-
Tlhahlamano ea BaapostolaHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
profeta ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na? Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”
Bona le Jeremia 7:9-15.
Na ba ipolelang hore ke bahlahlami ba baapostola ba tšoarelletse lithutong le mekhoeng ea Jesu Kreste le baapostola ba hae?
A Catholic Dictionary e re: “Kereke ea Roma ke ea Boapostola, hobane thuto ea eona ke tumelo e kileng ea senoleloa Baapostola, e leng tumelo eo e e sireletsang le ho e hlalosa, e sa eketse kapa hona ho tlosa letho ho eona.” (London, 1957, W. E. Addis le T. Arnold, leq. 176) Na linnete lia lumela?
Ho khetholla Molimo
“Boraro-bo-bong ke lentsoe le sebelisetsoang ho hlalosa thuto ea sehlooho ea bolumeli ba Bokreste.”—The Catholic Encyclopedia (1912), Moq. XV, leq. 47.
“Lentsoe Boraro-bo-bong, kapa eona thuto eo ho thoeng e hlakile, ha li hlahe ka Testamenteng e Ncha . . . Thuto e ’nile ea ntlafatsoa butle-butle ka makholo a lilemo le ka likhang tse ngata-ngata.”—The New Encyclopædia Britannica (1976), Micropædia, Moq. X, leq. 126.
“Bahlalosi ba Bibele le baruti ba bolumeli, ho akarelletsa le Baroma ba K’hatholike ba ntseng ba eketseha ba ntse ba hlokomela hore motho a ke ke a bua ka Boraro-bo-bong ka Testamenteng e Ncha ntle le hore a bo tšehetse ka tlhaloso e matla. Bo-rahistori ba thuto le baruti ba tsamaiso ea bolumeli le bona ba hlokomela ka ho tšoanang hore ha motho a bua ka Boraro-bo-bong boo ho thoeng bo hlakile ha bo hloke ho hlalosoa, o khutletse ho hoo re ka reng ke lilemong tse mashome a mabeli a metso e mehlano tse qetellang lekholo la bo4 la lilemo, e seng tšimolohong ea Bokreste.”—New Catholic Encyclopedia (1967), Moq. XIV, leq. 295.
Ho se nyale hoa baruti
Mopapa Pauluse VI, lengolong la hae le potolohang le eang ho babishopo Sacerdotalis Caelibatus (Ho se Nyale hoa Baprista, 1967), o tiisitse ho se nyale e le tlamo bakeng sa baruti, empa o ile a lumela hore “Testamente e Ncha e bolokileng thuto ea Kreste le ea Baapostola . . . ha e hloke ka mokhoa o pepenene hore basebeletsi ba halalelang ba se ke ba nyala . . . Jesu ka Boeena ha a ka a ho fetola tlamo ha A khetha ba Leshome le Metso e ’Meli, leha e le hore Baapostola ba kile ba etsa joalo bakeng sa ba neng ba lebela metse ea pele ea Bakreste.”—The Papal Encyclicals 1958-1981 (Falls Church, Va.; 1981), leq. 204.
1 Ba-Kor. 9:5, NAB: “Na ha re na tokelo ea ho nyala mosali ea lumelang, joale ka baapostola ba bang, le banab’abo Morena, le Kefase?” (“Kefase,” ke lebitso la Searame leo Petrose a le reiloeng; bona Johanne 1:43. Bona le Mareka 1:29-31, moo ho buuoang ka mohoehali oa Simone, kapa Petrose.)
1 Tim. 3:2: “E ka khona molebeli [“mobishopo,” Dy] . . . e be monna oa mosali a le mong [“ea nyetseng ka lekhetlo le le leng feela,” NAB].”
Pele ho mehla ea Bokreste, Bobuddha bo ne bo hloka hore baprista le baitlami ba bona ba se ke ba nyala. (History of Sacerdotal Celibacy in the Christian Church, London, 1932, khat. ea bone, e ntlafalitsoeng, Henry C. Lea, leq. 6) Le pejana, lihlopha tse phaha-phahameng tsa boprista ba Babylona li ne li hlokoa ho se nyale, ho ea ka The Two Babylons ea A. Hislop.—(New York, 1943), leq. 219.
1 Tim. 4:1-3: ‘Moea o ometse hore, mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang le lithuto tsa bademona; ba tla hana ha batho ba nyala.’
Ho aroha lefatšeng
Mopapa Pauluse VI, ha a ne a bua le Machaba a Kopaneng ka 1965, o itse: “Batho ba lefatše ba retelehela ho Machaba a Kopaneng e le oona tšepo ea ho qetela ea tumellano le khotso; mona, Re rera ho hlahisa le bona tlotla ea hlompho le tšepo ea bona le ea Rōna.”—The Pope’s Visit (New York, 1965), Time-Life Special Report, leq. 26.
Joh. 15:19: “[Jesu Kreste o itse:] Hojane le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile.”
Jak. 4:4: “Hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo [“ho etsa Molimo sera,” JB] na?”
Ho retelehela lihlomong tsa ntoa
Rahistori oa K’hatholike E. I. Watkin o-oa ngola: “Leha ho tla ba bohloko hakaalo ho lumela, rea sitoa hore ka baka la thahasello ea boitšoaro ba boikaketsi kapa ba bomene-mene re latole kapa re hlokomolohe ’nete ea histori ea hore Babishopo nako le nako ba tšehelitse lintoa tsohle tse loannoeng ke mebuso ea linaha tsa habo bona. Ha e le hantle, ha ke tsebe lekhetlo le le leng leo ho lona baruti ba sechaba ba kileng ba nyatsa ntoa leha e le efe hore ha e-ea loka . . . Ho sa tsotellehe hore na polelo ea molao e re’ng, ketsong, Babishopo ba K’hatholike ba ’nile ba latela molao oa hore ‘naha ea heso ha e ke be e fose.’”—Morals and Missiles (London, 1959), e hlophisitsoeng ke Charles S. Thompson, maq. 57, 58.
Matt. 26:52: “Eaba Jesu o re ho eena: Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.”
1 Joh. 3:10-12: ‘Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa rateng ngoan’abo hase oa Molimo. Re ratane, ’me re se ke ra ba joale ka Kaine, e neng e le oa e mobe, ’me a bolaile ngoana’bo.’
Leseling la sena sohle, na bao ba ipolelang hore ke bahlahlami ba baapostola ba hlile ba rutile le ho itloaetsa se entsoeng ke Kreste le baapostola ba hae?
-
-
TopolloHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Topollo
Tlhaloso: Theko e lefuoang ho rekolla kapa ho lopolla tlamong eitseng kapa boemong bo sa lakatseheng. Theko ea bohlokoahali ea topollo ke ea mali a tšolotsoeng a Jesu Kreste. Ka hore Jesu a lefe bohlokoa ba topollo eo leholimong, o ile a bula tsela bakeng sa bana ba Adama hore ba lopolloe sebeng le lefung tseo bohle re li futsitseng ka lebaka la sebe sa ntat’a rōna moholo Adama.
Lefu la Jesu Kreste le ne le fapane joang le la ba bang ba ’nileng ba shoela tumelo?
Jesu e ne e le motho ea phethahetseng. O tsoetsoe a se na
-