Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lula ‘Motseng oa Setšabelo’ ’me U Phele!
    Molula-Qhooa—1995 | November 15
    • 20. Ba leng motseng oa setšabelo o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo ba tlameha ho etsa eng e le hore ba ka sireletseha ho Mophetetsi oa mali?

      20 Bakeng sa ho sireletseha ho mophetetsi oa mali, babolai bao e seng ba ka boomo ba ne ba tlameha ho lula motseng oa setšabelo ’me ba se ke ba khelohela kantle ho makhulo a oona. Ho thoe’ng ka ba leng motseng oa setšabelo o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo? E le hore ba ka sireletseha ho Mophetetsi e moholo oa mali, ba tlameha hore ba se ke ba tloha motseng ona. Ruri, ho hlokahala hore ba itebele khahlanong le ho hoheloa hore ba ee lintšing tsa makhulo ana, ka puo ea tšoantšetso. Ba tlameha ho hlokomela hore ba se ke ba lumella lerato la lefatše la Satane hore le hōle ka lipelong tsa bona. Hona ho ka hloka hore ba rapele ba be ba etse boiteko, empa bophelo ba bona bo itšetlehile ka hona.—1 Johanne 2:15-17; 5:19.

  • Melimotsana ea Pelehi le Ntoa
    Molula-Qhooa—1995 | November 15
    • Melimotsana ea Pelehi le Ntoa

      NAKONG ea letšolo la thuto ea ho epolla lintho tsa khale Ebla, Syria, ho ile ha sibolloa reliki e tšoantšetsang Ishtar, molimotsana oa pelehi le ntoa oa Babylona. Paolo Matthiae, setsebi sa thuto ea ho epolla lintho tsa khale, o e hlalosa e le “setšoantšo se betliloeng cylindareng se bontšang litšoantšo tsa borapeli tsa moprista oa mosali ea khurumelitsoeng ka lesira a eme ka pel’a setšoantšo se le seng sa molimo . . . eo hlooho ea hae e bopelletsoeng tšieng e telele e tšesaane.”

      Kaha setšoantšo seo ke sa khale qalong ea lekholo la bo18 la lilemo B.C.E., ho sibolloa ha sona ke habohlokoa. Ho latela Matthiae, sena se fana ka “bopaki bo feletseng” ba hore borapeli ba Ishtar bo ile ba tsoela pele ka lilemo tse ka bang 2 000.

      Borapeli ba Ishtar bo ile ba qala Babylona ’me ka makholo a lilemo a latelang ba saballa ho pholletsa le ’Muso oa Roma. Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba felise moneketsela o mong le o mong oa borapeli ba bohata Naheng e Tšepisitsoeng, empa kaha ba ile ba hlōleha ho etsa joalo, borapeli ba Ashtarothe (ea tšoanang le Ishtar oa Bakanana) bo ile ba fetoha sefi ho bona.—Deuteronoma 7:2, 5; Baahloli 10:6.

      Le hoja Ishtar le Ashtarothe ea tšoanang le eena ba se ba le sieo, mekhoa eo ba neng ba e emela—boitšoaro bo bobe le pefo—e atile. E ka ’na ea e-ba hantle ho botsa hore na ebe batho bana ba mehleng ea kajeno ba hlile ba fapohile ho le hokae tsoelo-peleng eo ea boholo-holo e neng e rapela melimotsana ena ea pelehi le ntoa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela