Pina ea 105
Rokang Letsibolo la Jehova!
1. A re rokeng tsibolo,
Mojalefa oa Jah.
O nil’a utloa melao
Esale a boptioa.
A bōpa tsohle tse teng,
Fatšeng le holimo
’Me joaloka ’muelli,
A roka Molimo.
2. Leha’a bōpiloe ke Jah,
Ha’a ka ithorisa
Ka hore baa lekana
Leha’e le ka matla.
O theohile holimo
Ho tla sebeletsa,
Ho fa batho bophelo,
Ho roka Jehova.
3. ’Me Kreste a tlotlisoa
A beoa phahameng
A tla’emele Jehova
Ea mo ph’amisitseng.
Thoteng ea Harmagedon’
O’a tlosa ba khopo,
Barapeli ba ’nete
Ba phele ka khotso.
4. Rokang tsibolo la Jah!
Rutang ka tsa ’Muso
Le kamoo o tla tlisa
Bathong mahl’onolo.
Hlokomelang le ba bang
Le ba bontše tsela.
Re thuse le baena
Ba roke Mor’a Jah.