-
Adama le EvaHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Haeba e Mong a Re—
‘Sebe sa Adama e ne e le thato ea Molimo, tokisetso ea Molimo’
U ka ’na ua arabela: ‘Batho ba bangata ba ’nile ba bua joalo. Empa haeba ke ne nka etsa ntho e ’ngoe eo u neng u batla ha ke e etsa, na u ne u tla ’nyatsetsa hona? . . . Joale, haeba sebe sa Adama e ne e le thato ea Molimo, ke hobane’ng ha Adama a ile a lelekeloa kantle ho Edene e le moetsalibe? (Gen. 3:17-19, 23, 24)’
Kapa u ka re: ‘Eo ke ntlha e thahasellisang, ’me ruri karabelo e hlile e ama hore na Molimo ke motho oa mofuta ofe. Na ekaba ho lokileng kapa na ke lerato ho nyatsa motho ka ho etsa ho hong hoo uena u ho lokiselitseng hore a ho etse?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Jehova ke Molimo oa lerato. (1 Joh. 4:8) Litsela tsa hae kaofela li lokile. (Pes. 37:28; Deut. 32:4) E ne e se thato ea Molimo hore Adama a etse sebe; o ile a lemosa Adama khahlanong le sona. (Gen. 2:17)’ (2) ‘Molimo o fetse oa lumella Adama, joalokaha o re lumella, bolokolohi ba ho ikhethela hore na a etse joang. Phetheho e ne e sa hanele ho sebelisa bolokolohi ba ho se utloe. Adama a ikhethela ho fetohela Molimo, ho sa tsotellehe temoso ea hore ho ne ho tla fella ka lefu.’ (Bona le maqephe 358, 359.)
-
-
AntikresteHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Antikreste
Tlhaloso: Antikreste e bolela khahlanong le kapa ho e-na le Kreste. Lentsoe lena le sebetsa ho bohle ba latolang seo Bibele e se buang ka Jesu Kreste, bohle ba hanyetsang ’Muso oa hae le bohle ba tlatlapang balateli ba hae. Hape le akarelletsa batho ka bomong, mekhatlo e hlophisitsoeng le lichaba tseo ka bohata li ipolelang hore li emela Kreste kapa tse iphamolelang karolo ea Messia.
Na Bibele e bua ka antikreste a le mong feela?
1 Joh. 2:18: “Bana, ke nako ea qetello; ’me joale ka ha le utloile hobane antikreste o ea tla, le joale bo-antikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke ka hoo re tsebang hobane ke nako ea qetello.”
2 Joh. 7: “Bathetsi ba bangata ba kene lefatšeng, ba sa boleleng Jesu Kreste ea tlileng nameng. Ea joalo ke mothetsi le antikreste.” (Hlokomela hore “bo-antikreste ba bangata” ba 1 Johanne 2:18 mona ba akaretsoa ka hore ke “antikreste.”)
Na ho tla hoa antikreste ho boloketsoe nako eitseng e tlang?
1 Joh. 4:3: “Moea o mong le o mong o sa boleleng Jesu Kreste ea tlileng nameng, hase oa Molimo; ke oona moea oa antikreste, eo le mo utloileng hobane o ea tla, ’me le joale o se a le lefatšeng.” (Hoo ho ngotsoe ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E.)
1 Joh. 2:18: “Le joale bo-antikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke ka hoo re tsebang hobane ke nako ea qetello.” (Ho hlakile hore ka “nako ea qetello” Johanne o ne a bolela qetello ea nako ea baapostola. Baapostola ba bang ba ne ba se ba shoele, ’me Johanne ka boeena a se a tsofetse haholo.)
Ba bang ba tsejoang e le bo-antikreste—
Batho ba latolang hore ka sebele Jesu ke Messia
1 Joh. 2:22: “Ea leshano ke mang, ha e se ea latolang hore Jesu ke Kreste [kapa, Messia, motlotsuoa]? . . . ke eena e leng antikreste.”
Bohle ba latolang hore Jesu ke Mora ea khethehileng oa Molimo
1 Joh. 2:22: “Ea latolang Ntate le Mora ke eena e leng antikreste.”
Bapisa Johanne 10:36; Luka 9:35.
Bakoenehi
1 Joh. 2:18, 19: “Bo-antikreste ba bangata ba se ba hlahile . . . Ba tsoile ho rōna, empa e ne e se ba rōna.”
Ba hanyetsang balateli ba ’nete ba Kreste
Joh. 15:20, 21: “Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna; . . . Empa ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka.”
Batho ka bomong le lichaba ba hanyetsang Kreste e le Morena kapa ba ipolelang ka bohata hore ba phetha karolo ea Messia
Pes. 2:2: “Marena a lefatše a phuthehetse’ng, le mahosana a bokanetse’ng ho tsohela Jehova le motlotsuoa [Kreste, kapa Messia] oa hae matla?”
Bona le Tšenolo 17:3, 12-14; 19:11-22.
Matt. 24:24: “Ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baprofeta ba bohata, ’me ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakhethoa, hola ke ntho e ka etsoang.”
-
-
Babylona e MoholoHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Babylona e Moholo
Tlhaloso: ’Muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o akarelletsang bolumeli bohle boo lithuto tsa bona le mekhoa ea bona li hananang le borapeli ba ’nete ba Jehova, Molimo o ’notši oa ’nete. Kamor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, bolumeli ba bohata bo qalehile Babele (hamorao ea tsejoa e le Babylona). (Gen. 10:8-10; 11:4-9) Litumelo le mekhoa ea bolumeli ba Babylona tsa se ke tsa senya nako ho kena linaheng tse ngata. Eaba Babylona e Moholo e ba lebitso le loketseng hantle bakeng sa bolumeli bohle ba bohata.
Ke bopaki bofe bo supang hore na Babylona e Moholo e boleloang ho Tšenolo ke eng?
E ne e ke ke ea e-ba motse oa boholo-holo oa Babylona. Tšenolo e ngotsoe qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E. ’me e hlalosa liketsahalo tse neng li tla etsahala ho fihlela mehleng ea rōna. The Encyclopedia Americana e re: “Motse [oa Babylona] o ile oa haptjoa ke Bapersia tlas’a Cyruse e Moholo ka 539 B.C. Hamorao Alexandere e Moholo a lokisetsa ho fetola Babylona motse-moholo oa ’muso oa hae o ka bochabela, empa kamorao ho lefu la hae Babylona ea lahleheloa ke botumo butle-butle.” (1956, Moq. III, leq. 7) Kajeno motse ke lithako.
Tšoantšetso ea Tšenolo e bua ka Babylona e Moholo e le “motse o moholo,” ‘’muso’ o busang marena a mang. (Tšen. 17:18) Joaloka motse, o ne o tla ba le mekhatlo e mengata e
-