Karolo ea Pelea—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng
KA Kamoreng Ea Khatiso E Nye- Nyane, Mohatisi Le Bathusi Ba Hae Ba Bacha Lilemong Ba Sebetsa Ka Mokhoa O Lumellanang Ka Mochine Oa Bona Oa Khatiso Oa Foreime Ea Lepolanka, Ka Hloko Ba Beha Maqephe A Pampiri A Sa Ngollang Karolong E Hatisang. Ha Ba Ntse Ba A Hula, Ba Hlahloba Taba E Ngotsoeng. Ba Fanyeha Maqephe A Mennoeng Sefaleng Se Tlohang Leboteng Le Leng Ho Ea Ho Le Leng Hore A Ome. Ka tšohanyetso, lemati le otloa ka matla. A tšohile, mohatisi o bula lemati, ’me sehlopha sa masole a hlometseng sea itšohlometsa. Se qala ho batla mofuta o nyatsoang ka ho fetisisa oa lingoliloeng—Bibele ka puo ea batho feela ba tloaelehileng!
A fihla mehlaleng. A lemositsoe ka kotsi, mofetoleli le mothusi oa hae ba ile ba mathela kamoreng eo ea khatiso, ba nka moqooa oa maqephe, ’me joale ba baleha ho nyolosa le Nōka ea Rhine. Bonyane ba pholositse karolo e itseng ea mosebetsi oa bona.
Tabeng ena mofetoleli e ne e le William Tyndale, a leka ho hatisetsa “Testamente e Ncha” ea hae ea Senyesemane e thibetsoeng Cologne, Jeremane, ka 1525. Phihlelo ea hae e ne e tloaelehile haholo. Ho theosa le lilemo tse ka bang 1900 haesale ho ngoloa ha Bibele ho phethoa, banna le basali ba bangata ba ile ba ipeha kotsing ea ho lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le hore ba ka fetolela le ho aba Lentsoe la Molimo. Kajeno re ntse re fumana molemo mosebetsing oa bona. Ba ile ba etsa’ng? Libibele tseo re nang le tsona hona joale li tlile ho rōna joang?
Ho Kopitsoa le ho Fetoleloa ha Bibele Mehleng ea Pele
Bahlanka ba ’nete ba Molimo kamehla ba ’nile ba hlompha Lentsoe la hae haholo. New Catholic Encyclopedia e re: “Joaloka baholo-holo ba bona ba Bajuda, Bakreste ba pele ba ne ba nka ho bala Libuka tse Halalelang e le habohlokoa. Ka ho latela mohlala oa Jesu (Mt 4.4; 5.18; Lk 24.44; Jn 5.39), Baapostola ba ne ba thabela ho tloaelana le [Testamente ea Khale] eo ho hlokahalang hore e baloe le ho ithutoa ka nako e telele le ka hloko, ’me ba ne ba phehella barutuoa ba bona hore ba etse seo (Rom 15.4; 2 Tm 3.15-17).”
Hore ba finyelle pakane eo, likopi tsa Bibele li ile tsa tlameha ho etsoa. Linakong tsa pele ho Bokreste, boholo ba mosebetsi ona bo ne bo etsoa ke ‘bakopitsi ba nang le tsebo’ bao e leng litsebi tsa mosebetsi tse phahameng ba neng ba tšaba ho etsa liphoso. (Esdrase 7:6, 11, 12, NW) Ka lebaka la ho loanela phetheho ka matla, ba ile ba behela bakopitsi ba Bibele bohle ba neng ba tla latela tekanyetso e phahameng.
Leha ho le joalo, lekholong la bone la lilemo B.C.E., ho ile ha hlaha phephetso. Alexandere e Moholo o ne a batla hore batho bohle ba lefatše ba rutoe setso sa Bagerike. Ho hlōla ha hae ho ile ha tiisa hore Segerike se tloaelehileng, kapa Sekoine e ba puo e tsejoang hohle Bochabela bo Hare. Ka lebaka leo, Bajuda ba bangata ba ile ba hōla ba sa ithute ho bala Seheberu le ka mohla, ka hona ba ne ba sa khone ho bala Mangolo. Ka lebaka leo, hoo e ka bang ka 280 B.C.E., sehlopha sa litsebi tsa Seheberu se ile sa bokelleloa Alexandria, Egepeta, e le hore li fetolele Bibele ea Seheberu Sekoineng se tloaelehileng. Phetolelo ea bona e ile ea tsebahala e le Septuagint, eo ka Selatine e bolelang ba “Mashome a Supileng,” e leng hoo e batlang e le palo ea bafetoleli bao ho lumeloang hore ba ne ba ameha phetolelong. E ile ea phethoa hoo e ka bang ka 150 B.C.E.
Mehleng ea Jesu, Seheberu se ne se ntse se sebelisoa Palestina. Empa e ne e le Sekoine se neng se atile sebakeng seo le liprofinseng tse ling tsohle tse hōle tsa Roma. Ka lebaka leo, bangoli ba Bibele ba Bakreste ba ile ba sebelisa mofuta ona o tloaelehileng oa Segerike e le hore e ka finyella ho batho ba lichaba ba bangata kamoo ho ka khonehang. Hape, ba ne ba qotsa ho Septuagint ka bolokolohi ba bile ba sebelisa mantsoe a eona a mangata.
Kaha Bakreste ba pele e ne e le baromuoa ba chesehang, kapele ba ile ba ba le tsebo ea ho sebelisa Septuagint ho paka hore Jesu e ne e le Mesia eo e neng e le khale a letetsoe. Sena se ile sa ferekanya Bajuda le ho ba susumelletsa ho etsa liphetolelo tse ling tse ncha tsa Segerike, tse etselitsoeng ho hlokisa Bakreste mabaka ka ho fetola litemana tseo ba neng ba li sebelisa ho tšehetsa lithuto tsa bona. Ka mohlala, ho Esaia 7:14 Septuagint e ne e sebelisa lentsoe la Segerike le bolelang “moroetsana,” leo ka boprofeta le supang ’mè oa Mesia. Liphetolelo tse ncha li ile tsa sebelisa lentsoe la Segerike le fapaneng, le bolelang “mosali e mocha.” Ho tsoela pele ha Bakreste ho sebelisa Septuagint qetellong ho ile ha susumelletsa Bajuda ho tlohela leqheka la bona ho hang le ho buella ho khutlela Seheberung. Qetellong, ketso ena e ile ea fetoha tlhohonolofatso phetolelong ea Bibele e ileng ea etsoa hamorao hobane e ile ea tlatsetsa ho bolokeng puo ea Seheberu e phela.
Bahatisi ba Libuka ba Bakreste ba Pele
Bakreste ba pele ba chesehang ba ile ba qala ho hatisa likopi tsa Bibele tse ngata kamoo ba neng ba ka khona kateng, ba li kopitsa ka letsoho kaofela. Ho e-na le ho tsoela pele ho sebelisa meqolo, e ne e boetse e le bo-pula-maliboho ba tšebeliso ea codex, e neng e e-na le maqephe joaloka buka ea kajeno. Ntle le ho ba e loketseng bakeng sa ho fumana mangolo kapele, codex e ne e ka ba le ho eketsehileng bukeng e le ’ngoe ho feta se neng se ka tlalehoa moqolong o le mong—ka mohlala, Mangolo ’ohle a Segerike kapa esita le Bibele eohle.
Lethathamo la libuka tse amohelehang tsa Mangolo a Segerike a Bakreste le ile la phethoa ka hoo e ka bang 98 C.E. ka libuka tsa moapostola oa ho qetela ea neng a ntse a phela, e leng Johanne. Ho na le karoloana ea kopi ea Kosepele ea Johanne, e bitsoang Rylands Papyrus 457 (P52), e ngotsoeng eseng ka mor’a 125 C.E. Khale koana ka 150 ho ea ho 170 C.E., Tatian, seithuti sa Justin Martyr, o ile a hatisa Diatessaron, tlaleho ea bophelo ba Jesu e nang le litšobotsi tse ngata e bokeletsoeng Likosepeleng tsona tseo tse ’nè tse fumanoang Libibeleng tseo re nang le tsona hona joale.b Sena se ile sa bontša hore o ne a nka hore ke Likosepele tseo feela tse amohelehang le hore li ne li se li ntse li ajoa. Hoo e ka bang ka 170 C.E., ho ile ha hatisoa buka ea lethathamo la libuka tsa “Testamente e Ncha,” eo e leng eona e tsebiloeng pele e neng e bitsoa Muratorian Fragment. E thathamisa bongata ba libuka tsa Mangolo a Segerike a Bakreste.
Ho hasana ha lithuto tsa Bokreste kapele ho ile ha etsa hore ho hlokahale hore ho be le liphetolelo tsa Mangolo a Segerike a Bakreste hammoho le Mangolo a Seheberu. Ho ile ha qetella ho entsoe liphetolelo tse ngata ka lipuo tse kang Searmenia, Secopt, Segeorgia le Searame. Hangata ho ne ho tlameha hore ho qaptjoe litlhaku tsa alfabeta bakeng sa morero oo feela. Ka mohlala, ho tlalehoa hore Ulfilas, mobishopo oa lekholo la bone la lilemo oa Kereke ea Roma o qapile mongolo oa Segothe bakeng sa ho fetolela Bibele. Empa o ile a siea libuka tsa Marena hobane o ne a nahana hore li ne li ka khothalletsa litšekamelo tsa ntoa tsa Magothe. Leha ho le joalo, ketso ena ha ea ka ea thibela Magothe a “fetotsoeng Bakreste” ho ripitla Roma ka 410 C.E.!
Bibele ea Selatine le ea Seslavone
Ho sa le joalo, Selatine e ile ea e-ba sa bohlokoa, ’me ho ile ha hlaha liphetolelo tse ngata tsa Selatine sa Khale. Empa li ne li sa tšoane mabapi le mokhoa oa ho ngoloa le ho nepahala. Ka hona ka 382 C.E., Mopapa Damasus o ile a laela mongoli oa hae Jerome hore a ngole Bibele ea Selatine e amohelehang.
Jerome o ile a qala ka ho lokisa liphetolelo tsa Selatine tsa Mangolo a Segerike a Bakreste. Leha ho le joalo, Mangolong a Seheberu, o ile a tsitlallela ho fetolela taba e tsoang Seheberung sa pele. Kahoo, ka 386 C.E., o ile a fallela Bethlehema ho ea ithuta Seheberu le ho batla thuso ea rabi e mong. Ka ho etsa joalo, o ile a tsosa khang e khōlō haholo lithong tsa kereke. Ba bang, ho akarelletsa le Augustine oa mehleng ea Jerome, ba ne ba lumela hore Septuagint e bululetsoe, ’me ba ile ba qosa Jerome ka “ho ea ho Bajuda.” Kaha o ile a tsoela pele, Jerome o ile a phetha phetolelo ea hae hoo e ka bang ka 400 C.E. Ka ho atamela haufi le mohloli oa lipuo tsa pele le litokomane tsa pele le ka ho li fetolela puong e neng e sebelisoa ka nako eo, Jerome o ile a etella pele mekhoa ea kajeno ea ho fetolela ka lilemo tse sekete. Phetolelo ea hae e ile ea tsejoa e le Vulgate, kapa Phetolelo e Tloaelehileng, ’me e ile ea tsoela batho molemo ka lilemo tse makholo.
Bokreste-’mōtoaneng ba ka bochabela ba bangata ba ne ba sa ntse ba khona ho bala Septuagint le Mangolo a Segerike a Bakreste. Leha ho le joalo, lipuo le maleme a sehlopha sa Seslavone kapa Seslav li ile tsa sebelisoa haholo likarolong tse ka bochabela tsa Europe. Ka 863 C.E., bara ba motho ba babeli ba buang Segerike, Cyril le Methodius, ba ile ba ea Moravia, eo hona joale e leng Czech Republic. Ba ile ba qala ho fetolela Bibele Seslavoneng sa Khale. E le hore ba ka etsa joalo, ba ile ba qapa alfabeta ea Seglagole, eo hamorao e ileng ea nkeloa sebaka ke alfabeta ea Secyril, e reheletsoeng Cyril. Ona e ne e le mohloli oa mengolo ea kajeno ea Serussia, Seukraine, Seserbia le Sebulgaria. Bibele ea Seslavone e ile ea sebeletsa batho ba sebaka seo melokong e mengata. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, ha lipuo li ntse li fetoha, ea qala ho thatafalla batho feela ba tloaelehileng.
Bibele ea Seheberu ea Pholoha
Nakong ena, ho tloha hoo e ka bang lekholong la botšelela ho ea ho la leshome la lilemo C.E., sehlopha sa Bajuda se tsejoang e le Bamasorete se ile sa qapa mekhoa ea ho kopitsa e hlophisehileng bakeng sa ho boloka taba e ngotsoeng ea Mangolo a Seheberu. Ba bile ba leka ka matla ho bala mela eohle esita le tlhaku ka ’ngoe, ba ngola liphetoho tse leng libukeng tse ngotsoeng ka letsoho, ba etsa tsena tsohle bakeng sa ho boloka taba e ngotsoeng e amohelehang. Boiteko ba bona ha ea ka ea e-ba ba lefeela. Ha re qotsa mohlala o le mong, ho bapisa taba e ngotsoeng ea mehleng ea morao ea Bamasorete le Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, e ngotsoeng pakeng tsa 250 B.C.E., le 50 C.E., ha ho bontše phetoho ea thuto ea bolumeli ka lilemo tse ka holimo ho 1000.c
Europe, Mehla e Bohareng e ne e tšoana le Mehla ea Lefifi ka tsela e akaretsang. Ho bala le ho ithuta li ne li fokola har’a batho feela ba tloaelehileng. Qetellong, esita le karolo e khōlō ea baruti e ne e sa khone ho bala Selatine sa kereke ’me hangata e sa khone le ho bala puo ea eona. Ena e ne e boetse e le nako eo ka eona Europe, Bajuda ba neng ba isoa litakaneng. Ho ea bohōleng bo itseng ka lebaka la ho ba thōko hona, thuto ea Bibele ea Seheberu e ne e sirelelitsoe. Leha ho le joalo, ka lebaka la leeme le ho se tšepe batho ba bang, hangata tsebo ea Bajuda e ne e sa fumanehe kantle ho litakana. Ka bophirimela ho Europe, tsebo ea Segerike le eona e ne e fokotseha. Boemo bona bo ile ba mpefatsoa haholoanyane ke ho hlompha ha Kereke e ka Bophirimela Vulgate ea Jerome ea Selatine. Ka kakaretso, e ne e talingoa e le eona feela phetolelo e lumeletsoeng, le hoja ha mehla ea Bamasorete e fela, Selatine se ne se fetoha puo e seng e sa sebelisoe. Kahoo, ha takatso ea ho tseba Bibele e qala ho hōla butle-butle, ho ne ho raliloe motheo oa khohlano e khōlō.
Phetolelo ea Bibele e Thulana le Khanyetso
Ka 1079, Mopapa Gregory VII o ile a ntša taelo ea pele ho tse ngata tsa kereke ea lilemong tse bohareng tse neng li thibela khatiso ea liphetolelo tsa lipuo tsa sebaka ka seng ’me ka linako tse ling li bile li thibela batho ho ba le tsona. O ile a hana ka tumello ea hore ho etsoe tšebeletso ea ’Misa ka Seslavone ka lebaka la hore ho ne ho tla hlokahala hore likarolo tsa Mangolo a Halalelang li fetoleloe. Ka ho fapaneng ka ho feletseng le boemo ba Bakreste ba pele, o ile a ngola: “Ho thabisitse Molimo ea Matla ’Ohle hore ebe mangolo a halalelang e lokela ho ba sephiri libakeng tse ling.” Kaha bona e ne e le boemo bo lumeletsoeng ke kereke, ba khothalletsang hore Bibele e baloe ba ne ba nkoa ba le kotsi ka ho eketsehileng.
Ho sa tsotellehe tikoloho e sa thabiseng, ho kopitsoa ha Bibele le ho fetoleloa ha eona lipuong tse tloaelehileng ho ile ha tsoela pele. Liphetolelo tsa lipuo tse ngata li ile tsa ajoa ka sephiri Europe. Tsena kaofela e ne e le likopi tse ngotsoeng ka letsoho, kaha Europe khatiso ea mochine ha ea ka ea qaptjoa ho fihlela bohareng ba bo-1400. Empa kaha theko ea likopi e ne e le boima li bile li fokola ka palo, moahi feela ea tloaelehileng o ne a ka thaba ha a e-na le karolo e itseng feela ea buka e le ’ngoe ea Bibele kapa maqephe a seng makae feela. Ba bang ba ne ba ithuta likarolo tse khōlō ka hlooho, esita le Mangolo a Segerike a Bakreste kaofela!
Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta ho ne ho e-na le litšusumetso tsa mekhatloana e atileng e emelang taba ea hore kereke e lokisoe. Ho ea bohōleng bo itseng e ne e susumetsoa ke ho elelloa bocha hore Lentsoe la Molimo le bohlokoa bophelong ba letsatsi le letsatsi. Mekhatloana ee le tsoelo-pele ea khatiso li ne li tla ama Bibele joang? ’Me ho ile ha etsahala’ng ka William Tyndale le phetolelo ea hae, e boletsoeng qalong? Litokollong tse tlang re tla tsoela pele ka pale ena e hlollang ho theosa ho tla fihlela mehleng ea rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Karolo ea 2 le ea 3 li tla hlaha tokollong ea September 15 le ea October 15 ka ho latellana.
b Buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., ke mohlala oa kajeno oa ho lumellana ha Likosepele tsena tse ’nè.
c Bona Insight on the Scriptures, Moqolo oa 2, leqepheng la 315, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
LILEMO TSA BOHLOKOA
Mangolo a Seheberu a phethiloeng hoo e ka bang ka 443 B.C.E.
Alexandere e Moholo (o shoele ka 323 B.C.E.)
Septuagint e ile ea qaloa hoo e ka bang ka 280 B.C.E.
Boholo ba Meqolo ea Leoatle le Shoeleng hoo e ka bang ka 100 B.C.E. ho ea ho 68 C.E.
Jerusalema e timelitsoe ka 70 C.E.
Mangolo a Segerike a phethiloe ka 98 C.E.
Rylands Papyrus ea Johanne (pele ho 125 C.E.)
Vulgate ea Jerome ea Selatine hoo e ka bang ka 400 C.E.
400 B.C.E.
300 B.C.E.
200 B.C.E.
100 B.C.E.
100 C.E.
200 C.E.
300 C.E.
400 C.E.
PELE HO MEHLA E TLOAELEHILENG (B.C.E.)
MEHLA E TLOAELEHILENG (C.E.)
HO FETISOENG HA BIBELE
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Taba e Ngotsoeng ea Bamasorete ea Lokisoa
Cyril o Moravia ka 863 C.E.
Taelo e thibelang Bibele ea puo ea sebaka ka seng ka 1079 C.E.
500 C.E.
600 C.E.
700 C.E.
800 C.E.
900 C.E.
1000 C.E.
1100 C.E.
1200 C.E.
1300 C.E.
Bakreste ba pele e bile bo-pula-maliboho ba tšebeliso ea “codex”
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Jerome o ile a ea Bethlehema ho ea ithuta Seheberu