-
Lebaka Leo ka Lona ba Retelehelang PefongMolula-Qhooa—1998 | November 1
-
-
sebelisetsa ho qabola bana ba rōna. Rea e lumella! Metsoalle ea ka e ratehang, rea e rata.”
Liphuputso tsa morao-rao tsa saense li bontša hore baeloji ea boko le tikoloho li tlatsetsa haholo tabeng ea ho ba mabifi ha batho. Dr. Markus J. Kruesi oa Setsi se Etsang Liphuputso ka Bana sa Univesithi ea Illinois, o re: “Seo kaofela re qalang ho se hlokomela ke hore litikoloho tse kotsi tseo ba ntseng ba pepesetsoa ho tsona, ka sebele li baka seoa sa pefo. Lintho tse etsahalang tikolohong li hlile li baka liphetoho tse sa hlokomeleheng habonolo bokong tse etsang hore batho ba etse lintho ka ho nkeha maikutlo haholoanyane.” Buka ea Inside the Brain e re mabaka a kang “ho senyeha ha tokisetso ea lelapa, ho eketseha ha batsoali ba hōlisang bana ba se na balekane, bofutsana bo sa khaotseng le ho lemalla tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ha e le hantle ho ka etsa hore k’hemistri ea boko e hlahise boikutlo bo mabifi—e leng phello eo pele ho neng ho nahanoa hore e ke ke ea etsahala.”
Ho thoe liphetoho tse etsahalang bokong li akarelletsa ho fokotsa serotonin, k’hemik’hale ea boko eo ho nahanoang hore e theola boikutlo bo mabifi. Liphuputso li senola hore tahi e ka fokotsa serotonin bokong, ’me seo se fana ka motheo oa saense bakeng sa khokahano eo e leng khale ho tsejoa hore e teng pakeng tsa pefo le tšebeliso e mpe ea tahi.
Ho sa ntse ho e-na le lebaka le leng hape le atisang pefo kajeno. Buka e tšeptjoang ea boprofeta e lemosa ka ho re: “Hopola hore matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse thata. Batho e tla ba baithati, ba meharo, ba ikakasang, le ba ikhantšang; . . . ba tla hloka mosa, ba hloke mohau, e be baetselletsi, ba be mabifi, ba be le bohale bo tšosang; ba tla hloea se lokileng; e tla ba balotsana, ba sa natseng letho, le ba hohomohileng ke boikakaso . . . U lulelle hōle le batho ba joalo.” (2 Timothea 3:1-5, Today’s English Version) E, pefo eo re e bonang kajeno e phethahatsa boprofeta ba Bibele ba ‘matsatsi a ho qetela.’
Ho na le ho hong hape ho etsang hore ena e be nako e befileng ka ho khethehileng. Bibele e re: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Diabolose le makhotla a hae a bademona ba lahletsoe ka ntle ho leholimo ’me hona joale ba tobisitse bokhopo ba bona molokong oa batho. Joaloka “’musi oa matla a ho laela a moea,” Diabolose o laola “moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele,” e leng ho etsang hore lefatše e be sebaka se befileng haholo.—Baefese 2:2.
Joale, re ka sebetsana joang ka katleho le “moea” oa lefatše kajeno? ’Me re ka rarolla liphapang joang kantle ho pefo?
-
-
Tsela ea ho Rarolla Mathata ka KhotsoMolula-Qhooa—1998 | November 1
-
-
Tsela ea ho Rarolla Mathata ka Khotso
PEFO e etsoang ke batho khale e le teng har’a moloko oa batho. Bibele e latellisa pefo ho tloha morao koana ho Kaine, moholoane oa Abele le mora oa letsibolo oa batsoali ba pele ba batho. Ha Molimo a ne a rata nyehelo ea Abele ho feta ea hae, Kaine o ile a “halefa haholo.” O ile a sebetsana le boemo boo joang? “Kaine a tsohela Abele moen’ae matla, a ’molaea.” Ka mor’a moo, o ile a iphumana a le bothateng bo boholo ho Molimo. (Genese 4:5, 8-12) Pefo ha ea ka ea rarolla bothata ba Kaine ba ho ba le boemo bo bobe ka pel’a ’Mōpi oa hae.
Ke joang re ka qobang tsela ea Kaine ea ho sebelisa likhoka ho rarolla mathata?
Ho Tlohela Pefo le ho ba ea Mamellang
Nahana ka monna ea ileng a shebella ka kamohelo polao ea Setefane, Mokreste oa pele oa moshoela-tumelo. (Liketso 7:58; 8:1) Monna eo, Saule oa Tarsuse, o ne a sa lumellane le boemo ba bolumeli ba Setefane ’me o ile a tšehetsa polao eo e mabifi e le tsela e loketseng ea ho thibela mesebetsi ea Setefane. Ke ’nete hore, mohlomong Saule o ne a se mabifi tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba hae. Leha ho le joalo o ne a ikemiselitse ho amohela pefo e le tsela ea ho rarolla mathata. Hang-hang ka mor’a lefu la Setefane, Saule “a qala ho sebetsana ka ho nyelisa le phutheho [ea Bokreste]. A futuhela ntlo e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe ’me, ha a hulanyetsa banna hammoho le basali ntle, o ne a nehelana ka bona chankaneng.”—Liketso 8:3.
Ho ea ka setsebi sa Bibele Albert Barnes, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “ho sebetsana ka ho nyelisa” le bolela tšenyo e ka bakoang ke libata tse kang litau le liphiri. Barnes oa hlalosa: “Saule o ile a halefela kereke joaloka sebata—e leng polelo e matla, e hlalosang cheseho le khalefo e fetisisang eo a neng a kopanela ka eona tlhorisong.” Ha Saule a leba Damaseka ho ea bokella barutuoa ba eketsehileng ba Kreste, o ne ‘a sa ntse a phefumoloha tšokelo le polao khahlanong le barutuoa ba Morena [Kreste].” Ha a le tseleng, Jesu ea tsositsoeng o ile a bua le eena, ’me sena se ile sa fella ka hore Saule a sokolohele Bokresteng.—Liketso 9:1-19.
Ka mor’a tšokoloho eo, tsela ea Saule ea ho sebetsana le ba bang e ile ea fetoha. Ntho e ileng ea etsahala lilemo tse 16 hamorao e ile ea bonahatsa phetoho eo. Ho ile ha tla sehlopha sa batho phuthehong ea habo e Antioke ’me sa phehella Bakreste ba moo hore ba boloke Molao oa Moshe. Ho bile le ‘ho hloka kutloano ho hoholo.’ Saule, eo joale a neng a tsejoa e le Pauluse, o ile a kenella phehisanong eo. Kamoo ho bonahalang kateng, phehisano eo e ne e chesa. Empa Pauluse ha aa ka a befa. Ho e-na le hoo, o ile a lumellana le qeto ea phutheho ea ho isa taba ho baapostola le ho baholo ba phutheho ea Jerusalema.—Liketso 15:1, 2.
Ho ile ha boela ha e-ba le “ho phehisana ho hoholo” sebokeng sa baholo Jerusalema. Pauluse o ile a leta ho fihlela ‘letšoele lohle le khutsa’ eaba joale o bolela ka mosebetsi o hlollang oa moea oa Molimo har’a balumeli ba sa bollang. Ka mor’a puisano ea Mangolo, baapostola le baholo ba Jerusalema ba ile ba ‘fihlela tumellano hammoho’ hore ho se ke ha imetsoa balumeli ba sa bollang ho sa hlokahale empa hore ba hlokomelisoe hore ba “ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola.” (Liketso 15:3-29) Ka sebele, Pauluse o ne a fetohile. O ile a ithuta ho rarolla liphehisano tse chesang a sa befa.
Ho Sebetsana ka Katleho le Litšekamelo Tsa Pefo
Hamorao Pauluse o ile a hlokomelisa: “Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, le tšoanelehele ho ruta, le lule le ithibile bobeng, le rupela ka bonolo ba sekametseng ho hanyetseng.” (2 Timothea 2:24, 25) Pauluse o ile a khothalletsa molebeli e monyenyane Timothea, hore a be bonolo ha a sebetsana le maemo a thata. Pauluse o ne a talima lintho ka tsela ea sebele. O ne a tseba hore maikutlo a ka ’na a phahama esita le har’a Bakreste. (Liketso 15:37-41) Ka lebaka le letle, o ile a eletsa: “Halefang, ’me leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi a le se ke la le likella le le boemong ba ho halefa.” (Baefese 4:26) Ho laola bohale u sa tlakoloha ke eona tsela e nepahetseng ea ho sebetsana le maikutlo a joalo. Empa see se ka etsoa joang?
Kajeno, ha ho bonolo ho laola bohale. Dr. Deborah Prothrow-Stith, motlatsi oa motsamaisi oa Sekolo sa Harvard sa Bophelo bo Botle ba Sechaba o itse: “Ho ba khopo ke ntho e tloaelehileng. Ha e le hantle, tsebo ea ho phelisana le ba bang—e leng, ho buisana, ho inehela, ho ipeha boemong ba motho e mong, ho tšoarela—hangata ho thoe tsena ke litšoaneleho tsa makoala.” Empa leha ho le joalo, tseo ke litšoaneleho tse bontšang matla, ’me ke tsa bohlokoa ho laoleng litšekamelo tse mabifi tse ka ’nang tsa hlaha ka hare ho rōna.
Ha e se e le Mokreste, Pauluse o ile a ithuta tsela e molemo ea ho sebetsana le ho se tšoane ka maikutlo. E ne e thehiloe lithutong tsa Bibele. Joaloka setsebi se rutehileng sa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, Pauluse o ne a tloaelane le Mangolo a Seheberu. E tlameha ebe o ne a tseba mangolo a kang: “U se ke ua honohela motho ea mabifi, kapa ua khetha leha e le efe ea litsela tsa hae.” “Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla, ’me ea laolang moea oa hae o molemo ho feta ea hapang motse.” “Motho ea sa thibeng moea oa hae o joaloka motse o thuhiloeng, o se nang lerako.” (Liproverbia 3:31, NW; 16:32, NW; 25:28, NW) Empa leha ho le joalo, tsebo eo ha ea ka ea thibela Pauluse hore pele a sokoloha, a se ke a befela Bakreste. (Bagalata 1:13, 14) Empa ke eng se ileng sa thusa Pauluse, joaloka Mokreste, hore a rarolle liphehisano tse halefisang ka hore a sebelise mabaka le tšusumetso ho e-na le pefo?
Pauluse o ile a re neha leselinyana ha a ne a re: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.” (1 Bakorinthe 11:1) O ile a ananela haholo seo Jesu Kreste a neng a mo etselitse sona. (1 Timothea 1:13, 14) Kreste e ile ea e-ba mohlala oo a ka o latelang. O ne a tseba kamoo Jesu a ileng a utloisoa bohloko kateng molemong oa moloko oa batho o tletseng sebe. (Baheberu 2:18; 5:8-10) Pauluse o ne a ka tiisa hore boprofeta ba Esaia bo mabapi le Mesia bo phethahatse ho Jesu: “A etsoa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo oa hae, joalo ka konyana e isoang hlabong, le joalo ka nku e semumu pel’a bakuti ba eona; ha a ka a ahlamisa molomo oa hae.” (Esaia 53:7) Moapostola Petrose o ile a ngola: “Ha [Jesu] a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.”—1 Petrose 2:23, 24.
Kananelo ea Pauluse bakeng sa tsela eo Jesu Kreste a ileng a sebetsana le maemo a tsitsipaneng ka eona e ile ea mo susumelletsa hore a fetohe. O ne a ka eletsa balumeli-’moho le eena: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.” (Bakolose 3:13) Ho elelloa bohlokoa ba ho se be mabifi ha hoa lekana. Ho ananela seo Jehova le Jesu Kreste ba re etselitseng sona ho thusa ho fana ka tšusumetso e hlokahalang ea ho hlōla litšekamelo tse mabifi.
Na ho ka Khoneha?
Monna e mong oa Japane o ne a hloka tšusumetso e joalo e matla. Ntat’ae, eo e neng e le lesole le halefang feela, o ne a busa lelapa la hae ka pefo. Monna eo kahobane e ne e le phofu ea pefo, ’me a bona ’ma’e a utloisoa bohloko ka tsela e tšoanang, o ile a ba le botho bo mabifi. O ne a e-na le lisabole tse peli tsa samurai tse sa lekaneng ka bolelele tseo a neng a li sebelisa ho rarolla mathata esita le ho tšosa batho.
Ha mosali oa hae a qala ho ithuta Bibele, o ne a e-ba teng thutong eo empa a sa nkele se ithutoang hloohong. Leha ho le joalo, ka mor’a ho bala bukana e bitsoang Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso,a o ile a fetoha. Hobane’ng? Oa hlalosa: “Ha ke bala boitsebiso bo tlas’a lihloohoana, ‘Kreste Jesu’ le ‘Topollo,’ ke ile ka hlajoa ke lihlong. Le hoja ke ne ke phela bophelo bo tsoileng tseleng, ke ne ke ntse ke rata ho ba mosa ho batho bao ke utloanang le bona. Ke ne ke rata ho thabisa metsoalle ea ka empa feela ho isa moo ho neng ho ke ke ha ama bophelo ba ka. Mora oa Molimo, Jesu, o ile a ikemisetsa ho tella moloko oa batho bophelo ba hae, ho akarelletsa batho ba kang ’na. Ke ile ka tsieleha haholo, joalokaha eka ke ne ke otliloe ka hamore.”
O ile a khaotsa ho tloaelana le metsoalle ea hae ea pele ’me kapele a ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo phuthehong ea Lipaki tsa Jehova. Sekolo sena se thusa ba ngolisitseng ho sona ho ba le tsebo ea ho ruta ba bang Bibele. Thupelo eo e ile ea tlisetsa monna eo melemo e eketsehileng. Oa hopola: “Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke tšepa litšoso le pefo hobane ke ne ke sa khone ho fetisetsa maikutlo a ka ho ba bang. Ha ke ntse ke ithuta ho bolela maikutlo a ka ho batho ba bang, ke ile ka qala ho behelana mabaka le bona ho e-na le ho tšepa pefo.”
Na monna enoa, joaloka Pauluse, o ile a etsa hore tsela ea Kreste ea bophelo e be ea hae? Tumelo ea hae e ile ea lekoa ha motsoalle oa hae oa pele eo a neng a tlamahane le eena ka kano ea botsoalle a leka ho mo thibela hore e be Mokreste. “Motsoalle” oa hae o ile a mo otla ’me a nyefola Molimo oa hae, Jehova. Monna enoa ea neng a le mabifi o ile a itšoara ’me a kōpa tšoarelo ka hore ebe ha a khone ho boloka kano. A khathetse matla, “mor’abo” a mo tlohela.
Ka ho hlōla litšekamelo tsa hae tsa ho ba mabifi, monna enoa ea neng a le bohale, o fumane bara le barali babo ba bangata ba moea, ba kopantsoeng ke ho rata Molimo le batho ba bang. (Bakolose 3:14) Ha e le hantle, ka mor’a lilemo tse 20 e le Mokreste ea inehetseng, hona joale o sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova. Ho mo thabisa hakaakang hore a khone ho bontša ka Bibele hore batho ba nang le botho bo kang ba libata ba ka ithuta ho rarolla liphapang ba sa befe joalokaha eena a ithutile ho etsa joalo! ’Me ke tokelo e kaakang ho eena hore a khone ho supa phethahatso e hlollang ea mantsoe ana a boprofeta: “Ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle”!—Esaia 11:9.
Le uena u ka ithuta ho sebetsana le maemo a halefisang, u rarolla mathata ka khotso, joaloka moapostola Pauluse le monna enoa ea neng a le mabifi. Lipaki tsa Jehova tse tulong ea heno li tla thabela ho u thusa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Pauluse o ne a talima lintho ka tsela ea sebele. O ne a tseba hore maikutlo a ka ’na a phahama esita le har’a Bakreste
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho ananela seo Molimo a re etselitseng sona ho bōpa likamano tsa khotso
-