Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bo-maccabee e ne e le Bo-mang?
    Molula-Qhooa—1998 | November 15
    • Lipolotiki li Pupetsa Borapeli

      Lipakane tsa phetohelo eo li ne li finyeletsoe. Ho ne ho tlositsoe lithibelo tse neng li behiloe khahlanong le Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda. Ho ne ho tsosolositsoe borapeli le mahlabelo tempeleng. Joale a khotsofetse, Mahasid a ile a tlohela lebotho la ntoa la Judah Maccabee ’me a khutlela malapeng a ’ona. Empa Judah o ne a e-na le likhopolo tse ling. O ne a e-na le lebotho la ntoa le koetlisitsoeng hantle, kahoo, ke hobane’ng ha a ne a sa le sebelise hore a thehe ’muso o ikemetseng oa Bajuda? Mabaka a bolumeli a neng a bakile phetohelo joale a ile a nkeloa sebaka ke litšusumetso tsa lipolotiki. Ka hona, ntoa e ile ea tsoela pele.

      Moo a batlang tšehetso ea ho loantša puso ea Seleusia, Judah Maccabee o ile a theha selekane le Roma. Le hoja a ile a bolaoa ntoeng ka 160 B.C.E., barab’abo ba ile ba tsoela pele ho loana. Mor’abo Judah, Jonathan, o ile a tsamaisa litaba ka tsela e ileng ea etsa hore babusi ba Baseleucia ba lumele hore a khetheloe ho ba moprista ea phahameng le ’musi oa Judea, le hoja a ne a ntse a le ka tlas’a bobusi ba bona. Ha Jonathan a se a qhekelletsoe, a tšoeroe le ho bolaoa ka lebaka la ’momori o neng o entsoe ke Baasyria, mor’abo Simeon—oa ho qetela ho bara ba Maccabee—o ile a busa. Tlas’a puso ea Simeon, mesaletsa ea ho qetela ea puso ea Seleusia e ile ea tlosoa (ka 141 B.C.E.). Simeon o ile a nchafatsa selekane le Roma, ’me baeta-pele ba Bajuda ba mo amohela e le ’musi le moprista ea phahameng. Ka tsela ena, leloko la Mahasmone le ile la thehoa matsohong a bo-Maccabee.

      Bo-Maccabee ba ile ba tsosolosa borapeli tempeleng pele Mesia a e-tla. (Bapisa le Johanne 1:41, 42; 2:13-17.) Empa joalokaha liketso tsa baprista ba neng ba fetohetse Bogerikeng li ile tsa felisa tšepo ea batho bopristeng, e ile ea fokola le ho feta tlas’a Mahasmone. Ka sebele, puso ea baprista ba neng ba sekametse lipolotiking ho e-na le pusong ea morena ea tšepahalang oa leloko la Davida ha ea ka ea tlisetsa Bajuda litlhohonolofatso tsa sebele.—2 Samuele 7:16; Pesaleme ea 89:3, 4, 35, 36.

  • Na ke Lokela ho Alima Chelete ho Mor’eso?
    Molula-Qhooa—1998 | November 15
    • Na ke Lokela ho Alima Chelete ho Mor’eso?

      NGOANA e monyenyane oa Simon oa kula ’me o hloka phekolo e potlakileng ea meriana. Empa Simon o futsanehile haholo ’me a ke ke a e khona. A ka etsa’ng? Bonneteng, Mokreste-’moho le eena ea bitsoang Michael o batla a eme hantle ho mo feta licheleteng. Mohlomong Michael o tla mo alima chelete. Leha ho le joalo, Simon oa tseba pelong ea hae hore a ka ’na a sitoa ho lefa chelete eo a e alimileng.a

      Ha Simon a buisana le eena, Michael o tjametsoe ke pharela. Oa hlokomela hore o e hloka e le kannete empa o belaella taba ea hore Simon o tla khona ho lefa chelete eo kaha o se a ntse a sokola ho fepa lelapa la hae. Michael o lokela ho etsa joang?

      Linaheng tse ngata, batho ba ka lahleheloa ke mokhoa oo ba iphelisang ka oona ka bosiu bo le bong ’me ba iphumana ba hloka chelete kapa inshorense ea ho lefella litefiso tsa bongaka. Chelete e alingoang bankeng e ka ’na ea se ke ea fumaneha kapa ea e-ba le tsoala e boima haholo. Ha boemo ba tšohanyetso bo hlaha, ho ka ’na ha bonahala eka tharollo feela ke ho alima chelete. Leha ho le joalo, pele motho a alima chelete, ho na le lintlha tsa bohlokoa tseo a lokelang ho li nahanela.

      Bala Litšenyehelo

      Mangolo a fana ka tataiso ho motho ea alimanang le ea alimang. Ka ho ela hloko keletso ena, re ka qoba ho se utloisisane ho hongata le ho ikutloisa bohloko maikutlong.

      Ka mohlala, Bibele e re hopotsa hore ha rea lokela ho nka taba ea ho alima chelete habobebe. Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste ba Roma: “Le se ke la kolota mang kapa mang ntho leha e le ’ngoe, haese ho ratana; kaha ea ratang oa habo o phethahalitse molao.” (Baroma 13:8) Ka ho loketseng, sekoloto feela seo Bakreste ba lokelang ho ba le sona ho ba bang ke lerato. Kahoo, re ka ’na ra qala ho ipotsa, ‘Na kalimo ee ea chelete e hlile ea hlokahala?’

      Haeba karabo e le e, joale ke bohlale ho nahana ka liphello tsa ho kena sekolotong. Jesu Kreste o ile a bontša hore liqeto tsa bohlokoa li hloka ho nahanisisoa le ho reroa ka hloko. O ile a botsa barutuoa ba hae: “Ke mang oa lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?” (Luka 14:28) Molao-motheo ona oa sebetsa ha motho a nahana ka ho alima chelete ho mor’abo rōna. Ho bala litšenyehelo tsa ho alima chelete ho bolela ho lekanyetsa mokhoa le nako eo e tlang ho lefuoa ka eona.

      Ea alimanang o na le tokelo ea ho tseba mokhoa le nako tseo chelete e alimiloeng e tlang ho lefuoa ka tsona. Ka ho lekanyetsa maemo ka hloko, re tla khona ho fa mor’abo rōna ea re alimang likarabo tse tobileng. Na re balile litšenyehelo tsa ho lefa chelete e alimiloeng ka nako e loketseng? Ke ’nete, hore ho ne ho tla batla ho e-ba bonojoana ho bolella mor’abo rōna: “Ke tla u lefa kapele kamoo nka khonang kateng. Ua tseba hore u ka ntšepa.” Empa na ha rea lokela ho sebetsa litaba tse joalo ka tsela e nang le boikarabelo haholoanyane? Re lokela ho ikemisetsa ho lefa chelete e alimiloeng ho tloha sethathong, kaha ke seo Jehova a se hlokang ho rōna. Pesaleme ea 37:21 e re: “E mobe oa alima, ’me ha a buse.”

      Ka ho lekanyetsa mokhoa le nako tseo re tlang ho lefa chelete e alimiloeng ka tsona, re ikhopotsa ka tlamo e tebileng eo re e etsang. Sena se fokotsa monyetla oa hore re kene sekolotong se sa hlokahaleng. Haeba re ka qoba ho kena sekolotong, ho na le melemo. Liproverbia 22:7 ea lemosa: “Ea alimang ke mofo oa eo a alimileng ho eena.” Esita leha ea alimanang le ea alimang e le bara ba motho ba moea, chelete ea kalimo e ka ’na ea ama kamano ea bona, bonyane ho isa tekanyong e itseng. Ho se utloisisane litabeng tsa lichelete tsa likalimo ho ’nile ha senya khotso ea liphutheho tse ling.

      Hlalosa Lebaka Leo Chelete e Hlokahalang ka Lona

      Ea alimanang o na le tokelo ea ho tseba hore na hantle-ntle chelete eo re e alimang re tlil’o etsa’ng ka eona. Kantle ho chelete eo re e alimang, na re boetse re alimile chelete e ’ngoe ho ba bang? Haeba ho joalo, re lokela ho hlakisa sena, kaha se ama bokhoni ba rōna ba ho lefa chelete e alimiloeng.

      Ke habohlokoa ka ho khetheha ho khetholla chelete e alimeloang khoebo ho e alimeloang ho khahlametsa boemo bo itseng ba tšohanyetso. Mor’abo rōna ha a na tlamo ea Mangolo ea ho alimana ka chelete bakeng sa merero ea khoebo, empa ho ka etsahala hore a ikutloe a sekametse ho thusa, haeba mor’abo rōna e mong, a iphumana a sitoa ho lefella litlhoko tsa hae tsa motheo tse kang lijo, liaparo, kapa tlhokomelo ea bongaka e hlokahalang, empa e se ka lebaka la phoso ea hae. Ho toba taba le ho tšepahala maemong ana ho tla re thusa ho qoba ho se utloisisane.—Baefese 4:25.

      Ngolang

      Tlaleho e ngotsoeng ea tumellano ke mohato oa bohlokoa haeba re tla qoba ho se utloisisane nakong e tlang. Ho bonolo ho lebala lintlha tse itseng tsa tumellano ntle leha li ngotsoe. Re lokela ho ngola chelete e alimiloeng le nako eo e tla lefuoa ka eona. E tla ba bohlale hore ea alimang le ea alimanang ba saene tumellano eo ’me e mong le e mong a boloke kopi ea botho. Bibele e bontša hore litšebelisano tsa khoebo li lokela ho ngoloa. Nakoana pele Bababylona ba timetsa Jerusalema, Jehova o ile a bolella Jeremia hore a reke tšimo ho e mong oa beng ka eena. Re ka rua molemo ka ho hlahloba mokhoa o ileng oa lateloa.

      Jeremia o ile a re: “Ka ithekela tšimo ea Hanameele, ngoan’a rangoane, e Anathothe, ka mo lekanyetsa lichelete, e leng lishekele tsa silefera tse leshome le metso e supileng. Ka ngola lengolo la theko, ka le tiisa, ka nka lipaki, ka lekanya silefera sekaleng. Ka ba ka nka lengolo la theko le tiisitsoeng ka mokhoa oa teng le ka molao, le lona lengolo le phetliloeng; ka nea lengolo la theko ho Baruke, mor’a Neria, mor’a Mahaseia, pontšeng ea Hanameele, ngoan’a rangoane, le pontšeng ea lipaki tse tiisitseng lengolo la theko, le pontšeng ea ba-Juda kaofela ba neng ba lutse lebaleng la teronko.” (Jeremia 32:9-12) Le hoja mohlala ona o boletsoeng o amana le ho rekoa ha thepa eseng kalimo ea chelete, o bontša bohlokoa ba ho tšoara litšebelisano tsa lichelete ka tsela e hlakileng, e tobileng.—Bona Molula-Qhooa oa September 1, 1973, leqepheng la 407-8.

      Haeba mathata a hlaha, Bakreste ba lokela ho leka ho a rarolla tumellanong le keletso ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 18:15-17. Empa moholo e mong ea ileng a leka ho thusa maemong a joalo oa hlalosa: “Hoo e ka bang maemong ’ohle, ho ne ho se na tumellano e ngotsoeng. Ka lebaka leo, ho bile le ho se utloisisane pakeng tsa lihlopha tse peli mabapi le mokhoa oa ho lefa chelete e alimiloeng. Ke kholisehile hore ho ngola lintlha tsena ke pontšo ea lerato, eseng ea ho se tšepe.”

      Hang ha re se re lumellane, re lokela ho leka ka matla ho tiisa hore re phetha litšepiso tsa rōna. Jesu o ile a phehella ka matla: “Etsang feela hore lentsoe la lōna E le bolele E, Che ea lōna, Che; hobane se fetang tsena se tsoa ho ea khopo.” (Matheu 5:37) Haeba mathata a itseng a sa lebelloang a re sitisa ho lefa chelete eo re e alimileng ka nako eo ho lumellanoeng ka eona, re lokela ho hlalosetsa ea alimaneng ka chelete boemo hang-hang. Mohlomong o tla lumella hore re lefe chelete eo re e alimileng ka liqonoana-qonoana.

      Leha ho le joalo, maemo a seng matle ha a lokafatse hore re se jare boikarabelo ba rōna. Motho ea tšabang Jehova o etsa sohle se matleng a hae ho phethahatsa litšepiso tsa hae. (Pesaleme ea 15:4) Le hoja mohlomong lintho li ka ’na tsa se ke tsa tsamaea kamoo re neng re lebeletse kateng, re lokela ho ikemisetsa ho itela e le hore re lefe likoloto tsa rōna, kaha boo ke boikarabelo ba rōna ba Bokreste.

      E-ba Hlokolosi ka ho Alimana ka Chelete

      Ke ’nete hore hase ea alimang feela ea lokelang ho sekaseka maemo ka hloko. Mor’abo rōna eo ho alingoang chelete ho eena le eena o lokela ho bala litšenyehelo. Pele re alimana ka chelete, re tla be re le bohlale haeba re ipha nako ea ho nahanisisa maemo ka hloko le ka sepheo se setle. Bibele e re khothalletsa hore re be hlokolosi, ha e re: “U se ke ua ea le ba phathatsanang ka matsoho, ba itlamang ka melato ea ba bang.”—Liproverbia 22:26.

      Pele u itlama, nahanisisa ka se ka ’nang sa etsahala haeba mor’abo rōna a hlōleha ho u lefa. Na joale u tla ba le mathata a tebileng a chelete ka bouena? Le hoja mohlomong mor’abo rōna a e-na le boikemisetso bo molemo ka ho fetisisa, maemo a ka ’na a fetoha kapa tsela eo a balileng litšenyehelo ka eona ea fosahala. Jakobo 4:14 e re hopotsa bohle: “Ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane. Etsoe le moholi o bonahalang ka nakoana o ntan’o nyamela.”—Bapisa le Moeklesia 9:11.

      E ne e tla ba bohlale ho hlahloba botumo ba ea alimang, haholo-holo tabeng ea chelete e alimeloang khoebo. Na o tsebahala e le motho ea tšepahalang le ea ka tšeptjoang, kapa ke motho ea bohlasoa litabeng tsa lichelete? Na ke motho ea tloaetseng ho ’na a e-ea bathong ba sa tšoaneng ka phuthehong a kōpa chelete? Ke bohlale ho hopola mantsoe ana: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.”—Liproverbia 14:15.

      Ka linako tse ling, chelete e alingoang e ka ’na ea se ke ea tsoela ea e alimang molemo. E ka ’na ea e-ba moroalo ho eena, ea mo amoha thabo. Na re batla hore mor’abo rōna ea joalo a fetohe “mohlanka” oa rōna? Na mohlomong chelete e alimiloeng e ka ama kamano ea rōna, ea baka boikutlo ba ho se phutholohe kapa mohlomong lihlong haeba a hlōleha ho e lefa?

      Haeba e hlokahala e le kannete, na re ka nahanela ho fana ka mpho ho e-na le ho alimana ka chelete, le hoja mohlomong e ka ba chelete e nyenyane? Mangolo a re khothalletsa hore re be le kutloelo-bohloko ha re bona mor’abo rōna a hloka. Mopesaleme o ile a bina: “Ea lokileng o na le mohau, oa fana.” (Pesaleme ea 37:21) Lerato le lokela ho re susumelletsa ho etsa sohle seo re ka khonang ho se etsa ho fana ka thuso e sebetsang ho barab’abo rōna ba hlokang.—Jakobo 2:15, 16.

      Hlahloba Mehato ea Hao ka Hloko

      Kaha lichelete tse alimanoang li ka ’na tsa hlahisa liphapang, re ka ’na ra li talima e le tharollo ea ho qetela ho fapana le ho ba monyetla o ka sebelisoang habonolo. Joalokaha ho boletsoe pejana, ea alimang o lokela ho hlalosetsa ea alimanang boemo ka ho toba, a ngole mokhoa le nako eo a tla lefa chelete eo a e alimileng ka eona. ’Me ha ho hlile ho e-na le bothata ba sebele, mpho e ka ’na ea e-ba tharollo e molemo ka ho fetisisa.

      Michael ha aa ka a alima Simon chelete eo a e alimang. Ho e-na le hoo, Michael o ile a mo fa chelete e nyenyane e le mpho. Simon o ile a ananela haholo thuso eo ea ho lefella meriana ea ngoana oa hae. ’Me Michael o ile a thabela hore ebe o khonne ho bontša lerato la bara ba motho ka tsela e sebetsang. (Liproverbia 14:21; Liketso 20:35) Michael le Simon ba lebeletse ka thabo nako eo ka eona tlas’a puso ea ’Muso, Kreste a tlang ho “lopolla ea futsanehileng ea hooang ho kōpa thuso” le eo ka eona ho seng le ea mong ea tla re, “Kea kula.” (Pesaleme ea 72:12, NW; Esaia 33:24, NW) Ho fihlela nakong eo, a re hlahlobeng mehato ea rōna ka hloko haeba re ikutloa re tlameha ho kōpa mor’abo rōna ho re alima chelete.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Ho sebelisitsoe mabitso a iqapetsoeng mona.

      [Setšoantšo se leqepheng la 25]

      Ho ngola tumellano ea chelete e alimiloeng ke pontšo ea lerato, eseng ea ho se tšepe

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela