Pina ea 170
“’Nete e be ea Molimo”
1. Molim’a rōna Jehova,
Ho hang ha a thetse.
Re mo tšepile kahohle;
Ha a ikhanyetse.
Ha batho ba le leshano
Ba phela ka lona,
Ke’a lokileng re mo rokeng,
Haa na ho fetoha.
2. Ha ’Mōpi’a romme Mor’a hae
Bathong ba lefatšeng,
A pakoa e le oa ’nete
Ke eo a mo rommeng.
O n’a phelela ho etsa
Seo a se laetsoeng.
O hlokometse ’nku’ tšohle
Tseo a li’alositseng.
3. Le hoja batho ba soma
Ntsoe l’a ba bōpileng,
Ho rōna Jah ke oa ’nete;
Ntšoeng la hae re tieeng.
Ho rōna ba rutang Lentsoe
Le ba le mamelang,
Re tseba e le la ’nete
Le le tataisang.