Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Inehele ho Baleng
    Molula-Qhooa—1996 | May 15
    • Kreste. Kahoo o ile a fumana “moputso o phethehileng.” Ho feta moo, ba balang tlaleho ea Mangolo ba ithuta thuto ea bohlokoa: Tšepahalla Jehova ka ho sa sekisetseng, ’me u tla hlohonolofatsoa ka ho enneng.—Ruthe 2:12; 4:17-22; Liproverbia 10:22; Matheu 1:1, 5, 6.

      16. Baheberu ba bararo ba ile ba thulana le teko efe, ’me tlaleho ee e ka re thusa joang?

      16 Tlaleho ea Baheberu bao mabitso a bona e leng Shadrake, Meshake le Abede-Nego e ka re thusa hore re tšepahale ho Molimo maemong a lekang. Ka mahlo a kelello bona ketsahalo ena ha Daniele khaolo ea 3 e baloa ka lentsoe le phahameng. Setšoantšo se seholo sa khauta se phahametse lehoatata la Dura, moo ho bokaneng balaoli ba Babylona. Ha ho letsoa seletsa sa ’mino, ba oa fatše ’me ba rapela setšoantšo seo Morena Nebukadnezare a se emisitseng. Ke hore, bohle ba etsa joalo ntle ho Shadrake, Meshake le Abede-nego. Ka tlhompho, empa e le ka tieo, ba bolella morena hore ba ke ke ba sebeletsa melimo ea hae le ho rapela setšoantšo sa khauta. Baheberu bana ba banyenyane ba akheloa ka har’a sebōpi sa mollo se chesang haholo. Empa ho etsahala’ng? Ha morena a sheba ka hare, o bona banna ba bane ba shahlileng, e mong oa bona “o bonahala joalo ka hoja e le mora oa melimo.” (Daniele 3:25) Baheberu ba bararo ba ntšoa ka sebōping sa mollo, ’me Nebukadnezare o rorisa Molimo oa bona. E bile ho putsang ho bona tlaleho ena ka mahlo a kelello. ’Me e fana ka thuto e kaakang mabapi le ho tšepahala ho Jehova tlas’a teko!

      Ruang Molemo oa ho Bala Bibele le le Lelapa

      17. Hakhutšoanyane bontša lintho tse ling tse molemo tseo lelapa la hao le ka ithutang tsona ka ho bala Bibele hammoho.

      17 Lelapa la hao le ka thabela melemo e mengata haeba kamehla le sebelisa nako e itseng bakeng sa ho bala Bibele hammoho. Ho tloha ho Genese, le ka bona pōpo ka mahlo a kelello ’me la nyarela lehae la motho la Paradeise ea pele. Le ka kopanela liphihlelong tsa bapatriareka ba tšepahalang le malapa a bona la ba la latela Baiseraele ha ba tšela Leoatle le Lefubelu lieta tsa bona li omme. Le ka bona moshemane oa molisana Davida ha a hlōla Goliathe seqhobane sa Mofilista. Lelapa la hao le ka hlokomela kaho ea tempele ea Jehova Jerusalema, le ka bona ha e etsoa lesupi ke makhotla a Bababylona, ’me le ka bona ha e ahoa bocha tlas’a ’Musisi Zerababele. Hammoho le balisana ba ikokobelitseng pel’a Bethlehema, le ka utloa ha lengeloi le phatlalatsa tsoalo ea Jesu. Le ka fumana lintlha tse qaqileng mabapi le kolobetso ea hae le tšebeletso ea hae, le ’mona ha a tela bophelo ba hae ba botho e le thekollo, ’me le ka kopanela thabong ea tsoho ea hae. Ka mor’a moo, le ka tsamaea le moapostola Pauluse ’me la bona ho thehoa ha liphutheho ha Bokreste bo ntse bo ata. Joale, bukeng ea Tšenolo, lelapa la hao le ka thabela pono ea moapostola Johanne e hlollang ea bokamoso, ho akarelletsa le Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete.

      18, 19. Ho etsoa litlhahiso life mabapi le ’malo oa Bibele oa lelapa?

      18 Haeba le bala Bibele ka lentsoe le phahameng le le lelapa, e baleng ka tsela e hlakileng le ka cheseho. Ha setho se seng sa lelapa se bala likarolo tse ling tsa Mangolo—mohlomong ntate—se ka ’na sa bala tlaleho e akaretsang. Ba bang ba lōna ba ka nka likarolo tsa batho ba bang ba ka Bibeleng, le bala likarolo tsa lōna ka boikutlo bo loketseng.

      19 Ha le ntse le bala Bibele le le lelapa, tsebo ea lōna ea ho bala e ka ’na ea ntlafala. Mohlomong, tsebo ea lōna ea Molimo e tla eketseha, ’me sena se lokela ho le atametsa haufi le eena. Asafe o ile a bina: “Ha e le ’na, ho ba haufi le Molimo, ke molemo ho ’na; ke beile setšabelo sa ka ho Morena Jehova, ke tle ke tsebe ho bolela mesebetsi ea hao kaofela.” (Pesaleme ea 73:28) Sena se tla thusa lelapa la hao hore le tšoane le Moshe, ea ileng “a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng,” ke hore, Jehova Molimo.—Baheberu 11:27.

      Ho Bala le Tšebeletso ea Bokreste

      20, 21. Thōmo ea rōna ea ho bolela e amana joang le tsebo ea ho bala?

      20 Takatso ea rōna ea ho rapela “Ea sa bonahaleng” e lokela ho re susumeletsa ho sebeletsa ho ba babali ba molemo. Tsebo ea ho bala hantle e re thusa ho beha bopaki bo tsoang Lentsoeng la Molimo. Ka sebele e re thusa ho tsoela pele mosebetsing oa boboleli ba ’Muso oo Jesu a ileng a laela balateli ba hae hore ba o etse ha a ne a re: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20; Liketso 1:8) Ho paka ke mosebetsi o ka sehloohong oa batho ba Jehova, ’me tsebo ea ho bala e re thusa ho o finyella.

      21 Ho ba ’mali ea molemo le ho ba mosuoe ea bohlale oa Lentsoe la Molimo ho hloka boiteko. (Baefese 6:17) Ka hona, ‘etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo u le ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Timothea 2:15) Eketsa tsebo ea hao ea ’nete ea Mangolo le matla a hao u le Paki ea Jehova ka ho inehela ho baleng.

  • Bala Lentsoe la Molimo ’me U mo Sebeletse Kannete
    Molula-Qhooa—1996 | May 15
    • Bala Lentsoe la Molimo ’me U mo Sebeletse Kannete

      “Nthute, Uena Jehova, mabapi le litsela tsa hao. Ke tla tsamaea ’neteng ea hao.”—PESALEME EA 86:11, NW.

      1. Ha e le hantle, tokollo ea pele ea makasine ee e itse’ng ka ’nete?

      JEHOVA o romela leseli le ’nete. (Pesaleme ea 43:3) Hape o re fa matla a ho bala Lentsoe la hae, Bibele, le ho ithuta ’nete. Tokollo ea pele ea makasine ena—ea July 1879—e itse: “’Nete, joaloka palesa e nyenyane e fokolang lefeelleng la bophelo, e pota-potiloe ’me e batla e pupelitsoe ke lehola le tlokomang la leshano. Haeba u ka e fumana u tlameha hore u lule u lebetse. Haeba u ka bona botle ba eona u tlameha hore kapele u hlaole lehola la leshano le meutloa ea leeme. Haeba u ka e fumana u tlameha ho itheola boemong bo phahameng e le hore u ka e fumana. Se khotsofalle palesa e le ’ngoe ea ’nete. Haeba e le ’ngoe e ne e lekane ho ne ho ke ke ha e-ba le tse ling tse eketsehileng. Bokella kamehla, batla tse eketsehileng.” Ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo ho re nolofalletsa ho fumana tsebo e nepahetseng le ho tsamaea ’neteng ea hae.—Pesaleme ea 86:11.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela