“Iseraele oa Molimo” le “Bongata bo Boholo”
“Ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala.”—TŠENOLO 7:9.
1-3. (a) Bakreste ba tlotsitsoeng ba na le litebello life tse khanyang tsa leholimo? (b) Satane o ile a leka ho timetsa phutheho ea lekholo la pele la lilemo joang? (c) Ho ile ha etsahala eng ka 1919 e ileng ea bontša hore boiteko ba Satane ba ho silafatsa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng bo ne bo hlōlehile?
HO THEHOA ha “Iseraele oa Molimo” ka 33 C.E. e bile bohato bo ka sehloohong ho sebetseng ha merero ea Jehova. (Ba-Galata 6:16) Litho tsa eona tse tlotsitsoeng li na le tšepo ea ho ba libōpuoa tsa moea tse sa shoeng le ea ho busa le Kreste ’Musong oa Molimo oa leholimo. (1 Ba-Korinthe 15:50, 53, 54) Ba le boemong boo ba phetha karolo e ka sehloohong ho halaletseng lebitso la Jehova le ho khoba hlooho ea Sera se seholo, Satane Diabolose. (Genese 3:15; Ba-Roma 16:20) Ha ho makatse hore ebe Satane o ile a etsa sohle se matleng a hae ho felisa phutheho ena e ncha, ka ho e hlorisa le ka ho leka ho e silafatsa!—2 Timothea 2:18; Juda 4; Tšenolo 2:10.
2 Ha baapostola ba sa ntse ba phela, Satane o ne a ke ke a atleha. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la bona, bokoenehi bo ile ba ata ho se letho le bo thibelang. Qetellong, ho latela pono ea batho, ho ile ha bonahala eka phutheho e hloekileng ea Bokreste eo Jesu a ileng a e theha e silafetse ha Satane a hlahisa bolumeli ba maiketsetso ba bokoenehi boo kajeno bo tsejoang e le Bokreste-’mōtoana. (2 Ba-Thessalonika 2:3-8) Leha ho le joalo, Bokreste ba ’nete bo ile ba tsoela pele ho ba teng.—Mattheu 28:20.
3 Jesu, setšoantšong sa hae sa koro le mofoka, o ile a bolela esale pele hore Bakreste ba ’nete ba ne ba tla eketseha hammoho le “mofoka,” kapa Bakreste ba bohata; ’me sena se ile sa etsahala. Empa hape o ile a bolela hore mehleng ea qetello, “bana ba ’muso” ba ne ba tla boela ba arohane le “mofoka” ka ho totobetseng. (Mattheu 13:36-43) Sena le sona se ile sa ipaka e le ’nete. Ka 1919 Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng ba ile ba tsoa botlamuoeng ba Babylona. Ba ile ba hlokomeloa ka tsela ea bomolimo e le “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ’me ka sebete ba ile ba qala ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Mattheu 24:14, 45-47; Tšenolo 18:4) Hoo e ka bang kaofela ha bona e ne e le Balichaba; empa ka lebaka la ho ba le tumelo e kang ea Abrahama, ka sebele e ne e le “bana ba Abrahama.” E ne e le litho tsa “Iseraele oa Molimo.”—Ba-Galata 3:7, 26-29.
“Bongata bo Boholo”
4. Ke sehlopha sefe sa Bakreste se ileng sa hlahella, haholo-holo ka bo-1930?
4 Qalong, ba ileng a arabela boboleling ba Bakreste bana ba tlotsitsoeng le bona ba ile ba fetoha Baiseraele ba moea, masala a ba 144 000, ba nang le tšepo ea leholimo. (Tšenolo 12:17) Leha ho le joalo, haholo-holo ka bo-1930, sehlopha se seng se ile sa hlahella. Bana ba ile ba khetholloa le “linku tse ling” tsa setšoantšo sa masaka. (Johanne 10:16) E ne e le barutuoa ba Kreste ba nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. E ne e le bana ba moea ba Bakreste ba tlotsitsoeng, ka puo ea tšoantšetso. (Esaia 59:21; 66:22; bapisa le 1 Ba-Korinthe 4:15, 16.) Ba ne ba hlokomela phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e le mohlanka ea khabane ea bohlale, ’me joaloka baena ba bona ba tlotsitsoeng, ba ne ba rata Jehova ka ho teba, ba na le tumelo sehlabelong sa Jesu, cheseho bakeng sa ho rorisa Molimo, le boikemisetso ba ho utloa bohloko ka lebaka la ho loka.
5. Boemo ba linku tse ling bo ’nile ba utloisisoa hamolemo haholoanyane joang mohato ka mohato?
5 Qalong boemo ba linku tsena tse ling bo ne bo sa utloisisoe hantle, empa ha nako e ntse e feta, lintho li ile tsa hlaka haholoanyane. Ka 1932 Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba khothaletsoa ho phehella linku tse ling ho kopanela mosebetsing oa ho bolela—e leng seo linku tse ling tse ngata li neng li se ntse li se etsa. Ka 1934 linku tse ling li ile tsa khothalletsoa ho kolobetsoa metsing. Ka 1935 li ile tsa khetholloa le “bongata bo boholo” ba Tšenolo khaolo ea 7. Ka 1938 li ile tsa memeloa ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Jesu Kreste e le bashebelli. Ka 1950 ho ile ha hlokomeloa hore banna ba bang ba hōlileng moeeng har’a tsona ke “mahosana” a sebeletsang e le “tšireletso ha moea o foka, joalo ka lehaha ha sefefo se e-tla.” (Pesaleme ea 45:16; Esaia 32:1, 2) Ka 1953, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa lefatšeng—oo karolo e khōlō ea oona ka nako eo e neng e le linku tse ling—o ile oa bonoa e le setsi sa sehlopha sa lefatšeng se neng se tla ba teng lefatšeng le lecha. Ka 1985 ho ile ha utloisisoa hore motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu, linku tse ling li boleloa li lokile joaloka metsoalle ea Molimo le ka tšepo ea ho pholoha Armageddone.
6. Boemo bo lekanyelitsoeng ba batlotsuoa le linku tse ling kajeno ke bofe, bo lebisa lipotsong life?
6 Hona joale, karolong ena e qetellang ea ‘mehla ea qetello,’ bongata ba ba 144 000 bo se bo shoele ’me bo amohetse moputso oa bona oa leholimo. (2 Timothea 3:1; Tšenolo 6:9-11; 14:13) Bakreste ba nang le tšepo ea lefatšeng hona joale ba etsa boholo ba boboleli ba litaba tse molemo, ’me ba nka ho tšehetsa baena ba Jesu ba tlotsitsoeng ho sena e le tokelo. (Mattheu 25:40) Leha ho le joalo, bana ba tlotsitsoeng ke mohlanka ea khabane ea bohlale eo ka eena lijo tsa moea li ’nileng tsa abjoa ho pholletsa le mehla ena ea qetello. Boemo ba linku tse ling e tla ba bofe ha batlotsuoa ba amohetse moputso oa bona oa leholimo? Linku tse ling li tla etsetsoa litokisetso life ka nako eo? Tlhahlobo e akaretsang ea Iseraele oa boholo-holo e tla re thusa ho araba lipotso tseo.
“’Muso oa Baprista” oa Sebele
7, 8. Ke ho isa bohōleng bofe Iseraele oa boholo-holo e neng e le ’muso oa baprista le sechaba se halalelang tlas’a selekane sa Molao?
7 Ha Jehova a ne a khetha Iseraele e le sechaba sa hae se khethehileng, o ile a etsa selekane le bona, a re: “Haeba le ka utloa lentsoe la ka ka tieo ’me ka sebele eba le tla boloka selekane sa ka, joale ka sebele le tla ba thepa ea ka e khethehileng lichabeng tse ling tsohle, hobane lefatše lohle ke la ka. ’Me lōna ka bolōna ho ’na le tla ba ’muso oa baprista le sechaba se halalelang.” (Exoda 19:5, 6, NW) Iseraele e ne e le sechaba sa Jehova se khethehileng motheong oa selekane sa Molao. Leha ho le joalo, tšepiso e akarelletsang ’muso oa baprista le sechaba se halalelang e ne e tla phethahala joang?
8 Baiseraele, ha ba ne ba sa ntse ba tšepahala, ba ne ba amohela bobusi ba Jehova ba bile ba mo amohela joaloka Morena oa bona. (Esaia 33:22) Kahoo, e ne e le ’muso. Empa, joalokaha ho ile ha hlahella hamorao, tšepiso ea “’muso” e ne e tla bolela esita le se fetang seo. Ho phaella moo, ha ba ne ba utloa Molao oa Jehova, ba ne ba hloekile, ba arohile lichabeng tse ba pota-potileng. E ne e le sechaba se halalelang. (Deuteronoma 7:5, 6) Na e ne e le ’muso oa baprista? Ha e le hantle, Iseraeleng leloko la Levi le ne le beheletsoe ka thōko bakeng sa tšebeletso ea tempele, ’me ka har’a leloko leo ho ne ho e-na le boprista ba Bolevi. Ha Molao oa Moshe o ne o qala ho sebelisoa, Balevi ba batona ba ile ba nkoa ba emela letsibolo la lelapa le leng le le leng leo eseng la leloko la Levi.a (Exoda 22:29; Numere 3:11-16, 40-51) Kahoo, lelapa le leng le le leng Iseraeleng le ne le emetsoe ka tsela ea tšoantšetso tšebeletsong ea tempele. Ena e ne e le eona tsela eo sechaba se ileng sa ba haufi-ufi le ho ba boprista. Leha ho le joalo, ba ne ba emela Jehova ka pel’a lichaba. Molichaba leha e le ofe ea neng a rata ho rapela Molimo oa ’nete o ne a tlameha ho etsa seo a kopane le Iseraele.—2 Likronike 6:32, 33; Esaia 60:10.
9. Ke’ng se ileng sa etsa hore Jehova a hanele ’muso oa Iseraele o ka leboea ‘ho ba moprista oa hae’?
9 Ka mor’a lefu la Salomone, batho ba Molimo ba ile ba arohana, ea e-ba sechaba sa ka leboea sa Iseraele tlas’a Morena Jeroboame le sechaba sa ka boroa sa Juda tlas’a Morena Roboame. Tempele, setsi sa borapeli bo hloekileng, e ne e le naheng ea Juda, Jeroboame o ile a hloma mofuta oa borapeli oo eseng oa molao ka ho etsa litšoantšo tsa manamane naheng ea sechaba sa hae. Ho feta moo, “a etsa matlo nģalong tse phahameng, a bea ba bang baprista har’a sechaba sohle, bao e seng bana ba Levi.” (1 Marena 12:31) Sechaba sa ka leboea se ile sa tetebela tlaase-tlaase borapeling ba bohata ha Morena Akabe a lumella mosali oa hae oa molata, Jezebele, ho theha borapeli ba Baale ka har’a naha. Qetellong, Jehova o ile a ahlola ’muso o rabetseng. Ka Hosea, o ile a re: “Sechaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Uena, kahobane u nyelisitse tsebo, ke tla u nyelisa, u se hlole u e-ba moprista oa ka.” (Hosea 4:6) Kapele ka mor’a moo, Baassyria ba ile ba timetsa ’muso oa Iseraele o ka leboea.
10. ’Muso oa Juda o ka boroa, ha o sa ntse o tšepahala, o ile oa emela Jehova joang ka pel’a lichaba?
10 Ho thoe’ng ka sechaba se ka boroa, sa Juda? Mehleng ea Ezekiase, Jehova o ile a re ho bona ka Esaia: “Ke lōna lipaki tsa ka, . . . le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, . . . sechaba seo ke iketselitseng sona se tla bolela lithoko tsa ka.” (Esaia 43:10, 21; 44:21) Ha ’muso o ka leboea o sa ntse o tšepahala, o ne o bolela khanya ea Jehova lichabeng le ho ipiletsa ho ba pelo li lokileng ho mo rapela tempeleng ea hae ’me ba sebeletsoe ke boprista ba Levi bo lumeletsoeng ka molao.
Melata Iseraeleng
11, 12. Bolela melata e meng e ileng ea tla sebeletsa Jehova e kopane le Iseraele.
11 Ha e le melata e ileng ea arabela bopaking bona bo fanoeng sechabeng sohle, e ile ea etsetsoa tokisetso Molaong o fanoeng ka Moshe—eo mosali oa hae, Sefora, e neng e le Momidiane. “Letšoele le kopakaneng” la bao eseng Baiseraele le ile la tloha le Iseraele Egepeta ’me le ne le le teng ha Molao o fanoa. (Exoda 2:16-22; 12:38; Numere 11:4) Rahaba le lelapa labo ba ile ba pholosoa Jeriko ’me hamorao ba amoheloa phuthehong ea Bajode. (Joshua 6:23-25) Kapele ka mor’a moo, Bagibeone ba ile ba etsa khotso le Iseraele ’me ba ile ba abeloa mesebetsi e amanang le tabernakele.—Joshua 9:3-27; bona le 1 Marena 8:41-43; Esthere 8:17.
12 Qetellong, melata e ile ea sebeletsa maemong a phahameng. Uria Mohethe, monna oa Bathe-Sheba, o ne a akarelletsoa har’a “banna ba linatla” ba Davida, joalokaha ho ne ho le joalo ka Tseleke Moammone. (1 Likronike 11:26, 39, 41; 2 Samuele 11:3, 4) Ebede-Meleke, Moethiopia, o ne a sebeletsa ntlong ea borena ’me o ne a le haufi le morena. (Jeremia 38:7-9) Ka mor’a hore Iseraele e khutle botlamuoeng Babylona, Banethinime bao eseng Baiseraele ba ne ba filoe boikarabelo bo eketsehileng ho thuseng baprista. (Esdrase 7:24) Kaha ba ’maloa ho melata ena e tšepahalang, kapa bajaki, e talingoa e le e tšoantšetsang bongata bo boholo kajeno, boemo ba bona boa thahasellisa ho rōna.
13, 14. (a) Basokolohi ba ne ba na le litokelo life le boikarabelo Iseraeleng? (b) Baiseraele ba ne ba lokela ho talima basokolohi ba tšepahalang joang?
13 Ba joalo e ne e le basokolohi, barapeli ba Jehova ba inehetseng tlas’a Molao oa Moshe ba neng ba arohile lichabeng hammoho le Baiseraele. (Levitike 24:22) Ba ne ba nehela mahlabelo, ba ikarotse borapeling ba bohata, ’me ba ne ba sa je mali, hantle feela joalokaha Baiseraele ba ne ba etsa. (Levitike 17:10-14; 20:2) Ba ile ba thusa kahong ea tempele ea Salomone ’me ba kopanela ho tsosolosoeng ha borapeli ba ’nete tlas’a Morena Asa le Morena Ezekiase. (1 Likronike 22:2; 2 Likronike 15:8-14; 30:25) Ha Petrose a ne a sebelisa senotlolo sa pele sa ’Muso ka Pentekonta ea 33 C.E., mantsoe a hae a ile a utluoa ke “Bajode le basokolohi [bao eseng Bajode].” Mohlomong, ba bang ho ba likete li tharo ba kolobelitsoeng letsatsing leo e ne e le basokolohi. (Liketso 2:10, 41, NW) Kapele ka mor’a moo, Filippi o ile a kolobetsa mosokolohi oa Moethiopia—pele Petrose a sebelisa senotlolo sa ho qetela sa ’Muso ho Kornele le lelapa la hae. (Mattheu 16:19; Liketso 8:26-40; 10:30-48) Ho hlakile hore basokolohi ba ne ba sa talingoe e le Balichaba.
14 Leha ho le joalo, boemo ba basokolohi naheng eo bo ne bo sa tšoane le ba Baiseraele ba tsoalo. Basokolohi ha baa ka ba sebeletsa e le baprista, ’me matsibolo a bona a ne a sa emeloe bopristeng ba Levi.b ’Me basokolohi ba ne ba se na lefa la naha Iseraeleng. Empa, Baiseraele ba ne ba laetsoe ho nahanela basokolohi ba tšepahalang le ho ba talima e le banab’abo bona.—Levitike 19:33, 34.
Sechaba sa Moea
15. Phello e bile efe ha Iseraele oa tlhaho e hana ho amohela Messia?
15 Molao o ne o etselitsoe ho boloka Baiseraele ba hloekile, ba arohile lichabeng tse ba potolohileng. Empa o ne o sebeletsa morero o mong. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Molao e bile molisa oa bongoana ba rōna, ho re isa ho Kreste, re tle re beoe ba lokileng ka tumelo.” (Ba-Galata 3:24) Ka masoabi, Baiseraele ba bangata ba ile ba hlōleha ho lebisoa ho Kreste ke Molao. (Mattheu 23:15; Johanne 1:11) Kahoo Jehova Molimo o ile a furalla sechaba seo ’me a etsa hore “Iseraele oa Molimo” a tsoaloe. Ho feta moo, o ile a fetisetsa memo ho bao eseng Bajode hore e be baahi ba Iseraele enoa e mocha ka ho tlala. (Ba-Galata 3:28; 6:16) Ke sechabeng sena se secha moo tšepiso ea Jehova ho Exoda 19:5, 6 mabapi le boprista ba borena e phethahetseng la ho qetela ka ho babatsehang. Joang?
16, 17. Ke ka kutloisiso efe Bakreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng e leng ba “borena”? “boprista”?
16 Petrose o ile a qotsa Exoda 19:6 ha a ne a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba mehleng ea hae: “Le ‘morabe o khethiloeng, boprista ba borena, sechaba se halalelang, sehlopha sa batho bakeng sa letlotlo le khethehileng.’” (1 Petrose 2:9, NW) See se bolela’ng? Na Bakreste ba tlotsitsoeng lefatšeng ke marena? Che, borena ba bona e sa ntse e le ba nako e tlang. (1 Ba-Korinthe 4:8) Leha ho le joalo, ke ba “borena” ka kutloisiso ea hore ba tšoaetsoe litokelo tsa borena tsa nakong e tlang. Esita le hona joale ke sechaba se ka tlas’a morena, Jesu, ea khethiloeng ke ’Musi e Moholo, Jehova Molimo. Pauluse o ile a ngola: “[Jehova] o re ntšitse matleng a lefifi, [a] re falletsa ’musong oa Mora oa [hae] ea ratoang.”—Ba-Kolosse 1:13.
17 Na Bakreste ba tlotsitsoeng lefatšeng ke boprista? Ka litsela tse itseng, ho joalo. Joaloka phutheho, ba sebeletsa karolong ea boprista e totobetseng. Petrose o ile a hlalosa sena ha a ne a re: “Lōna . . . le hahuoe le le majoe a phelang, ho etsa ntlo ea Moea, le boprista bo halalelang.” (1 Petrose 2:5; 1 Ba-Korinthe 3:16) Kajeno, masala a Bakreste ba tlotsitsoeng e le sehlopha ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” e leng mocha oa kabo ea lijo tsa moea. (Mattheu 24:45-47) Joalokaha ho ne ho etsoa Iseraeleng oa boholo-holo, mang kapa mang ea ratang ho rapela Jehova o tlameha ho etsa seo a kopane le Bakreste bana ba tlotsitsoeng.
18. E le boprista, phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e lefatšeng e na le boikarabelo bofe bo ka sehloohong?
18 Ho feta moo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba nkela Iseraele sebaka mabapi le tokelo ea ho paka boholo ba Jehova har’a lichaba. Litemana tse potolohileng taba eo li bontša hore ha Petrose a ne a bitsa Bakreste ba tlotsitsoeng boprista ba borena, o ne a nahanne ka mosebetsi oa boboleli. Ruri, o ile a kopanya tšepiso ea Jehova e ho Exoda 19:6 le mantsoe a Hae ho Iseraele a hlahang ho Esaia 43:21 tabeng e le ’ngoe e qotsitsoeng ha a ne a re: “Le . . . ‘boprista ba borena, . . . e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Petrose 2:9, NW) Tumellanong le sena, Pauluse o ile a bua ka ho boleloa ha makhabane a hlomphehang a Jehova e le sehlabelo sa tempele. O ile a ngola: “A re hlahiseng ka mehla ho Molimo ka [Jesu] sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.”—Ba-Heberu 13:15.
Phethahatso ea Leholimo
19. Ke phethahatso efe ea ho qetela le e khōlō ea tšepiso ea hore Iseraele e ne e tla ba ’muso oa baprista?
19 Leha ho le joalo, Exoda 19:5, 6 qetellong e na le phethahatso e khanyang haholoanyane. Bukeng ea Tšenolo, moapostola Johanne o utloa libōpuoa tsa leholimo li sebelisa lengolo lena ha li ntse li rorisa Jesu ea tsositsoeng: “U no u hlajoe, ’me ua lopollela Molimo, ka mali a hao, batho ba mefuta eohle, le ba lipuo tsohle, le ba merabe eohle, le ba lichaba tsohle; ’me u ba beile marena le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa holim’a lefatše.” (Tšenolo 5:9, 10) Joale, qetellong, boprista ba borena ke ’Muso oa Molimo oa leholimo, puso eo Jesu a ileng a re ruta hore re e rapelle. (Luka 11:2) Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba 144 000 ba mamellang ba ntse ba tšepahala ho fihlela qetellong ba tla ba le karolo tokisetsong eo ea ’Muso. (Tšenolo 20:4, 6) Ke phethahatso e hlollang hakaakang ea tšepiso e entsoeng khale hakaalo ka Moshe!
20. Ke potso efe e sa ntseng e lokela ho arajoa?
20 See sohle se amana joang le boemo ba bongata bo boholo le bokamoso ba bona ha batlotsuoa bohle ba se ba amohetse lefa la bona le hlollang? Sena se tla hlaka haholoanyane sehloohong sa ho qetela sa letoto lena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha boprista ba Iseraele bo ne bo qalisoa, bara ba matsibolo ba meloko ea Iseraele eo eseng ea Levi le ba batona ba leloko la Levi ba ile ba baloa. Ho ne ho e-na le matsibolo a 273 a ka holimo ho ba batona ba Levi. Kahoo, Jehova o ile a laela hore lishekele tse hlano li lefshoe bakeng sa e mong le e mong oa ba 273 e le thekollo bakeng sa palo e ka holimo.
b Letšoele le leholo le kopakaneng la bao eseng Baiseraele le ne le le teng ha Molao o ne o qala ho sebelisoa ka 1513 B.C.E., empa matsibolo a lona a ne a sa akarelletsoe ha Balevi ba ne ba nkoa e le ba emetseng matsibolo a Iseraele. (Bona serapa sa 8.) Ka ho fapaneng, Balevi ha baa ka ba emela matsibolo a bana bao eseng Baiseraele.
Na U ka Hlalosa?
◻ Boemo ba linku tse ling bo ile ba utloisisoa hamolemo haholoanyane joang mohato ka mohato?
◻ Ke hobane’ng ha Jehova a ile a hanela ’muso oa Iseraele o ka leboea hore o sebeletse joaloka moprista oa hae?
◻ Ha Juda e ne e sa ntse e tšepahala, boemo ba eona e ne e le bofe ka pel’a lichaba?
◻ Boemo ba basokolohi ba tšepahalang e ne e le bofe Iseraeleng?
◻ Phutheho ea batlotsuoa e sebeletsa e le ’muso oa baprista joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Joaloka boprista ba borena, Bakreste ba tlotsitsoeng ba bolela khanya ea Jehova lefatšeng
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Phethahatso ea ho qetela ea Exoda 19:6 ke ’Muso