molimo ba mehleng ea Bibele ba ne ba abeloa mesebetsi e loketseng. (Genese 37:2; Sefela sa Lifela 1:6) Kahoo, le hoja u le hlokolosi ho qoba ho imetsa bana ba hao, u tla be u le bohlale hore u ba abele mesebetsi e kang ea ho hlatsoa lijana le ho boloka kamore ea bona e hloekile. Ke hobane’ng ha le sa etse mesebetsi e meng hammoho? Hona e ka ba ho thabisang haholo.
PHEPHETSO EA HO IPHELISA
9. Ke hobane’ng ha bo-’mè ba se nang balekane hangata ba tobana le mathata a lichelete?
9 Boholo ba batsoali ba se nang balekane ba ho fumana ho le thata ho finyella litlhoko tsa bona tsa lichelete, ’me bo-’mè ba banyenyane ba sa nyaloang hangata ke bona ba thatafalloang ka ho khethehileng.a Linaheng tseo ho nang le lithuso tsa sechaba, e ka ’na ea e-ba bohlale ho li sebelisa, bonyane ho fihlela ba fumana mosebetsi. Bibele e lumella Bakreste hore ba sebelise litokisetso tse joalo ha ho hlokahala. (Baroma 13:1, 6) Bahlolohali le basali ba hlaliloeng ba tobane le liphephetso tse tšoanang. Ba bangata, ba qobellehileng ho ea sebetsa ka mor’a lilemo ba hlokomela lelapa, hangata ba ka fumana feela mosebetsi o lefang chelete e tlaase. Ba bang ba khonne ho ntlafatsa tsela ea bona ea bophelo ka ho ingolisa mananeong a koetliso ea mosebetsi kapa lithupelo tsa sekolo tsa nako e khutšoanyane.
10. ’Mè ea se nang molekane a ka hlalosetsa bana ba hae joang hore na ke hobane’ng ha a tlameha ho sebetsa?
10 U se ke ua makala haeba bana ba hao ba sa thaba ha u batla mosebetsi, ’me u se ke ua ikutloa u le molato. Ho e-na le hoo, ba hlalosetse hore na ke hobane’ng ha u tlameha ho sebetsa, hape ba thuse ho utloisisa hore Jehova o batla hore u ba hlokomele. (1 Timothea 5:8) Ka mor’a nako e itseng, bana ba bangata ba ikamahanya le maemo. Leha ho le joalo, leka ho qeta nako e ngata le bona ka hohle kamoo kemiso ea hao e phathahaneng e u lumellang kateng. Tlhokomelo e joalo e lerato e ka boetse ea thusa ho fokotsa boima ba khaello leha e le efe ea lichelete eo lelapa le ka ’nang eaba le na le eona.—Liproverbia 15:16, 17.
EA HLOKOMELANG BA BANG KE MANG?
11, 12. Batsoali ba se nang balekane ba lokela ho boloka meeli efe, hona ba ka etsa seo joang?
11 Ke ntho ea tlhaho hore batsoali ba se nang balekane ba be haufi-ufi le bana ba bona ka ho khetheha, empa ho lokela ho hlokomeloa hore meeli e behiloeng ke Molimo pakeng tsa batsoali le bana ha e tlōloe. Ka mohlala, ho ka hlaha mathata a tebileng haeba ’mè ea se nang molekane a lebella hore mora oa hae a nke boikarabelo ba ho ba hlooho ea lelapa kapa haeba a tšoara morali oa hae joaloka ea tšepeloang makunutu, a imetsa ngoanana eo ka mathata a botho. Ho etsa joalo ha hoa lokela, ho baka khatello kelellong ebile mohlomong ho ferekanya ngoana.
12 Kholisa bana ba hao hore uena, joaloka motsoali, u tla ba hlokomela—e seng bona ba u hlokomele. (Bapisa le 2 Bakorinthe 12:14.) Ka linako tse ling, u ka ’na ua hloka keletso kapa tšehetso. E batle ho baholo ba Bakreste kapa mohlomong ho basali ba hōlileng ba Bakreste, e seng ho bana ba hao ba banyenyane.—Tite 2:3.
HO BOLOKA TAEO
13. ’Mè ea se nang molekane a ka tobana le bothata bofe mabapi le taeo?
13 Ho ka etsahala hore monna a se ke a ba le bothata ba ho nkoa ka botebo ha a laea, empa mosali a ka ’na a ba le mathata tabeng ena. ’Mè e mong ea se nang molekane o re: “Bara ba ka ba na le ’mele ea banna le mantsoe a banna. Ha ke bapisoa le bona, ho bonolo hore ka linako tse ling ke utloahale eka ha kea tiea kapa ke utloahale ke fokola.” Ho feta moo, e ka ’na eaba u sa ntse u saretsoe ka lefu la molekane ea ratoang, kapa mohlomong u ka ’na ua ikutloa u le molato kapa u halefile ka lebaka la ho qhalana ha lenyalo. Haeba le arolelana tokelo ea molao ea ho nka bana, u ka ’na ua tšoha hore ngoana oa hao o rata ho ba le molekane oa hao oa pele. Maemo a joalo a ka etsa hore ho be thata ho fana ka taeo e leka-lekaneng.
14. Batsoali ba se nang balekane ba ka boloka pono e leka-lekaneng ea taeo joang?
14 Bibele e re “mohlankana ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liproverbia 29:15) Hopola hore u tšehelitsoe ke Jehova Molimo mabapi le ho etsa melao ea lelapa le ho bona hore ea sebetsa, kahoo se ke ua inehela boikutlong ba ho ba molato, boikoahlaong kapa tšabong. (Liproverbia 1:8) Le ka mohla u se ke ua sekisetsa melao-motheo ea Bibele. (Liproverbia 13:24) Leka ho ba ea nang le kahlolo e molemo, ea tsitsitseng le ea tiileng. Ka mor’a nako e itseng, bana ba bangata ba tla arabela hantle. Ho ntse ho le joalo, u tla rata ho nahanela maikutlo a bana ba hao. Ntate e mong ea se nang molekane o re: “Taeo ea ka e ile ea tlameha ho bontša hore ke ea ba nahanela ka lebaka la bohloko ba ho lahleheloa ke ’mè oa bona. Ke bua le bona ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Re ba le ‘linako tse monate’ ha re lokisetsa lijo tsa mantsiboea. Ke nakong eo ba hlileng ba mphetlelang lifuba tsa bona.”
15. Motsoali ea hlaliloeng o lokela ho qoba eng ha a bua ka eo e kileng ea e-ba molekane?
15 Haeba u hlaliloe, ha ho letho le molemo le finyelloang ke ho hlompholla molekane oa hao oa pele. Ho tjolietsana ha batsoali ho bohloko ho bana ’me qetellong ho tla fokolisa tlhompho ea bona ho lōna ka bobeli. Kahoo, qoba ho bua lipolelo tse hlabang tse kang: “U tšoana feela le ntat’ao!” Ho sa tsotellehe hore na eo e kileng ea e-ba molekane oa hao o u utloisitse bohloko hakae, e sa ntse e le motsoali oa ngoana oa hao, ea hlokang lerato, tlhokomelo le taeo ea batsoali ka bobeli.b
16. Ke litokisetso life tsa moea tse lokelang ho ba karolo ea kamehla ea taeo lelapeng la motsoali a le mong?
16 Joalokaha e tšohliloe lihloohong tse fetileng, taeo e akarelletsa koetliso le thupelo, e seng feela kotlo. Mathata a mangata a ka qojoa ka lenaneo le letle la koetliso ea moea. (Bafilippi 3:16) Ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste ke habohlokoa. (Baheberu 10:24, 25) Ho joalo le ka ho ba le thuto ea Bibele ea lelapa ea beke le beke. Ke ’nete hore ha ho bonolo ho khanna thuto e joalo kamehla. ’Mè e mong ea hlokolosi o re: “Ka mor’a mosebetsi oa letsatsi, u hlile u batla ho phomola. Empa ke itokisa kelellong ho ithuta le morali oa ka, ka ho tseba hore ke ntho e hlokahalang hore e etsoe. O hlile o thabela thuto ea rōna ea lelapa!”
17. Re ka ithuta eng khōlisong e ntle ea motsoalle oa Pauluse Timothea?
17 Motsoalle oa moapostola Pauluse Timothea ho hlakile hore o ile a koetlisoa ka melao-motheo ea Bibele ke ’m’ae le nkhono’ae—empa ho totobetse hore e ne e se ntat’ae. Empa, Timothea o ile a fetoha Mokreste ea ikhethang hakaakang! (Liketso 16:1, 2; 2 Timothea 1:5; 3:14, 15) Ka ho tšoanang le uena u ka lebella liphello tse molemo ha u leka ho hōlisa bana ba hao “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4.
HO HLŌLA NTOA EA BOLUTU
18, 19. (a) Bolutu bo ka iponahatsa joang ho motsoali ea se nang molekane? (b) Ho fanoe ka thuso efe ho thusa ho laola litakatso tsa nama?
18 Motsoali e mong ea se nang molekane o ile a sisimoha: “Ha ke fihla hae ’me ke bona mabota ao a mane, haholo-holo ka mor’a hore bana ba robale, ka sebele ke apareloa ke bolutu.” E, hangata bolutu ke bothata bo boholohali boo motsoali ea se nang molekane a tobanang le bona. Ke tlhaho ho laba-labela botsoalle bo mofuthu le katamelano e haufi-ufi ea lenyalo. Empa na motho o lokela ho leka ho rarolla bothata boo ho sa tsotellehe hore na ho hlaha eng? Mehleng ea moapostola Pauluse, bahlolohali ba bang ba banyenyane ba ile ba lumella “litšusumetso tsa bona tsa botšehali li kene pakeng tsa bona le Kreste.” (1 Timothea 5:11, 12) Ho lumella hore litakatso tsa nama li sire lithahasello tsa moea ho ne ho tla ba kotsi.—1 Timothea 5:6.
19 Monna e mong oa Mokreste o itse: “Litakatso tsa likamano tsa botona le botšehali li matla haholo, empa u ka li laola. Ha monahano o joalo o e-tla kelellong ea hao, se ke ua lula ho oona. U lokela ho o tlosa. Ho boetse hoa thusa ho nahana ka ngoana oa hao.” Lentsoe la Molimo lea eletsa: ‘Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse mabapi le takatso ea botona kapa ea botšehali.’ (Bakolose 3:5) Haeba u ne u leka ho bolaea takatso ea hao ea lijo, na u ne u tla bala limakasine tse bontšang lijo tse hlabosang, kapa na u ne u tla tloaelana le batho ba buang ka lijo ba sa khaotse? Le hanyenyane! Ke ’nete le ka litakatso tsa nama.
20. (a) Ke kotsi efe e laletseng ba laetsanang le ba sa lumelang? (b) Batho ba se nang balekane lekholong la pele la lilemo le kajeno ba ile ba loana le bolutu joang?
20 Bakreste ba bang ba kene leferehong le ba sa lumelang. (1 Bakorinthe 7:39) Na hoo ho rarolotse bothata ba bona? Che. Mosali e mong ea hlaliloeng oa Mokreste o ile a lemosa: “Ho na le ntho e ’ngoe e mpe ho feta ho lula u se na molekane. Ke ho nyalana le motho ea fosahetseng!” Ha ho pelaelo hore bahlolohali ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba hlaseloa ke bolutu, empa ba bohlale ba ne ba lula ba tšoarehile ka ‘ho amohela basele, ho hlatsoa maoto a bahalaleli, le ho imolla ba matšoenyehong.’ (1 Timothea 5:10) Kajeno Bakreste ba tšepahalang ba ileng ba tlameha ho ema lilemo tse ngata ho fumana molekane ea tšabang Molimo, ka ho tšoanang ba ile ba lula ba tšoarehile. Mohlolohali e mong oa Mokreste ea lilemo li 68 o ile a qala ho etela bahlolohali ba bang ha a ne a jeoa ke bolutu. O itse: “Ke fumana hore ka ho ba etela, ho ba nakong mosebetsing oa ka oa ntlo le ho hlokomela bomoea ba ka, ha ke na nako ea ho jeoa ke bolutu.” Ho ruta ba bang ka ’Muso oa Molimo ke mosebetsi o motle o molemo ka ho khethehileng.—Matheu 28:19, 20.
21. Thapelo le botsoalle bo botle li ka thusa ho hlōla bolutu ka tsela efe?
21 Ho bua ’nete, bolutu ha bo phekoloe ka mohlolo. Empa bo ka mamelloa ka matla a tsoang ho Jehova. Matla a joalo a ba teng ha Mokreste a “qophella lithapeling le lithapelong bosiu le motšehare.” (1 Timothea 5:5) Lithapeli ke likōpo tse tiileng, e, ho qela thuso, mohlomong ka mehoo e matla le meokho. (Bapisa le Baheberu 5:7.) Ho tšollela pelo ea hao ho Jehova “bosiu le motšehare” ka sebele ho ka thusa. Ho feta moo, botsoalle bo matla bo ka etsa ho hoholo ho nkela bolutu sebaka. Ka botsoalle bo botle, motho a ka fumana “puo e molemo” e khothatsang e hlalositsoeng ho Liproverbia 12:25.
22. Ke ho nahanela lintho life ho tla thusa ha maikutlo a ho jeoa ke bolutu a hlaha nako le nako?
22 Haeba nako le nako ho hlahella maikutlo a bolutu—joalokaha ho tla etsahala—hopola hore ha ho motho ea se nang mathata bophelong. Ka sebele, ‘mokhatlo oohle oa barab’abo lōna lefatšeng’ o ntse o utloa bohloko ka tsela ena kapa eane. (1 Petrose 5:9) Qoba ho nahana ka lintho tse fetileng. (Moeklesia 7:10) Nahana ka melemo eo u e thabelang. Ka holim’a tsohle, ikemisetse ho boloka botšepehi ba hao ’me u thabise pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.
KAMOO BA BANG BA KA THUSANG KATENG
23. Bakreste ba bang ba na le boikarabelo bofe ka batsoali ba se nang balekane ka phuthehong?
23 Tšehetso le thuso ea Bakreste-’moho le uena ke ea bohlokoahali. Jakobo 1:27 e re: “Mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona.” E, Bakreste ba tlamehile ho thusa malapa a motsoali a le mong. Hoo ho ka etsoa ka litsela life tse sebetsang?
24. Malapa a motsoali a le mong a hlokang a ka thusoa joang?
24 Ho ka fanoa ka thuso ea lintho tse bonahalang. Bibele e re: “Mang kapa mang ea nang le mokhoa oa lefatše lena oa ho tšehetsa bophelo ’me a bona mor’abo a hloka ’me leha ho le joalo a mo koalla monyako oa qenehelo ea hae e bonolo, lerato la Molimo le lula ka tsela efe ho eena?” (1 Johanne 3:17) Lentsoe la Segerike sa pele bakeng sa “bona” ha le bolele feela ho nyemotsa, empa ho talimisisa ka ho ikemisetsa. Hona ho bontša hore Mokreste ea mosa a ka ’na a qala ka ho tloaelana le maemo le litlhoko tsa lelapa leo. Mohlomong ba hloka chelete. Ba bang ba ka ’na ba hloka thuso ka ho lokisoa ha ntlo. Kapa ba ka ’na ba ananela feela ho memeloa lijong kapa ’mokeng oa boithabiso.
25. Bakreste ba bang ba ka bontša kutloelo-bohloko joang ho batsoali ba se nang balekane?
25 Ho phaella moo, 1 Petrose 3:8 e re: “Kaofela ha lōna le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko, le e-na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e-na le qenehelo e bonolo.” Motsoali e mong ea se nang molekane ea nang le bana ba tšeletseng o itse: “Ho bile thata ’me ka linako tse ling kea imeloa. Leha ho le joalo, hang ka mor’a nako e telele e mong oa bara kapa barali babo rōna o tla re ho ’na: ‘Joan, u etsa mosebetsi oa bohlokoa. Phello e tla ba e molemo.’ Ho tseba feela hore ba bang ba nahana ka uena le hore baa tsotella, ho thusa haholo.” Basali ba hōlileng ba Bakreste ba ka ’na ba atleha ka ho khethehileng ho thusa basali ba bacha bao e leng batsoali ba se nang balekane, ba ba mamela ha ba e-na le mathata ao ho ka ’nang ha e-ba boima ho a buisana le motho oa monna.
26. Banna ba Bakreste ba hōlileng tsebong ba ka thusa likhutsana joang?
26 Banna ba Bakreste ba ka thusa ka litsela tse ling. Monna ea lokileng Jobo o ile a re: “Ke hobane ke ne ke loela . . . khutsana e hlokileng mothusi.” (Jobo 29:12) Kajeno banna ba bang ba Bakreste ka ho tšoanang ba thahasella likhutsana ’me ba bontša “lerato le tsoang pelong e hloekileng” la ’nete, ba sa pata bolotsana. (1 Timothea 1:5) Ka ntle le ho hlokomoloha malapa a bona, ka linako tse ling ba ka ’na ba lokisetsa ho sebetsa le bacha ba joalo tšebeletsong ea Bokreste hape ba ka boetse ba ba memela ho kopanela thutong ea lelapa kapa boikhathollong. Mosa o joalo o ka pholosa khutsana tseleng e khelohileng.
27. Batsoali ba se nang balekane ba ka kholiseha ka tšehetso efe?
27 Leha ho le joalo, qetellong, batsoali ba se nang balekane ba tlameha ho ‘jara mojaro oa bona’ oa boikarabelo. (Bagalata 6:5) Leha ho le joalo, ba ka ba le lerato la bara le barali babo bona ba Bakreste le la Jehova Molimo ka boeena. Bibele e re ka eena: “O emisa khutsana le mohlolohali.” (Pesaleme ea 146:9) Ka tšehetso ea Hae e lerato, malapa a motsoali a le mong a ka atleha!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba Mokreste e monyenyane a ima ka lebaka la boitšoaro bo bobe, phutheho ea Bokreste ho hang ha e lumelle seo a se entseng. Empa haeba a bakile, baholo ba phutheho le ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba lakatsa ho mo thusa.
b Ha re bue ka maemo ao ho ’ona ngoana ho ka ’nang ha hlokahala hore a sireletsoe motsoaling ea mo hlekefetsang. Hape, haeba motsoali e mong a leka ho fokolisa matla a hao a ho laela, mohlomong ka tebello ea ho susumelletsa bana hore ba u siee, ho ka ’na ha e-ba hotle hore u bue le metsoalle e nang le phihlelo, e kang baholo ka phuthehong ea Bokreste bakeng sa keletso mabapi le mokhoa oa ho sebetsana le boemo boo.
MELAO-MOTHEO EE EA BIBELE E KA THUSA . . . BATSOALI LE BANA JOANG HO SEBETSANA LE MATHATA A MALAPA A MOTSOALI A LE MONG?
Jehova Molimo ke “ntat’a likhutsana, moemeli oa bahlolohali.”—Pesaleme ea 68:5.
Ho rera hantle esale pele ke habohlokoa bakeng sa ho atleha.—Liproverbia 21:5.
Jehova o tšehetsa tokelo ea motsoali ea ho fana ka taeo e loketseng.—Liproverbia 1:8.
Bahlolohali ba bohlale ba Bakreste ba lula ba phathahane mesebetsing e metle ’me ba qophella thapelong.—1 Timothea 5:5, 10.
Ho bontša thahasello e loketseng ho “likhutsana le bahlolohali” ke karolo ea borapeli ba ’nete.—Jakobo 1:27.
[Lebokose le leqepheng la 112]
SEO BA BANYENYANE BA KA SE ETSANG
Na ’mè kapa ntate oa hao ke motsoali ea se nang molekane? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng ho thusa? Taba ea pele ke hore u mamele. Ho ba le ’mele o moholo kapa ho ba moshemane kapa ngoanana ha ho fe ngoana tokelo ea ho ‘furalla taeo ea ’m’ae.’ (Liproverbia 1:8) Jehova o u laela hore u mamele, ’me qetellong, ho etsa joalo ho tla u etsa ea thabileng.—Liproverbia 23:22; Baefese 6:1-3.
Nka bohato ba pele, ’me u be ea bontšang kananelo. Tony o re: “’Mè o sebetsa sepetlele, ’me junifomo ea hae e lokela ho aenoa. Kahoo ke mo aenela eona. Ho thusa ’Mè, kahoo kea ho etsa.” ’Mè e mong ea se nang molekane o re: “Hangata ke fumana hore ha ke hlile ke nyahame kapa ke khopehile ka lebaka la letsatsi le neng le leka haholo mosebetsing ’me ke fihla hae—ke letsatsi leo morali oa ka a ikhethetseng ho teka tafole le ho pheha lijo tsa mantsiboea.”
Hopola hore tšebelisano ea hao le eena ke ea bohlokoa. Ka mor’a mosebetsi o thata oa letsatsi, ho ka ’na ha e-ba thata hore motsoali oa hao a khanne thuto ea lelapa ea Bibele. Haeba u sa sebelisane le eena, u mpefatsa litaba le ho feta. Leka hore u be u lokile ha nako e behiloeng e fihla. Lokisetsa thuto ea hao esale pele. Ka ho ba ea mamelang, ea ananelang, le ea nang le tšebelisano, u tla thabisa motsoali oa hao, ’me habohlokoa le ho feta, u tla thabisa Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 107]
Qeta nako e ngata kamoo ho ka khonehang le bana ba hao
[Setšoantšo se leqepheng la 109]
Bana, sebelisanang hammoho le motsoali oa lōna ea se nang molekane
[Setšoantšo se leqepheng la 110]
Phutheho ha e hlokomolohe “bahlolohali” le “likhutsana”