Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 7/1 maq. 30-31
  • Mosamaria o Ipaka e le Moahelani ea Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosamaria o Ipaka e le Moahelani ea Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosamaria ea Qenehelang
  • Thuto ho Rōna
  • Mosamaria ea Nang le Moea oa Boahisani
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Mosamaria ea Molemo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Mosamaria o Ipaka e le Moahelani oa ’Makhonthe
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Rata Moahisani ho ka Etsahala
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 7/1 maq. 30-31

Ba Ile ba Etsa Thato ea Jehova

Mosamaria o Ipaka e le Moahelani ea Molemo

MEHLENG ea Jesu, ho ne ho e-na le lehloeo le totobetseng pakeng tsa Bajuda le Balichaba. Ka mor’a nako e itseng Mishnah ea Sejuda e ile ea ba ea kenyelletsa molao o neng o thibela mosali oa Moiseraele ho belehisa bao e seng Bajuda, kaha sena se ne se tla thusa ho tlisa Molichaba e mong lefatšeng.—Abodah Zarah 2:1.

Basamaria ba ne ba e-na le kamano e haufi haholoanyane le Bajuda ho feta Balichaba, ka bobeli bolumeling le morabeng. Empa, le bona ba ne ba talingoa e le melahloa. Moapostola Johanne o ile a ngola: “Bajuda ha ba na litšebelisano le Basamaria.” (Johanne 4:9) Ka sebele, Talmud e ne e ruta hore “sengoathoana sa bohobe seo Mosamaria a fanang ka sona se litšila ho feta nama ea kolobe.” Bajuda ba bang ba bile ba sebelisa lentsoe “Mosamaria” e le polelo ea nyeliso le thohako.—Johanne 8:48.

Ha ho talingoa boemo bona, mantsoe a Jesu ho monna ea neng a tseba molao oa Sejuda hantle a ruta haholo. Monna enoa o ile a atamela Jesu ’me a botsa: “Mosuoe, ke ka ho etsa eng ke tlang ho rua bophelo bo sa feleng?” Ha Jesu a araba o ile a lebisa tlhokomelo ea hae Molaong oa Moshe, o laelang ho ‘rata Jehova ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle le ka kelello ea hao eohle,’ le ho ‘rata moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Eaba ’muelli oa molao o botsa Jesu: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” (Luka 10:25-29; Levitike 19:18; Deuteronoma 6:5) Ho latela Bafarisi, lentsoe “moahelani” le ne le sebetsa feela ho ba neng ba boloka litloaelo tsa Sejuda—ka sebele eseng ho Balichaba kapa Basamaria. Haeba ’muelli enoa oa molao ea ratang litaba a ne a nahana hore Jesu o ne a tla tšehetsa pono eo, o ne a tla tloha a makala.

Mosamaria ea Qenehelang

Jesu o ile a araba potso ea monna enoa ka ho pheta papiso.a O ile a re: “Motho ea itseng o ne a theoha Jerusalema a ea Jeriko.” Sebaka se lipakeng tsa Jerusalema le Jeriko e ne e ka ba lik’hilomithara tse 23. Tsela e neng e kopanya metse ena e ’meli e ne e e-na le methinya e tsoapelang le mafika a motsu, e leng se neng se nolofalletsa masholu ho ipata, ho hlasela le ho baleha. Joalokaha ho ile ha etsahala, moeti oa papisong ea Jesu o ile a “oela har’a masholu, a ileng a mo nkela tsohle hammoho le ho mo otla, eaba aa tloha, a mo siea a le makhatheng a ho shoa.”—Luka 10:30.

Jesu o ile a tsoela pele: “Ha etsahala hore ebe moprista ea itseng o ne a theoha ka tsela eo, empa, ha a mo bona, a tsamaea ka lehlakoreng le shebaneng le leo. Ka ho tšoanang Molevi le eena, ha a fihla sebakeng seo ’me a mo bona, a tsamaea ka lehlakoreng le shebaneng le leo.” (Luka 10:31, 32) Baprista le Balevi e ne e le mesuoe ea Molao—ho akarelletsa le molao oa lerato la boahelani. (Levitike 10:8-11; Deuteronoma 33:1, 10) Ka sebele, ho feta motho leha e le ofe e mong, ba ne ba lokela hore ebe ba ile ba ikutloa ba tlamehile ho thusa moeti enoa ea lemetseng.

Jesu o ile a tsoela pele: “Mosamaria ea itseng ea neng a tsamaea ka tsela eo a fihla ho eena.” Ha ho pelaelo hore ha ho buuoa ka Mosamaria ’muelli enoa oa molao o ile a lakatsa ho tseba. Na Jesu o ne a ka lumella pono e fosahetseng ka morabe oo? Ho fapana le hoo, Jesu a re, ha a bona moeti enoa ea malimabe, Mosamaria enoa o ile “a susumetsoa ke khauho. Kahoo a mo atamela ’me a tlamisa maqeba a hae, a a tšela ka oli le veine. Joale a mo palamisa phoofolo ea hae ’me a mo tlisa ntlong ea baeti ’me a mo hlokomela.b ’Me letsatsing le hlahlamang a ntša lidenari tse peli, a li fa mohlokomeli oa ntlo eo ea baeti, eaba o re, ‘Mo hlokomele, ’me eng kapa eng eo u e sebelisang ka ntle ho sena, ka sebele ke tla u buseletsa eona ha ke khutlela mona.’”—Luka 10:33-35.

Joale Jesu o ile a botsa motho ea neng a mo botsa: “Ke mang ho ba bararo baa eo ho uena a bonahalang eka o ikentse moahelani oa monna eo ea ileng a oela har’a masholu?” ’Muelli enoa oa molao o ne a tseba karabo, empa o ile a bonahala a le leqe hore a re “ke Mosamaria.” Ho e-na le hoo, o ile a mpa a araba a re: “Ea ileng a mo etsa ka mohau.” Eaba Jesu o re: “Tsamaea ’me u ’ne u etse ho tšoanang ka bouena.”—Luka 10:36, 37.

Thuto ho Rōna

Monna enoa ea ileng a botsa Jesu o ile a etsa joalo ka boiteko ba “ho ipaka a lokile.” (Luka 10:29) Mohlomong o ne a nahana hore Jesu o ne a tla rorisa ho khomarela ha hae Molao oa Moshe ka hloko. Empa ho ne ho hlokahala hore motho enoa ea ikakasang a ithute ’nete ea maele ana a Bibele: “Tsela tsa motho kaofela li lokile mahlong a hae, empa Jehova ke eena ea lekanyang lipelo.”—Liproverbia 21:2.

Papiso ea Jesu e bontša hore motho ea hlileng a lokileng ke motho ea sa mameleng melao ea Molimo feela empa ea bileng a etsisang litšoaneleho tsa hae. (Baefese 5:1) Ka mohlala, Bibele e re bolella hore “Molimo ha a leeme.” (Liketso 10:34) Na re etsisa Molimo tabeng ee? Papiso ea Jesu e susumetsang e bontša hore ho ba le moea oa boahelani ho lokela ho fetela ka nģ’ane ho mekoallo ea bochaba, setso le bolumeli. Ka sebele, Bakreste ba laeloa ho ‘sebetsa se molemo ho bohle’—eseng ho batho bao re leng boemong bo tšoanang le ba bona bophelong, ba morabe oa habo rōna kapa bochaba hape eseng feela ho balumeli-’moho le rōna.—Bagalata 6:10.

Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho latela keletso ena ea Mangolo. Ka mohlala, ha ho hlaha likoluoa tsa tlhaho, li phallela balumeli-’moho le tsona hammoho le bao e seng Lipaki.c Ho phaella moo, li le hammoho, li qeta lihora tse fetang limilione tse sekete ka selemo li thusa batho ho tseba Bibele hamolemonyana. Li leka ka matla ho finyella e mong le e mong ka molaetsa oa ’Muso, hobane thato ea Molimo ke hore “mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:4; Liketso 10:35.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Papiso ke pale e khutšoanyane, eo hangata e seng taba ea sebele eo ho eona ho fumanoang ’nete mabapi le litekanyetso tsa boitšoaro kapa lintho tsa moea.

b Ha e le hantle, matlo a mang a baeti mehleng ea Jesu, a ne a sa fane ka bolulo feela empa a ne a bile a fana ka lijo le litšebeletso tse ling. Ona e ka ’na eaba ke mofuta oa bolulo oo Jesu a neng a nahanne ka oona, hobane lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona le fapane le le fetoletsoeng e le ‘kamore ea ho phomola’ ho Luka 2:7.

c Bakeng sa mehlala, bona Molula-Qhooa oa December 1, 1996, leqepheng la 3-8, le January 15, 1998, leqepheng la 3-7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela