Lebaka Leo ka Lona Mehlolo ka Boeona e sa Haheng Tumelo
HO LUMELA ke ho bona. Ao ke maikutlo a ba bangata. Ba bang ba bolela hore ba ne ba tla lumela ho Molimo haeba a ne a ka itšenola ka tsela e itseng ea mohlolo. Mohlomong ho joalo, empa na tumelo e joalo e ne e tla lebisa tumelong ea ’nete?
Nahana ka Kore, Dathane le Abirame ba Baiseraele. Bibele e bontša hore e ne e le lipaki tse boneng ka mahlo mehlolo ena e susumetsang tšabo e tsoang ho Molimo: likotlo tse leshome tsa Egepeta, ho pholoha ha sechaba sa Iseraele Leoatleng le Lefubelu le ho timetsoa ha Faro oa Moegepeta hammoho le lebotho la hae la masole. (Exoda 7:19–11:10; 12:29-32; Pesaleme ea 136:15) Kore, Dathane le Abirame ba ne ba boetse ba kile ba utloa ha Jehova a bua Thabeng ea Sinai a le leholimong. (Deuteronoma 4:11, 12) Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a hore mehlolo ena e etsahale, banna bana ba bararo ba ile ba qala borabele khahlanong le Jehova le bahlanka ba hae bao a ba khethileng.—Numere 16:1-35; Pesaleme ea 106:16-18.
Lilemo tse ka bang 40 hamorao, moprofeta e mong ea bitsoang Balame le eena o ile a bona mohlolo. Esita le ho kena lipakeng ha lengeloi ha hoa ka ha mo thibela ho ema ka lehlakoreng la Bamoabe, lira tsa Molimo. Ho sa tsotellehe mohlolo oo, Balame o ile a tsoela pele ’me a ba khahlanong le Jehova Molimo le batho ba Hae. (Numere 22:1-35; 2 Petrose 2:15, 16) Leha ho le joalo, ho haelloa ke tumelo ha Balame hase letho ha ho bapisoa le ho haelloa ke tumelo ha Judase Iskariota. Ho sa tsotellehe ho ba motsoalle ea haufi oa Jesu le ho ba paki e boneng ka mahlo letoto la mehlolo e sa tloaelehang, Judase o ile a eka Kreste ka likotoana tse mashome a mararo tsa silevera.—Matheu 26:14-16, 47-50; 27:3-5.
Baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda le bona ba ile ba hlokomela mehlolo e mengata ea Jesu. Ka mor’a hore a tsose Lazaro, ba bile ba lumela: “Monna enoa o etsa lipontšo tse ngata.” Empa, na ho bona Lazaro a phela hape ho ile ha nolofatsa lipelo tsa bona ’me ha ba neha tumelo? Ka sebele ha ho joalo. Ho e-na le hoo, ba ile ba rera ho bolaea Jesu le Lazaro!—Johanne 11:47-53; 12:10.
Esita le ho kena ha Molimo lipakeng ka ho tobileng ho ile ha hlōleha ho hlahisa tumelo bathong bao ba khopo. Ketsahalong e ’ngoe ha Jesu a ne a le tempeleng, o ile a rapella holimo: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Jehova o ile a arabela ka lentsoe le tsoang leholimong: “Ke le tlotlisitse ’me ka sebele ke tla le tlotlisa hape.” Leha ho le joalo, ketsahalo eo ea mohlolo ha ea ka ea hlahisa tumelo lipelong tsa ba neng ba le teng. Bibele e re: “Le hoja a ne a entse lipontšo tse ngata hakaalo ka pel’a bona, ba ne ba sa behe tumelo ho eena.”—Johanne 12:28-30, 37; bapisa le Baefese 3:17.
Lebaka Leo ka Lona Mehlolo e sa Kang ea Haha Tumelo
Ke joang ho haelloa ke tumelo ho joalo ho neng ho ka ba teng ka har’a mehlolo e mekaalo? Ho hana Jesu ha baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ho bonahala ho makatsa, haholo-holo ha u nahana hore nakong eona eo a neng a qala tšebeletso ea hae ka eona, Bajuda ka kakaretso ba ne “ba ntse ba lebeletse . . . Kreste,” kapa Mesia. (Luka 3:15) Leha ho le joalo, bothata bo tabeng ea hore na litebello tseo e ne e le life. Mongoli e mong oa buka e hlalosang mantsoe, W. E. Vine, o qotsa setsebi sa Bibele se tummeng se bolelang hore Bajuda ba ne ba laoloa ke khopolo ea hore Mesia o ne a tla ba fa “tlhōlo ea lefatšeng” le “katleho ea lintho tse bonahalang.” Ka hona, ba ne ba sa itokisetsa Jesu oa Nazaretha ea ikokobelitseng le ea sa kenelleng lipolotiking, ea ileng a hlaha har’a bona e le Mesia oa ’nete ka 29 C.E. Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba boetse ba tšaba hore lithuto tsa Jesu li ne li tla heletsa boemo ba litaba bo neng bo le teng ’me li behe maemo a bona a hlaheletseng kotsing. (Johanne 11:48) Likhopolo tsa bona tse nahannoeng esale pele hammoho le boithati ba bona li ile tsa ba sitisa ho hlokomela se boleloang ke mehlolo ea Jesu.
Hamorao, baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda le ba bang ba ile ba hana bopaki ba mohlolo ba hore balateli ba Jesu ba thabela kamohelo ea Molimo. Ka mohlala, ha baapostola ba hae ba phekola monna ea neng a holofetse ho tloha tsoalong, litho tse halefileng tsa lekhotla le phahameng la Sejuda li ile tsa botsa: “Re tla etsa joang ka batho baa? Hobane, kannete, pontšo e hlokomelehang e etsahetse ka bona, e bonahalang ho baahi bohle ba Jerusalema; ’me re ke ke ra e latola. Leha ho le joalo, e le hore e se ke ea hasana hohle ka ho eketsehileng har’a batho, a re ba bolelleng ka litšokelo hore ho hang ba se ke ba hlola ba bua le motho leha e le ofe motheong oa lebitso lena.” (Liketso 3:1-8; 4:13-17) Ka ho hlakileng, mohlolo ona o hlollang o ne o sa haha kapa ho hlahisa tumelo lipelong tsa banna bao.
Takatso e matla ea bophahamo, boikhohomoso le meharo ke mabaka a susumelelitseng ba bangata ho ithatafatsa lipelo. Ho bonahala ho bile joalo ka Kore, Dathane le Abirame bao ho buuoeng ka bona qalong. Mohono, tšabo le ho ba le maikutlo a mang a mangata a kotsi li eme tseleng ea ba bang. Re boetse re hopotsoa ka mangeloi a sa utloeng, bademona, ao ka nako e ’ngoe a neng a e-na le tokelo ea ho bona sefahleho sa Molimo. (Matheu 18:10) Ha a belaelle boteng ba Molimo. Ka sebele, “bademona baa lumela ’me baa thothomela.” (Jakobo 2:19) Leha ho le joalo, ha ba na tumelo ho Molimo.
Se Boleloang ke Tumelo ea ’Nete
Tumelo e feta ho lumela feela tjee. E boetse e feta boitšoaro ba nakoana bo bakoang ke ho nkeha maikutlo ka lebaka la mohlolo o itseng. Baheberu 11:1 e re: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” Motho ea nang le tumelo o kholisehile pelong ea hae hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova Molimo a e tšepisang ho tšoana leha e se e phethahetse. Ho feta moo, bopaki bo ke keng ba latoloa ba lintho tsa sebele tse sa bonoeng bo matla hoo tumelo ka boeona e lekanngoang le bopaki boo. E, tumelo e thehiloe bopaking. ’Me nakong e fetileng, mehlolo e ne e phetha karolo e itseng ho hlahiseng tumelo kapa ho e haheng. Mehlolo e entsoeng ke Jesu e ne e sebeletsa ho kholisa ba bang hore e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng. (Matheu 8:16, 17; Baheberu 2:2-4) Ka ho tšoanang, limpho tse joalo tsa moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang, tse kang ho folisa ka mohlolo le ho bua maleme li pakile hore Jehova o ne a se a sa amohele Bajuda, empa o ne a se a amohela phutheho ea Bokreste, e thehiloeng ke Mora oa hae, Jesu Kreste.—1 Bakorinthe 12:7-11.
Har’a limpho tsa mehlolo tsa moea, ho ne ho e-na le matla a ho profeta. Ha ba sa lumelang ba bona mohlolo ona, ba bang ba ile ba susumelletseha ho rapela Jehova, ba bolela: “Ka sebele Molimo o har’a lōna.” (1 Bakorinthe 14:22-25) Leha ho le joalo, Jehova Molimo o ne a sa rera hore mehlolo e be tšobotsi ea ka ho sa feleng ea borapeli ba Bakreste. Tumellanong le seo, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ebang ho na le limpho tsa ho profeta, li tla felisoa; ebang ho na le maleme, a tla khaotsa.” (1 Bakorinthe 13:8) Bopaki bo bontša hore limpho tsena li ile tsa khaotsa ka ho shoa ha baapostola le ba neng ba amohetse limpho tse joalo ka bona.
Na joale batho ba ne ba tla siuoa ntle le motheo oa tumelo? Ha ho joalo, kaha Pauluse o itse: ‘Molimo ha aa ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.’ (Liketso 14:17) Ka sebele, ho ba lipelo li tšepahalang ba ikemiselitseng ho bula mehopolo le lipelo tsa bona bopaking bo re pota-potileng, “litšobotsi tsa [Jehova Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo tsa hae tsa ka ho sa feleng, hoo [ba hanang ho lumela ho Molimo] ba se nang boikemelo.”—Baroma 1:20.
Ho hlokahala ho fetang ho lumela feela hore Molimo o teng. Pauluse o ile a phehella: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho nchafatsa likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Sena se ka etsoa ka ho ithuta Mangolo ka khothalo ka thuso ea lingoliloeng tsa Bokreste, tse kang makasine ena. Tumelo e thehiloeng tsebong e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo, Bibele, hase e fokolang kapa e sa tebang. Ba etseng hloko thato ea Molimo ’me ba e etsa ka tumelo, ba etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang.—Baroma 12:1.
Ho Lumela le Hoja re sa Bone
Moapostola Thomase o ile a ba le bothata ba ho lumela hore Jesu o tsohile bafung. Thomase o ile a bolela: “Ntle le hore ke bone matsohong a hae masoba a lipekere le ho kenya monoana masobeng a lipekere le ho kenya letsoho lehlakoreng la hae, ka sebele ha nka ke ka lumela.” Hamorao ha Jesu a ipha ’mele oa nama o nang le maqeba a ho khokhotheloa, Thomase o ile a lumela mohlolo ona. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re: “Ho thaba ba sa boneng ’me leha ho le joalo ba lumela.”—Johanne 20:25-29.
Kajeno, Lipaki tsa Jehova tse limilione li “tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.” (2 Bakorinthe 5:7) Le hoja li sa bona mehlolo e tlalehiloeng ka Bibeleng, li lumela ka tieo hore e etsahetse. Lipaki li na le tumelo ho Molimo le Lentsoe la hae. Ka thuso ea moea oa hae, li khona ho utloisisa lithuto tsa Bibele le sehlooho sa eona sa bohlokoa—ho tlosa qoso bobusing ba Jehova Molimo ka ’Muso oa hae oa leholimo. (Matheu 6:9, 10; 2 Timothea 3:16, 17) Ba rua molemo o moholo ka bobona, Bakreste bana ba ’nete ba sebelisa keletso e bohlale ea Bibele bophelong. (Pesaleme ea 119:105; Esaia 48:17, 18) Ba amohela bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore boprofeta ba Bibele bo tšoaea mehla ea rōna e le ‘matsatsi a ho qetela,’ ’me ba na le tumelo ea hore lefatše le lecha leo Molimo a le tšepisitseng le haufi. (2 Timothea 3:1-5; Matheu 24:3-14; 2 Petrose 3:13) Ho bona, ke thabo ho arolelana tsebo ea Molimo le ba bang. (Liproverbia 2:1-5) Baa tseba hore ke ka thuto ea Mangolo feela ba batlang Molimo ba ka mo fumanang ka sebele.—Liketso 17:26, 27.
Na u sa hopola Albert eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng? Ka mor’a matsatsi a ’maloa thapelo ea hae e kōpang mohlolo e sa arabeloe, o ile a eteloa ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, mosali ea hōlileng ea ileng a mo siela lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ka mor’a moo, Albert o ile a amohela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Ha a ntse a tloaelana le molaetsa oa Bibele hamolemonyana, masoabi a hae a ile a fetoha thabo. O ile a qala ho elelloa hore ha e le hantle, o fumane Molimo.
Mangolo aa phehella: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi.” (Esaia 55:6) U ka etsa sena, eseng ka ho lebella mohlolo oa mehleng ena o tsoang ho Molimo, empa ka ho fumana tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la hae. Ho hlokahala sena, hobane mehlolo ka boeona ha e hahe tumelo.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Esita le ho tsosoa ha Lazaro ka mohlolo ha hoa ka ha susumelletsa lira tsa Jesu ho bontša tumelo
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Tumelo e tlameha ho thehoa tsebong e nepahetseng ea Bibele