Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 2/1 maq. 29-31
  • Na ke Thoriso Kapa ke ho Phoqa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Thoriso Kapa ke ho Phoqa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhaloso ea Thoriso le ho Phoqa
  • Pono ea Mangolo
  • Thoriso e Phoqang ke Leraba
  • Ho Itebela Khahlanong le Thoriso e Phoqang
  • Moo Thoriso e Tšoanelang Teng
  • Rorisang Jehova, Molimo oa Rōna!
    Binelang Jehova
  • Rorisang Jehova
    Binelang Jehova le Thabile
  • Kamoo U ka Babatsang Bana
    Tsoha!—2015
  • Bacha, Rorisang Jehova!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 2/1 maq. 29-31

Na ke Thoriso Kapa ke ho Phoqa?

MOTHO e mong o re ho uena, “U lokisitse moriri hantle!” Na ke thoriso kapa ke ho phoqa? “Sutu eo e hlile ea u tšoanela!” Na ua rorisoa kapa ua phoqoa? “Ke qala ho ja lijo tse monate hakana!” Na ke thoriso kapa ke ho phoqa? Ha re babatsoa joalo, re ka ’na ra ipotsa hore na ebe seo se hlile se tsoa pelong le hore na e fela e le ’nete na, kapa se mpa se reretsoe feela ho re thabisa, e se hakaalo-kaalo hore motho ea se buang o fela a bua ho tsoa pelong.

Re ka tseba joang hore na seo motho a re bolellang sona ke ho re rorisa kapa ho re phoqa? Na hoa tsotelleha? Ke hobane’ng ha re sa amohele feela se boleloang ’me re thabele khotsofalo eo se re fang eona? Ho thoe’ng ka rōna ha re rorisa ba bang? Na re se re kile ra hlahloba sepheo sa rōna? Ho nahana ka lipotso tsena ho ka re thusa hore re be hlokolosi ’me re sebelise maleme a rōna ka mokhoa o tla rorisa Jehova Molimo.

Tlhaloso ea Thoriso le ho Phoqa

Webster’s Dictionary e hlalosa thoriso e le polelo e ananelang kapa e babatsang ntho e itseng, ’me lentsoe lena le ka boetse la bolela borapeli kapa ho tlotlisa. Ho hlakile hore litlhaloso tsena tse peli tsa ho qetela li bolela thoriso e isoang feela ho Jehova Molimo. Ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete, joalokaha mopesaleme ea bululetsoeng a eletsa: “Hobane ho molemo . . . , hoa thabisa—thoriso e loketse.” “Tse phefumolohang kaofela a li ke li rorise Jehova.”—Pesaleme ea 147:1, NW; 150:6.

Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore batho ba ke ke ba rorisoa. Ba ka rorisoa, ka tsela ea pabatso, kamohelo kapa kahlolo e molemo. Papisong eo Jesu a faneng ka eona, monghali o bolella mohlanka oa hae: “U entse hantle, lekhoba le molemo le le tšepahalang!”—Matheu 25:21.

Ka lehlakoreng le leng, ho phoqa ho hlalosoa e le thoriso eo e seng ea sebele, e sa tsoeng pelong kapa e feteletseng, eo hangata ea e etsang a nang le morero o itseng oa boithati. Ho babatsa ka leleme le boreleli kapa ho rorisa ka mokhoa o feteletseng ho etsoa molemong oa ho fumana kamohelo kapa melemo ea lintho tse itseng tse bonahalang ho motho e mong, kapa ho etsa hore eo a ikutloe a e-na le tlamo e itseng ho motho eo ea mo rorisang. Ka hona, batho ba phoqang ba susumetsoa ke boithati. Ho latela Jude 16, ba “lula ba loketse ho rorisa batho ba bang ka ho ba phoqa ha ba bona hore ba ka fumana molemo o itseng ho bona.”—The Jerusalem Bible.

Pono ea Mangolo

Pono ea Mangolo ke efe tabeng ea ho rorisa batho ba bang? Jehova o re behela mohlala oo re ka o latelang tabeng ena. Bibele e re bolella hore re tla rorisoa haeba re etsa thato ea Jehova. Moapostola Pauluse o re “e mong le e mong o tla fumana thoriso ea hae e tlang ho eena e tsoa ho Molimo.” Petrose o re bolella hore tšobotsi e lekiloeng ea tumelo ea rōna “e ka fumanoa e le lebaka la thoriso.” Kahoo, taba ea hore Jehova o tla rorisa batho e bontša hore thoriso e tsoang pelong ke ketso e mosa, e lerato le e molemo, e sa lokelang ho hlokomolohuoa.—1 Bakorinthe 4:5; 1 Petrose 1:7.

Ho ea ka Bibele, mohloli o mong oo re ka fumanang thoriso ho oona ke batho ba boholong ’musong, ba hlokomelang boitšoaro ba rōna bo botle ’me ba re babatsa ka botšepehi. Re bolelloa hore re ‘’ne re etse molemo, ’me re tla fumana thoriso e tsoang ho bona.’ (Baroma 13:3) Re ka boela ra rorisoa ke batho ba kholisehileng ka seo ba re rorisetsang sona, ’me ba se na morero o itseng o poteletseng ha ba re rorisa. Ho Liproverbia 27:2, Mangolo a bululetsoeng a re: “Ea u rorisang e be e mong, e seng leleme la hao.” Sena se bontša hore ho loketse ho amohela thoriso e tsoang ho batho.

Sena se fapane le ho rorisa motho ka ho mo phoqa kapa ho amohela thoriso e joalo. Ke hobane’ng ha thoriso e phoqang e sa khahlise Jehova? Ka lebaka la hore ha e tsoe pelong, ’me Jehova o nyatsa boikaketsi. (Bapisa le Liproverbia 23:6, 7.) Ho feta moo, ha e na botšepehi. Ha a hlalosa batho ba tšoaneloang ke ho se amoheloe ke Molimo, mopesaleme o re: “Ba luletse ho thetsana, ba melomo e phoqang, e buisoang ke ho ba teme-peli. Yahweh a ke a pome molomo o mong le o mong o rorisang ka ho phoqa.”—Pesaleme ea 12:2, 3, JB.

Ka holim’a tsohle, ho rorisa ho phoqang ho bontša ho hloka lerato. Ho bakoa ke boithati. Ka mor’a hore a bue le barorisi bao ba phoqang, mopesaleme Davida o ba qotsa ba re: “Re tla hlōla ka maleme a rōna; re tseba ho ipuella, ke mang ea ka re busang?” Jehova o hlalosa bao ba nang le boithati e le ba ‘tubang bahlōphehi.’ Ha ba sebelise maleme a bona a phoqang ho haha ba bang, ba a sebelisetsa ho ba tlatlapa le ho ba hlokofatsa.—Pesaleme ea 12:5, 6, BPN.

Thoriso e Phoqang ke Leraba

“Motho ea phoqang mohahabo o ichehela leraba ka boeena.” Ke kamoo Morena Solomone a boletseng kateng, ’me seo ke ’nete hakaakang! (Liproverbia 29:5, BPN) Bafarisi ba kile ba leka ho chehela Jesu leraba ka ho mo phoqa. Ba ile ba re: “Mosuoe, rea tseba hore u na le ’nete le hore u ruta tsela ea Molimo ka ’nete, le hore ha u tsotelle motho leha e le mang, etsoe ha u talime ponahalo ea ka ntle ea batho.” Seo se ne se utloahala se ipiletsa hakaakang! Empa lipuo tseo tsa bona tse koeetsang ha lia ka tsa etsa hore Jesu a ee le khongoana holimo. O ne a tseba hore ba ne ba sa lumele thuto ea hae ea ’nete ’me ba ne ba mpa ba leka ho mo tšoasa ka seo a tla se bua tabeng ea ho lefa lekhetho ho Sesare.—Matheu 22:15-22.

Morena Heroda oa lekholong la pele la lilemo o ne a fapane le Jesu ka ho feletseng. Ha a ne a bua le batho phatlalatsa motseng oa Sesarea, ba ile ba arabela: “Lentsoe la molimo, eseng la motho!” Ho e-na le hore a khalemele batho bakeng sa thoriso eo ea nyeliso le ea bohata, Heroda o ile a lumela ha a phoqoa. Lengeloi la Jehova le ile la mo otla hang-hang kaha Heroda o ile a hlaseloa ke libōkō tse ileng tsa mo bolaea.—Liketso 12:21-23.

Mokreste ea hōlileng tsebong o tla ela hloko hore a hlokomele seo thoriso e phoqang e leng sona. Ka ho khetheha, baholo ba phutheho ba lokela ho ba seli ha motho ea amehang tabeng ea boahloli a tletse thoriso, hoo a ka bang a bapisa moholo ea itseng le e mong ’me a bolela kamoo eo ea buang le eena a nang le mosa le kutloelo-bohloko ho feta e mong kateng.

Bibele e bontša ka ho hlaka sefi se seng seo thoriso e phoqang e ka bang le sona ha e hlalosa kamoo mohlankana e mong a hohelloang boitšoarong bo bobe ke letekatse. (Liproverbia 7:5, 21) Temoso ena ea tšoaneleha maemong a kajeno. Har’a ba bangata ba khaoloang phuthehong ea Bokreste selemo le selemo, ba bangata ba tlosoa ka lebaka la boitšoaro bo bobe. Na ho ka etsahala hore ebe ho oela sebeng se tebileng joalo ho qalile ka thoriso e phoqang? Kaha batho ba rata haholo ho babatsoa le ho buuoa hantle, puo e thetsang e tsoang melomong e phoqang e ka ’na ea fokolisa ho hana ha Mokreste ho oela boitšoarong bo bobe. Haeba seo se sa hlokomeloe, se ka baka liphello tse tebileng.

Ho Itebela Khahlanong le Thoriso e Phoqang

Thoriso e phoqang e khotsofatsa boikutlo ba boithati kapa ba ho ikhopola ho tlōla ba ea rorisoang. Ho bonahala e kakamatsa motho, e etsa hore ka tsela e itseng, a ikutloe a phahametse ba bang. Rafilosofi François de La Rochefoucauld, o ile a tšoantša thoriso e phoqang le chelete ea maiketsetso, “e sebetsang lefeela.” Ka hona, mokhoa oa ho itšireletsa ke ho mamela keletso e sebetsang ea moapostola Pauluse: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana boeena haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng, e mong le e mong kamoo Molimo a mo abetseng tekanyo ea tumelo.”—Baroma 12:3.

Le hoja ka tlhaho re sekametse ho batleng ho utloa lintho tse re thabisang, ka sebele seo re se hlokang nako le nako ke keletso le taeo tse thehiloeng Bibeleng. (Liproverbia 16:25) Morena Akabe o ne a batla ho utloa lintho tse mo thabisang feela; bahlanka ba hae ba ile ba ba ba kōpa moprofeta Mikea hore lentsoe la hae “le be joalo ka mantsoe a bona [baprofeta ba phoqang ba Akabe, a] bolele molemo.” (1 Marena 22:13) Hoja Akabe o ile a ikemisetsa ho mamela lipolelo tseo a neng a li bolelloa sefahla-mahlo ’me a fetola litsela tsa hae tsa borabele, a ka be a qobile ho hlōloa ha Iseraele ka ho feletseng ntoeng hammoho le lefu la hae. Bakeng sa boiketlo ba rōna ba moea, re lokela ho arabela kapele keletsong e tiileng, empa e le bonolo ea baholo ba khethiloeng ba Bakreste, ba batlang ho re thusa hore re lule tseleng e otlolohileng ea ’nete ho e-na le ho batla batho ba lulang ba re bolella kamoo re babatsehang kateng, ba tsikinyetsa litsebe tsa rōna ka lipuo tse phoqang!—Bapisa le 2 Timothea 4:3.

Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, le ka mohla Bakreste ba ke ke ba batla ho rorisa ba bang ka ho ba phoqa. Joaloka Elihu, ba rapela ka tieo: “Ha nka ke ka ba leeme ho motho leha e le mang, kapa ka rorisa motho leha e le ofe ho mo phoqa; hobane ha ke tsebe ho phoqa, etsoe, Moetsi oa ka o ne a tla ntlosa ka potlako.” Joaloka Pauluse, ba tla khona ho re: “Ha ho nako eo ka eona re hlahileng ka puo e rorisang ho tlōlisa, . . . kapa ka seipato sa bohata ka lebaka la ho chacheha ka mohono.”—Jobo 32:21, 22, An American Translation; 1 Bathesalonika 2:5, 6.

Moo Thoriso e Tšoanelang Teng

Maele a bululetsoeng a bontša hore thoriso e ka ba tekanyetso, ha a re: “Pitsa ke ea ho qhibilihisa silevera ’me sebōpi ke sa khauta, empa thoriso ke eona e hlahlobang seo motho a leng sona.” (Liproverbia 27:21, The New English Bible) E, thoriso e ka hōlisa maikutlo a bophahamo kapa a boikhohomoso, ea lebisa motho selomong. Ka lehlakoreng le leng, e ka bontša boitlhompho ba hae le boikokobetso haeba a hlokomela hore o lokela ho leboha Jehova bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entseng hore a fumane thoriso.

Thoriso e tsoang botebong ba pelo bakeng sa boitšoaro bo tšoanelehang kapa lintho tse finyelloang, e haha motho ea rorisang le ea rorisoang. E etsa hore ho be le kananelano e mofuthu le e molemo. E khothalletsa hore ho phehelloe lipakane tse tšoaneloang ke thoriso. Ha bacha ba fuoa thoriso e ba lokelang, hoo ho ka ba khothalletsa hore ba batle ho etsa ho eketsehileng. Ho ka thusa ho lokisa botho ba bona ha ba hahamalla ho phela tumellanong le litekanyetso tseo ba lebeletsoeng ho phela ka tsona.

Ka hona, a re qobeng thoriso e phoqang—ebang re ka lehlakoreng le fanang ka eona kapa le e amohelang. A re beng ba ikokobelitseng ha re amohela thoriso. Hape, a re faneng ka thoriso ka pelo eohle le ka botšepehi—kamehla re fane ka eona ho Jehova borapeling ba rōna ’me re fane ka eona ka botšepehi ho ba bang ka tsela ea ho ba babatsa ka mokhoa o hahang le ho ba ananela, re ntse re hopola hore “polelo, ha e boletsoe ka ho tšoaneleha, e [ba] monate hakakang!”—Liproverbia 15:23.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela