Pina ea 88
Thapelo ea Mohlanka oa Molimo
1. Ntate Jah re tla ho uena,
Re rata ho’u sebeletsa.
Ke uen’a re hauhelang,
U Ntate ea re ratang.
U Ntate ea re ratang;
Ke uen’a re hauhelang.
2. Ha re’iteka ho’u khahlisa,
U n’u re thuse Jehova.
Re’a u utloa nthong tsohle
Le bafo ba hao bohle.
Le bafo ba hao bohle
Re’a u utloa nthong tsohle.
3. Ak’u re fe le bohlale
Bo bonolo, bo khabane.
Re thuse ho ba mohau
Ha re etsa that’ea hao.
Ha re etsa that’ea hao,
Re thuse ho ba mohau.
4. Thabo ea ho’u sebeletsa
E k’e be pelong tsa rōna.
Hore ’Muso o hōle
Re tla ’ne re rapele.
Re tla ’ne re rapele
Hore ’Muso o hōle.