Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pono ea Bokreste ka Maruo
    Molula-Qhooa—1985 | July 15
    • chelete ea bona. Chelete e ngata e ke ke ea thusa hakaalo. Empa ke lehlohonolo le lekaakang ho phutheho ha balumeli ba tšepahalang ba hlokang kannete ba thusoa ka mosa nameng kapa moeeng. Ka tsela ena, lipelo tsohle li tsitsitse ho ipokelleleng matlotlo leholimong a tlang ho fana ka kabelo e enneng ka sebopeho sa meputso ea moea e tsoang ho Jehova.

      Ka baka leo, kaofela ha rōna hona joale re lokela e be re nahana ka boemo ba rōna ka pel’a Molimo le Kreste. Liproverbia 11:4 e-ea re hopotsa: “Maruo ha a thuse letho mohl’a letsatsi la bohale, empa ho loka ho loela lefung.” Joale ke hobane’ng ha re ka sebelisa lefatše lee le fetohang le le shoang ka botlalo? (1 Ba-Korinthe 7:29-31) Balehang meharo le liphello tsa eona tse bolaeang! Re na le nako e fokolang ea ho iketsetsa tlaleho ea mesebetsi e molemo. E se eka re ka fumanoa re le batho ba nang le letlotlo le lengata leholimong.—Mattheu 6:20.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1985 | July 15
    • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

      ■ Na 2 Johanne 10, e reng re se ke ra amohela batho ba itseng malapeng kapa ho ba lumelisa, e bua feela ka ba buelletseng thuto ea bohata?

      Ho se potolohileng taba keletso ena e ne e ama “bathetsi ba bangata” ba neng ba hlahile, “ba sa boleleng Jesu Kreste ea tlileng nameng.” (2 Johanne 7) Moapostola Johanne o ile a fana ka litaelo tsa hore na Bakreste morao koo ba ne ba lokela ho tšoara motho ea neng a latola hore Jesu o bile teng kapa hore e ne e le Kreste le Molopolli joang. Johanne a laela: “Ekare ha e mong a e-tla ho lōna, ’me a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lōna, ’me le se ke la mo lumelisa! Hobane ea mo lumelisang o kopana le eena ketsong tsa hae tse mpe.” (2 Johanne 10, 11) Empa Bibele nģa e ’ngoe e bontša hore hona ho ne ho e-na le tšebetso e sephara.

      Ka nako e ’ngoe har’a Bakreste ba Korinthe, motho e mong o ne a tloaetse boitšoaro bo bobe, ’me moapostola Pauluse a ba ngolla hore ba se “ke [ba] kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ea lakatsang leruo, leha e le ea rapelang melimo, leha e le moetselletsi, kapa letahoa, kapa lesholu; ea joalo, le ho ja, [ba] se n’o ja le eena.” (1 Ba-Korinthe 5:11) Joale, na hoo ho ne ho sebetsa ho bao e neng e kile ea e-ba baena ba ileng ba lelekeloa feela liphoso tse tebileng tse thathamisitsoeng mona?

      Che. Tšenolo 21:8 e boetse e bontša batho ba joalo e le babolai, baloi, le mahata ba sa bakeng ba tšoaneloang ke lefu la bobeli. Ka sebele keletso e ho 1 Ba-Korinthe 5:11 e boetse e ne e tla be e sebelisitsoe ka matla a lekanang ho bao e neng e kile ea e-ba Bakreste ba neng ba le molato oa liphoso tse akarelletsang tsena. Ho phaella moo, Johanne o ngotse hore ba bang “ba tsoile ho rōna, empa e ne e se ba rōna; hobane hoja e be e le ba rōna, ba ka be ba setse ho rōna; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rōna.” (1 Johanne 2:18, 19) Johanne ha a ka a re ba leleketsoe sebe se tebileng. Mohlomong ba bang ba bona ba tsoile feela, ba etsa qeto ea hore ha ba sa batla ho ba ka phuthehong hobane ba hanyetsa thuto e itseng. Ba bang e ka ’na eaba ba ile ba khathala ’me ba tela.—1 Ba-Korinthe 15:12; 2 Ba-Thessalonika 2:1-3; Ba-Heberu 12:3, 5.

      Koana, haeba moena a ne a qalile ho khelohela sebeng, Bakreste ba hōlileng tsebong ba ne ba tla be ba lekile ho mo thusa. (Ba-Galata 6:1; 1 Johanne 5:16) Haeba a ne a e-na le lipelaelo, ba ne ba tla be ba lekile ho ‘mo tšola mollong.’ (Juda 23) Esita le haeba a ne a se a khaolitse, a sa ee libokeng kapa tšebeletsong ea phatlalatsa, ba matla moeeng ba ne ba tla be ba loanetse ho mo tsosolosa. E ka ’na eaba o ile a ba bolella hore ha a batle ho khathatsoa ka ho ba ka phuthehong, a bontša tumelo ea hae e fokolang le ho theoha moeeng. Ba ne ba tla be ba sa ka ba mo khathatsa, empa e ka ’na eaba ba ile ba mo etela ka makhetlo ka botsoalle. Boiteko bo lerato, bo mamellang le bo mohau joalo bo ne bo tla be bo bontšitse thahasello ea Molimo ea hore ho se be lea mong ea lahlehang.—Luka 15:4-7.

      Ha ho bapisoa, mantsoe a Johanne a bontša hore ba bang ba fetela pele ho feta ho fokola moeeng le ho khaotsa; ba hlile ba furalla phutheho ea Molimo. E mong e ka ’na eaba o hlahile pepenene a hanyetsa batho ba Molimo, a bolela hore ha a sa batla ho ba ka phuthehong. E ka ’na eaba o bile a latola tumelo ea hae ea pele ka mokhoa o loketseng, o kang oa lengolo. Bonneteng, phutheho e ne e tla amohela qeto ea

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela