Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Batho ba “Nang le Maikutlo a Joaloka a Rōna”
    Molula-Qhooa—1998 | March 1
    • Batho ba “Nang le Maikutlo a Joaloka a Rōna”

      E NE e le morena le moprofeta, empa e ne e boetse e le ntate ea lerato. Mora oa hae e mong ha a hōla o ile a fetoha ea se nang thuso le moikakasi. Ha a etsa boiteko bo tiileng ba ho lula teroneng ka likhoka, mora enoa oa hae o ile a qhomisa ntoa ea lehae ka morero oa ho bolaea ntate oa hae. Empa ntoeng e ileng ea latela, mora ke eena ea ileng a bolaoa. Ha ntate oa hae a utloa ka lefu la mora eo oa hae, o ile a nyolohela phaposing e ka holimo a le mong ’me a lla: “Mor’a ka Absalome! mor’a ka! mor’a ka Absalome! Hojane ho shoele ’na bakeng sa hao, Absalome! mor’a ka! mor’a ka!” (2 Samuele 18:33) Ntate eo e ne e le Morena Davida. Joaloka baprofeta ba bang ba Jehova, e ne e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna.”—Jakobo 5:17.

      Mehleng ea Bibele, banna le basali ba neng ba emela Jehova ba ne ba e-tsoa mekhoeng eohle ea bophelo ’me e ne e le batho feela ba tloaelehileng. Joaloka rōna, ba ne ba e-na le mathata ’me ba ne ba e-na le mefokolo. Ba bang ba baprofeta baa e ne e le bo-mang, ’me maikutlo a bona a ne a tšoana le a rōna joang?

      Moshe o Qalile e le Motho ea Itšepang ho Tlōla ’me a Qetella a Ikokobetsa

      Moprofeta ea tummeng oa pele ho linako tsa Bokreste ke Moshe. Leha ho le joalo, esita leha a le lilemo li 40, ha aa ka a ikutloa a loketse ho ba ’muelli oa Jehova. Hobane’ng? Ha banab’abo ba ne ba hateletsoe ke Faro oa Egepeta, Moshe o ne a hōlisetsoa lapeng la Faro ’me o ne a le “matla mantsoeng le liketsong tsa hae.” Tlaleho ea re bolella: “O ne a nahana hore barab’abo ba ne ba tla utloisisa hore Molimo o ne a ba fa poloko ka letsoho la hae.” Kaha o ne a itšepa ho tlōla, ka mabifi o ile a sireletsa lekhoba la Moheberu, a bolaea Moegepeta.—Liketso 7:22-25; Exoda 2:11-14.

      Joale Moshe o ile a tlameha ho baleha, ’me o ile a qeta lilemo tse 40 tse latelang e le molisana sebakeng se hōle sa Midiane. (Exoda 2:15) Qetellong ea nako eo, Moshe, a se a le lilemo li 80, o ile a rongoa ke Jehova hore e be moprofeta. Empa Moshe o ne a se a sa itšepe ho tlōla. O ile a ikutloa a sa tšoanelehe hoo a ileng a belaela ha Jehova a mo roma ho ba moprofeta, a sebelisa lipolelo tse kang, “A ’na ke mang, nka eang ho Faro?” le “Ke tla re’ng?” (Exoda 3:11, 13) Ka khothatso le tšehetso tse lerato tsa Jehova, Moshe o ile a tsoela pele ho phetha kabelo ea hae ka katleho e khōlō.

      Joaloka Moshe, na u kile ua lumella ho itšepa ho tlōla hore ho u susumelletse ho etsa kapa ho bua lintho tse ileng tsa ipaka li le booatla? Haeba ho joalo, amohela ka boikokobetso koetliso e eketsehileng. Kapa na u se u kile ua ikutloa u sa tšoanelehe bakeng sa ho phetha boikarabelo bo itseng ba Bokreste? Ho e-na le ho bo hana, amohela thuso e fanoang ke Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Ea ileng a thusa Moshe a ka boela a u thusa.

      Elija o ne a E-na le Maikutlo a Joaloka a Rōna ha a ne a Fana ka Khalemelo

      “Elija e ne e le motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna, ’me leha ho le joalo thapelong o ile a rapella hore pula e se ke ea na; ’me ha ea ka ea na naheng eo ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng.” (Jakobo 5:17) Thapelo eo ea Elija e ne e le tumellanong le thato ea Jehova ea ho khalemela sechaba se neng se Mo furaletse. Leha ho le joalo, Elija o ne a tseba hore komello eo a neng a e rapella e ne e tla bakela batho mahlomola. Iseraele e ne e le naha e ratang temo haholo; phoka le pula e ne e le bophelo ba batho ba moo. Komello e sa khaotseng e ne e tla tlisa matšoenyeho a fetisisang. Limela li ne li tla pona; lijalo li ne li ke ke tsa mela. Liphoofolo tse ruiloeng tse neng li sebelisetsoa ho phetha mesebetsi e itseng le ho jeoa li ne li tla shoa, ’me malapa a mang a ne a tla ba kotsing ea ho bolaoa ke tlala. Ke bo-mang ba neng ba tla utloa bohloko ka ho fetisisa? Batho feela ba tloaelehileng. Hamorao, mohlolohali e mong o ile a bolella Elija hore o ne a se a saletsoe ke phofshoana e ka tlatsang seatla le oli e fokolang. O ne a kholisehile hore haufinyane eena le mora oa hae ba ne ba tla bolaoa ke tlala. (1 Marena 17:12) E le hore Elija a rapele ka tsela eo a ileng a rapela ka eona, o ne a tlameha ho ba le tumelo e tiileng ea hore Jehova o ne a tla hlokomela bahlanka ba Hae—ba ruileng kapa ba futsanehileng—ba neng ba sa furalla borapeli ba ’nete. Joalokaha tlaleho e bontša, Elija ha aa ka a soetseha.—1 Marena 17:13-16; 18:3-5.

      Lilemo tse tharo hamorao, ha Jehova a bolela hore o ne a le haufi le ho nesa pula, takatso e tiileng ea Elija ea hore a bone ha komello e fela e bonoa lithapelong tsa hae tse matla, tseo a neng a li pheta-pheta ha a ne a ‘iname fatše, a behile sefahleho sa hae pakeng tsa mangole a hae.’ (1 Marena 18:42) Ka makhetlo, o ile a phehella mohlanka oa hae: “Ak’u nyolohe, u talime ka ’nģa leoatleng,” bakeng sa pontšo e itseng ea hore Jehova o utloile lithapelo tsa hae. (1 Marena 18:43) E tlameha ebe o ile a thaba hakaakang ha qetellong, thapelo ea hae e arabeloa ’me ‘leholimo le fana ka pula ’me naha e beha litholoana tsa eona’!—Jakobo 5:18.

      Haeba u motsoali kapa moholo ka phuthehong ea Bokreste, u ka ’na ua loantšana le maikutlo a tebileng ha u fana ka taeo. Leha ho le joalo, maikutlo a joalo a botho a lokela ho kokobetsoa ka ho kholiseha hore ka linako tse ling, taeo ea hlokahala le hore ha e fanoa ka lerato, e “beha litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.” (Baheberu 12:11) Liphello tsa ho mamela melao ea Jehova e ba tse thabisang kamehla. Joaloka Elija, re rapela ho tsoa pelong e le hore li ka phethahatsoa.

      Jeremia o Ile a ba Sebete ho sa Tsotellehe ho Nyahama

      Bangoling bohle ba Bibele, mohlomong ke Jeremia ea ngotseng haholo ka maikutlo a hae a botho. Ha e sa le mohlankana, o ne a le leqe ho amohela thōmo ea hae. (Jeremia 1:6) Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho bolela lentsoe la Molimo ka sebete se seholo, athe o tla thulana le khanyetso e mabifi e hlahang ho Baiseraele ba habo—ho tloha ho morena ho fihlela ho bafo. Ka linako tse ling khanyetso eo e ne e mo halefisa le ho mo llisa. (Jeremia 9:3; 18:20-23; 20:7-18) Liketsahalong tse fapaneng, o ile a hlaseloa ke mahoohoo, a otloa, a tlamelloa metšoasong ea hlooho le matsoho, a kenngoa chankaneng, a tšosoa ka lefu ’me a tloheloa seretseng, botlaaseng ba seliba se se nang letho e le hore a shoe. Ka linako tse ling, esita le molaetsa oa Jehova o ne o mo utloisa bohloko, joalokaha mantsoe a hae a bontšitse: “Ke lōngoa ke mala! Ke lōngoa ke mala! Botebo ba pelo ea ka bo tletse mahlaba!”—Jeremia 4:19, BPN.

      Ho ntse ho le joalo, o ne a rata lentsoe la Jehova ’me o ile a re: “Mantsoe a hao ho ’na e bile thabo le nyakallo pelong ea ka.” (Jeremia 15:16) Ka nako e tšoanang, ho tsieleha ho ile ha etsa hore a ipiletse ho Jehova: “Ka sebele, u bile joaloka ntho e qhekellang ho ’na, joaloka metsi a ipakileng a sa tšepahale,” a kang a molapo o pshang feela tjee. (Jeremia 15:18, NW) Leha ho le joalo, Jehova o ile a utloisisa maikutlo a hae a loantšanang ’me a tsoela pele ho mo tšehetsa e le hore a ka phetha thōmo ea hae.—Jeremia 15:20; bona le 20:7-9.

      Na joaloka Jeremia, u tobane le tsieleho kapa khanyetso ha u phetha tšebeletso ea hao? Tšepa Jehova. Tsoela pele ho latela tataiso ea hae ’me le uena Jehova o tla putsa boiteko ba hao.

      Jesu o ne a E-na le Maikutlo a Joaloka a Rōna

      Moprofeta e moholo ka ho fetisisa e bile Mora oa Molimo, Jesu Kreste. Le hoja e ne e le motho ea phethahetseng, ha aa ka a hatella maikutlo a hae. Hangata re bala ka maikutlo a hae a ka hare, ao e tlamehang ebe a ne a totobala sefahlehong sa hae le tseleng eo a arabelang ba bang ka eona. Hangata Jesu o ne a “susumetsoa ke khauho,” ’me o ile a sebelisa polelo eona eo ha a hlalosa batho bao a neng a bua ka bona lipapisong tsa hae.—Mareka 1:41; 6:34; Luka 10:33.

      E tlameha ebe o ne a phahamisitse lentsoe ha a leleka barekisi le liphoofolo ka tempeleng ka mantsoe ana: “Tlosang lintho tsena mona!” (Johanne 2:14-16) Tlhahiso ea Petrose ea hore, “Ikhauhele, Morena,” e ile ea mo susumelletsa ho arabela ka matla, “E-ea ka mor’a ka, Satane!”—Matheu 16:22, 23.

      Jesu o ne a e-na le kameho e lerato ka ho khethehileng ho batho ba itseng bao ka ho khetheha ba neng ba le haufi le eena. Moapostola Johanne o hlalositsoe e le ‘morutuoa eo Jesu a neng a mo rata.’ (Johanne 21:7, 20) ’Me rea bala: “Joale Jesu o ne a rata Maretha le morali’abo le Lazaro.”—Johanne 11:5.

      Jesu o ne a boetse a ka utloa bohloko. A hlabehisitsoe ke lefu la Lazaro, “Jesu [o ile] a ntša meokho.” (Johanne 11:32-36) Ha a senola bohloko bo neng bo mo hlabile pelo ka lebaka la ho ekoa ke Judase Iskariota, Jesu o ile a qotsa mantsoe a sisinyang maikutlo a Lipesaleme: “Ea neng a ee a je bohobe ba ka o phahamisitse serethe sa hae khahlanong le ’na.”—Johanne 13:18; Pesaleme ea 41:9.

      Esita leha a ne a utloa bohloko bo bakang mahlomola thupeng, Jesu o ile a bontša maikutlo a hae a ka hare. Ka lerato, o ile a siea ’mè oa hae tlhokomelong ea “morutuoa eo a neng a mo rata.” (Johanne 19:26, 27) Ha a bona bopaki ba ho baka ha sesenyi se seng se neng se khokhothetsoe thupeng haufi le eena, ka kutloelo-bohloko Jesu o ile a re: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43) Re ka utloa ho phatloha ha maikutlo a hae ha a bokolla: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, ke hobane’ng ha u ntlohetse?” (Matheu 27:46) ’Me mantsoe a hae a ha a e-shoa a ile a senola lerato le tšepo tse tlohang pelong: “Ntate, ke beha moea oa ka matsohong a hao.”—Luka 23:46.

      Lintho tsena tsohle li re fa kholiseho e kaakang! “Etsoe eo re nang le eena e le moprista ea phahameng, hase ea ke keng a utloela mefokolo ea rōna bohloko, empa [Jesu] ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe.”—Baheberu 4:15.

      Kholiseho ea Jehova

      Ha ho mohla Jehova a kileng a ikoahlaela khetho eo a e entseng ea babuelli ba hae. O ne a tseba hore ba ne ba tšepahala ka ho sa sekisetseng ho eena, ’me ka kutloelo-bohloko, o ile a hlokomoloha mefokolo ea ba neng ba sa phethahala. Leha ho le joalo, o ne a lebeletse hore ba phethe thōmo ea bona. Ka thuso ea hae, ba ile ba khona ho etsa joalo.

      Ka mamello, a re bontšeng kholiseho ho bara le barali babo rōna ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng. Tsamaisong ena ea lintho, ba tla lula ba sa phethahala joaloka rōna. Ho ntse ho le joalo, ha rea lokela hore le ka mohla re nke barab’abo rōna e le ba sa tšoaneloeng ke lerato le tlhokomelo tsa rōna. Pauluse o ngotse: “Leha ho le joalo, rōna ba matla re tšoanela ho jara mefokolo ea ba seng matla, ’me re se ke ra ba ba ikhahlisang.”—Baroma 15:1; Bakolose 3:13, 14.

      Baprofeta ba Jehova ba bile le maikutlo a tšoanang le ao re bang le ’ona. Empa ba ne ba tšepile Jehova, ’me Jehova o ile a ba tšehetsa. Ho feta moo, Jehova o ile a ba fa mabaka a ho thaba—letsoalo le letle, lintho tse bontšang hore oa ba rata, metsoalle e tšepahalang ka ho sa sekisetseng e ileng ea ba tšehetsa, le kholiseho ea hore ba tla ba le bokamoso bo thabileng. (Baheberu 12:1-3) Le rōna a re khomareleng Jehova ka kholiseho e feletseng ha re ntse re etsisa tumelo ea baprofeta ba khale, batho ba “nang le maikutlo a joaloka a rōna.”

  • Lingaka, Baahloli le Lipaki Tsa Jehova
    Molula-Qhooa—1998 | March 1
    • Lingaka, Baahloli le Lipaki Tsa Jehova

      MORAO koo ka March 1995, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tšehetsa lithupelo tse peli Brazil. Morero oa tsona e ne e le ofe? E ne e le ho batla tšebelisano-’moho le lingaka le bo-ramolao tabeng ea haeba mokuli oa sepetlele e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me a ke ke a amohela tšelo ea mali.—Liketso 15:29.

      Ka masoabi, maemong a mang lingaka li ’nile tsa iphapanyetsa thato ea bakuli bao e leng Lipaki ’me tsa batla taelo ea lekhotla ho ba qobella ho tšeloa mali. Maemong a joalo, Lipaki li ile tsa sebelisa mekhoa leha e le efe ea molao e fumanehang bakeng sa ho itšireletsa. Leha ho le joalo, li rata tšebelisano-’moho ho feta ho itoanela. Ka hona, lithupelo tseo li ne li hatisa bohlokoa ba hore ho na le lintho tse ngata tse fapaneng tse ka sebelisoang sebakeng sa phekolo ea ho tšela mokuli mali a tšoanang le a hae, le hore Lipaki tsa Jehova li li amohela ka thabo.a

      Boemo ba Lipaki bo ne bo se bo ntse bo tšehelitsoe ke seboka sa Regional Council of Medicine ea São Paulo. Ka January 1995, se ile sa etsa qeto ea hore mokuli o na le tokelo ea ho hana phekolo e khothalletsoang ke ngaka haeba a sa lumellane le eona, ’me a ka khetha ngaka e ’ngoe.

      Ka ho babatsehang, ho se ho e-na le ba makholo hona joale lefapheng la bongaka Brazil, ba ikemiselitseng ho phekola ntle ho tšelo ea mali ho bakuli ba kōpang phekolo e joalo. Ka mor’a lithupelo tse ileng tsa tšoaroa ka March 1995, tšebelisano-’moho e ntlafetse haholo lipakeng tsa lingaka, baahloli le Lipaki tsa Jehova Brazil. Ka 1997, makasine ea bongaka ea Brazil, Âmbito Hospitalar, e ile ea hatisa sehlooho se neng se tsitlella hore litokelo tsa Lipaki tsa Jehova tabeng ea mali li lokela ho hlomphuoa. Joalokaha Regional Councils of Medicine ea libaka tsa Rio de Janeiro le São Paulo e ile ea bolela, “boikarabelo ba ngaka ba hore e pholose bophelo ba mokuli oa eona ha boa lokela ho fetela ka nģ’ane ho boikarabelo ba eona ba ho sireletsa tokelo ea mokuli ea ho ikhethela.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela