Na Kamehla re Tla Hloka—Mabotho a Ntoa?
MABOTHO a ntoa a sebelisitse karolo e khōlō ea mehloli ea lintho tse thusang sechaba le ho senya boholo ba thabo ea batho. Ka lebaka leo batho ba bang ba ile ba ipotsa, ‘Na batho ba tla ke ba finyelle tšireletseho ea lefatše e ka etsang hore mabotho a ntoa a felisoe?’ Ha e le mona libetsa tse ka timetsang batho ba bangata li ka khona ho timetsa batho bohle, potso ena e hloka khato e potlakileng haholo. Tšepo ena ea lefatše le se nang mabotho a ntoa e lumellana hakae le se etsahalang?
Mehlala e mengata e tiisa hore ha likamano tse ntle tsa machaba li etsa hore ho be le tšepo, sena se ka lebisa ho behoeng ha lihlomo fatše. Ka mohlala, botsoalle bo akaretsang mahareng a Canada le United States bo ile ba bolela hore meeli ea tsona ea lik’hilomithara tse 5000 e lule e sa sireletsoa ke mabotho a ntoa ka lilemo tse fetang 150. Norway le Sweden li finyeletse tumellano e tšoanang joaloka lichaba tse ling tse ngata. Na tumellano mahareng a lichaba tsohle e ka etsa hore ho finyelloe lefatše le se nang mabotho a ntoa? Ka lebaka la lihlōhō tsa Ntoa ea I ea Lefatše, khopolo ena e ile ea tuma haholo.
Ha ho ne ho thehoa khotso ka 1918, o mong oa merero ea selekane sa khotso sa Versailles e ne e le “ho etsa ka hohle hore mosebetsi oa ho qalisa ho fokotsa lihlomo tsa lichaba tsohle o khonehe.” Lilemong tse ileng tsa latela, khopolo ea ho ba khahlanong le ntoa e ile ea tuma haholo. Babuelli ba bang ba khopolo ena ba ile ba nahana hore ntoa ke ntho e mpe ka ho fetisisa e ka hlahelang sechaba ’me ka lebaka leo e mpe ho feta ho hlōloa. Bahanyetsi ba khopolo ea ho ba khahlanong le ntoa ha baa ka ba lumela, ba bolela hore makholong a lilemo a fetileng, Bajuda libakeng tse ngata tse khōlō ha baa ka ba itoanela ka lihlomo ho bahlaseli ba bona, empa ho ntse ho le joalo boiteko bo sehlōhō ba ho ba timetsa bo ile ba tsoela pele. Maafrika a bile le monyetla o fokolang oa ho hanyetsa ba ileng ba a isa Linaheng tsa Amerika e le makhoba, leha ho le joalo a ile a tšoaroa hampe ka makholo a lilemo.
Leha ho le joalo, ka lebaka la ho qhoma ha Ntoa ea II ea Lefatše, babuelli ba bangata ba khopolo ea ho ba khahlanong le ntoa ba ile ba fihlela qeto ea hore linaha li hloka tšireletso. Kahoo ha ho thehoa Machaba a Kopaneng ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, khatiso e ne e fokola tabeng ea ho beha lihlomo fatše ’me e le matla tšebelisanong ea machaba ea ho thibela tlhaselo. Lichaba tseo e leng litho li ile tsa tšepa hore tšireletso eo ho fanoang ka eona e ne e tla neha lichaba kholiseho ea ho beha lihlomo fatše.
Ho na le bothata bo bong bo ileng ba hlaka ka ho tsoelang pele. Hangata boiteko ba sechaba se seng ba ho itšireletsa bo ne bo etsa hore moahelani oa sona a ikutloe a sa sireletseha. Letoto lena la liketsahalo le ile la lebisa tlhōlisanong ea libetsa. Empa haufinyane tjena, likamano tse ntlafetseng mahareng a lichaba tse ka sehloohong li matlafalitse tšepo ea ho behoa ha lihlomo fatše. Leha ho le joalo, ho tloha nakong eo, Ntoa ea Koung ea Persia le likhathatso tsa moo pele e neng e le Yugoslavia li sentse tšepo ea ho behoa ha lihlomo fatše eo ba bangata ba neng ba e-na le eona. Hoo e ka bang lilemong tse hlano tse fetileng, makasine ea Time e ile ea re: “Le hoja ntoa ea mantsoe e letse, lefatše le fetohile sebaka se kotsi ka ho eketsehileng.”
Takatso ea ho ba le “Lepolesa” Lefatšeng Lohle
Litsebi tse ngata li lumela hore batho ba hloka ’muso o le mong oa lefatše o nang le mabotho a ntoa a matla ka ho lekaneng hore a ka sireletsa motho e mong le e mong. Kaha mokhatlo oa Machaba a Kopaneng kapa mebuso e matla ea sesole lefatšeng e hlōlehile ho etsa sena, ba bang ba ikutloa hore ho na le tšepo e fokolang feela bakeng sa bokamoso. Empa haeba u amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo, mohlomong u se u kile ua ipotsa hore na Molimo ea Matla ’Ohle o tla phethahatsa tlhokahalo ena e potlakileng.
Na Eo Bibele e mo bitsang “Molimo oa lerato le oa khotso” o tla sebelisa mabotho a sesole ho tlisa toka? Haeba ho joalo, e le ka lebotho lefe la ntoa? Mabotho a mangata a ntoa kajeno a bolela hore a thusoa ke Molimo, empa na ka sebele a hlile a phethahatsa thato ea Molimo? Kapa na Molimo o na le tsela e ’ngoe e itseng ea ho kenella le ho tlisa khotso le tšireletseho?—2 Bakorinthe 13:11.
Molimo ea Matla ’Ohle o ile a sebetsana le borabele ba pele ka ho leleka Adama le Eva tšimong ea Edene le ho beha likerubime ho ba thibela ho khutla. O bile a tsebahatsa morero oa hae oa ho felisa borabele bohle khahlanong le bobusi ba hae. (Genese 3:15) Na seo se ka akarelletsa hore Molimo a sebelise mabotho a ntoa?
Bibele e re bolella ka liketsahalo tseo ho tsona Molimo a ileng a sebelisa mabotho a ntoa ho liha likahlolo tsa hae. Ka mohlala, mebuso e neng e le naheng ea Kanana e ne e tloaetse ho kopanela likamano tsa botona le botšehali le liphoofolo, ho etsa mahlabelo ka bana hammoho le lintoa tse sehlōhō ka ho fetisisa. Molimo o ile a etsa qeto ea ho e timetsa ka ho feletseng ’me o ile a sebelisa lebotho la ntoa la Joshua ho phethahatsa kahlolo. (Deuteronoma 7:1, 2) Ka ho tšoanang, lebotho la Morena Davida le ile la phethahatsa kahlolo ea Molimo khahlanong le Bafilista e le mohlala oa kamoo Molimo a tla felisa bokhopo bohle kahlolong ea hae ea makhaola-khang.
Liketsahalo tseo li ne li ruta. Jehova o ile a bontša hore a ka sebelisa lebotho la ntoa ho sireletsa batho ba hae. Ka sebele, Jehova o na le mofuta o khethehileng oa lebotho la ntoa le tla sebetsana le borabele ba lefatše lohle khahlanong le puso ea hae.
“Jehova oa Mabotho”
Bibele e sebelisa poleloana “Jehova oa mabotho” ka makhetlo a fetang 250. Ha e le hantle poleloana ena e bolela boemo ba Molimo joaloka molaoli e moholo oa mabotho a mangata a mangeloi. Ka lekhetlo le leng moprofeta Mikea o ile a bolella Morena Akabe le Morena Josafate: “Ka sebele ke bone Jehova a lutse teroneng ea hae ’me mabotho ’ohle a leholimo a eme pel’a hae, ka lehlakoreng la hae le letona le ka lehlakoreng la hae le letšehali.” (1 Marena 22:19, NW) Mona ho buuoa ka mabotho a mangeloi. Jehova o ile a sebelisa mabotho ana ho sireletsa batho ba hae. Ha motse oa Dothane o ne o hlaseloa, mohlanka oa Elisha o ile a felloa ke tšepo. Leha ho le joalo, bakeng sa ho mo kholisa, Molimo o ile a mo bontša pono ea mohlolo ea mabotho a hae a libōpuoa tsa moea. “Jehova o ile a tutubolla mahlo a mohlokomeli, e le hore a tle a bone; ’me, bonang! thaba e ne e tletse lipere le makoloi a ntoa a mollo.”—2 Marena 6:15-17, NW.
Na liketsahalo tse joalo li tiisa hore Molimo o tšehetsa mabotho a ntoa a kajeno? A mang a mabotho a ntoa a Bokreste-’mōtoana a ka ’na a ipolela hore ke mabotho a Molimo. A mangata a ile a kōpa baruti ho a hlohonolofatsa. Empa hangata mabotho a ntoa a Bokreste-’mōtoana aa loantšana, a loantša balumeli-’moho. Lintoa tse peli tsa lefatše tsa lekholong lena la lilemo li qalile mahareng a mabotho a ntoa a neng a ipolela hore ke a Bokreste. Sena hase mosebetsi oa Molimo. (1 Johanne 4:20) Le hoja mabotho a joalo a sesole a ka ipolela hore a loanela khotso, na Jesu o ile a laela balateli ba hae ho leka ho hlophisa mabotho a joalo ho thibela litšitiso tsa khotso lefatšeng?
Ho lukoa ho hoholo ha khotso ho bile teng ha lequloana le hlometseng le tšoara Jesu serapeng moo a neng a ntse a rapela teng le barutuoa ba hae. E mong oa barutuoa o ile a hlatha monna e mong har’a letšoele ka sabole. Jesu o ile a sebelisa ketsahalo eo ho hlalosa molao-motheo oa bohlokoa. O ile a re: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole. Kapa u nahana hore nke ke ka ipiletsa ho Ntate hore a mphe ka oona motsotso oo lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi?” Jesu o ne a laola lebotho le leholo, empa Petrose o ne a sa ngolisa joaloka lesole ho lona, kapa motho leha e le ofe e mong. Ho e-na le hoo Petrose le balateli ba bang ba Jesu ba ne ba bitselitsoe ho ba “batšoasi ba batho.” (Matheu 4:19; 26:47-53) Lihora tse seng kae hamorao, Jesu o ile a hlakisa boemo ho Pilato. O ile a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlokomeli ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, kamoo ho leng kateng, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” (Johanne 18:36) Ho fapana le ’muso oa Davida o neng o hlonngoe lefatšeng, ’Muso oo Molimo a o fileng Jesu o leholimong, ’me o tla tlisa khotso lefatšeng.
Mabotho a Molimo a Ntoa a Kena Ntoeng
Haufinyane mabotho a Molimo a ntoa a tla nka khato. Tšenolo ha e hlalosa qoaketsano e larileng ka pele e bitsa Jesu “Lentsoe la Molimo.” Rea bala: “Mabotho a ntoa a neng a le leholimong a ne a mo latela ka lipere tse tšoeu, ’me a ne a apere line ea boleng bo botle, e tšoeu, e hloekileng. ’Me molomong oa hae ho tsoa sabole e telele e bohale, e le hore a ka hlatha lichaba ka eona.” Bibele e bolela hore ntoa ena e tla fella ka ho timetsoa ha “marena a lefatše le mabotho a ’ona a ntoa.” Ha e le bakeng sa ba bang ba hlōlehang ho tšepahala ho Molimo, boprofeta boa phaella: “Empa ba bang kaofela ba bolaoa ka sabole e telele ea ea lutseng holim’a pere.” Esita le Satane Diabolose o tla timetsoa. Ka sebele sena se tla lumella lefatše la khotso le se nang mabotho a ntoa.—Tšenolo 19:11-21; 20:1-3.
Nahana ka Lefatše le se Nang Ntoa
Na ka leihlo la hao la kelello u bona lefatše le nang le tšireletso hoo mabotho a ntoa a sa hlokahaleng? Pesaleme ea Bibele e re: “Tloong, le bohe liketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatše kateng. O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Pesaleme ea 46:8, 9.
Sena e tla ba tokoloho e kaakang! Ak’u nahane ka menyetla ea ha mokhatlo oa batho qetellong o lokolloa moroalong o boima oa lekhetho la ho lefella mabotho ana a ntoa le thepa ea oona! Batho ba tla khona ho lebisa matla a bona ho ntlafatseng maemo a bophelo a motho e mong le e mong, ho hloekiseng lefatše le ho le jaleng hape. Ho tla ba le menyetla e mecha ea ho qapa lintho tse tla tsoela batho molemo e le kannete.
Tšepiso ena e tla phethahala lefatšeng lohle: “Ha ho sa tla utloahala bothata naheng ea hao, leha e le tšenyo le tšenyeho meeling ea hao.” (Esaia 60:18) Le ka mohla baphaphathehi ba limilione ba tsielehileng ba ke ke ba hlola ba sa baleha libakeng tsa ntoa, ba qobelloa ho baleha malapeng a bona le ho siea thepa ea bona ho ea phela likampong tsa baphaphathehi. Le ka mohla batho ba ke ke ba hlola ba llela baratuoa ba bona ba bolailoeng kapa ba lemalitsoeng likhohlanong tsa lichaba. Morena oa Jehova oa leholimo o tla hloma khotso ea lefatše e sa feleng. “Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng. O tla ba loela bohoro-hosong le botubong.”—Pesaleme ea 72:7, 14.
Ntho e tla thabisa haholoanyane e tla ba ho phela har’a batho ba sa ithutang lehloeo empa ba etsisang litsela tsa Molimo tsa lerato. Lentsoe la Molimo le re bolella pele ho nako: “Ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.” Ho tla ba joang ho phela har’a batho ba tsebang Jehova le ho mo rata? Buka eona eo e ile ea bolela esale pele: “Moputso oa ho loka e tla ba khotso, tholoana ea ho loka e be phomolo le boiketlo ka ho sa eeng kae. Sechaba sa ka se tla aha moahong oa khotso, le matlung a tšepehang, nģalong tsa boiketlo le phomolo.”—Esaia 11:9; 32:17, 18.
Batho bao tumelo ea bona e thehiloeng tsebong ea Bibele baa hlokomela hore mabotho a Molimo a ntoa a eme e le malala-a-laotsoe ho timetsa lira tsa khotso lefatšeng. Tsebo ena e ba neha kholiseho ea ho nka khato mabapi le seo Bibele e bolelang hore se “tla etsahala mehleng ea bofelo.” Ke ho re: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:2-4.
Batho ba tsoang lichabeng tse ngata ba fetohang Lipaki tsa Jehova ba se ba khaolitse ‘ho ithuta ho loana.’ Ba behile tšepo ea bona tšireletsong ea mabotho a ntoa a Molimo a leholimo. Ka ho ithuta Bibele le bona, le uena u ka ba le kholiseho e joalo.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]
U.S. National Archives photo