Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Ratana ha ba Qala ho Bonana—Le ho Ratana ka ho sa Feleng ka Mor’a Moo!
    Tsoha!—1991 | October 8
    • hamolemo le ba bang.” Sehlooho sena se ile sa qetella ka hore: “Mohlomong sehlooho se memang tlhokomelo ka ho fetisisa se tlang ho hlaha boitsebisong bohle ba saense ke se bontšang hore ho rala motheo oa lerato le ho tšepana le litekanyetso tse amohelehang ka har’a lelapa le leng le le leng ke sona seo e leng sa bohlokoa, eseng tsebo ea makolopetso a rarahaneng. Morero oa ’nete oa taeo, . . . hase ho otla bana ba sa laoleheng empa ke ho ba ruta le ho ba tataisa le ho ba thusa ho kenya litekanyetso tsa boitšoaro likelellong tsa bona.”

      Ba Utloa Seo U se Buang, ba Etsa Seo U se Etsang

      Kenyelletso ea sehlooho se buang ka taeo ho The Atlantic Monthly e ne e re: “Ngoana a ka lebelloa hore a itšoare hantle hafeela batsoali ba hae ba phela ka litekanyetso tseo ba mo rutang tsona.” Sehlooho sena se ile sa tsoela pele ho bontša bohlokoa ba litekanyetso tsa boitšoaro tse teng ka ho ngoana: “Bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba neng ba itšoere hantle e ne e le bao batsoali ba bona ka bobona ba nang le boikarabelo, ba lokileng, ba bileng ba itšoereng hantle—ba neng ba phela tumellanong le litekanyetso tseo ba neng ba li ruta le ho khothalletsa bana ba bona hore ba li latele. Ha bacha ba molemo ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ne ba kopanngoa le bacha ba likhathatso, e le karolo ea phuputso, boitšoaro ba bona ha boa ka ba ameha ka ho sa feleng. Ba ne ba bolokile litekanyetso tsa batsoali ba bona ka hloko.” Ho bile joalokaha maele a re: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.”—Liproverbia 22:6.

      Batsoali ba ileng ba leka ho kenya litekanyetso tsa ’nete ka ho bana ba bona, empa tseo bona ka bobona ba neng ba sa li latele, ha baa ka ba atleha. Bana ba bona “ha baa ka ba khona ho boloka litekanyetso tseo.” Phuputso ena e ile ea paka hore “se ileng sa etsa phapang e ne e le hore na bophelo ba batsoali bo ipapisitse haufinyane hakae le litekanyetso tseo ba neng ba leka ho li ruta bana ba bona.”

      Ho joalokaha mongoli James Baldwin a ile a re: “Ha ho mohla bana ba kileng ba ba le tšekamelo e ntle ea ho mamela batho ba baholo, empa ha ho mohla ba kileng ba hlōleha ho ba etsisa.” Haeba u rata bana ba hao ’me u rata ho ba ruta litekanyetso tsa ’nete, sebelisa mokhoa o molemo ka ho fetisisa: U behe mohlala oa seo u ba rutang sona. U se ke ua tšoana le bangoli le Bafarisi bao Jesu a ileng a ba nyatsa ka hore ke baikaketsi: “Ka baka leo, le boloke, ’me le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona, le mpe le se ke la etsa ka liketso tsa bona; hobane ba bolela, empa ha ba etse.” (Mattheu 23:3) Kapa ua tšoana le batho bao moapostola Pauluse a ileng a ba botsa ka tsela e qosang: “Empa uena ea rutang ba bang, hle uena ha u ithute! Uena ea bolelang hore ho se ke ha utsuoa, ua utsoa!”—Ba-Roma 2:21.

      Kajeno batho ba bangata ba hana Bibele ba re e siiloe ke nako ebile tataiso ea eona ha e sebetse. Jesu o hanyetsa maikutlo ao ka mantsoe ana: “Empa bohlale bo ipaketsoe ke bana ba jona bohle.” (Luka 7:35) Litlaleho tse latelang tse tsoang malapeng a phelang linaheng tse ngata li paka hore mantsoe a hae ke ’nete.

  • Ho Hōlisa Bana Lefatšeng Lohle—Ka Khōliso e Lerato, Taeo, Mohlala, le Litekanyetso tsa Moea
    Tsoha!—1991 | October 8
    • [Setšoantšo se leqepheng la 26]

      Bana ba banyenyane joaloka Rebecca ba hloka lerato la sebele

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela