Eunise le Loise—Barupeli ba Behileng Mohlala
Re le bahlanka ba Jehova, rea tseba hore ke boikarabelo bo tebileng ho fa bana ba rōna thuto e atlehileng ea bolumeli. Esita le moo boemo bo leng botle ka ho fetisisa, mosebetsi ona o ka ’na oa tlala mefuta eohle ea litšitiso le mathata. Sena se thata le ho feta haeba motsoali oa Mokreste a talimane le phephetso e joalo lelapeng le arohaneng bolumeling. Boemo bo joalo ha bo bocha. Mangolo a re bolella ka motsoali e mong ea ileng a iphumana a le boemong bo tšoanang lekholong la pele la lilemo C.E.
Lelapa la mosali ea neng a bitsoa Eunise le ne le lula Lystra, motse o neng o le sebakeng sa Lykaonia, karolong e bohareng bo ka boroa ho Asia Minor. Lystra e ne e le motse o monyenyane oa profinse oo e neng e se oa bohlokoa. E ne e le kolone ea Roma e neng e bitsoa Julia Felix Gemina Lustra, e neng e thehiloe ke Augustase Sesare bakeng sa ho loantša mesebetsi ea linokoane libakeng tse haufi. Eunise e ne e le Mokreste oa Mojuda ea neng a lula le monna oa hae oa Mogerike, mora oa hae Timothea le ’mè oa hae Loise, lelapeng le arohaneng bolumeling.—Liketso 16:1-3.
Mohlomong ho ne ho e-na le Bajuda ba ’maloa Lystra hobane Bibele ha e bolele hore ho ne ho e-na le synagoge moo, le hoja ho ne ho e-na le Bajuda Ikoniamo e neng e le bohōle ba lik’hilomithara tse 30. (Liketso 14:19) Ka hona, e tlameha ebe ho ne ho se bonolo hore Eunise a sebelise tumelo ea hae. Taba ea hore ebe Timothea o ne a sa bolla ka mor’a ho tsoaloa ha hae e entse hore litsebi tse ling li lekanye hore monna oa Eunise o ne a ile a hanyetsa khopolo eo.
Leha ho le joalo, Eunise o ne a se mong tumelong ea hae. Ho bonahala eka Timothea o ile a fumana koetliso ea hae ea “lingoliloeng tse halalelang” ho ’mè oa hae le ho nkhono oa hae Loise, ea tsoalang ’mè oa hae.a Moapostola Pauluse o ile a phehella Timothea ka matla: “U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele, u tseba hore na u ile ua ithuta tsona ho batho bafe le hore ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.”—2 Timothea 3:14, 15.
Thuto “ho Tloha Boseeng”
Ha Pauluse a re thuto ea Timothea ea “lingoliloeng tse halalelang” e ne e fanoe “ho tloha boseeng,” ho hlakile hore sena se bolela ho tloha ha e sa le ngoana e monyenyane. Sena se lumellana le tšebeliso ea hae ea lentsoe la Segerike (breʹphos), leo ka tloaelo le bolelang lesea le sa tsoa hlaha. (Bapisa le Luka 2:12, 16.) Kahoo, Eunise o ile a nka boikarabelo boo a bo filoeng ke Molimo ka ho teba, a se ke a lieha ho qala esale nako ho fa Timothea koetliso e neng e tla mo thusa hore a hōlele ho ba mohlanka ea inehetseng oa Molimo.—Deuteronoma 6:6-9; Liproverbia 1:8.
Timothea o ile a ‘susumelletsoa hore a lumele’ linnete tsa Mangolo. Ho latela dikishinari e ’ngoe ea Segerike, lentsoe leo Pauluse a le sebelisitseng mona le bolela “ho susumelletsoa ka matla; ho kholisoa” ka ntho e itseng. Ha ho pelaelo hore ho ne ho hlokahala nako e ngata hore tumelo e tiileng joalo e melisoe ka metso pelong ea Timothea, e le ho mo thusa hore a behe mabaka ka Lentsoe la Molimo ’me a sebelise tumelo ho lona. Ka hona, ho hlakile hore Eunise le Loise ba ile ba sebetsa ka thata hore ba rute Timothea Mangolo. ’Me basali bao ba tšabang Molimo ba ile ba kotula moputso o mokaakang! Pauluse o ne a ka ngola tjena ka Timothea: “Ke hopola tumelo e leng ho uena e se nang boikaketsi leha e le bofe, le e ileng ea lula pele ho nkhono oa hao Loise le ’mè oa hao Eunise, empa eo ke kholisehileng hore le ho uena e teng.”—2 Timothea 1:5.
Eunise le Loise ba ile ba phetha karolo ea bohlokoa hakaakang bophelong ba Timothea! Malebana le taba ena, sengoli David Read oa bolela: “Haeba moapostola a ne a lumela hore ho ne ho se letho la bohlokoa haese hore Timothea o ile a sokoloha ka boeena, a ka be a ile a mo hopotsa seo ka ho toba. Empa ntho ea pele eo a ileng a bua ka eona mabapi le tumelo ea Timothea e bile hore e ne e se e ntse e ‘le teng ka ho Loise . . . le Eunise.’” Polelo ea Pauluse mabapi le tumelo ea Loise, ea Eunise le ea Timothea e bontša hore hangata, thuto ea Mangolo eo ngoana a e fuoang a sa le monyenyane ke batsoali esita le ke bo-nkhono le bo-ntate-moholo ka lapeng, e rala motheo oa ngoana oa bomoea ba hae ba ka moso. Na seo ha sea lokela ho susumetsa litho tsa lelapa hore li nahane ka botebo hore na li etsa eng ho phetha boikarabelo bona ho Molimo le ho bana ba tsona?
Mohlomong Pauluse o ne a boetse a nahana ka hore na Loise le Eunise ba ne ba entse hore ho be le moea oa mofuta ofe ka lapeng la bona. E ka ’na eaba moapostola o ne a ile a etela lapeng la bona nakong eo a neng a ile ka lekhetlo la pele Lystra, hoo e ka bang ka 47/48 C.E. Ho ka etsahala hore ebe basali bao ba babeli ba ile ba sokolohela Bokresteng ka nako eo. (Liketso 14:8-20) Mohlomong likamano tse mofuthu, tse thabileng tseo Pauluse a ileng a li fumana lelapeng leo ke tsona tse ileng tsa mo susumelletsa hore a khethe mantsoe ha a bua ka Loise e le “nkhono” oa Timothea. Ho latela setsebi Ceslas Spicq, lentsoe la Segerike leo a le sebelisitseng, (mamʹme, ho e-na le teʹthe e tloaelehileng le e hlomphehang) ke “polelo ea ngoana e bontšang lerato” ho nkhono oa hae, eo tabeng ena e fetisang “phapang e itseng ea ho tloaelana le ho ba le boikutlo bo mofuthu.”
Ho Tloha ha Timothea Lapeng
Hore na boemo ba Eunise ba lenyalo e ne e le bofe ha Pauluse a etela Lystra ka lekhetlo la bobeli (hoo e ka bang ka 50 C.E.) ha hoa hlaka. Litsebi tse ngata li nahana hore e ne e le mohlolohali. Leha ho le joalo, tlas’a tataiso ea ’mè oa hae le nkhono oa hae, Timothea o ne a se a hōlile, e le mohlankana ea ka bang lilemo li 20 ka nako eo. O ne a “buuoa hantle ke barab’abo rōna Lystra le Ikoniamo.” (Liketso 16:2) Ho hlakile hore takatso ea ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso e ne e jetsoe pelong ea Timothea hobane o ile a amohela memo ea Pauluse ea ho tsamaea le eena le Silase leetong la bona la boromuoa.
Nahana hore na Eunise le Loise ba ile ba ikutloa joang ha Timothea a se a tla tsamaea! Ba ne ba tseba hore ka lekhetlo la pele ha Pauluse a ne a etetse motseng oa bona, moapostola eo o ne a ile a tlepetsoa ka majoe ’me a tlohelloa ho thoe o shoele. (Liketso 14:19) Kahoo, e tlameha ebe ha hoa ka ha e-ba bonolo hore ba lokolle Timothea hore a tsamaee. Mohlomong ba ne ba ipotsa hore na o ne a tla ba sieo nako e kae le hore na ebe o ne a tla khutla a sireletsehile. Ho sa tsotellehe ho ameha hoo e ka ’nang eaba ’mè oa hae le nkhono oa hae ba ne ba e-na le hona, ntle le pelaelo ba ile ba mo khothatsa hore a amohele tokelo eo e khethehileng, e neng e tla mo nolofalletsa ho sebeletsa Jehova ka ho feletseng haholoanyane.
Thuto ea Bohlokoa
Ho ka ithutoa ho hongata ka ho nahana ka hloko ka Eunise le Loise. Tumelo e ile ea ba susumelletsa hore ba hōlise Timothea a phela hantle moeeng. Ka sebele, mohlala oa boinehelo ba bomolimo o bontšang ho hōla tsebong le botsitso, oo bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba o behelang litloholo tsa bona le ba bang, o ka tsoela phutheho eohle ea Bokreste molemo. (Tite 2:3-5) Ka ho tšoanang, mohlala oa Eunise o hopotsa bo-’mè ba nang le banna ba sa lumelang boikarabelo le meputso ea ho fana ka koetliso ea moea ho bana ba bona. Ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala sebete se matla ho etsa sena, haholo-holo haeba ntate a hlile a se na boikutlo bo botle ka bolumeli ba molekane oa hae. Ho boetse ho hloka mekhoa e metle ea ho bua hobane mosali oa Mokreste o tšoanela ho hlompha bohlooho ba monna oa hae.
Tumelo, boiteko le boitelo tsa Loise le Eunise li ile tsa putsoa ka hore ba bone Timothea a hatela pele moeeng ho fihlela e e-ba moromuoa le molebeli ea babatsehang. (Bafilippi 2:19-22) Ka tsela e tšoanang kajeno, ho ruta bana ba rōna linnete tsa Mangolo ho hloka nako, mamello le boikemisetso, empa liphello tsa teng tse ntle li etsa hore boiteko boo bohle ka sebele e be bo tšoanelehang. Bacha ba bangata ba Bakreste ba behang mohlala, ba ileng ba rutoa ‘lingoliloeng tse halalelang ho tloha boseeng’ malapeng a arohaneng bolumeling ba tlisetsa batsoali ba bona ba tšabang Molimo thabo e khōlō. ’Me maele a reng ‘ea belehileng ea bohlale o tla thaba’ ke ’nete hakaakang!—Liproverbia 23:23-25, NW.
Moapostola Johanne o itse ka bana ba hae ba moea: “Ha ke na lebaka le leholoanyane la ho leboha ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 4) Ka sebele, ba bangata ba ipakileng ba tšoana le Eunise le Loise ba ikutloa ka tsela e tšoanang le e hlalositsoeng mantsoeng ao.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Phetolelo ea Sesyria e reng “’mè oa ’mè oa hao” ho 2 Timothea 1:5 ke eona e bontšang hore Loise e ne e se nkhono oa Timothea ea tsoalang ntate oa hae.