Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Bontša Teboho?
    Molula-Qhooa—1998 | February 15
    • liphephechana tse 163 tse lebohang ba mo fileng limpho?” Maemong a mangata, ba bangata ba hlōleha le ho re “kea leboha” ena e pala. Teboho e ntse e tsoela pele ho nkeloa sebaka ke boikutlo ba ’na-pele. Boemo bona ke bo bong bo tšoaeang matsatsi a ho qetela. Moapostola Pauluse o lemositse: “Le lokela ho hlokomela hore matsatsing a ho qetela, linako e tla ba tse tletseng likotsi. Batho e tla ba baikhabi ka ho feletseng . . . E tla ba ba hlokang teboho ka ho feletseng.”—2 Timothea 3:1, 2, Phillips.

      Maemong a mang, teboho e nkeloa sebaka ke thoriso e phoqang. Mantsoe a teboho a buuoa ho tsoa pelong ho sa nahanoa letho ka molemo o itseng o ka fumanoang. Empa thoriso e phoqang, eo hangata e leng e sa tsoeng pelong ’me e le e feteletseng, e ka ’na ea etsoa ka sepheo se poteletseng sa ho fumana boemo bo phahameng kapa melemo e itseng ea botho. (Jude 16) Ntle le hore e thetsa motho ea phoqoang, puo eo e thellang e bonahala e le maphomela a boikhohomoso le boikakaso. Kahoo, ke mang ea ka ratang ho qhekelloa ka thoriso e phoqang? Leha ho le joalo, ruri teboho ea sebele ea khatholla.

      Motho ea lebohang o fumana molemo ka ho etsa joalo. Monyaka oo a o fumanang ka ho leboha ho tsoa botebong ba pelo o tlatsetsa thabong le khotsong tseo a nang le tsona. (Bapisa le Liproverbia 15:13, 15.) Kaha teboho ke boikutlo bo nepahetseng, e mo sireletsa maikutlong a sa nepahalang joaloka bohale, mōna le tlhonamo.

      “Le Iponahatse le le ba Lebohang”

      Bibele e re khothalletsa hore re hlaolele moea oa teboho, kapa oa kananelo. Pauluse o ngotse: “Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe. Etsoe sena ke thato ea Molimo kopanong le Kreste Jesu mabapi le lōna.” (1 Bathesalonika 5:18) ’Me Pauluse o ile a eletsa Bakolose: “Khotso ea Kreste a e laole ka lipelong tsa lōna . . . ’Me le iponahatse le le ba lebohang.” (Bakolose 3:15) Lipesaleme tse ngata li na le mantsoe a teboho, e leng ho bontšang hore teboho e tsoang botebong ba pelo ke bokhabane ba bomolimo. (Pesaleme ea 27:4; 75:1) Ka ho hlakileng, Jehova Molimo oa thaba ha re bontša teboho liketsahalong tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi.

      Empa ke mabaka afe lefatšeng lee le se nang teboho a etsang hore ho be thata ho hlaolela moea oa teboho? Ke joang re ka hlaolelang boikutlo ba ho leboha bophelong ba letsatsi ka leng? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.

  • Hlaolela ho ba le Moea oa Teboho
    Molula-Qhooa—1998 | February 15
    • Hlaolela ho ba le Moea oa Teboho

      NGAKA e ’ngoe ea New York State e ile ea pholosa Marie litleneng tsa lefu, boemong bo neng bo hlahile ka tšohanyetso. Empa, Marie ea lilemo li 50 ha aa ka a leboha ngaka eo, leha e se e le hona ho lefa tefiso ea kalafo. Oo ke mohlala oa sebele oa ho hloka teboho hakaakang!

      Bibele e bolela hore ka nako e ’ngoe ha Jesu a ne a kena motseng o mong, o ile a khahlana le banna ba leshome ba neng ba tšoeroe ke lefu le tšabehang la lepera. Ba ile ba mo hoeletsa ka mantsoe a phahamileng: “Jesu, Morupeli, re hauhele!” Jesu o ile a ba laela: “E-eang ’me le iponahatse ho baprista.” Balepera bao ba ile ba mamela taelo ea hae ’me ha ba le tseleng, ba qala ho bona le ho utloa hore ba boetse ba phela hantle.

      Balepera ba robong ba phekotsoeng ba ile ba tsoela pele ho ea moo ba neng ba e-ea teng. Empa molepera e mong, eo e leng Mosamaria, o ile a khutla ’me a batla Jesu. Motho enoa eo pele e neng e le molepera o ile a rorisa Molimo, ’me ha a fumana Jesu, a mo khumamela ’me a mo leboha. Ha Jesu a arabela o ile a re: “Ba leshome ba ile ba hloekisoa, na ha ho joalo? Joale, ba bang ba robong ba kae? Na ha ho ba fumanoeng ba khutlileng ho tla tlotlisa Molimo haese monna enoa oa sechaba se seng?”—Luka 17:11-19.

      Ho hlaella thuto ea bohlokoa potsong ena: “Joale, ba bang ba robong ba kae?” Joaloka Marie, balepera bao ba robong ba ne ba e-na le bofokoli bo tebileng—ha baa ka ba leboha. Ho hloka teboho ho joalo ho atile haholo kajeno. Hoo ho bakoa ke eng?

      Lebaka la Motheo la ho Hloka Teboho

      Ha e le hantle, ho hloka teboho ho qaleha maikutlong a boithati. Nahana ka batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva. Jehova o ne a ba bōpile ba e-na le litšoaneleho tsa bomolimo ’me a ba lokiselitse ntho e ’ngoe le e ’ngoe hore ba thabe, ho kopanyelletsa le lehae la serapa se setle, tikoloho eo ho seng letho le haellang ho eona hammoho le mosebetsi oa bohlokoa le o khotsofatsang. (Genese 1:26-29; 2:16, 17) Leha ho le joalo, tlas’a khatello ea boipiletso ba Satane lithahasellong tsa bona, ka bobeli ha baa ka ba mamela ’me ba ile ba leboha seo Jehova a neng a ba file sona ka ho mo hlompholla.—Genese 3:1-5; Tšenolo 12:9.

      Hape, nahana ka batho ba Iseraele ea boholo-holo bao Molimo a neng a ba khethetse ho ba letlotlo la hae le khethehileng. E tlameha ebe batsoali bohle ba Baiseraele ba ile ba leboha hakaakang bosiung ba la 14 Nisane, 1513 B.C.E.! Bosiung boo ba bohlokoa, lengeloi la Molimo le ile la bolaea “matsibolo kaofela a naha ea Egepeta,” empa la tlōla matlo ’ohle a Baiseraele a neng a tšoailoe ka tsela e nepahetseng. (Exoda 12:12, 21-24, 30) ’Me ka mor’a hore ba lopolloe lebothong la Faro Leoatleng le Lefubelu, ka lipelo tse tletseng teboho, “Moshe le bana ba Iseraele ba binela Jehova.”—Exoda 14:19-28; 15:1-21.

      Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a hore ba tlohe Egepeta, “phutheho eohle ea bana ba Iseraele ea qala ho korotla.” Ba ile ba kenoa ke ho hloka teboho kapele hakaakang! Ba ile ba hloloheloa lintho tseo ba neng ba li thabela Egepeta, naha eo e neng e le makhoba ho eona, ha ba ne ba “ituletse pel’a lipitsa tsa nama . . . , [ba] e-ja bohobe hore [ba] khore.” (Exoda 16:1-3, NW) Ho hlakile hore boithati bo loantša ho hlaolela ho ba le teboho le ho e bonahatsa.

      Kaha batho bohle ke litloholo tsa Adama oa moetsalibe, ba tsoaloa le botho ba boithati le tšekamelo ea ho hloka teboho. (Baroma 5:12) Hape, ho se lebohe ke karolo ea moea oa boithati o laolang batho ba lefatše lena. Joaloka moea oo re o hemang, moea oo oa boithati o hohle ’me oa re ama. (Baefese 2:1, 2) Kahoo, re lokela ho hlaolela tšekamelo ea ho ba ba lebohang. Re ka ho etsa joang?

      Re Tlameha ho Nahanisisa!

      Webster’s Third New International Dictionary e hlalosa teboho e le “boemo ba ho ananela: boikutlo bo mofuthu le bo botsoalle mabapi le ea fanang ka se molemo, bo susumetsang motho hore a buseletse molemo oo.” Boikutlo bo joalo ke boo motho a ke keng a ikhanna hore a be le bona kapa hore a se ke a ba le bona; bo lokela ho itlela feela. Teboho e feta ho ba le mekhoa e metle kapa tlhompho feela; ke ntho e tsoang pelong.

      Ke joang re ka ithutang ho ba le teboho pelong? Bibele e bontša hore boholo ba maikutlo a rōna bo bakoa ke hore na re ikhethela ho nahana ka eng. (Baefese 4:22-24) Ho ithuta ho ba le teboho ho qala ka hore re nahane ka tsela e ananelang ka mosa oo re o fumanang. Mabapi le sena, Dr. Wayne W. Dyer ea sebetsang lefapheng la mafu a kelello o re: “U ke ke ua ba le boikutlo (maikutlo a matla) ntle le hore ebe u ile ua nahana pele.”

      Ka mohlala, nahana ka taba ea ho ananela pōpo e re pota-potileng. U ikutloa joang ka seo u se bonang ha u talimile sepakapaka se tletseng linaleli, bosiung boo ka bona leholimo le hlakileng? Morena Davida o ile a hlalosa ho hlolloa ha hae ho tsamaeang le tlhompho ka tsela ena: “Ha ke boha leholimo la hao, mosebetsi oa menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li bōpileng, ke re: Na motho ke’ng, ha u tla mo hopola? le mor’a motho ke’ng, ha u tla mo hlokomela?” ’Me khutsong ea bosiu, linaleli li ile tsa bolella Davida ho itseng ho ileng ha mo susumelletsa ho ngola: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.” Ke hobane’ng ha leholimo le nang le linaleli le ile la ama Davida ka tsela e tebileng joalo? Oa arabela: “Ke hopola [nahanisisa, NW] tsee u li entseng kaofela, ka nahana tsohle tseo matsoho a hao a li sebelitseng.”—Pesaleme ea 8:3, 4; 19:1; 143:5.

      Mora oa Davida, Solomone, le eena o ile a ananela bohlokoa ba ho nahana ka pōpo e hlollang. Ka mohlala, malebana le karolo eo maru a pula a e phethang ho fa lefatše metsi, o ile a ngola: “Linōka tsohle tsa mariha li phallela leoatleng, empa leoatle ha le tlale. Sebaka seo linōka tsa mariha li tsoang ho sona, ke moo li khutlelang teng e le hore li ka boela tsa tsoa teng.” (Moeklesia 1:7, NW) Ke se etsahalang ka mor’a hore pula e ne ’me linōka li hlasimolle lefatše, metsi a tsona a potoloha hape ho tloha maoatleng ho boela marung. Lefatše lee le ne le tla ba joang haeba le ne le se na metsi aa a hloekisang le a potolohang? E tlameha ebe Solomone o ile a ikutloa a tletse liteboho hakaakang ha a ntse a nahanisisa ka mehopolo ee!

      Motho ea lebohang o boetse o nka likamano tsa hae le litho tsa lelapa, metsoalle le bao a tloaelaneng le bona e le tsa bohlokoa. Liketso tsa bona tse mosa li hapa thahasello ea hae. Ha a ntse a nahana ka tsela e ananelang melemo eo ba mo etsetsang eona, pelo ea hae e tlala liteboho.

      Ho Bontša Teboho

      “Kea leboha” ke polelo e bonolo hakaakang! Ho bonolo haholo ho rialo. ’Me menyetla ea ho e bua e mengata haholo. Kea Leboha e mofuthu le e tsoang pelong, e khatholla hakaakang ho motho ea re bulelang lemati kapa ea re thonakelang ntho eo re e lihileng! Ho utloa polelo eo ho ka bebofatsa mosebetsi oa tlelereke lebenkeleng kapa oa mosali ea fanang ka lijo sebakeng sa ho jela, kapa oa monna oa poso, ’me ho ka etsa hore e be o khotsofatsang haholo.

      Ho romela karete e lebohang ke tsela e bonolo ea ho bontša teboho bakeng sa mosa o entsoeng. Likarete tse ngata tse fumanehang mabenkeleng li ngotse mantsoe ka tsela e ntle haholo. Leha ho le joalo, na ho ne ho ke ke ha e-ba le kamano e mofuthu ea botho haeba u ne u ka phaella mantsoeng ao ka ho ngola a hao a ananelang? Ba bang ba bile ba khetha ho se sebelise karete e nang le mantsoe, ho e-na le hoo, ba romela molaetsa oo ba ingoletseng oona.—Bapisa le Liproverbia 25:11.

      Batho ba tšoaneloang ke liteboho tsa rōna ka ho fetisisa ke ba leng haufi-ufi le rōna malapeng. Bibele e re ka mosali ea khabane: “Monna oa hae le eena oa mo rorisa.” (Liproverbia 31:28) Na mantsoe a monna ha a leboha mosali oa hae ho tsoa botebong ba pelo ha a tlatsetse boemong bo nang le khotso le khotsofalo lapeng? ’Me na monna le eena ha a thabele ho khutlela lapeng moo a fumanang tumeliso e mofuthu le e ananelang ea mosali oa hae? Mehleng ena, lenyalo le na le likhatello tse ngata, ’me ha li ntse li phaellana, bohale bo tlōka feela. Motho ea nang le boikutlo ba ho leboha o lula a loketse ho utloisisa boemo ’me o leballa motho le ho mo tšoarela ka potlako.

      Bacha le bona ba lokela ho falimehela ho bolella batsoali ba bona mantsoe a ba ananelang ho tsoa botebong ba lipelo tsa bona. Ke ’nete hore batsoali ha baa phethahala, empa hoo hase lebaka la hore u be ea hlokang teboho ka seo ba u etselitseng sona. Le ka mohla u ke ke ua reka lerato le tlhokomelo tseo ba ileng ba u fa tsona ho tloha ha u hlaha. Haeba ba u rutile tsebo ea Molimo, joale u na le lebaka le eketsehileng la ho ba leboha.

      Pesaleme ea 127:3 e re: “Bara ke lefa la Jehova.” Kahoo, batsoali ba lokela ho sheba menyetla eo ba ka babatsang bana ba bona ka eona, ho e-na le ho ba rorothela ka lintho tse fokolang. (Baefese 6:4) ’Me ke tokelo e kaakang eo ba bang le eona ea ho thusa bacha ba kalosong ea bona hore ba ele hloko ho hlaolela moea oa teboho!—Bapisa le Liproverbia 29:21.

      Ho Leboha Molimo

      Jehova Molimo ke Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17) Ka ho khetheha, bophelo ke mpho ea bohlokoa, kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re nang le eona kapa eo re ka e rerang e tla ba lefeela haeba re lahleheloa ke bophelo. Mangolo a re phehella hore re hopole hore “seliba sa bophelo se ho [Jehova Molimo].” (Pesaleme ea 36:5, 7, 9; Liketso 17:28) E le ho hōlisa teboho e eang ho Molimo lipelong tsa rōna, re lokela ho nahanisisa ka litokisetso tseo a re fileng tsona ka seatla se bulehileng, tse re phelisang nameng le moeeng. (Pesaleme ea 1:1-3; 77:11, 12) Pelo e joalo e tla re susumelletsa hore re bontše kananelo ka mantsoe le liketso.

      Thapelo ke tsela e ’ngoe e totobetseng ea ho hlahisa liteboho tsa rōna ho Molimo. Mopesaleme Davida o boletse: “Jehova, Molimo oa ka, e kholo hakakang palo ea mehlolo le ea merero eo u re etselitseng eona! Ha ho ea ka e lokolisang pel’a hao; leha ke rata ho e bolela le ho e bala, e be e fete palo.” (Pesaleme ea 40:5) E se eka re ka ikutloa ka tsela e tšoanang le eo.

      Davida o ne a boetse a ikemiselitse ho bontša Molimo kananelo ea hae ka lipolelo tseo a neng a li bolella ba bang. O itse: “Ke tla u rorisa, Jehova, ka pelo ea ka eohle; ke tla bolela mehlolo ea hao kaofela.” (Pesaleme ea 9:1) Mohlomong tsela e molemo hali ea ho bontša Molimo liteboho tsa rōna ke ka ho bua le ba bang ka eena, re bonahatsa hoo ka ho arolelana le bona ’nete e hlahang Lentsoeng la hae. Sena se tla re thusa hore re be ba lebohang le likarolong tse ling tsa bophelo.

      Jehova o re: “Ea ntlhabelang sehlabelo sa liteboho ke eena ea ntlotlisang; e mong le e mong ea lokisang tsela ea hae, ke tla ’montša poloko.” E se eka u ka fumana thabo e tlisoang ke ho mo bontša teboho e tsoang pelong.—Pesaleme ea 50:23; 100:2.

      [Setšoantšo se leqepheng la 7]

      Bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo.

      [Setšoantšo se leqepheng la 7]

      Etsa bonnete ba hore u phaella ka kamano e mofuthu ea botho

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela