-
BokhopoHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
ka see . . . ? (Sebelisa maikutlo a serapeng 1 leqepheng 68 mabapi le bolelele ba nako eo Molimo o bo mamelletseng ka eona.)’
Kapa u ka re: ‘Kea tiisa hore u tla lumellana le ’na ha ke re mang kapa mang ea nang le matla a ho haha ntlo ka sebele a ka e hloekisa. . . . Kaha Molimo o bōpile lefatše, e ke ke ea e-ba bothata hore o le hloekise. Ke hobane’ng ha o eme halelele hakaale? Ke fumane karabelo ena e le e khotsofatsang haholo. Mpolelle hore na u nahana joang. (Ebe le bala hammoho taba e maqepheng a 68-70.)’
-
-
BokoenehiHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Bokoenehi
Tlhaloso: Bokoenehi ke ho tlohela kapa ho lahla borapeli le tšebeletso ea Molimo, hantle-ntle ke ho fetohela Jehova Molimo. Bakoenehi ba bang ba ipolela hore ba tseba Molimo ba bile baa o sebeletsa, empa ba hana lithuto kapa litlhokahalo tse beiloeng ka Lentsoeng la oona. Ba bang ba re ba kholoa Bibele empa ba hana mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.
Na re ka lebella hore bakoenehi ba tla hlaha kahare ho phutheho ea Bokreste?
1 Tim. 4:1: “Moea o ometse hore, mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang le lithuto tsa bademona.”
2 Ba-Thess. 2:3: ‘Le se ke la thetsoa ke motho le ka mokhoa o le mong; hobane letsatsi la Jehova le ke ke la tla ntle le hore ho etsahale koeneho pele, ’me ho hlahe motho eo oa sebe, mor’a tahleho.’
Matšoao a mang a tsebahatsang bakoenehi—
Ba batla ho etsa ba bang balateli ba bona, kahoo, ba baka likarohano tsa mekha ea bokhelohi
Lik. 20:30: “Ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo [“tse sothehileng,” NW], ho ikhulela barutuoa.”
2 Pet. 2:1, 3: “Le har’a lōna baruti ba bohata ba tla ba teng, ba kenyang ka sephiri lithuto tse senyang, ’me ka ho latola Morena ea ba lopolotseng, . . . ba tla le thetsa ka lipolelo tsa mano.”
Ba ka ’na ba ipolela hore ba lumela ho Kreste empa ba nka habobebe mosebetsi oa ho bolela le ho ruta oo a o abetseng balateli ba hae
Luka 6:46: “Na le mpiletsa’ng Morena! Morena! kanthe ha le etse tseo ke li bolelang?”
Matt. 28:19, 20: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse, . . . ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”
Matt. 24:14: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”
Ba ka ’na ba ipolela hore ba sebeletsa Molimo empa ba hana baemeli ba oona, mokhatlo oa oona o hlophisitsoeng o bonahalang
Juda 8, 11: “Balori bao le bona ba itšilafatsa nama ka mokhoa o joalo, ’me ba nyefola ba beiloeng boholong, ’me ba nyelisa ba khanyang. Ho malimabe bona, kahobane ba . . . timetse ka khanyetso e joale ka ea Kore.”
Num. 16:1-3, 11, 19-21: “Kore, . . . le banna ba makholo a mabeli a mashome a mahlano ba bana ba Iseraele, lihloho tsa phutheho, . . . Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, ’me Jehova o har’a bona; ke ka baka la’ng ha le iphahamisitse ka holimo ho phutheho ea Jehova na? . . . [Moshe a re:] ka baka lena, uena le ba letšoele lohle la hao, le lumellaneng ho tsekisa Jehova! Aarone eena ke’ng, hore le mo rorele na? Kore a ba memela phutheho eohle pel’a monyako oa tente ea pokano. Eaba khanya ea Jehova e hlahela phutheho kaofela. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re: Ikhetheng ho phutheho ena, hore ke tle ke e timeletse hang hang.”
Ha ba lahle tumelo ea ’nete feela empa joale ba “otla” le bao e neng e le balekane ba bona, ba ba
-