-
MaliHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Pelo sa Texas, o itse: “Re ile ra hlolloa haholo ke liphello [tsa ho sebelisa metsoako e sa etsoang ka mali e eketsang karolo e metsi ea mali] ho Lipaki tsa Jehova hoo re ileng ra qala ho sebelisa mokhoa ona ho bakuli bohle ba rōna ba pelo.” (San Diego Union, December 27, 1970, leq. A-10) “Ho buuoa hoa pelo ‘ntle ho mali,’ ho qalileng ho lokiselitsoe batho ba baholo ba mokha oa Lipaki tsa Jehova hobane bolumeli ba bona bo hanela litšelo tsa mali, hona joale ho sebelisoa ka sebete leha re buoa lipelo tse tetemang tsa masea le tsa bana.”—Cardiovascular News, February 1984, leq. 5.
Haeba e Mong a Re—
‘Le nehella bana ba lōna lefu ka baka la ho hana litšelo tsa mali. Ke lumela hore ke sehlōhō’
U ka ’na ua arabela: ‘Empa re ba lumella hore ba tšeloe—ho hong ho sireletsehileng haholoanyane. Re lumela mofuta oa litšelo o sa tsamaiseng kotsi ea lintho tse kang AIDS, lefu la sebete le malaria. Re batlela bana ba rōna tlhokomelo e molemohali, joalokaha ke tiisa hore e ka lakatsoa ke motsoali ofe le ofe ea lerato.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ha ho tsoile mali a mangata, ntho ea bohlokoa haholo ke ho eketsa karolo e metsi. Ha ho pelaelo hore u-ua hlokomela hore mali a rōna karolo e fetang 50 lekholong ke metsi; joale ho na le lisele tse khubelu le tse tšoeu, jj. Ha mali a tsoile ka bongata, ’mele ka booona o tšela ka methapong lisele tse ngata tsa mali tseo o neng o li bolokile ’me o potlakisa ho etsoa hoa tse ncha. Empa joale ho hlokahala hore ho eketsoe karolo e metsi. Metsoako e eketsang karolo e metsi ea mali e sa etsoang ka mali e ka sebelisoa ho koala sekheo seo, ’me rea e amohela.’ (2) ‘Metsoako e eketsang karolo e metsi ea mali e sebelisitsoe ho batho ba likete-kete, ka liphello tse babatsehang.’ (3) ‘Hoo e leng hoa bohlokoa haholo ho rōna ke seo Bibele e se buang ho Liketso 15:28, 29.’
Kapa u ka re: ‘Ke utloisisa pono ea hao. Ke lumela hore u nahana ka ngoana oa hao a se a le boemong boo. Re ka leka sohle se matleng a rōna joaloka batsoali ho sireletsa boiketlo ba ngoana oa rōna, na ha ho joalo? Ka hona haeba batho ba kang ’na le uena re hanela ngoana oa rōna pheko eitseng, ruri ho tla be ho e-na le lebaka le tlamang la sena.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Na u nahana hore batsoali ba bang ba ka ’na ba susumetsoa ke seo Lentsoe la Molimo le se bolelang mona ho Liketso 15:28, 29?’ (2) ‘Ka hona potso ke hore, Na re na le tumelo e lekaneng ea ho etsa se laeloang ke Molimo?’
‘Lōna le hana litšelo tsa mali’
U ka ’na ua arabela: ‘Likoranta li ’nile tsa phatlalatsa litaba tsa maemo a mang ao ho oona li neng li ikutloa hore Lipaki li ka ’na tsa e-shoa haeba li sa amohele mali. Ebe ke sona seo u se hopotseng? . . . Ke hobane’ng ha re nka boemo boo re bo nkang?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Na u rata mosali (monna) oa hao ka ho lekaneng hoo u ka utloisisang ho bea bophelo ba hao kotsing bakeng sa hae? . . . Hape ho na le banna ba beang bophelo ba bona kotsing ka baka la naha ea habo bona, ’me ba nkoa e le bahale, na ha ho joalo? Empa ho na le e mong e moholo ho feta motho ofe kapa ofe le ntho leha e le efe mona lefatšeng, ’me eo ke Molimo. Na u ka bea bophelo ba hao kotsing ka baka la ho o rata le ho tšepahala pusong ea oona?’ (2) ‘Khang-khang mona ke botšepehi ho Molimo. Ke Lentsoe la Molimo le re bolellang hore re tele mali. (Lik. 15:28, 29)’
Kapa u ka re: ‘Ho na le lintho tse ngata tse batlang li tloaelehile kajeno tseo Lipaki tsa Jehova li li qobang—ka mohlala, leshano, bofebe, bosholu, ho tsuba ’me, joalokaha u boletse, tšebeliso ea mali. Hobane’ng? Hobane re laola bophelo ba rōna ka Lentsoe la Molimo.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Na u ne u tseba hore Bibele e re re lokela ho “tela mali”? Ke rata ho u bontša eona. (Lik. 15:28, 29)’ (2) ‘Mohlomong u-ua hopola hore Molimo o boleletse batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, hore ba ka ja lifateng tsohle Edeneng ntle ho ho se le seng. Empa ba se ke ba mamela, ba ja tholoana eo e hanetsoeng ’me ba lahleheloa ke sohle. Ke bothoto bo bokaakang! Haele hantle hona joale, ha ho sefate se nang le tholoana e hanetsoeng. Empa kamorao ho Moroallo oa mehleng ea Noe Molimo oa boela oa beela batho thibelo e le ’ngoe. Ka lekhetlo lena e ne e ama mali. (Gen. 9:3, 4)’ (3) ‘Ka hona, potso ea sebele ke ena, Na re lumela ho Molimo? Ha re o mamela, re ka lebella bophelo bo sa feleng phethehong tlas’a ’Muso oa oona. Leha re ka shoa, o re tiisetsa tsoho.’
‘Teng haeba ngaka e re, “U tla shoa ha u sa tšeloe mali”?’
U ka ’na ua arabela: ‘Haeba boemo bo hlile bo le bobe hakaalo, na ngaka e ka tiisa hore mokuli a ke ke a shoa haeba a tšeloa mali?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Empa ho na le e mong ea ka phelisang motho hape, ’me eo ke Molimo. Na ha u lumele hore, ha u tjamelane le lefu, ho furalla Molimo ka ho tlōla molao oa oona ekaba qeto e fokolang? Ke lumela ho Molimo kannete. Uena? Lentsoe la oona le tšepisa tsoho ho ba lumelang ho Mora oa oona. Na u-ua ho kholoa hoo? (Joh. 11:25)’
Kapa u ka re: ‘Mohlomong ho bolela hore ngaka ha e tsebe hore na e ka sebetsa taba joang ntle ho mali. Haeba ho ka etsahala, re leka ho e kopanya le ngaka e nang le tsebo e hlokahalang, kapa re batla litšebeletso tsa ngaka e ’ngoe.’
-
-
Maria (’M’ajesu)Ho Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Maria (’M’ajesu)
Tlhaloso: Mosali ea ileng a khethoa ke Molimo le ea fumaneng mohau o fetisisang ea ileng a beleha Jesu. Ho na le bo-Maria ba bang ba bahlano ba boletsoeng ka Bibeleng. Enoa e ne e le setloholo sa Morena Davida, oa leloko la Juda, morali oa Heli. Ha re qala ho mo tsebisoa ka Mangolong, o lebelelitsoe ke Josefa, le eena e le oa leloko la Juda le setloholo sa Davida.
Re ka ithuta eng ka Maria tlalehong ea Bibele?
(1) Thuto ea ho ithaopela ho mamela seo Molimo o se buang ka manģosa a oona le hoja seo re se utloang se ka ’na sa re tšoenya ha re qala ho se utloa kapa sa bonahala se ke ke sa etsahala.—Luka 1:26-37.
(2) Sebete sa ho sebetsa tumellanong le seo motho a ithutang hore ke thato ea Molimo, a o tšepa ka ho feletseng. (Bona Luka 1:38. Joalokaha ho bontšitsoe ho Deuteronoma 22:23, 24, ho ne ho ka ba le liphello tse kotsi bakeng sa moroetsana oa Mojode ha ho fumaneha hore ke moimana.)
(3) Ho ithaopela hoa Molimo ho sebelisa motho ho sa tsotellehe hore na o boemong bofe bophelong.—Bapisa Luka 2:22-24 le Levitike 12:1-8.
-