Buka ea Bibele ea 65—Juda
Mongoli: Juda
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Palestina (?)
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 65 C.E.
1. Ebile ka baka la maemo afe ka hare ho phutheho Juda a ileng a bona ho hlokahala hore a ngole lengolo la hae le matla bakeng sa bana babo?
BANA babo Juda ba Bakreste ba ne ba le kotsing! Ka mor’a lefu la Kreste Jesu le tsoho ea hae, lihlopha tsa batho basele li ne li nanaretse phuthehong ea Bokreste. Sera se ne se kene ka morero oa ho senya tumelo, joalokaha moapostola Pauluse a lemositse lilemo tse ka bang 14 tse fetileng. (2 Ba-Thess. 2:3) Baena ba lokela ho elellisoa le ho hlokomelisoa khahlanong le kotsi eo joang? Lengolo la Juda, le matla le le bohale polelong ea lona, le fana ka karabo. Juda ka boeena o boletse boemo ba hae ka ho hlaka litemaneng 3 le 4: ‘Ke phehelloa ke pelo [“ke fumane ho hlokahala,” NW] ho le ngolla, hobane har’a lōna ho khukhunetse batho ba bang ba hlokang borapeli [“ba sa tšabeng Molimo,” NW], ba fetolang mohau oa Molimo oa rōna bohlola.’ Metheo ea thuto e lokileng le ea boitšoaro e ne e le kotsing. Ka hona Juda a ikutloa a bilelitsoe ho loana ka thata bakeng sa lithahasello tsa bana babo, e le hore le bona ka ho tšoanang, ba ka loanela tumelo.
2. (a) Juda e ne e le mang? (b) Ke tsoalano efe le Jesu eo Juda a ileng a e phahamisa haholo?
2 Empa Juda e ne e le mang? Mantsoe a selelekela a re bolella hore e ngotsoe ke “Juda, mohlanka [“lekhoba la,” NW] oa Jesu Kreste, le ngoan’abo Jakobo, ke ngolla ba bitsitsoeng.” Na Juda, kapa Judase, e ne e le moapostola, kaha baapostola ba 2 ho ba 12 ba pele ba Jesu ba ne ba reiloe lebitso la Judase? (Luka 6:16) Juda ha a ipolele e le moapostola, empa ho e-na le hoo o bua ka baapostola ka seemeli sa motho oa boraro, “ba,” ka ho hlokomelehang eena ha a kopanyelletsoe. (Juda 17, 18) Ho feta moo, o ipitsa “ngoan’abo Jakobo,” ka ho hlakileng a bolela mongoli oa lengolo la Jakobo, eo e neng e le ngoan’abo Jesu ka ’mè. (Tem. 1) Erekaha Jakobo enoa e ne e le e mong oa “litšiea” tsa phutheho e Jerusalema, o ne a tsejoa haholo, ka hona Juda o itsebahatsa kamanong le eena. Hona le hona ho etsa hore Juda e be ngoan’abo Jesu ka ’mè, ’me o thathamisoa e le eena. (Ba-Gal. 1:19; 2:9; Matt. 13:55; Mar. 6:3) Leha ho le joalo, Juda ha a ka a qolla tsoalano ea hae ea nama le Jesu e le sehlooho sa taba ea hae, empa ka boikokobetso o bea khatiso ea hae tsoalanong ea moea ka ho ipolela e le “mohlanka [“lekhoba la,” NW] oa Jesu Kreste.”—1 Ba-Kor. 7:22; 2 Ba-Kor. 5:16; Matt. 20:27.
3. Ke eng se pakang bonnete ba lengolo la Juda?
3 Bonnete ba buka ena ea Bibele bo tšehetsoa ke ho boleloa ha eona Sekotoaneng sa Lengolo sa Muratori, sa lekholong la bobeli la lilemo C.E. Ho phaella moo, Clement oa Alexandria (oa lekholong la bobeli la lilemo C.E.) o e amohela e le karolo ea mangolo a halalelang. Origen o bua ka eona e le buka ea “mela e seng mekae, empa leha ho le joalo e tletseng ka mantsoe a phelisang a mohau oa leholimo.”a Tertullian o ne a e nka e le ea ’nete. Ha ho na pelaelo hore e oela sehlopheng sa Mangolo a mang a halalelang.
4. Juda ke lengolo la mofuta ofe, ho ka etsahala hore e be e ngolletsoe hokae, hona ke nako efe e hlahisoang e le eo e ngotsoeng ka eona?
4 Juda o ngolla “ba bitsitsoeng,” a sa bolele ka ho toba phutheho kapa motho ka mong, ka hona lengolo la hae ke le akarelletsang le lokelang ho fetisetsoa ka ho pharalletseng ho Bakreste bohle. Le hoja ho sa boleloa, ho ka etsahala hore e be sebaka seo le ngolletsoeng ho sona ke Palestina. Hape ho thata ho bolela ka ho toba nako ea ho ngoloa ha lona. Leha ho le joalo, e tlameha e be e ne e le nako e telele phutheho ea Bokreste e hatela pele, hobane Juda o ba hlokomelisa ka “litaba tse boletsoeng pele ke baapostola ba Morena oa rōna Jesu Kreste” ’me ho bonahala hore o qotsa 2 Petrose 3:3. (Juda 17, 18) Ho feta moo, ho na le ho tšoana ho hoholo pakeng tsa Juda le khaolo ea bobeli ea Petrose oa Bobeli. Hona ho bontša hore o ngotse hoo e ka bang ka nako e tšoanang le Petrose, ka bobeli ba amehile ka ho tebileng ka kotsi e neng e tobile phutheho nakong eo. Ka baka leo, 65 C.E. e hlahisoa e le nako eo ho ka etsahalang hore e be e ngotsoe ka eona. Hape nako ena e tšehetsoa ke hore Juda ha a bolele letho ka ho kena ha Cestius Gallus ho felisa bofetoheli ba Bajode ka 66 C.E., kapa leha e le ho bolela ho lihuoa ha Jerusalema ka 70 C.E. Juda lengolong la hae o bua ka likahlolo tse tobileng tsa bomolimo holim’a baetsalibe, ’me ke ho utloahalang hore haeba Jerusalema e ne e se e lihuoe, o ne a tla matlafatsa polelo ea hae ka ho qolla timetso ena ea kahlolo, haholo-holo kaha Jesu o boletse esale pele ka ketsahalo eo.—Juda 5-7; Luka 19:41-44.
LITABA TSE KA HARE TSA JUDA
5. (a) Ke hobane’ng ha Juda a bona ho hlokahala hore a ngolle ba bitsitsoeng hore ‘ba loanele tumelo ka thata’? (b) Juda o qotsa mehlala efe ea temoso?
5 Litemoso khahlanong le bohlola le ho hlompholla borena (litem. 1-16). Ka mor’a hore Juda a fetisetse litumeliso tsa hae tse lerato ho “ba bitsitsoeng,” o bolela hore o ne a ikemiselitse ho ba “ngolla taba tsa poloko, eo re e hlahiselitsoeng hammoho,” empa joale o fumana ho hlokahala ho ba ngolla hore ba ‘loanele ka thata tumelo.’ Hobane’ng? Hobane banna ba sa tšabeng Molimo ba khukhunetse ka hare, ba fetola mohau o sa tšoanelang oa Molimo seipato sa ho itšoara hampe. Juda o re banna bana ‘ba latola Jesu Kreste eo e leng eena ’Musi a ’notši, le Morena oa rōna.’ (Litem. 1, 3, 4) O ba hopotsa hore le haeba Jehova a ile a boloka batho ka ho ba ntša Egepeta, hamorao O “felisitse ba sa kang ba lumela [“bontša tumelo,” NW].” Ho phaella moo, Jehova o boloketse mangeloi a sa kang a lula litulong tsa oona tse a loketseng “kahlolo ea letsatsi le leholo.” Ka ho tšoanang, kahlolo e sa feleng ea Sodoma le Gomorrha le metse ea eona ea boahisani ke mohlala oa temoso mabapi le qetello e bohloko ea ba ‘inehetseng bootsoa bo le bong, ka ho khelohela ho batla nama esele [“eo e seng ea tlhaho,” NW].’—Litem. 5-7.
6. Banna ba sa tšabeng Molimo ba inehetse ho eng, ’me Juda o bontša joang phoso le liphello tsa boitšoaro ba bona?
6 Joale, ka mokhoa o tšoanang, banna ba sa tšabeng Molimo “ba itšilafatsa nama ka mokhoa o joalo, ’me ba nyefola ba beiloeng boholong, ’me ba nyelisa ba khanyang.” Esita le Mikaele arekangeloi ha a ka a bua ka tsela e hlapaolang Diabolose ha a tseka setopo sa Moshe, o mpile a re: “Morena [“Jehova,” NW] a u khalemele.” Empa leha ho le joalo banna bana ba sebelisa lipolelo tse nyefolang le ho tsoela pele ba itšilafatsa joaloka liphoofolo tse se nang kelello. Ba tsamaea ka tsela ea Kaine, Balaame, le ea Kore oa lerabele. Ba joaloka mafika a leng ka tlas’a metsi, joaloka maru a se nang pula, joaloka lifate tse se nang litholoana tse shoeleng habeli le tse fotholoang, joaloka maqhubu a loebehlanang ka lihlong tsa bona, le joaloka linaleli tse lahlehetsoeng ke tsela ea tsona. Ba ‘lokiselitsoe botšo ba lefifi la bo sa feleng.’ (Litem. 8, 9, 13) Henoke o profetile hore Jehova o tla tlisa kahlolo e felisang batho bao ba sa tšabeng Molimo. Ke batho ba korotlang le ba belaelang, ’me ka boithati ba talima tšobotsi.
7. (a) Baapostola ba ile ba lemosa joang mabapi le banyefoli? (b) Ka baka la tšepo ea bophelo bo sa feleng, “baratuoa” ba tlameha ho iketsetsa eng le ho etsetsa ba bang?
7 Keletso mabapi le ho lula leratong la Molimo (litem. 17-25). Juda o hopotsa baena kamoo baapostola ba Morena Jesu Kreste ba neng ba atisa ho lemosa hore “mehleng ea qetello, basomi ba tla ba teng, ba tsamaeang ka litakatso tsa bonyefoli [“ho se tšabe Molimo,” NW] ba bona.” Batšoenyi bao ke ba nang le “bophelo ba nama feela [“ba bophoofolo,” NW] ba se nang moea.” Ka hona, “baratuoa” ba lokela ho ikaha tumelong le ho ipoloka leratong la Molimo, ha ba ntse ba letetse mohau oa Kreste hore ba fuoe “bophelo bo sa feleng.” Le bona ba atolosetse mohau le thuso ho ba lika-likang. Juda o phetha ka ho isa khanya ka Morena Jesu Kreste ho ‘Molimo oa rōna le ’Moloki,’ Ea ka ba tataisang hore ba se khoptjoe.—Litem. 18-21, 25.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
8. Juda o ile a sebelisa Mangolo a bululetsoeng le “buka ea tlhaho” hamolemo hakae ho eletsa bana babo?
8 Juda ka boeena o ile a fumana hore Mangolo a bululetsoeng a molemo bakeng sa ho eletsa, ho khothatsa ka matla, ho khothatsa, ho ruta, le ho lemosa “baratuoa.” Ha a pepesa bobe bo fetelletseng ba likhukhuni tseo tse sa tšabeng Molimo, o ile a sebelisa lipapiso tse hlakileng ho tsoa Mangolong a Seheberu, joaloka tsa Baiseraele ba ileng ba chechela morao boitšoarong bo bobe, mangeloi a ileng a etsa sebe, le baahi ba Sodoma le ba Gomorrha, a bontša hore bohle ba etsang limpe tse joalo ba tla oeloa ke kotlo e tšoanang. O ile a tšoantša banna ba litšila le liphoofolo tse se nang kelello, ’me a re ba ile ka tsela ea Kaine, ba oetse phosong ea Balaame, ’me ba timela joaloka Kore ka baka la polelo ea hae ea borabele. Hape o ile a etsa litšoantšo ho tsoa “bukeng ea tlhaho.” Lengolo le tobileng la Juda le ile la fetoha karolo ea “Lengolo lohle,” le lokelang ho baloa le Mangolo ’ohle a mang, le lemosa ka boitšoaro bo nepahetseng “mehleng ea qetello.”—Juda 17, 18, 5-7, 11-13; Num. 14:35-37; Gen. 6:4; 18:20, 21; 19:4, 5, 24, 25; 4:4, 5, 8; Num. 22:2-7, 21; 31:8; 16:1-7, 31-35.
9. Ke hobane’ng ha temoso ea Juda e sa ntse e hlokahala le nakong ena, ’me ke likarolong life Bakreste ba lokelang ho tsoela pele ba ikaha?
9 Khanyetso le liteko tse tsoang ka ntle li ne li hlōlehile ho emisa khōlo ea Bokreste, empa joale baena ba ne ba le kotsing ea tšilafatso e tsoang ka hare. Mafika a patiloeng ka tlaase e ne e le tšokelo e neng e ka senya phutheho eohle. Kahobane Juda a ne a elelloa kamoo kotsi ena e neng e ka ba e timetsang haholo ka teng, a eletsa ka matla hore ‘ho loanoe ntoa e thata ea tumelo.’ Lengolo la hae le nakong kajeno joalokaha le ne le le joalo morao koo. Temoso e tšoanang e-ea hlokahala. Ho sa ntsane ho hlokahala hore tumelo e sireletsoe le ho loaneloa, boitšoaro bo bobe bo fotholoe, ba lika-likang ba thusoe ka mohau ’me ba ‘tlosoe mollong,’ haeba ho ka khoneha. Bakreste kajeno, kahobane ba thahasella botšepehi ba boitšoaro, katleho ea moea, le borapeli ba ’nete, ba lokela ho tsoela pele ba ikaha ka tumelo e halalelang haholo ka ho fetisisa. Ba lokela ho emela melao ea motheo e lokileng le ho atamela haufi le Molimo ka thapelo. Hape ba hloka ho ba le tlhompho e loketseng ho ba “beiloeng boholong,” ba hlomphe taolo e fanoeng ke Molimo phuthehong ea Bokreste.—Juda 3, 23, 8.
10. (a) Phutheho e lokela ho tšoara joang banna ba nang le bophoofolo, ’me hoo ho tla fella ka eng? (b) Ke moputso ofe o letetseng majalefa a ’Muso, ’me a kopanela ho eng le Juda?
10 “Ba nang le bophelo ba nama feela [“ba bophoofolo,” NW], ba se nang moea,” le ka mohla ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo ’me seo ba ka se etsang feela ke ho ntša kotsi ba leng tseleng ea bophelo bo sa feleng. (Juda 19; Ba-Gal. 5:19-21) Phutheho e lokela ho lemosoa khahlanong le bona, ’me e lokela ho ba lahla! Ka baka leo, “mohau, le khotso, le lerato” li tla atisetsoa baratuoa, ’me ba tla ipoloka leratong la Molimo, ‘ba lebeletse mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste, hore ba fuoe bophelo bo sa feleng.’ Molimo ’Moloki o tla bea majalefa a ’Muso ‘a se nang letheba, a nyakaletse ho oona.’ Ka sebele ana a kopanela le Juda ho isa “khanya, le boholo, le matla, le borena” ho Oona ka Jesu Kreste.—Juda 2, 21, 24, 25.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Canon of the New Testament, 1987, ka B. M. Metzger, leqephe 138.