Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kolobetso
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • “ho e-na le,” “ka morero oa,” jj. (A Greek-English Lexicon, ea Liddell le Scott) E bolela eng temaneng ee? Na Pauluse o ne a etsa tlhahiso ea hore batho ba phelang ba kolobetsoe molemong oa ba shoeleng ba sa kolobetsoa?

      Mangolo feela a mang ao ka ho toba a bolelang lefu mabapi le kolobetso a bua ka kolobetso eo motho ka boeena a fetang ho eona, e seng kolobetso molemong oa motho e mong, ea shoeleng

      Ba-Roma 6:3: “Ana ha le tsebe hobane rōna bohle ba kolobelelitsoeng ho Jesu Kreste, re kolobelelitsoe lefung la hae na?” (Le Mareka 10:38, 39)

      Ba-Kol. 2:12: “Le [lōna litho tse phelang tsa phutheho ea Kolosse] patiloe le eena kolobetsong, moo le tsositsoeng le eena ka ho lumela matla a Molimo o mo tsositseng bafung.”

      Phetolelo e ho “New World Translation” e nepahetse melaong ea ho ngoloa hoa puo ’me e lumellana le litemana tsena tse ling tsa Bibele

      1 Ba-Kor. 15:29, NW: “Ho seng joalo, ba kolobetsoang ka morero oa ho ba ba shoeleng ba tla etsa joang? Haeba bafu ba sa tl’o tsoha ho hang, ke hobane’ng ha le bona ba kolobetsoa ka morero oa ho ba [ba] joalo?” (Ka hona ba kolobeletsoa kapa ba qoelisetsoa tseleng ea bophelo e tla fella ka lefu la botšepehi bo kang ba Kreste ebe joale ba tsosetsoa bophelong ba moea joaloka eena.)

      Phello ea ho kolobetsoa ka mollo ke efe?

      Luka 3:16, 17: “Ke eena [Jesu Kreste] ea tla le kolobetsa ka . . . mollo. Seoloso sa hae se letsohong la hae, ’me seotlo sa hae o tla se fiela ruri . . . ha e le mooko, o tla o chesa mollong o sa timeng.” (Tšenyo ea oona e tla ba e sa feleng.)

      Matt. 13:49, 50: “Ho tla ba joalo bofelong ba lefatše: mangeloi a tla tsoa, a khethe ba khopo ho ba lokileng, ’me a tla ba lahlela seboping sa mollo.”

      Luka 17:29, 30: “Letsatsi leo Lota a tsoang Sodoma ka lona, leholimo la nesoa mollo le sebabole, ba ba ba timetsoa kaofela ke tsona. Ho tla ba joalo le ka letsatsi leo Mor’a motho a tla hlaha ka lona.”

      Ha e tšoane le kolobetso e etsoang ka moea o halalelang, e neng e le bakeng sa barutuoa

      Lik. 1:5: “Johanne o fela a kile a kolobetsa ka metsi; empa lōna [baapostola ba khabane ba Jesu] le tla kolobetsoa ka Moea o Halalelang, ha ho fetile matsatsi a se makae.”

      Lik. 2:2-4: “Hang, ha utluoa molumo o tsoang leholimong, o kang oa moea o fokang ka sefefo; ntlo eohle eo ba lutseng ho eona ea tlala oona; maleme a arohaneng, a kang malakabe a mollo, a ba hlahela, a lula holim’a [empa ha a ka a kupetsa kapa a qoelisa] e mong le e mong oa bona. ’Me bohle ba tlala Moea o Halalelang, ’me ba qala ho bua ka lipuo lisele, kamoo Moea o ba buisang kateng.”

  • Lefatše (Earth)
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Lefatše (Earth)

      Tlhaloso: Ka Mangolong lentsoe “lefatše” le sebelisoa ka mekhoa e mengata. Hangata re nahana ka lona le bolela qitikoe ka boeona, eo Jehova ka mosa a e hlomelletseng hore e ka baballa bophelo ba motho le ho etsa hore bophelo ba rōna ebe bo khotsofatsang haholo. Leha ho le joalo, ho ke ho hlokomeloe hore “lefatše” leo hape le ka sebelisoa ka kutloisiso ea tšoantšetso, ka mohlala, le bua ka batho ba phelang qitikoeng ena kapa mokhatlo oa batho o nang le litšobotsi tse itseng.

      Na Lefatše le qitikoe le tla senngoa ntoeng ea nuclear?

      Bibele e bontša morero oa Molimo ka lefatše e le ofe?

      Matt. 6:10: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”

      Pes. 37:29: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”

      Bona le Moeklesia 1:4; Pesaleme ea 104:5.

      Na ho na le monyetla oa hore kaha lichaba ha li bontše ho hlompha morero oa Molimo hakaalo, li ka ’na tsa senya lefatše ho hang hore le hloke baahi?

      Esa. 55:8-11: “[Jehova o bolela hore:] Joale ka ha leholimo

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela