Buka ea Bibele ea 61—2 Petrose
Mongoli: Petrose
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Babylona (?)
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 64 C.E.
1. Ke linnete life tse pakang hore Petrose ke eena mongoli oa Petrose oa Bobeli?
HA PETROSE a hlophisa lengolo la hae la bobeli, o ile a hlokomela hore haufinyane o ne a tla talimana le lefu. Ka kameho e khōlō o ne a batla ho hopotsa Bakreste-’moho le eena bohlokoa ba tsebo e nepahetseng le ho ba thusa ho ipoloka ba tiile tšebeletsong ea bona. Na ho ka ba le lebaka leha e le lefe la ho belaella hore moapostola Petrose ke eena mongoli oa lengolo la bobeli le bitsoang ka lebitso la hae? Lengolo leo ka bolona le tlosa lipelaelo leha e le life tse ka ’nang tsa hlaha mabapi le hore na le ngotsoe ke mang. Mongoli o re ke eena “Simone Petrose, mohlanka le moapostola oa Jesu Kreste.” (2 Pet. 1:1) O bua ka lengolo lena e le “lengolo la bobeli leo ke le ngollang lona.” (3:1) O ipolela e le paki e boneng ka mahlo ponahalo e khanyang ea Jesu Kreste, e leng tokelo eo Petrose a ileng a kopanela ho eona hammoho le Jakobo le Johanne, ’me o ngola ka sena ka boikutlo bohle ba paki e boneng ka mahlo. (1:16-21) O bolela hore Jesu o ile a bolela lefu la hae esale pele.—2 Pet. 1:14; Joh. 21:18, 19.
2. Ke eng e tšehetsang khang ea hore Petrose oa Bobeli e lokela ho amoheloa e le karolo ea Mangolo a Halalelang?
2 Leha ho le joalo, bahlahlobisisi ba bang ba ’nile ba supa phapang ea mokhoa oa ho ngola e teng mangolong ana a mabeli e le lebaka la ho hanyetsa hore lengolo lena la bobeli le ngotsoe ke Petrose. Empa sena ha se hlile hase bothata ba sebele, hobane taba eo ho buuoang ka eona le morero oa ho ngola li ne li fapane. Ho phaella moo, Petrose o ngotse lengolo la hae la pele “a sebelisa Silvane, moena ea tšepahalang,” ’me haeba Silvane o ne a fuoe bolokolohi bo itseng ba ho bōpa lipolelo, e ka ’na eaba lena ke lona lebaka le etsang hore mokhoa oa ho ngola o fapane mangolong ana a mabeli, kaha ho bonahala eka Silvane ha aa ka a kopanela ho ngoleng lengolo la bobeli. (1 Pet. 5:12, NW) Hape ho ’nile ha phehoa khang ka ho amoheloa ha buka ena e le karolo ea Mangolo a Halalelang ka lebaka la hore “e tšehetsoa ke bopaki bo fokolang ba Bo-ntate.” Leha ho le joalo, joalokaha ho ka hlokomeloa chateng “Mathathamo a Pele a Ikhethang a Mangolo a Segerike a Bokreste,” litsebi tse ’maloa tsa pele ho Seboka sa Boraro sa Carthage li ne li talima Petrose oa Bobeli e le karolo ea lethathamo la libuka tsa Bibele.a
3. Ho bonahala eka Petrose oa Bobeli e ngolletsoe hokae, neng, hona e ne e lebisitsoe ho bo-mang?
3 Lengolo la bobeli la Petrose le ngotsoe neng? E ka ’na eaba le ngolletsoe Babylona kapa mathōkong a eona hoo e ka bang ka 64 C.E., nakoana ka mor’a lengolo la pele, empa ha ho na bopaki bo tobileng, haholo-holo mabapi le sebaka. Ha le ngoloa, boholo ba mangolo a Pauluse a ne a ntse a potoloha liphuthehong ’me Petrose o ne a a tseba, a bile a a talima e le a bululetsoeng ke Molimo ’me a a nka e le “karolo e ’ngoe ea Mangolo.” Lengolo la bobeli la Petrose le lebisitsoe ho “ba amohetseng tumelo ea bohlokoa joaloka rōna,” ’me le akarelletsa bao lengolo la pele le neng le lebisitsoe ho bona le ba bang bao Petrose a neng a entse mosebetsi oa boboleli har’a bona. Feela joalokaha lengolo la pele le ile la potoloha libakeng tse ngata, kahoo lengolo la bobeli le lona le ile la ba le sebōpeho se akaretsang.—2 Pet. 3:15, 16, NW; 1:1, BPN; 3:1; 1 Pet. 1:1.
LITABA TSE KA HARE TSA PETROSE OA BOBELI
4. (a) Baena ba lokela ho loanela ho ba ba behang joang mabapi le tsebo e nepahetseng, ’me ba tšepisitsoe eng? (b) Lentsoe la boprofeta le tiisitsoe haholoanyane joang, hona ke hobane’ng ha le lokela ho utluoa?
4 Ho tiisa pitso ea ho ea ’Musong oa leholimo (1:1-21). Petrose o potlakela ho bontša kameho e lerato ho “ba fumaneng tumelo.” O lakatsa hore ba ekelletsoe mosa o sa tšoanelang le khotso “ka tsebo e nepahetseng ea Molimo le ea Jesu Morena oa rōna.” Ka bolokolohi Molimo o ba file “litšepiso tsa bohlokoahali le tse hlollang haholo,” tseo ka tsona ba ka bang le kabelo sebōpehong sa bomolimo. Ka hona, ka boiteko bo tiileng a ba ke ba eketse tumelo ea bona ka bokhabane, tsebo, boitšoaro, tiisetso, boinehelo ba bomolimo, lerato le mofuthu la boena, le lerato. Haeba litšoaneleho tsena li le teng ka bongata ho bona, le ka mohla ba ke ke ba fetoha ba sa sebetseng kapa ba sa beheng litholoana mabapi le tsebo e nepahetseng. Baena ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona ho tiisa ho bitsoa le ho khethoa ha bona, hammoho le ho kena ha bona ’Musong o sa feleng oa Morena oa bona. Petrose, a tseba hore ‘ho tlosoa ha tabernakele ea hae ho se ho le haufi,’ o ikutloa a lokela ho ba hopotsa lintho tsena e le hore ba tle ba bue ka tsona ha a se a tlohile. Petrose e ne e le paki e boneng ka mahlo phatsimo e khōlō ea Kreste thabeng e halalelang ha mantsoe ana “a buuoa ho eena ka khanya e phatsimang: ‘Enoa ke mora oa ka, moratuoa oa ka, eo ’na ka bonna ke mo amohetseng.’” Ka hona, lentsoe la boprofeta le tiisoa le ho feta, ’me le lokela ho utluoa, hobane hase ka thato ea motho, “empa batho ba ile ba bua se tsoang ho Molimo ba tsamaisoa ke moea o halalelang.”—1:1, 2, 4, 14, 17, 21, NW.
5. Petrose o fana ka temoso efe khahlanong le matichere a bohata, ’me o sebelisa lipapiso life tse matla mabapi le ho phethahatsoa ho se nang tika-tiko ha likahlolo tsa Molimo holim’a batho ba joalo?
5 Temoso e matla khahlanong le matichere a bohata (2:1-22). Baprofeta le matichere a bohata ba tla tlisa lihlotšoana tsa bokhelohi tse senyang, ba phahamise boitšoaro bo hlephileng, ’me ba tlisetse ’nete thohako. Empa timetso ea bona ha ea robala. Molimo ha oa ka oa tsila-tsila ho otla mangeloi a sitiloeng, ho tloha ho tlisoeng ha moroallo mehleng ea Noe, kapa ho timetsoeng ha Sodoma le Gomorrha hore li sale e le molora. Empa o ile oa lopolla ’moleli Noe le Lota ea lokileng, kahoo “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba felisoe.” Hobane batho bana baa hanyetsa, ba iketsetsa thato ea bona, joaloka liphoofolo tse sa nahaneng, ba hloka tsebo, ke batho ba beberang ka ho nyefola, ba thabelang lithuto tse thetsang, ke bafebi, ba lakatsa leruo la ba bang, ’me ba tšoana le Balaame ka ho rata moputso oa ho etsa se fosahetseng. Ba tšepisa tokoloho empa bona ka bobona ke makhoba a tšenyeho. Ho ne ho ka ba molemo hore e be ha baa ka ba tseba tsela ea ho loka, hobane polelo ena e etsahetse ho bona: “Ntja e khutletse mahlatseng a eona, ’me kolobe e hlatsoitsoeng e khutletse ho ipitikeng moraheng.”—2:9, 22, NW.
6. (a) Petrose o ngola ka lebaka lefe, ’me o re’ng ka tšepiso ea Molimo? (b) Ho fapana le basomi, Bakreste ba tlameha ho bontša hore ba falimehile joang?
6 Ho hopola letsatsi la Jehova (3:1-18). Petrose o ngola ka morero oa ho tsosa matla a Bakreste a hlaphohileng a ho nahana, e le hore ba hopole lipolelo tse boletsoeng pele. Ho tla tla basomi mehleng ea qetello, ba re: “Bo kae boteng boo bo tšepisitsoeng” ba Kreste? Banna bana ha ba hlokomele hore Molimo o ne o timetse lefatše la mehleng ea boholo-holo ka metsi le hore “ka lona lentsoe leo maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo” ’me li “boloketsoe letsatsi la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.” Ho Jehova lilemo tse sekete li tšoana le letsatsi le le leng, kahoo “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae,” empa oa mamella, ha a lakatse hore leha e le ofe a timele. Kahoo, Bakreste ba lokela ho ela hloko boitšoaro ba bona ’me ba lokela ho etsa liketso tsa boinehelo ba bomolimo ha ba ntse ba lebelletse ’me ba hopotse boteng ba letsatsi la Jehova, leo ka lona maholimo a tla felisoa ka mollo ’me likarolo tsa motheo li tla qhibilihisoa ke mocheso o matla. Empa ho tla ba le “maholimo a macha le lefatše le lecha” ho latela tšepiso ea Molimo.—3:4, 7, 9, 13, NW.
7. Kaha Bakreste ba fuoe tsebo ena esale pele, ba lokela ho ikitlaetsa joang?
7 Kahoo, ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona hore ba ‘fihleloe ke eena ba e-na le khotso, ba se na letheba le sekoli.’ Ba lokela ho talima mamello ea Morena oa bona e le poloko, feela joalokaha Pauluse ea ratoang a ile a ba ngolla. Ka tsebo ena eo ba e fuoang esale pele, a ba ke ba itebele hore ba se oe ho emeng ha bona ba tiile. Petrose o qetella ka ho re: “Le mpe le hōle mohaung le tsebong ea Jesu Kreste, Morena le ’Moloki oa rōna. Ho eena e be khanya joale le mehleng e sa feleng! Amen!”—3:14, 18.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
8. (a) Petrose o tiisa ho bululeloa ha Mangolo a Seheberu le a Segerike joang? (b) Ho khomarela tsebo e nepahetseng ho tla re ruisa molemo joang?
8 Tsebo e nepahetseng ke ea bohlokoa hakaakang! Petrose ka boeena o kenyelletsa tsebo e nepahetseng eo a e fumaneng Mangolong a Seheberu ka har’a litaba tsa hae. O tiisa hore a bululetsoe ke moea o halalelang: “Hobane ha e sa le, boprofeta ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.” O boetse o bontša hore bohlale ba Pauluse e ne e le “boo a bo neiloeng.” (1:21; 3:15) Re rua molemo o moholo ka ho nahana ka Mangolo ana a bululetsoeng kaofela le ho khomarela tsebo e nepahetseng. Joale ha ho mohla re tla ba ba sa tsotelleng, joaloka bao Petrose a ba hlalosang e le ba reng: “Ntho tsohle li sa ntse li tiile, li sa le joale ka qalong, ha li hloloa.” (3:4) Hape ha re na ho oela marabeng a matichere a bohata a tšoanang le ao Petrose a a hlalosang khaolong ea 2 ea lengolo la hae. Ho fapana le hoo, ka mehla re lokela ho nahana ka likhopotso tseo Petrose le bangoli ba bang ba Bibele ba fanang ka tsona. Likhopotso tsena li tla re thusa ho lula re “theiloe ka tieo ’neteng” ’me ka mamello le ka ho ema re tiile ‘re ’ne re hōle moseng o sa tšoanelang le tsebong ea Morena oa rōna le ’Moloki Jesu Kreste.’—1:12; 3:18, NW.
9. Re khothalletsoa ho etsa boiteko bofe bo tiileng, hona hobane’ng?
9 E le thuso ea ho eketsa “tsebo e nepahetseng ea Molimo le ea Jesu Morena oa rōna,” Petrose o khothalletsa boiteko bo tiileng ba ho haha litšoaneleho tsa Bokreste tse thathamisitsoeng khaolong ea 1, temaneng tsa 5 ho ea ho 7. Joale temaneng ea 8, oa phaella: “Hobane haeba lintho tsena li teng ho lōna ’me lia khaphatseha, li tla le thibela ho ba ba sa sebetseng kapa ba sa beheng litholoana tsebong e nepahetseng ea Morena oa rōna Jesu Kreste.” Ruri ena ke khothatso e babatsehang ea ho kena mosebetsing joaloka basebeletsi ba Molimo mehleng ena e thata!—1:2, NW.
10. (a) Petrose o hatella litšepiso life, ’me o fana ka khothatso efe e matla mabapi le tsona? (b) Petrose o fana ka tiiso efe mabapi le boprofeta ba ’Muso?
10 Ke habohlokoa hakaakang hore motho a ikitlaetse ka matla ’ohle a hae e le hore a tiisehe hore o tla kopanela ‘litšepisong tsa bohlokoa le tse hlollang haholo’ tsa Jehova Molimo! Ke kahoo Petrose a khothatsang ka matla Bakreste ba tlotsitsoeng hore ba tsepamise mahlo pakaneng ea ’Muso, o re: “Etsang sohle se matleng a lōna ho itiisetsa ho bitsoa le ho khethoa ha lōna; hobane haeba le tsoela pele ho etsa lintho tsena ho hang le ke ke la hlōleha le ka mohla. Ha e le hantle, ka tsela eo le tla ekelletsoa ka ho enneng ho kena ’musong o sa feleng oa Morena oa rōna le ’Moloki Jesu Kreste.” Joale Petrose o hlokomelisa ka phatsimo e khōlō ea khanya ea ’Muso oa Jesu, eo e neng e le paki e e boneng ka mahlo ka ho bona ponahalo e khanyang, ’me oa phaella: “Ka lebaka leo re na le lentsoe la boprofeta le tiisitsoeng haholoanyane.” Ke ’nete hore boprofeta bo bong le bo bong bo amang ’Muso oa Jehova o tsotehang bo tla phethahala ka ntle le tika-tiko. Ka hona, re pheta ka kholiseho mantsoe a Petrose a qotsitsoeng boprofeteng ba Esaia: “Re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Pet. 1:4, 10, 11, 19, NW; 3:13; Esa. 65:17, 18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona chate e leqepheng la 303.