Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/99 leq. 11
  • Na Ua Falla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ua Falla?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Thusoa ke Eng Hore u Tloaele Phutheho e Ncha?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Karolo ea Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Phutheho e ke e Hahoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Phutheho e ke e Rorise Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 10/99 leq. 11

Na Ua Falla?

Ha karabo ea potso eo e le e, ho na le lintho tse ngata tseo uena le ba bang ho hlokahalang hore le li etse pele. Ka ho latela mehato ea motheo e thathamisitsoeng ka tlaase, u tla tsitsa phuthehong ea heno e ncha kapelenyana.

(1) Hang ha u tseba moo u eang, mongoli oa phutheho ea heno ea hona joale a ka ’na a khona ho fumana aterese ea Holo ea ’Muso ea phutheho ea heno e ncha. Ha u fihla sebakeng seo, kapele-pele fumana hore na holo e hokae ’me u tiise le linako tsa liboka tsa phutheho. Haeba Holo ea ’Muso e sebelisoa ke liphutheho tse ngata, kōpa baholo hore ba u bolelle hore na moo u lulang teng ke tšimong ea phutheho efe. U se ke ua lieha ho ea libokeng le ho tloaelana le baholo ba sebaka seo.

(2) Mongoli oa phutheho ea heno ea hona joale le oa phutheho e ncha ba tla sebelisana mabapi le ho fetisa likarete tsa lelapa la hao tsa Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho. Ntho e ’ngoe hape e tla romeloa ho baholo ba phutheho eo e ncha ke lengolo le ba tsebisang ka boemo ba hao. (Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1991 Lebokose la Lipotso.) Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho tsebisa mokhanni oa thuto ea buka ea loketseng ka ho fihla ha hao e le hore a ka iteanya le uena le ho u thusa hore u fumane sehlopha se secha sa thuto ea buka.—Baroma 15:7.

(3) Bahoeletsi bohle ba phuthehong ea heno e ncha ba na le karolo e thabisang eo ba lokelang ho e phetha—ea ho tloaelana le uena le ho u etsa hore u ikutloe u amohelehile. (Bapisa le 3 Johanne 8.) Ke ’nete hore sena se bolela hore u tlameha ho ba teng libokeng e le hore u ka thabela ho khothatsana le ho hahana le bara le barali babo rōna.

(4) U se ke ua emela hore lintho tsohle tse amanang le ho falla li phethoe e be e le hona u kopanelang tšebeletsong ea tšimo le phutheho ea heno e ncha. Ha u etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele, lintho tse ling li tla hlokomeloa ’me u tla ikutloa u phutholohile tikolohong ea hao e ncha. (Mat. 6:33) Ha u se u tsitsitse lehaeng la hao le lecha, mohlomong u tla rata ho memela ba bang ba phutheho eo hore ba u etele ’me le tsebane hamolemo.—Baroma 12:13b.

Ho falla ke mosebetsi o moholo. Leha ho le joalo, ha e mong le e mong ea amehang a etsa se buelloang, ho ke ke ha e-ba le ho thefuleha moeeng. Bohle ba tla khahloa haholo ke lerato la barab’abo rōna la Bokreste.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela